Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 22

Ntlafatsa Tsela eo U Ithutang ka Eona

Ntlafatsa Tsela eo U Ithutang ka Eona

“Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—BAFIL. 1:10.

PINA EA 35 “Nepisisa Lintho Tsa Bohlokoa Haholo”

SELELEKELA *

1. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa rate ho bala?

MEHLENG ena, batho ba bangata ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba be le chelete e lekaneng ho koahela litlhoko tsa bona. Barab’abo rona ba bangata ba sebetsa lihora tse ngata e le hore ba be le chelete e ba thusang ho hlokomela malapa a bona ka lijo, liaparo le bolulo. Ho boetse ho na le ba bang ba bangata ba qetang lihora tse ngata ba le tseleng letsatsi le leng le le leng ha ba e-ea mosebetsing le ha ba khutlela hae. Athe ba bang bona, ba lokela ho sebetsa mosebetsi o boima e le hore ba be le chelete ea ho hlokomela ba malapa a bona. Qetellong ea letsatsi, bara le barali babo rona bana ba sebetsang ka thata, ba khathala hoo ba sa batleng le pompong. Ba khathala hoo ba sa batleng le ho bala feela.

2. U ba le nako ea ho ithuta neng?

2 Bonneteng, re lokela ho leka ka matla hore re be le nako ea ho ithuta Bibele le lingoliloeng tseo Jehova a re fang tsona. Ho bala ho bohlokoa haeba feela re batla ho ba le kamano e ntle le Jehova le ho fumana bophelo bo sa feleng. (1 Tim. 4:​15) Batho ba bang ba rata ho bala hoseng moo ho khutsitseng ha likelello tsa bona li ntse li hlaphohetsoe. Ba bang bona ba nka metsotso e seng mekae mantsiboea e le hore ba bale Bibele le lingoliloeng tsa rona le ho nahanisisa ka tsona.

3-4. Ke liphetoho life tse entsoeng ka lingoliloeng tsa rona, hona hobane’ng?

3 Ha ho potang hore oa lumela hore ho ba le nako ea ho ithuta ke ntho ea bohlokoa. Empa u lokela ho ithuta eng? U ka ’na oa re, ‘Ho na le lintho tse ngata tseo nka li balang. Empa nke ke ka khona ho li bala kaofela.’ Batho ba bang ba khona ho bala lingoliloeng le ho shebella livideo tsohle tsa rona empa Bakreste-’moho le rona ba bang ba fumana ho le thata ho etsa joalo. Sehlopha se Busang se hlokometse taba ena. Ka lebaka leo, morao tjena se ile sa etsa qeto ea hore ho fokotsoe palo ea lingoliloeng tse hatisoang le tse fumanehang Inthaneteng.

4 Mohlala, kaha ho se ho e-na le websaete ea jw.org/st le mananeo a khoeli le khoeli a nang le lipale tse khothatsang tsa bara le barali babo rona, ha ho sa hatisoa Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova. Limakasine tsa batho ka kakaretso tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li se li hatisoa hararo feela ka selemo. Liphetoho tsena ha lia etsetsoa hore re qete nako e ngata linthong tse sa amaneng le borapeli ba rona ho Jehova. Ho e-na le hoo, li etselitsoe ho re thusa hore re be le nako ea ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafil. 1:​10) A re hlahlobeng hore na ke lintho life tsa bohlokoa tseo re ka li etsang le hore na re ka etsa’ng e le hore re rue molemo ha re ithuta Bibele.

LINTHO TSA BOHLOKOA TSEO U KA LI ETSANG

5-6. Ke lingoliloeng life tseo re lokelang ho ithuta tsona?

5 Lintho tsa rona tsa bohlokoa li akareletsa’ng? Li akareletsa ho qeta nako e itseng letsatsi le letsatsi re ithuta Bibele. Likhaolo tsa Bibele tseo re li hlahlobang libokeng tsa har’a beke, li fokolitsoe e le hore re be le nako e ngata ea ho nahanisisa ka lintho tseo re li balang le ho etsa lipatlisiso tse eketsehileng. Sepheo sa rona ha ea lokela ho ba ho bala likhaolo tseo feela empa molaetsa oo oa Bibele o lokela ho re ama lipelo le ho re thusa ho ba le kamano e ntle le Molimo.​—Pes. 19:14.

6 Ke’ng hape eo re lokelang ho ithuta eona? Ke ’nete hore re lokela ho ba le nako ea ho lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa, Thuto ea Bibele ea Phutheho le likarolo tse ling tsa seboka sa har’a beke. Re boetse re lokela ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!

7. Na u lokela ho nyahama ha u sa khone ho sebelisa lintho tsohle tse fumanehang websaeteng le ho Khaso ea JW?

7 U ka ’na oa re, ‘Joale ke tla ba le nako e tsoang kae ea ho bala lihlooho le ho shebella livideo tse ngata tse hlahang ho jw.org/st le ho Khaso ea JW?’ Nahana ka mohlala ona: Reschorenteng ho na le mefuta e mengata ea lijo tse monate tse rekisoang. Empa bareki ba ke ke ba khona ho latsoa lijo tsohle tse rekisoang moo. Kahoo ba khetha ho ja tse seng kae feela. Ka tsela e tšoanang, u se ke oa nyahama ha u sa khone ho sebelisa lintho tsohle tse fumanehang websaeteng le ho Khaso ea JW. Bala kapa u shebelle tseo u nang le tsona. A re hlahlobeng hore na ho ithuta ho akareletsa’ng, le hore na re ka etsa’ng e le hore re rue molemo ha re ithuta.

HO ITHUTA KE MOSEBETSI

8. Ke lintho life tseo u ka li etsa’ng ha u lokisetsa Molula-Qhooa, hona u ka rua molemo joang?

8 Ha u ithuta, u tsepamisa kelello ea hao holim’a ntho eo u ntseng u e bala e le hore u tle u fumane lintlha tsa bohlokoa. Ha u bale lintho mohoalotso kapa hona ho tšoaea likarabo feela. Mohlala, ha u lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa, qala pele ka ho bala selelekela sa sehlooho seo. Ka mor’a moo, bala u be u nahanisise ka sehlooho seo ho tl’o buuoa ka sona, lihloohoana le lipotso tsa tlhahlobo. Ebe joale u bala sehlooho seo ka hloko ebile u iketlile. Ela hloko polelo e qalang serapeng kaha ke eona e tšoereng moko-taba oa serapa seo. Hangata polelo eo, ke eona e tl’o u thusa ho tseba hore na serapa seo se bua ka’ng. Ha u ntse u bala, nahana hore na serapa ka seng le lihloohoana li amana joang le sehlooho. Ngola mantsoe le lintho tseo u neng u sa li tsebe, tseo u batlang ho tseba ka tsona haholoanyane.

9. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko mangolo ’ohle a serapeng ha re bala Molula-Qhooa, hona re ka etsa seo joang? (b) Joalokaha Joshua 1:8 e bontša, ke’ng hape eo re lokelang ho e etsa ha re bala mangolo?

9 Thuto ea Molula-Qhooa e re thusa ho utloisisa Bibele haholoanyane. Kahoo, ela hloko mangolo ’ohle a hlahang serapeng, haholo-holo a tla baloa nakong eo phutheho e tšohlang sehlooho seo sa Molula-Qhooa. Leka ho bona hore na moko-taba o hlahang temaneng o amana joang le taba eo ho buuoang ka eona serapeng. Ha u ntse u bala Bibele, nka nako e itseng u nahanisisa ka mangolo ao le ho bona hore na u ka sebelisa melao-motheo e hlahang ho ’ona joang bophelong ba hao.​—Bala Joshua 1:8.

Batsoali, rutang bana ba lona hore na ba ka ithuta Bibele joang (Sheba serapa sa 10) *

10. Ho ea ka Baheberu 5:​14, ke hobane’ng ha batsoali ba lokela thusa bana ba bona ho ithuta Bibele le ho etsa lipatlisiso nakong ea Borapeli ba Lelapa?

10 Ke taba e utloahalang hore ebe batsoali ba batla hore beke le beke ha ba tšoara Borapeli ba Lelapa ebe nako e thabisang bana ba bona. Le hoja batsoali ba lokela ho etsa hore nako eo ebe e thabisang ho bana ba bona, ha se hore ke setlamo hore ba etse lintho tse khethehileng beke le beke. Nakong ea Borapeli ba Lelapa, le ka shebella lenaneo la khoeli le khoeli le hlahang ho Khaso ea JW, la etsa lintho tse ling tse kang ho haha areka ea Noe empa habohlokoa le ho feta ke hore bana ba thusoe ho tseba hore na ba ka ithuta Bibele joang. Mohlala, ba tlameha ho tseba ho lokisetsa liboka tsohle le ho etsa lipatlisiso ka mathata ao ba kopanang le ’ona ha ba le sekolong. (Bala Baheberu 5:​14.) Ha bana ba qeta nako e itseng ba ithuta Bibele ha ba le hae, ho tla ba bonolo hore ba mamele ka hloko ha ba le libokeng, likopanong tse kholo le tse nyenyane tseo ka linako tse ling ho sa shebelloeng livideo. Ke ’nete hore nako eo motsoali a e qetang a bala le ngoana e tla itšetleha ka hore na ngoana o lilemo li kae le hore na o khona ho mamella hakae.

11. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ruta liithuti tsa rona tsa Bibele ho etsa lipatlisiso ha li ntse li bala?

11 Batho bao re ithutang Bibele le bona ba lokela ho tseba ho ithuta. Ha re qala ho ithuta Bibele le bona, re thabela ho bona ha ba thalletse likarabo bakeng sa liboka le ha re tl’o ba khannela thuto. Empa re lokela ho ba ruta hore na ba ka etsa lipatlisiso joang le hore ha ba le bang ba lokela ho nahanisisa ka lintho tseo ba li balileng. Ka tsela eo, ha ba thulana le mathata ba ke ke ba potlakela ho kopa thuso ho litho tse ling tsa phutheho empa ba tla fumana thuso ha ba etsa lipatlisiso ba sebelisa lingoliloeng tsa rona.

E-BA LE SEPHEO SA HO ITHUTA

12. Re lokela ho ba le sepheo sefe ha re ithuta?

12 Haeba ha u rate ho ithuta, e ka ’na eaba u nahana hore ha ho mohla ho tla ke ho u natefele. Empa u ka khona. U ka qala ka ho nka nako e seng kae u ntse u ithuta ebe ha nako e ntse e-ea u eketsa nako eo u e qetang. Nahana hore na ke hobane’ng ha u batla ho ithuta. Sepheo sa rona se ka sehloohong sa ho ithuta ke hobane re batla ho ba metsoalle ea Jehova. Sepheo se seng e ka ba ho khona ho araba lipotso tsa batho le ho tseba ho etsa lipatlisiso ka mathata ao re kopanang le ’ona.

13. (a) Hlalosa hore na mocha a ka etsa’ng e le hore a bolelle ba bang ka tumelo ea hae. (b) U ka sebelisa molao-motheo o hlahang ho Bakolose 4:6 joang?

13 Mohlala, haeba u mocha, na u ntse u kena sekolo? E ka ’na eaba bana bao u kenang sekolo le bona ba lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho. Mohlomong u batla ho ba bolella hore Bibele e re Molimo o bopile lintho tsohle empa u ikutloa u se na matla a ho etsa joalo. Kahoo, oa bona hore u lokela ho etsa lipatlisiso. U ka ba le mabaka a mabeli a ho etsa joalo: (1) ho matlafatsa tumelo ea hao ho Jehova ea hore o bopile lintho tsohle le (2) ho ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho buella Lentsoe la Molimo. (Bar. 1:​20; 1 Pet. 3:​15) U ka ’na oa ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha baithuti-’moho le ’na ba lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho?’ Etsa lipatlisiso u sebelisa lingoliloeng tsa rona. U ka ’na oa fumana ho le bonolo ho hlalosetsa baithuti-’moho le uena seo Bibele e se rutang ho feta kamoo u neng u nahanne kateng. Batho ba bangata ba lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho hobane feela batho bao ba ba hlomphang ba ba boleletse hore taba eo ke ’nete. Haeba u fumane lebaka le le leng kapa a mabeli ao u ka ba bolellang ’ona, u ka iphumana u thusitse motho ea ntseng a batla ho fumana likarabo ka Bibeleng.​—Bala Bakolose 4:6.

LABALABELA HO ITHUTA

14-16. (a) U ka etsa’ng e le hore u tle u rue molemo ha u ithuta ka buka e ’ngoe ea Bibele eo u sa tloaelanang le eona? (b) Hlalosa hore na mangolo a hlahang serapeng a ka u thusa joang hore u utloisise buka ea Amose haholoanyane. (Sheba le lebokose le reng “ Phelisa Lentsoe la Molimo!”)

14 A re re mohlomong libokeng tse hlahlamang ho il’o tšohloa buka e ngotsoeng ke e mong oa baprofeta ba banyenyane eo re sa tloaelanang le eena hakaalo. Mohato oa pele e ka ba ho batla ho tseba hore na moprofeta eo o ngotse’ng. U ka khona ho tseba seo joang?

15 Qala pele ka ho ipotsa: ‘Ke tseba’ng ka mongoli oa buka ee? E ne e le mang, o ne a lula kae, mosebetsi oa hae e ne e le ofe?’ Ha re tseba haholoanyane ka mongoli eo, re tla khona ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a sebelisitse mantsoe le mehlala eo a ngotseng ka eona. Ha u ntse u bala Bibele, leka ho batla lipoleloana tse tla u thusa ho tseba hore na mongoli eo e ne e le motho ea joang.

16 U tla boela u bone hore ho molemo ho tseba hore na buka eo e ngotsoe neng. U ka etsa joalo ka ho sheba “Lethathamo la libuka tsa Bibele” le hlahang maqepheng a ka morao a Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Ho feta moo, sheba chate e hlahang bukaneng ea Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo e nang le sehlooho se reng, Baprofeta le Marena a Juda le a Iseraele, maqepheng a 14 ho ea ho 17. Haeba u ntse u ithuta buka ea boprofeta, e ka ba hantle hore u batle hore na maemo a batho e ne e le afe nakong eo buka eo e neng e ngoloa. Ke boitšoaro bofe bo sa nepahalang kapa litloaelo tse mpe tseo batho ba neng ba e-na tsona, tseo e ka ’nang eaba moprofeta o ne a rometsoe hore a lemose batho ka tsona? Ke bo-mang ba phetseng mehleng ea hae? E le hore u fumane lintlha kaofela, u ka ’na oa lokela ho bala libuka tse ling tsa Bibele. Mohlala, e le hore u utloisise hore na ho ne ho etsahala’ng mehleng ea moprofeta Amose, u tla rua molemo ha u ka bala litlaleho tse ho 2 Marena le ho 2 Likronike tse hlahang ho litšupiso tse bohareng ba leqephe tsa Amose 1:1. Hape u ka bala buka ea Hosea eo e ka ’nang eaba o phetse mehleng ea Amose. Ha u bala libuka tsena tsa Bibele, u tla utloisisa haholoanyane hore na ho ne ho etsahala’ng mehleng ea Amose.​—2 Mar. 14:​25-28; 2 Likron. 26:​1-15; Hos. 1:​1-11; Amose 1:1.

BATLA LE LINTHO TSE SA RENG LETHO

17-18. U sebelisa mohlala oa hao kapa o hlahang lirapeng, bontša hore na ho ela hloko lintho tse sa reng letho ha re bala Bibele ho ka re thusa joang hore re thabele ho ithuta.

17 Ke ntho e ntle hore ha u bala Bibele u batle ho tseba haholoanyane ka seo u ntseng u se bala. A re re mohlomong u ntse u bala ka boprofeta bo ho Zakaria khaolo ea 12 bo buang ka lefu la Mesia. (Zak. 12:​10) Temana ea 12 e re “lelapa la ntlo ea Nathane” le ne le tla lla habohloko ka lebaka la lefu la Mesia. Ho e-na le ho tlolisa mantsoe ao mahlo holimo, khefutsa hanyane ebe oa ipotsa: ‘Ke kamano efe e teng lipakeng tsa lelapa la Nathane le Mesia? Nka fumana lintlha tse eketsehileng hokae?’ U tla lokela ho ba “lefokisi” joale. Litšupiso tse bohareng ba leqephe, li u isa ho 2 Samuele 5:​13, 14 e bontšang hore Nathane e ne e le e mong oa bara ba Davida. Tšupiso e ’ngoe ke Luka 3:​23, 31, e bontšang hore Jesu o ne a tsoa lelokong la Nathane e leng moholo-holo oa Maria. (Sheba sehlooho se reng, “Re U Lome Tsebe?” ho Molula-Qhooa oa No. 3 2016 leqepheng la 9.) Ka mor’a moo, u tla utloa u se u batla ho ea pele! Oa tseba hore ho ile ha boleloa esale pele hore Jesu o ne a tla hlaha lelokong la Davida. (Mat. 22:​42) Empa Davida o ne a e-na le bara ba fetang 20. Na ha se ho thahasellisang ho tseba hore na ke hobane’ng ha Zakaria a ile a bua ka lelapa la Nathane ka ho khetheha hore le ne le tla lla ka lebaka la lefu la Jesu?

18 Nahana ka mohlala o mong hape. Ho Luka khaolo ea pele, re bala ka tlaleho ea lengeloi Gabriele ha le ne le etetse Maria ho ea mo bolella ka mora eo a neng a tla ba le eena: “O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le Morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng.” (Luka 1:​32, 33) Re ka ’na ra lebisa tlhokomelo ea rona mantsoeng a qalang ao Gabriele a ileng a a bua ka Jesu ha a re o tla bitsoa “Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” Empa Gabriele o ile a profeta hore Jesu o ne a tla “busa e le Morena.” Kahoo, re ka ipotsa hore na Maria o ne a nahana’ng ka mantsoe ao a Gabriele. Na o ne a nahana hore Gabriele o ne a re Jesu o tl’o nka marapo pusong ea Morena Heroda kapa a e mong oa bahlahlami ba Heroda ’musong oa Iseraele? Hoja Jesu a ne a ile a nka puso ea Heroda, Maria e ka be e bile mofumahali ’me lelapa lohle la hae le ne le tla lula ntlong ea borena. Empa ha ho na moo Bibele e reng Maria o kile a botsisisa Gabriele ka taba ena, kapa hona hore ho na le kae-kae ka Bibeleng moo e reng o kile a kopa hore a tle a fuoe sebaka se ikhethang ’Musong oa Molimo joalokaha barutuoa ba babeli ba Jesu ba ile ba etsa. (Mat. 20:​20-23) Taba ena e re tiisetsa hore kannete Maria e ne e le motho ea ikokobelitseng!

19-20. Re lokela ho ba le sepheo sefe ha re ithuta joalokaha ho bontšitsoe ho Jakobo 1:​22-25 le 4:8?

19 Hopola hore sepheo sa rona se ka sehloohong ha re ithuta Bibele le lingoliloeng tsa rona, ke hore re be le kamano e ntle le Jehova. Re boetse re lokela ho tseba hantle hore na re batho ba “mofuta ofe” le hore re tsebe na re ka etsa liphetoho hokae e le hore re thabise Molimo. (Bala Jakobo 1:​22-25; 4:8.) Nako le nako ha re qala ho ithuta, re lokela ho kopa Jehova hore a re fe moea oa hae o halalelang. Re boetse re lokela ho mo kopa hore a re thuse ho fumana lintlha tsa bohlokoa ha re ntse re ithuta le ho bona hore na ke liphetoho life tseo re lokelang ho li etsa.

20 E se eka re ka tšoana le mohlanka oa Molimo eo mopesaleme a kileng a re ka eena: “O thabela molao oa Jehova, molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare. . . . Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”​—Pes. 1:​2, 3.

PINA EA 88 Nthute Thato ea Hao

^ ser. 5 Jehova o re fa matletse-tletse a lintho tsa bohlokoa tseo re ka li shebellang, ra li bala ra ba ra ithuta tsona. Sehlooho sena se tl’o u thusa hore u bone hore na u ka ithuta lintho life se be se u fe litlhahiso tseo u ka li etsang e le hore u rue molemo ha u ntse u ithuta.

^ ser. 61 TLHALOSO EA LINTŠOANTŠO: Batsoali ba bontša bana ba bona hore na ba lokisetse Thuto ea Molula-Qhooa joang.

^ ser. 63 TLHALOSO EA LINTŠOANTŠO: Mor’abo rona o etsa lipatlisiso ka mongoli e mong oa Bibele e leng Amose. Litšoantšo tse hlahang ka mor’a hae, ke tseo a iketselitseng tsona ka kelellong ha a ntse a bala a bile a nahanisisa ka litlaleho tseo.