Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bibele e Ntse e Fetola Bophelo ba Hao?

Na Bibele e Ntse e Fetola Bophelo ba Hao?

“Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna.”—BAROMA 12:2.

LIPINA: 61, 52

1-3. (a) Ke mefokolo efe eo re ka ’nang ra thatafalloa ho e fetola le ha re se re kolobelitsoe? (b) Re ka ’na ra ipotsa lipotso life? (Sheba litšoantšo tse qalong.)

KEVIN o qetile lilemo tse ngata a becha, a tsuba, a tahoa, a bile a sebelisa lithethefatsi. [1] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) Eaba o ithuta ka Jehova ’me a batla ho ba motsoalle oa hae. Empa e le hore a finyelle seo, o ile a tlameha ho etsa liphetoho bophelong ba hae. Jehova o ile a mo thusa a sebelisa Lentsoe la Hae, e leng Bibele.—Baheberu 4:12.

2 Ka mor’a hore Kevin a kolobetsoe, o ne a ntse a lokela ho etsa liphetoho tseleng eo a itšoarang ka eona e le hore e be Mokreste ea molemo. (Baefese 4:31, 32) Ka mohlala, e ne e le sefeloa-peloana. O ile a hlolloa ha a hlokomela hore na ho thata hakae ho laola maikutlo a hae. Ha e le hantle, Kevin o ile a re ho ithuta ho laola maikutlo ho ne ho le thata ho feta ho khaotsa lintho tse mpe tseo a neng a li etsa pele a kolobetsoa! Empa o ile a atleha ho etsa liphetoho ka ho kōpa Jehova ka tieo hore a mo thuse le ka ho ithuta Bibele haholoanyane.

3 Pele re kolobetsoa, bongata ba rōna re ile ra tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong e le hore re phele ka tsela eo Bibele e reng re lokela ho phela ka eona. Empa esita le hona joale, rea hlokomela hore ho ntse ho e-na le liphetoho tse nyenyane tseo re lokelang ho li etsa e le hore re tšoane haholoanyane le Molimo le Kreste. (Baefese 5:1, 2; 1 Petrose 2:21) Ka mohlala, re ka ’na hlokomela hore re tletleba haholo, kapa re atisa ho seba ba bang le ho bua hampe ka bona. Kapa ka linako tse ling re ka ’na ra tšaba hore na ba bang nahana’ng ka rōna kapa ba tla re’ng, ebe re sitoa ho etsa se nepahetseng. Mohlomong e se e le nako re ntse re leka ho fetoha, empa re ntse re etsa liphoso tse tšoanang. Kahoo, re ka ’na ra ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho etsa liphetoho tsee tse nyenyane? Ke lokela ho etsa’ng e le hore ke sebelise seo ke ithutang sona ka Bibeleng, ’me ke tsoele pele ke etsa liphetoho tse hlokahalang?’

U KA KHAHLISA JEHOVA

4. Ke hobane’ng ha re hloleha ho khahlisa Jehova ka linako tsohle?

4 Re rata Jehova, ’me re labalabela ho mo khahlisa ka lipelo tsohle tsa rōna. Empa ka masoabi, re ke ke ra mo khahlisa ka linako tsohle, kaha ha rea phethahala. Hangata re ikutloa joaloka moapostola Pauluse ea ileng a re: “Matla a ho lakatsa a teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa se setle ha a eo.”—Baroma 7:18; Jakobo 3:2.

5. Re ile ra tlameha ho etsa liphetoho life pele re kolobetsoa, empa re ka ’na ra thulana le mathata afe le ha re se re kolobelitsoe?

5 Pele re ka kolobetsoa ka phuthehong, re ile ra tlameha ho khaotsa ho etsa lintho tseo Jehova a li hloileng. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Empa re ntse re sa phethahala. (Bakolose 3:9, 10) Re lula re etsa liphoso le hoja re se re e-na le lilemo re kolobelitsoe. Ka linako tse ling, re ka ’na ra ba le litakatso tse fosahetseng, kapa ra thatafalloa ho laola bofokoli bo itseng boo re nang le bona. Ha e le hantle, re ka ’na ra loantšana le bona ka lilemo-lemo.

6, 7. (a) Ke’ng e re thusang ho ba le kamano e ntle le Jehova le hoja re sa phethahala? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khaotsa ho kōpa Jehova hore a re tšoarele?

6 Le hoja re sa phethahala, re ntse re ka ba le kamano e ntle le Jehova ’me ra mo sebeletsa. Lula u hopola se ileng sa etsa hore u rate Jehova. Ke eena ea ileng a u rata ’me a batla hore u mo tsebe. (Johanne 6:44) O ne a boetse a tseba hore o na le liphoso le mefokolo le hore u tla ’ne u etse liphoso tse ling. Leha ho le joalo, Jehova o ne a ntse a batla hore u be motsoalle oa hae.

7 Jehova o re rata haholo hoo a ileng a re fa mpho ea bohlokoa haholo. O ile a romela Mora oa hae lefatšeng, hore a tl’o fana ka bophelo ba hae e le thekollo bakeng libe tsa rōna. (Johanne 3:16) Ha re entse phoso, re ka kōpa Jehova hore a re tšoarele. Hape, ka lebaka la thekollo, re ka kholiseha hore o tla re tšoarela le hore re ntse re ka ba le kamano e ntle le eena. (Baroma 7:24, 25; 1 Johanne 2:1, 2) Hopola hore Jesu o ile a shoela baetsalibe ba bakileng. Kahoo, le haeba re nka hore re entse sebe se seholo haholo, ha rea lokela ho khaotsa ho rapella hore Jehova a re tšoarele. Haeba re sa kōpe hore a re tšoarele, ho tšoana le ha re hana ho hlapa matsoho a rōna ha a le litšila. Re motlotlo hakaakang hore Jehova o re lumeletse ho ba le kamano e ntle le eena, le hoja re sa phethahala!—Bala 1 Timothea 1:15.

Haeba re batla ho ba le kamano e ntle le Jehova, re lokela ho leka kahohle ho mo etsisa le Mora oa hae

8. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho iphapanyetsa mefokolo ea rōna?

8 Ke ’nete hore re ke ke ra iphapanyetsa mefokolo ea rōna, kapa ra ikemela. Jehova o re boleletse hore na o batla hore metsoalle ea hae e be batho ba joang. (Pesaleme ea 15:1-5) Kahoo, haeba re batla ho ba le kamano e ntle le eena, re lokela ho leka kahohle ho mo etsisa le Mora oa hae. Re boetse re lokela ho loantšana le litakatso tse fosahetseng, ha re etsa joalo re ka ’na ra li hlōla qetellong. Ho sa tsotellehe hore na re na le lilemo tse ngata hakae re kolobelitsoe, re tlameha ho lula re ntlafatsa botho ba rōna.—2 Bakorinthe 13:11.

9. Re tseba joang hore ho apara botho bo bocha ke ntho e tsoelang pele?

9 Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste: “E le hore le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro le bo ntseng bo bolisoa ho ea ka litakatso tsa bona tse thetsang; empa hore le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, le hore le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baefese 4:22-24) Sena se bolela hore re lokela ho tsoela pele re ikitlaelletsa ho fetoha le ho ‘apara botho bo bocha.’ Ho sa tsotellehe hore na re na le lilemo tse kae re sebeletsa Jehova, re ntse re ka ithuta haholoanyane. Hape, Bibele e ka re thusa ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore re be le kamano e haufi le Jehova.

KE HOBANE’NG HA HO LE THATA HAKAALE?

10. Re lokela ho etsa’ng haeba re batla hore Lentsoe la Molimo le tsoele pele ho re fetola, hona re ka ’na ra ipotsa lipotso life?

10 Kaofela re batla ho latela seo Bibele e se rutang. Empa re lokela ho sebetsa ka thata haeba re batla ho lula re fetoha. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa ka thata? Na Jehova o ne a ke ke a re nolofalletsa ho etsa se nepahetseng?

11-13. Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re sebetse ka thata ho hlōla mefokolo ea rōna?

11 Ha re nahana ka bokahohleng le ka lintho tsohle tse ho bona, re hlokomela hantle hore Jehova o matla ’ohle. Ka mohlala, o entse letsatsi. Motsotsoana o mong le o mong, letsatsi le ntša khanya e khōlō le mocheso, empa lefatšeng mona re hloka karolo e nyenyane ea matla a letsatsi e le hore re phele. (Pesaleme ea 74:16; Esaia 40:26) Jehova o boetse o fa bahlanka ba hae ba lefatšeng matla ha ba a hloka. (Esaia 40:29) Ho hlakile hore, haeba Jehova a ne a batla o ne a ka etsa hore ho be bonolo hore re hlōle mefokolo ea rōna. Joale ke hobane’ng ha a sa etse joalo?

12 Jehova o re file bolokolohi ba ho ikhethela. O re fa monyetla oa hore re ikhethele hore na re tla mo mamela kapa che. Ha re khetha ho mo mamela ’me re ikitlaelletsa ho etsa thato ea hae, re bontša hore rea mo rata re bile re batla ho mo khahlisa. Satane o re Jehova ha a na tokelo ea ho busa. Empa ha re mamela Jehova, re bontša hore re batla hore a re buse. Kahoo, re ka kholiseha hore Ntate oa rōna ea lerato o ananela boiteko boo re bo etsang ba ho mo mamela. (Jobo 2:3-5; Liproverbia 27:11) Ha re leka ka matla ho laola mefokolo ea rōna, le hoja ho le thata, re bontša hore re tšepahalla Jehova ’me re batla hore e be eena ’Musi oa rōna.

13 Jehova o re re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re mo etsise. (Bakolose 3:12; bala 2 Petrose 1:5-7.) O boetse o lebeletse hore re sebetse ka thata ho laola maikutlo a rōna le seo re se nahanang. (Baroma 8:5; 12:9) Kamehla rea thaba ha re sebelitse ka thata ’me re atlehile.

LUMELLA LENTSOE LA MOLIMO LE ’NE LE U FETOLE

14, 15. Re lokela ho etsa’ng e le hore re khahlise Jehova? (Sheba lebokose le reng, “ Bibele le Thapelo li Fetotse Bophelo ba Bona.”)

14 Re lokela ho etsa’ng e le hore re khahlise Jehova? Re lokela ho lumella Molimo hore a re tataise, ho e-na le ho iketsetsa liqeto. Baroma 12:2 e re: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” E le hore re tsebe hore na Jehova o batla’ng, re lokela ho itšetleha ka tataiso eo a faneng ka eona. Re lokela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, re thuise ka seo re se balileng, ’me re rapele Jehova hore a re fe moea o halalelang. (Luka 11:13; Bagalata 5:22, 23) Ha re etsa joalo, Jehova o tla re thusa ho utloisisa seo a se batlang, ’me re tla ithuta ho nahana joaloka eena. Qetellong, seo re se nahanang, re se buang le seo re se etsang se tla khahlisa Jehova ’me re tla ithuta ho laola mefokolo ea rōna. Leha ho le joalo, re ntse re tla lokela ho lula re e loantša.—Liproverbia 4:23.

Bokella litemana tsa Bibele kapa lihlooho tsa lingoliloeng tsa rōna tse ka u thusang ho loantša mefokolo ea hao, ’me u ’ne u li bale nako le nako (Sheba serapa sa 15)

15 Ho phaella ho baleng Bibele letsatsi le letsatsi, re lokela ho ithuta eona re sebelisa lingoliloeng tsa rōna, tse kang Molula-Qhooa le Tsoha! Lihlooho tse ngata limakasineng tsena li re thusa ho etsisa Jehova le ho loantša mefokolo ea rōna. Re ka ’na ra fumana sehlooho se itseng kapa temana e itseng e ka re thusang. Ho ka ba molemo hore re bokelle litemana tseo le lihlooho tseo e le hore re ’ne re khutlele ho tsona nako le nako.

16. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahama haeba re sa khone ho etsa liphetoho kapele?

16 Ho nka nako ho ithuta ho etsisa Jehova. Kahoo, haeba u nka hore ha u e-s’o etse liphetoho tse ngata kamoo u batlang kateng, e ba le mamello. Qalong u ka ’na ua tlameha ho iqobella ho etsa seo Bibele e se rutang. Empa ha nako e ntse e ea, u tla nolofalloa ho nahana joaloka Jehova le ho etsa se nepahetseng.—Pesaleme ea 37:31; Liproverbia 23:12; Bagalata 5:16, 17.

NAHANA KA BOKAMOSO BO BABATSEHANG

17. Re ka lebella bokamoso bo joang haeba re tšepahala ho Jehova?

17 Re lebeletse nako eo ka eona re tla beng re phethahetse ’me re sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. Ka nako eo, re tla be re se na mefokolo ’me ho tla ba bonolo ho etsisa Jehova. Empa le hona joale re khona ho mo sebeletsa hobane o re file mpho ea thekollo. Le hoja re sa phethahala, re ka mo khahlisa haeba re ikitlaelletsa ho ho etsa liphetoho le ho latela seo a re rutang sona ka Bibeleng.

18, 19. Ke hobane’ng ha re kholisehile hore Bibele e ka re thusa ho etsa liphetoho bophelong ba rōna?

18 Kevin o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho laola bohale ba hae. O ile a thuisa ka seo a se balileng ka Bibeleng ’me a leka ka matla ho etsa liphetoho bophelong ba hae. O ile a boela a latela likeletso tseo Bakreste-’moho le eena ba mo fang tsona. Le hoja ho ile ha nka nako hore Kevin a fetohe, qetellong e ile ea e-ba mohlanka ea sebeletsang. Hape, o se a e-na le lilemo tse 20 a sebeletsa e le moholo. Leha ho le joalo, o ntse a tseba hore o lokela ho tsoela pele a loantša bofokoli ba hae.

19 Joaloka Kevin, le rōna re ka lula re ntlafatsa moo re fokolang teng. Ha re etsa joalo, re tla ba le kamano e ntle le Jehova. (Pesaleme ea 25:14) Ho phaella moo, o tla re thusa ho atleha, haeba re leka kahohle ho etsa liphetoho tse mo khahlisang. Re ka kholiseha hore Bibele e ka re thusa ho etsa liphetoho bophelong ba rōna.—Pesaleme ea 34:8.

^ [1] (serapeng sa 1) Lebitso le fetotsoe.