Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Etsa Liqeto Joang?

U Etsa Liqeto Joang?

“Le tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.”—BAEFESE 5:17.

LIPINA: 69, 57

1. E meng ea melao e ka Bibeleng ke efe, hona ho e mamela ho re tsoela molemo joang?

KA Bibeleng, Jehova o re file melao e re hlalosetsang ka ho hlaka hore na o batla hore re entseng. Ka mohlala, o re laetse hore re se ke ra rapela litšoantšo, ra utsoa, ra tahoa, kapa ra etsa lintho tse tsoileng tseleng. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Hape Mora oa Jehova, Jesu, o ile a fa balateli ba hae taelo ena e tobileng: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:19, 20) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova le Jesu ba reng re e etse e molemong oa rōna. Melao ea Jehova e re ruta ho itlhokomela le ho hlokomela ba malapa a rōna ’me e re thusa ho phela hantle ’meleng le ho thaba. Habohlokoa le ho feta, ha re mamela melao ea Jehova, e kang oa hore re bolele litaba tse molemo, Molimo oa thaba ebile oa re hlohonolofatsa.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Bibele e sa re fe melao ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe? (b) Re tl’o araba lipotso life sehloohong see? (Sheba setšoantšo se qalong.)

2 Leha ho le joalo, Bibele ha e re fe melao bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong. Ka mohlala, ka Bibeleng ha ho na melao e tobileng ea hore na re apare joang. Sena se bontša hore Jehova o bohlale. Le hoja batho lefatšeng ka bophara ba apara ka litsela tse sa tšoaneng, ’me le lintho tsa feshene li lula li fetoha, Bibele eona ha e tsoe fesheneng. Hape, ha e na letoto la melao e buang ka mesebetsi kapa boithabiso boo re lokelang ho bo khetha, kapa melao ea seo re lokelang ho se etsa e le hore re lule re phetse hantle ’meleng. Jehova o file batho ka bomong le malapa bolokolohi ba hore ba iketsetse liqeto linthong tsena.

3 Kahoo, ha re lokela ho etsa liqeto tsa bohlokoa tse tla ama bophelo ba rōna ’me ho se na molao o tobileng ka Bibeleng, re lokela ho ipotsa: ‘Na Jehova o thahasella qeto eo ke e etsang? Na o tla thabela qeto leha e le efe eo ke e etsang hafeela ke sa tlōle molao o ka Bibeleng? Nka kholiseha joang hore o tla thabela qeto eo ke e entseng?’

LIQETO TSEO RE LI ETSANG LIA RE AMA LI BILE LI AMA LE BA BANG

4, 5. Liqeto tseo re li etsang li ka re ama joang tsa ba tsa ama le batho ba bang?

4 Batho ba bang ba nka hore ba ka iketsetsa eng kapa eng eo ba batlang ho e etsa. Empa rōna re batla ho etsa lintho tse thabisang Jehova. Kahoo, pele re etsa qeto re lokela ho nahana hore na Bibele e re’ng tabeng eo, ’me re e latele. Ka mohlala, Bibele ea re bolella hore na Molimo o ikutloa joang ka mali, ’me re latela seo. (Genese 9:4; Liketso 15:28, 29) Re ka rapela Jehova hore a re thuse ho etsa liqeto tse tla mo thabisa.

5 Liqeto tseo re li etsang lia re ama. Qeto e nepahetseng e ka re thusa ho ba le kamano e ntle le Jehova. Qeto e fosahetseng e ka senya kamano eo. Liqeto tseo re li etsang li ka boela tsa ama batho ba bang. Ha re batle ho etsa letho le ka utloisang barab’abo rōna bohloko, kapa la thefula tumelo ea bona. Re boetse ha re batle ho luka khotso ka phuthehong. Kahoo, ke habohlokoa hore re etse liqeto tse nepahetseng.—Bala Baroma 14:19; Bagalata 6:7.

6. Ke’ng e ka re thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng?

6 Re ka etsa liqeto tse nepahetseng joang tabeng eo Bibele e sa re bolelleng ka ho toba hore na re etse’ng? Ho e-na le ho etsa seo re se batlang feela, re lokela ho nahana ka ho teba ka boemo ba rōna ’me re etse liqeto tse tla thabisa Jehova. Ka tsela eo re ka kholiseha hore o tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng.—Bala Pesaleme ea 37:5.

JEHOVA O BATLA HORE RE ETSE’NG?

7. Re ka tseba joang hore na Jehova o thabisoa ke eng boemong boo ho se nang molao o tobileng ka Bibeleng?

7 Empa re ka tseba joang hore na Jehova o thabisoa ke eng? Baefese 5:17 e re: “Le tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.” Re lokela ho lemoha, kapa ho utloisisa seo Jehova a batlang hore re se etse, boemong boo ho se nang molao o tobileng ka Bibeleng. Re ka etsa seo joang? Re lokela ho mo rapela ’me re lumelle moea oa hae o halalelang o re tataise.

8. Jesu o ile a bontša joang hore o lemoha seo Jehova a batlang hore a se etse? Fana ka mohlala.

8 Kamehla Jesu o ne a lemoha seo Jehova a batlang hore a se etse. Ka mohlala, ka makhetlo a mabeli ha bongata bo ne bo lapile, Jesu o ile a rapela eaba o bo fepa ka mohlolo. (Matheu 14:17-20; 15:34-37) Empa ha Jesu a ne a lapile lefeelleng ’me Diabolose a batla hore a fetole majoe bohobe, o ile a hana. (Bala Matheu 4:2-4.) O ne a tseba Ntate oa hae hantle, kahoo a tseba hore Jehova a ke ke a batla hore a sebelise moea o halalelang ka mabaka a boithati. O ne a kholisehile hore Ntate oa hae o tla mo sireletsa a be a mo fe lijo ha a li hloka.

9, 10. Ke’ng e ka re thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng? Fana ka mohlala.

9 Joaloka Jesu, le rōna re ka etsa liqeto tse nepahetseng haeba re itšetleha ka Jehova. Bibele e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao. U se ke ua ipona bohlale. Tšaba Jehova ’me u furalle bobe.” (Liproverbia 3:5-7) Ha re bala Bibele ’me re ithuta ho nahana joaloka Jehova, re tla utloisisa seo a batlang hore re se etse maemong ’ohle. Hape, ha re ntse re tsoela pele ho ithuta ho nahana joaloka eena, ho tla ba bonolo ho etsa liqeto tse tla mo thabisa. Ka tsela eo, re tla ela hloko tataiso ea Molimo haholoanyane.—Ezekiele 11:19.

10 Ka mohlala, mosali e mong o mabenkeleng ’me o bona lieta tse ntle. Empa li turu haholo. Le hoja monna oa hae a le sieo, oa tseba hore na o tla ikutloa joang ha a ka sebelisa chelete e ngata hakaalo. O tseba joang? E se e le nako ba nyalane, kahoo oa tseba hore na o batla ba sebelise chelete joang. Ka tsela e tšoanang, ha re ithuta ho nahana joaloka Jehova ’me re hlokomela kamoo a ’nile a etsa lintho kateng nakong e fetileng, re tla tseba hore na o batla hore re etse’ng maemong a fapaneng.

RE KA TSEBA JOANG HORE NA JEHOVA O NAHANA’NG?

11. Re ka ipotsa lipotso life ha re ntse re ithuta Bibele? (Sheba lebokose le reng, “ Ipotse Lipotso Tsena ha U Ithuta Bibele.”)

11 Re ka tseba joang hore na Jehova o nahana’ng? Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e etsang ke ho bala le ho ithuta Bibele kamehla. Ha re ntse re etsa joalo, re ka ipotsa: ‘See se nthuta’ng ka Jehova? Ke hobane’ng ha a ile a etsa tjee?’ Joaloka Davida, re boetse re lokela ho kōpa Jehova hore a re thuse ho mo tseba hamolemo. Davida o ile a re: “Ntsebise litsela tsa hao, Jehova; nthute litsela tsa hao. Ntsamaise ’neteng ea hao ’me u nthute, etsoe u Molimo oa ka oa poloko. Ke tšepile uena letsatsi lohle.” (Pesaleme ea 25:4, 5) Ha re ithuta ntho e itseng ka Jehova, re ka nahana ka maemo ao re ka sebelisang seo ho ’ona. Na re ka e sebelisa ka lapeng, mosebetsing, sekolong, kapa tšimong? Ha re nahana ka boemo bo itseng ka ho khetheha, re tla nolofalloa ho tseba hore na Jehova o batla hore re e sebelise hokae.

Ho bala le ho ithuta Bibele kamehla ho tla re thusa ho tseba hore na Jehova o nahana joang

12. Ke eng e ka re thusang ho tseba hore na Jehova o nahana joang?

12 Tsela e ’ngoe e ka re thusang ho tseba hore na Jehova o nahana joang, ke ho ela hloko seo mokhatlo oa hae o re rutang sona ka Bibele. Ka mohlala, ha re lokela ho etsa qeto, buka ea Watch Tower Publications Index le ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova li ka re thusa ho tseba hore na Jehova o nahana joang. Re ka boela ra rua molemo libokeng tsa Bokreste ha re mamela ka hloko ’me re arabela le ho thuisa ka seo re ithutang sona. Seo se tla re thusa ho nahana joaloka Jehova. Qetellong, re tla khona ho etsa liqeto tse tla mo thabisang le tseo a ka li hlohonolofatsang.

THUISA KA HORE NA JEHOVA O NAHANA JOANG PELE U ETSA QETO

13. Fana ka mohlala oa kamoo ho tseba hore na Jehova o nahana joang ho ka re thusang kateng ho etsa liqeto tse nepahetseng.

13 A re ke re boneng mohlala oa kamoo re ka etsang qeto e nepahetseng kateng ha re thuisa ka hore na Jehova o nahana joang. Mohlomong u batla ho ba pula-maliboho. U entse liphetoho tse itseng bophelong ba hao, e le hore u be le nako e eketsehileng tšimong. Empa u ntse u sa kholiseha hore na u tla hle u lule u thabile ha u se u phela ka chelete e nyenyane le ka lintho tse fokolang. Ke ’nete hore Bibele ha e re re tlameha ho ba bo-pula-maliboho ha re sebeletsa Jehova. Re ka tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi re ntse re le bahoeletsi feela. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re Jehova o hlohonolofatsa batho ba itelang molemong oa ’Muso. (Bala Luka 18:29, 30.) Bibele e boetse e re Jehova oa thaba ha re etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea hae, ’me o batla hore re thabele ho mo sebeletsa. (Pesaleme ea 119:108; 2 Bakorinthe 9:7) Ha re kōpa Jehova hore a thuse lintlheng tsena re bile re thuisa ka tsona, re ka etsa qeto e nepahetseng le eo a tlang ho e hlohonolofatsa.

14. U ka tseba joang hore na tsela e itseng ea ho apara e thabisa Jehova kapa che?

14 Mohlala o mong ke ona: U rata mofuta o itseng oa liaparo, empa ua tseba hore ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba khopeha ha u li apere. Bibele ha ea re bolella hore na re lokela ho apara liaparo tse joang ka ho toba. Joale u ka tseba joang hore na Jehova o nahana joang? Bibele e re: “Ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo, empa ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli, e leng, ka mesebetsi e molemo.” (1 Timothea 2:9, 10) Ha e le hantle, keletso ena e tobisitsoe ho bahlanka bohle ba Jehova, ho akarelletsa le banna. Ha re le batho ba hlaphohetsoeng kelellong, re tla nahana hore na ba bang ba ka ’na ba ikutloa joang ka seo re khethang ho se apara. Hape, kaha re rata barab’abo rōna re qoba ho ba koatisa kapa ho ba khopisa. (1 Bakorinthe 10:23, 24; Bafilipi 3:17) Ha re nahana ka seo Bibele e se rutang le kamoo Jehova a nahanang kateng, re tla etsa liqeto tse nepahetseng le tse tla mo thabisa.

15, 16. (a) Jehova o ikutloa joang ha re lula re nahana ka boitšoaro bo bobe? (b) Ha re khetha mofuta oa boithabiso re ka tseba joang hore na o tla thabisa Jehova kapa che? (c) Re lokela ho etsa’ng pele re etsa qeto ea bohlokoa?

15 Ka Bibeleng, re ithutile hore Jehova o utloa bohloko ha batho ba etsa lintho tse tsoileng tseleng le ha ba li nahana. (Bala Genese 6:5, 6.) Ho hlakile hore Jehova ha a batle hore re nahane ka boitšoaro bo bobe. Ha e le hantle, ha re lula re nahana ka lintho tsena re tla qetella re li entse. Ho e-na le hoo, Jehova o batla hore re nahane ka lintho tse hloekileng le tse molemo. Morutuoa Jakobo o ile a re bohlale ba Jehova “pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.” (Jakobo 3:17) Kahoo, Bibele e re ruta hore re lokela ho qoba mokhoa leha e le ofe oa boithabiso o ka etsang hore re nahane kapa re lakatse ho etsa lintho tse tsoileng tseleng. Ho feta moo, haeba re utloisisa hantle hore na Jehova o rata’ng ebile o hloile’ng, re tla nolofalloa ho khetha libuka, lifilimi, kapa lipapali tse nepahetseng. Re ke ke ra hloka ho botsa ba bang hore na re etse’ng.

16 Nako le nako ha re etsa liqeto re lokela ho khetha ho etsa liqeto tse tla thabisa Jehova. Empa pele re etsa qeto ea bohlokoa e ka ba hantle hore re kōpe keletso ho moholo kapa ho molumeli-’moho le rōna ea hōlileng tsebong. (Tite 2:3-5; Jakobo 5:13-15) Ho hlakile hore, re ke ke ra re motho eo a re etsetse qeto. Empa re lokela ho nahanisisa ka seo re ithutileng sona ka Bibeleng, ebe re iketsetsa qeto. (Baheberu 5:14) Moapostola Pauluse o ile a re: “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”—Bagalata 6:5.

17. Re rua molemo joang ha re etsa liqeto tse thabisang Jehova?

17 Ha re etsa liqeto tse thabisang Jehova re ba le kamano e ntle le eena ’me oa re amohela le ho re hlohonolofatsa. (Jakobo 4:8) Hape, tumelo ea rōna ho eena ea matlafala. Kahoo, a re tsoeleng pele re thuisa ka seo re se balang ka Bibeleng e le hore re utloisise hore na Jehova o nahana joang. Ke ’nete hore ho tla ’ne ho be le ntho e itseng e ncha eo re tla ithuta eona ka Jehova. (Jobo 26:14) Empa ha re ikitlaetsa ho ithuta ka eena hona joale, re tla ba bohlale ’me re tla khona ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Liproverbia 2:1-5) Maikutlo le merero ea batho ea fetoha, empa Jehova ha a fetohe. Mopesaleme o ile a re: “Morero oa Jehova o tla ema ho isa nakong e sa lekanyetsoang; menahano ea pelo ea hae e teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” (Pesaleme ea 33:11) Ha ho potang hore re tla etsa liqeto tse nepahetseng ha re ithuta ho nahana joaloka Jehova, ’me re tla etsa lintho tse mo thabisang.