Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 21

U se ke oa Thetsoa ke “Bohlale ba Lefatše Lena”

U se ke oa Thetsoa ke “Bohlale ba Lefatše Lena”

“Bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo.”​—1 BAKOR. 3:19.

PINA EA 98 Bibele e Bululetsoe ke Molimo

SELELEKELA *

1. Lentsoe la Molimo le re fa eng?

RE KA fumana tharollo ea mathata ’ohle a rona hobane Jehova ke Morupeli oa rona e Moholo. (Esa. 30:​20, 21) Lentsoe la hae le re fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlokang e le hore re “ka tšoaneleha ka botlalo” le ho “hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Tim. 3:​17) Ha re phela ho latela melao-motheo ea Bibele, re tla ba bohlale ho feta batho ba reng re phele ho latela “bohlale ba lefatše lena.”​—1 Bakor. 3:​19; Pes. 119:​97-100.

2. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

Joalokaha re tla bona, bohlale ba lefatše lena bo re khothalletsa hore re phelele ho ikhotsofatsa feela. Kahoo, ho ka ba thata hore re se ke ra nahana le ho etsisa batho bao e leng karolo ea lefatše lena. Ke ka hona Bibele e reng: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.” (Bakol. 2:8) Sehloohong sena, re tl’o bona kamoo mashano a mabeli ao Satane a a rutileng a ileng a tuma kateng. Karolong ka ’ngoe, re tl’o ithuta hore bohlale ba lefatše lena ke booatla re boele re bone hore bohlale bo tsoang ho Molimo bo phahametse ntho leha e le efe eo lefatše lena le ka fanang ka eona.

PONO EA BATHO EA FETOHA KA THOBALANO

3-4. Ke phetoho efe e ileng ea e-ba teng naheng ea United States qalong ea lilemo tsa bo-1900?

3 Qalong ea lilemo tsa bo-1900, naheng ea United States ho ile ha e-ba le phetoho e kholo tseleng eo batho ba talimang thobalano ka eona. Pele batho ba bangata ba ne ba lumela hore thobalano e etsoa ke batho ba nyalaneng feela ebile ha se ntho eo ho ka buuoang ka eona har’a batho. Empa lintho tseo kaofela li ile tsa fetoha eaba batho ba qala ho iketsetsa borata.

4 Lipakeng tsa 1922 le 1929, ka mor’a hore Ntoa ea I ea Lefatše e lale, batho ba ile ba qala ho fetola tsela eo ba talimang thobalano ka eona. Mofuputsi e mong o re: “Ho ile ha ata litšoantšo, lifilimi, ’mino, libuka le lipapatso tse bontšang batho ba etsang thobalano.” Lilemong tseo, batho ba ile ba qala ho tantša ka tsela e etsang hore ba bang ba nahane ka thobalano hape batho ba bang ba ne ba apara ka tsela e sa hlompheheng. Joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele, batho ba mehleng ea bofelo e ne e tla ba “ba ratang menyaka.”​—2 Tim. 3:4.

Bahlanka ba Jehova ha baa ka ba thetsoa ke tsela eo batho ba mehleng eo ba neng ba phela ka eona (Sheba serapa sa 5) *

5. Ho ile ha etsahala’ng ka melao ea boitšoaro ho tloha lilemong tsa bo-1960?

5 Lilemong tsa bo-1960, ho ne ho se ho tloaelehile hore monna le mosali ba lule ’moho ba sa nyalana, batho ba bong bo tšoanang ba se ba ratana hape tlhalo e ne e le kobo-anela. Batho ba ne ba ithabisa ka ho shebella batho ba etsang thobalano pepenene. Phello ea lintho tsee e ile ea e-ba efe? Mongoli e mong o re ho ba le liphello tse bohloko ha batho ba sa mamele melao ea boitšoaro. Mohlala, malapa aa qhalana, batsoali ba bang ba holisa bana ba le bang, batho ba bang ba lula ba sa thaba ha bang bona ba lemalletse ho shebella litšoantšo tsa batho ba etsang thobalano. Phello e ’ngoe ke hore ho ba le mafu a tšoaetsanoang ka thobalano a kang AIDS ’me lintho tsena kaofela li bontša hore bohlale ba lefatše lena ke booatla.​—2 Pet. 2:19.

6. Tsela eo batho ba hlanyetsang ho etsa thobalano ka eona e phethahatsa merero ea Satane joang?

6 Tsela eo batho ba hlanyetsang ho etsa thobalano ka eona e phethahatsa merero ea Satane. O thabela ho bona batho ba senya mpho eo Molimo a e fileng banyalani ea ho etsa thobalano ’me ka tsela ena ba hlompholla mpho ea Molimo ea lenyalo. (Baef. 2:2) Boitšoaro bo litšila ba ho etsa thobalano bo senya mpho e ntle eo Molimo a e fileng batho ea ho ba le bana ebile bo ka ’na ba sitisa batho ba bo etsang hore ba se ke ba fumana bophelo bo sa feleng.​—1 Bakor. 6:​9, 10.

BIBELE E RE’NG KA THOBALANO?

7-8. Ho fapana le batho ba nang le bohlale ba lefatše lena, Bibele e re’ng ha e bua ka thobalano?

Batho ba mamelang bohlale ba lefatše lena ba nyefola tataiso eo Bibele e fanang ka eona tabeng ea boitšoaro, ba re ha e utloahale. Batho bao ba ka ’na ba botsa hore na ‘ke hobane’ng ha Molimo a re bopile re e-na le litakatso tsa ho etsa thobalano empa a boetse a re bolella hore re li hanele?’ Ba botsa potso eo hobane ba e-na le maikutlo a fosahetseng a hore motho e mong le e mong a ka etsa eng kapa eng eo a e batlang. Empa Bibele e bua ho fapaneng le hoo. E re re lokela ho loana khahlanong le litakatso tsa rona tse fosahetseng. (Bakol. 3:5) Ho feta moo, Jehova o file banyalani mpho ea lenyalo eo ho eona ba ka khotsofatsang litakatso tsa bona. (1 Bakor. 7:​8, 9) Ka tsela eo, banyalani ba ka etsa thobalano ntle le hore ba ikoahlaee kapa ba utloe ba e-na le letsoalo le molato e leng lintho tse ba teng ho batho ba etsang thobalano ka ntle ho lenyalo.

8 Ho fapana le batho ba nang le bohlale ba lefatše lena, Bibele e bua hantle ka thobalano. E re thobalano e ka ba mohloli oa thabo ho banyalani. (Liprov. 5:​18, 19) Leha ho le joalo, Bibele e re: “E mong le e mong oa lona a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono e kang eo le lichaba tseo tse sa tsebeng Molimo li nang le eona.”​—1 Bathes. 4:​4, 5.

9. (a) Qalong ea lilemo tsa bo-1900, bahlanka ba Jehova ba ile ba thusoa ke’ng hore ba phele ho latela bohlale bo ka Lentsoeng la Molimo? (b) Ke keletso efe eo re e fumanang ho 1 Johanne 2:​15, 16? (c) Joalokaha ho bontšitsoe ho Baroma 1:​24-27, ke lintho life tseo re lokelang ho li qoba?

9 Qalong ea lilemo tsa bo-1900, bahlanka ba Jehova ha baa ka ba thetsoa ke batho ba “feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro.” (Baef. 4:​19) Ba ile ba leka ho phela ka melao ea Jehova ea boitšoaro. Molula-Qhooa oa May 15, 1926 o ile oa re: “Monna kapa mosali o lokela ho ila thobalano ka tsela leha e le efe pele ho lenyalo hape o lokela ho qoba menahano e fosahetseng haholo-holo ha a e-na le motho oa bong bo fapaneng.” Ho sa tsotellehe hore na ho ne etsahala’ng moo ba neng ba phela teng, bahlanka ba Jehova ba ne ba phela ho latela bohlale bo tsoang ka Lentsoeng la hae. (Bala 1 Johanne 2:​15, 16.) Rea thaba hore ebe Jehova o re file Lentsoe la hae e leng Bibele. Re leboha Jehova ka mokhatlo oa hae o re fang lingoliloeng tse re thusang ho qoba ho thetsoa ke bohlale ba lefatše lena litabeng tsa thobalano. *​—Bala Baroma 1:​24-27.

PONO EA BATHO KA BOITHATI

10-11. Bibele e ile ea re ho tla etsahala’ng matsatsing a ho qetela?

10 Bibele e ile ea bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela batho e tla ba “baithati.” (2 Tim. 3:​1, 2) Ha ho makatse hore ebe lefatše lena le khothalletsa batho hore e be baithati. Buka e ’ngoe ea Encyclopedia e re lilemong tsa bo-1970, “libuka tse khothaletsang batho hore ba phele hamonate li ile tsa eketseha.” Tse ling tsa libuka tsena “li ile tsa khothaletsa babali ba tsona hore ha baa lokela ho fetola tsela eo ba phelang ka eona kapa ho nahana hore ho na le ho phoso ka bona.” Mohlala, e ’ngoe ea libuka tseo e re: “Ithate hobane u motle, u ratoa ke batho ebile u motho oa bohlokoa ka ho fetisisa.” Buka eo e re “motho o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o itšoara joang le hore o lokela ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e ratang ka nako eo a e batlang.”

11 Na taba ee e ncha litsebeng tsa hao? Satane o ile a khothaletsa Eva hore a etse ntho e ’ngoe e tšoanang le ena. O ile a re Eva o tla ba “joaloka Molimo, [a] tsebe botle le bobe.” (Gen. 3:5) Mehleng ena, batho ba bangata ba iphahamisang ba lumela hore ha ho na motho leha e le ofe ea ka ba bolellang hore na ntho e itseng e nepahetse kapa e fosahetse, esita le Molimo. Mohlala, maikutlo ao a bona a bonahala tseleng eo ba talimang lenyalo ka eona.

Mor’abo rona o hlokomela molekane oa hae ka lintho tseo a li hlokang (Sheba serapa sa 12) *

12. Batho ba susumetsoang ke bohlale ba lefatše lee ba talima lenyalo joang?

12 Bibele e re monna le mosali ba lokela ho hlomphana le ho tšepahalla likano tsa bona tsa lenyalo. E khothalletsa banyalani hore ba ikemisetse ho lula ’moho kaha e re: “Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.” (Gen. 2:​24) Leha ho le joalo, batho ba susumetsoang ke bohlale ba lefatše lena ba bua se khahlanong le Bibele hobane ba re molekane e mong le e mong o lokela ho phela ka tsela eo a e batlang. Buka e ’ngoe e buang ka tlhalo e re: “Linaheng tse ling ha ho entsoe mokete oa lenyalo, banyalani ba etsa likano tsa ho re, ‘re tla lula ’moho hafeela re ntse re phela’ empa batho ba bang ba fetotse likano tseo ka ho re, ‘re tla lula ’moho hafeela re ntse re ratana.’ ” Maikutlo ana a fosahetseng ka lenyalo a entse hore malapa a mangata a qhalane le hore batho ba lule ba utloile bohloko. Kannete tsela eo lefatše le talimang lenyalo ka eona ke booatla.

13. Ke hobane’ng ha Jehova a hloile batho ba ikakasang?

13 Bibele e re: “E mong le e mong ea pelo e ikakasang ke ntho e manyala ho Jehova.” (Liprov. 16:5) Ke hobane’ng ha Jehova a hloile batho ba ikakasang? Lebaka ke hobane batho ba ikakasang ba qetella ba ikhohomosa joaloka Satane. Ak’u nahane feela, Satane o ne a lumela hore Jesu eo Molimo a mo sebelisitseng ho bopa lintho tsohle a ka mo khumamela le ho mo rapela! (Mat. 4:​8, 9; Bakol. 1:​15, 16) Batho bao ba ikakasang ba tiisa taba ea hore bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo.

BIBELE E RE’NG KA BAITHATI?

14. Baroma 12:3 e re thusa joang hore re be le maikutlo a nepahetseng ka ho ithata?

14 Bibele e re thusa hore re be le maikutlo a nepahetseng ka ho ithata. E re re lokela ho ba batho ba ithatang. Jesu o ile a re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata” e leng ntho e bontšang hore ha rea lokela ho ithata ka tsela e feteletseng. (Mat. 19:​19) Leha ho le joalo, Bibele e re ha rea lokela ho inka re phahametse batho ba bang. E boetse e re: “Le sa etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.”​—Bafil. 2:3; bala Baroma 12:3.

15. Ke hobane’ng ha u ka re Bibele e ka re thusa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka ho ithata?

15 Mehleng ena, batho bao ho nkoang ba rutehile ba re Bibele ha e na thuso. Ba re haeba u nka hore batho ba bang ba u phahametse, ba tla u khella fatše ba be ba nke monyetla ka uena. Ke liphello life tse ba teng ka lebaka la tšusumetso e mpe ea lefatše la Satane? U nahana joang? Na batho ba inahanang bobona ba thabile? Na malapa a bona a thabile? Na ba na le metsoalle ea ’nete? Na ba na le kamano e haufi le Molimo? Ho ea kamoo u bonang kateng, na u ka re ho molemo ho phela ho latela bohlale ba lefatše lee kapa ho latela bohlale bo tsoang ka Lentsoeng la Molimo?

16-17. Re leboha Jehova ka’ng, hona hobane’ng?

16 Batho ba tataisoang ke batho bao ho nkoang ba rutehile ba tšoana le mohahlauli ea botsang mohahlauli e mong hore na ba lokela ho nka tsela efe empa ba lahlehile ba le babeli. Ha Jesu a bua ka banna bao ho neng ho nkoa ba le “bohlale” o ile a re: “Ke batataisi ba foufetseng. Joale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobeli li tla oela ka sekoting.” (Mat. 15:​14) Kannete bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo.

Bahlanka ba Jehova ba ikhopotsa liketsahalo tse ileng tsa etsahala ha ba ntse ba phela ho latela bohlale ba Molimo (Sheba serapa sa 17) *

17 Haesale Bibele e le “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Tim. 3:​16) Re leboha Jehova ka mokhatlo oa hae hore ebe o re sirelelitse e le hore re se ke ra phela ka bohlale ba lefatše lena. (Baef. 4:​14) Lingoliloeng tseo a re fang tsona li re fa matla a hore re phele ka melao ea hae ea boitšoaro e tsoang ka Bibeleng. Rea thaba hore ebe Jehova o re tataisa ka bohlale ba hae bo tsoang ka Bibeleng.

PINA EA 54 “Tsela ke Eona Ena”

^ ser. 5 Sehlooho sena se tl’o re thusa ho kholiseha hore Jehova ke eena feela ea ka re fang tataiso e nepahetseng. Hape, se tl’o re thusa ho bona hore ho latela bohlale ba lefatše lena ho na le liphello tse bohloko empa ho sebelisa bohlale bo tsoang Lentsoeng la Molimo ho ka re tsoela molemo.

^ ser. 9 Mohlala, sheba buka ea Lipotso​—Bacha Baa Botsa​—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1, likhao. tsa 24-26, le Buka ea 2, likhao. tsa 4-5.

^ ser. 50 TLHALOSO EA LINTŠOANTŠO: Re bona boemo boo banyalani ba Lipaki ba neng ba phela ka har’a bona. Ba mosebetsing oa boboleli lilemong tsa bo-1960.

^ ser. 52 TLHALOSO EA LINTŠOANTŠO: Lilemong tsa bo-1980, mor’abo rona o hlokomela mohats’ae ea kulang ’me ba na le morali oa bona.

^ ser. 54 TLHALOSO EA LINTŠOANTŠO: Mehleng ena, banyalani bana ba ikhopotsa liketsahalo tse ileng tsa etsahala ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. Morali oa bona le lelapa la hae ba thabetse ho utloa ka pale ea bona.