Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 19

Ha ho Letho le ka Etsa’ng Hore Motho ea Lokileng a Khoptjoe

Ha ho Letho le ka Etsa’ng Hore Motho ea Lokileng a Khoptjoe

“Ba ratang molao oa hao ba na le khotso e ngata, ha ho khopiso ho bona.”​—PES. 119:​165.

PINA EA 122 E-bang Sebete ’Me le be Matla

SELELEKELA *

1-2. Mongoli e mong o ile a re’ng, hona re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?

BATHO ba bangata mehleng ena ba re ba lumela ho Jesu empa ha ba etse lintho tseo a li rutileng. (2 Tim. 4:​3, 4) Ha e le hantle, mongoli e mong o ile a re: “Haeba ho ka etsahala hore ho be le ‘Jesu’ e mong mehleng ena, ea buang lintho tse tšoanang hantle le tseo Jesu a ileng a li bua . . . , na le rona re tla hana ho mo mamela joalokaha batho ba ile ba etsa lilemo tse likete tse peli tse fetileng? . . . Karabo e fanoeng ke, E! re ntse re sa tl’o mo mamela.”

2 Batho ba bangata mehleng ea Jesu ba ile ba utloa ha a ruta le ho bona ha a etsa mehlolo empa ha baa ka ba beha tumelo ho eena. Hobane’ng? Sehloohong se fetileng, re bone mabaka a mane a hore na ke hobane’ng ha batho ba ile ba khoptjoa ke lintho tseo Jesu a ileng a li bua le ho li etsa. A re hlahlobeng a mang a mane. Re tla boela re bone hore na ke hobane’ng ha batho ba hanyetsa balateli ba Jesu mehleng ena le hore re ka qoba ho khoptjoa joang.

(1) JESU O NE A SE NA KHETHOLLO

Batho ba bangata ba ile ba khopeha ka lebaka la batho bao Jesu a neng a khetha hore e be metsoalle ea hae. Ntho e tšoanang e ka khelosa batho ba bang joang mehleng ee? (Sheba serapa sa 3) *

3. Jesu o ile a etsa’ng e ileng ea etsa hore batho ba bangata ba khopehe?

3 Ha Jesu a le lefatšeng, o ne a e-ba le nako ea batho ba mefuta eohle. O ne a e-ja le batho ba ruileng le ba nang le matla a itseng empa ka nako e tšoanang, a boetse a qeta nako e ngata le batho ba futsanehileng le ba hateletsoeng. Ho phaella moo, o ne a le mosa ho batho ba neng ba nkoa e le “baetsalibe.” Baloki ba ile ba khopisoa ke lintho tseo Jesu a ileng a li etsa. Ba ile ba re ho barutuoa ba hae: “Ke hobane’ng ha le ja ’me le noa le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?” Eaba Jesu o re: “Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka. Ke tlil’o bitsetsa baetsalibe pakong, eseng batho ba lokileng.”​—Luka 5:​29-32.

4. Ho ea ka boprofeta ba Esaia, Bajuda ba ka be ba ile ba lebella’ng ka Mesia?

4 Mangolo a re’ng? Nako e telele pele Mesia a tla lefatšeng, moprofeta Esaia o ile a profeta hore batho ba ne ba sa tl’o mo amohela. O ile a re: “O ile a nyelisoa ’me a qojoa ke batho . . . E ne eka re pateloa sefahleho sa hae. O ile a nyelisoa, ’me ra mo nka e se oa bohlokoa.” (Esa. 53:3) Boprofeta boo, bo ile ba bontša hore Mesia o ne a tla qojoa “ke batho,” kahoo, Bajuda bao ba mehleng ea hae ba ka be ba ile ba lebella hore Jesu o ne a tla hanyetsoa.

5. Batho ba bangata mehleng ee ba nahana’ng ka balateli ba Jesu?

5 Ho joang mehleng ee? Hoa tšoana. Baruti ba bangata baa thaba ha batho ba nkoang ba le bohlokoa, ba ruileng le bao ho thoeng ba bohlale e e-ba litho tsa likereke tsa bona. Ba ba amohela likerekeng tsa bona le hoja boitšoaro ba bona le tsela eo ba phelang ka eona e sa lumellane le melao ea Molimo. Baruti bao ba nkela bahlanka ba Jehova ba chesehang fatše hobane feela ba se bohlokoa ho ea ka lefatše lena. Joalokaha Pauluse a bontšitse, Molimo o khethile ba “shebeloang tlaase.” (1 Bakor. 1:​26-29) Leha ho le joalo, Jehova o nka bahlanka bohle ba hae ba tšepahalang e le ba bohlokoa.

6. Jesu o ile a re’ng ho Matheu 11:​25, 26, hona re ka mo etsisa joang?

6 Re ka etsa’ng hore re se ke ra khoptjoa? (Bala Matheu 11:​25, 26.) U se ke oa lumella tsela eo lefatše lena le nkang batho ba Molimo ka eona hore e u susumetse. Tseba hore Jehova o sebelisa batho ba ikokobelitseng feela hore ba etse thato ea hae. (Pes. 138:6) Hape u nahanisise ka lintho tse ngata tseo a li finyeletse’ng a sebelisa batho bana bao lefatše le ba nkang ba sa ruteha ebile ba se bohlale.

(2) JESU O ILE A PEPESA LITHUTO TSE FOSAHETSENG

7. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re Bafarisi ke baikaketsi, hona ba ile ba ikutloa joang?

7 Jesu o ile a pepesa lithuto tsa boikaketsi tsa bolumeli mehleng ea hae. Ka mohlala, o ile a bontša hore Bafarisi ke baikaketsi kaha ba ne ba amehile haholo ka tsela eo ba hlatsoang matsoho a bona ka eona ho feta ho hlokomela batsoali ba bona. (Mat. 15:​1-11) E ka ’na eaba barutuoa ba Jesu ba ile ba makatsoa ke mantsoe ao a hae. Ha e le hantle, ba ile ba mo botsa ba re: “Na oa tseba hore Bafarisi ba ile ba khoptjoa ha ba utloa seo u se buileng?” Eaba Jesu o re: “Semela se seng le se seng seo Ntate oa ka oa leholimo a sa kang a se lema se tla fotholoa. Ba tloheleng. Ke batataisi ba foufetseng. Joale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobeli li tla oela ka sekoting.” (Mat. 15:​12-14) Jesu ha aa ka a lumella hore ho hanyetsoa ke baeta-pele bao ba bolumeli ho mo sitise ho bua ’nete.

8. Jesu o ile a bontša joang hore ha se litumelo tsohle tsa bolumeli tse amohelehang ho Molimo?

8 Jesu o ile a boela a pepesa lithuto tsa bolumeli tsa bohata. Ha aa ka a re lithuto tsohle tsa bolumeli lia amoheleha ho Molimo. Ho e-na le hoo, o ile re batho ba bangata ba ne ba tla tsamaea tseleng e sephara e isang timetsong ’me ba fokolang feela ba tla tsamaea ho e petetsaneng e isang bophelong. (Mat. 7:​13, 14) O ile a hatisa taba ea hore batho ba bang ba ne ba tla bonahala eka ba sebeletsa Molimo empa ho se joalo. O ile a re: “Itebeleng ho baprofeta ba bohata ba tlang ho lona ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le liphiri tse harolang. Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona.”​—Mat. 7:​15-20.

Batho bangata ba ile ba khopeha hobane Jesu o ile a pepesa lithuto tse fosahetseng tsa bolumeli le litloaelo tsa bona. Ntho e tšoanang e ka khelosa batho ba bang joang mehleng ee? (Sheba serapa sa 9) *

9. Ke lithuto life tsa bolumeli tse fosahetseng tseo Jesu a ileng a li pepesa?

9 Mangolo a re’ng? Boprofeta ba Bibele bo ile ba bolela esale pele hore Mesia o ne a tla chesoa ke cheseho ea ho rata ntlo ea Jehova. (Pes. 69:9; Joh. 2:​14-17) Cheseho eo e ile ea etsa hore a pepese mashano a lithuto tsa bolumeli le litloaelo tsa bona. Mohlala, Bafarisi ba ne ba ruta hore moea ha o shoe empa Jesu o ile a ruta hore bafu ba robetse. (Joh. 11:​11) Basaduse ba ne ba lumela hore tsoho ha e eo empa Jesu o ile a tsosa motsoalle oa hae Lazaro. (Joh. 11:​43, 44; Lik. 23:8) Bafarisi ba ne ba re motho o na le neo kapa pitso ea ho sebeletsa Molimo empa Jesu eena o ile a re motho o iketsetsa qeto ea ho sebeletsa Molimo kapa che.​—Mat. 11:28.

10. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba khoptjoa ke lithuto tsa rona?

10 Ho joang mehleng ee? Ho ntse ho tšoana. Batho ba bangata ha ba re mamele hobane lithuto tsa rona tse thehiloeng Bibeleng li pepesa lithuto tsa bona tse fosahetseng tsa bolumeli. Baruti ba ruta balateli ba bona hore Molimo o ahlola batho ba khopo liheleng. Ba sebelisa leshano leo e le hore ba khone ho laola batho. Kaha re sebeletsa Jehova Molimo ea lerato, re pepesa leshano leo. Baruti ba boetse ba ruta hore moea ha o shoe. Re pepesa thuto ena ea bohata eo haeba e ne e le ’nete e neng e tla fana ka maikutlo a hore ha ho hlokahale hore ho be le tsoho. Hape ho fapana le malumeli a mangata a rutang hore Molimo o rerile lintho tse re hlahelang esale pele, rona re ruta hore motho e mong le e mong o na le tokelo le bolokolohi ba ho khetha ho sebeletsa Molimo. Baruti ba ikutloa joang? Hangata baa halefa!

11. Ho ea ka Johanne 8:​45-47, Molimo o lebeletse hore batho ba hae ba etse’ng?

11 Re ka etsa’ng hore re se ke ra khoptjoa? Haeba re rata Bibele, re lokela ho lumela le ho mamela lithuto tsa Molimo. (Bala Johanne 8:​45-47.) Ho fapana le Satane Diabolose, re ke ke ra lahla Jehova. Re ke ke ra etsa letho le sa lumellaneng le tumelo ea rona. (Joh. 8:​44) Molimo o lebeletse hore batho ba hae ba ‘nyonye se khopo’ le hore ba “khomarele se molemo” feela joalokaha Jesu a ile a etsa.​—Bar. 12:9; Baheb. 1:9.

(3) JESU O ILE A HLORISOA

Batho bangata ba ile ba khopeha ka lebakala tsela eo Jesu a ileng a bolaoa ka eona. Ntho e tšoanang e ka khelosa batho ba bang joang mehleng ee? (Sheba serapa sa 12) *

12. Ke hobane’ng ha lefu la Jesu le ile la khopisa Bajuda ba bangata?

12 Lebaka le leng le ileng la etsa hore Bajuda ba se ke ba mamela Jesu ke lefe? Pauluse o ile a re: “Re bolela Kreste ea ileng a khokhotheloa thupeng, ho Bajuda ke sesosa sa ho khoptjoa.” (1 Bakor. 1:​23) Ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata ba ile ba khopisoa ke tsela eo Jesu a ileng a shoa ka eona? Taba ea hore ebe Jesu o ile a fanyehoa palong, e ile ea etsa hore ba mo nke e le sekebekoa kapa moetsalibe e seng e le Mesia.​—Deut. 21:​22, 23.

13. Batho ba neng ba sa amohele Jesu ba ne ba sa batle ho lumela’ng?

13 Ba bang ba Bajuda ba ileng ba khopisoa ke Jesu, ba ile ba hloleha ho bona hore ha a molato, o qositsoe ka bohata le hore o ahlotsoe ka ho hloka toka. Baahloli ba Jesu ba ne ba se na taba le hore na o ahloloa ka toka kapa che. Lekhotla le phahameng la Bajuda le ile la etsa lintho ka lepotla-potla ha le ahlola Jesu eaba ha le latele melao. (Luka 22:​54; Joh. 18:​24) Ho e-na le hore ka toka baahloli ba mamele le ho sheba litaba tsohle tseo Jesu a neng a qosoa ka tsona, ba ile “ba batla bopaki khahlanong le [eena] hore ba mo bolaee.” Ha taba eo e hloleha, moprista ea phahameng o ile a leka ho etsa hore Jesu a bue ntho e ka mo kenyang khathatsong. Ho etsa joalo, ho ne ho le khahlanong le molao. (Mat. 26:​59; Mar. 14:​55-64) Hape ka mor’a hore Jesu a tsosoe, baahloli bao ba se nang toka, ba ile ba fa masole a Roma a neng a katile lebitla la Jesu “palo e lekaneng ea likotoana tsa silevera” e le hore ba bue leshano la hore na hobane’ng lebitla le se na letho.​—Mat. 28:​11-15.

14. Mangolo a ile a re’ng esale pele ka lefu la Mesia?

14 Mangolo a re’ng? Le hoja Bajuda ba bangata mehleng ea Jesu ba ne ba sa lebella hore Mesia a shoe, hlokomela hore na boprofeta bo ile ba re’ng: “O tšolotse moea oa hae lefung, ’me o ile a balelloa le batloli; o jere libe tsa batho ba bangata, ’me a kena lipakeng bakeng sa batloli.” (Esa. 53:​12) Kahoo, Bajuda ba ne ba se na lebaka la ho khopeha ha Jesu a ne a bolaoa joaloka moetsalibe.

15. Ke liqoso life tse entsoeng khahlanong le Lipaki Tsa Jehova tse etsang hore batho ba se ke ba li mamela?

15 Ho joang mehleng ee? Ha ho letho le fetohileng. Jesu o ile a tšoaroa le ho ahloloa ka ho hloka toka ’me Lipaki Tsa Jehova le tsona li tšoaroa ka tsela e tšoanang. Ak’u nahane ka mehlala ena. Lipaki tsa Amerika li ne li lula li isoa makhotleng nako le nako mabapi le ho sebeletsa Molimo ka bolokolohi lilemong tsa bo-1930 le tsa bo-1940. Baahloli ba bang ba ne ba sa pate hore ba na le khethollo ha ba sebetsana le rona. Athe naheng ea Quebec, Canada, Kereke le ’Muso li ile tsa sebetsa ’moho ho thibela mosebetsi oa rona. Bahoeletsi ba bangata ba ile ba tšoareloa feela hore ebe ba buisana le baahisane ba bona ka ’Muso oa Molimo. Jeremane teng, puso ea Manazi e sehloho e ile ea bolaea barab’abo rona ba bangata ba bacha lilemong. Lilemong tsa morao tjena, Lipaki tsa Russia lia qosoa le ho tšoaroa ka lebaka la ho bua le batho ka Bibele ’me ho thoe “li feteletsa lintho.” Esita le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka puo ea Serussia e thibetsoe ho thoe ke buka e “feteletsang lintho” hobane e e-na le lebitso Jehova.

16. Joalokaha 1 Johanne 4:1 e bontša, ke hobane’ng ha re sa lokela ho khelosoa ke mashano a buuoang ka bahlanka ba Jehova?

16 Re ka etsa’ng hore re se ke ra khoptjoa? Tseba lintlha tsohle. Ho Matheu khaolo ea bohlano, Jesu o ile a lemosa balateli ba hae hore “ka leshano [batho ne ba tla] bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo” ka bona. (Mat. 5:​11) Mohloli oa mashano ana ke Satane. O susumetsa bahanyetsi ba rona hore ba bue mashano a kotsi ka rona. (Tšen. 12:​9, 10) Ha rea lokela ho mamela mashano ao bahanyetsi ba rona ba a buang. Re se ke ra lumella mashano ao hore a re tšose kapa a fokolise tumelo ea rona.​—Bala 1 Johanne 4:1.

(4) JESU O ILE A SOETSOA LE HO LAHLOA

Batho bangata ba ile ba khopeha ka lebaka la hore ebe Judase o ile a eka Jesu. Ntho e tšoanang e ka khelosa batho ba bang joang mehleng ee? (Sheba serapa sa 17 le 18) *

17. Ke ka tsela efe lintho tse ileng tsa etsahala pele ho lefu la Jesu li neng li ka khopisa batho ba bang?

17 Nakoana pele Jesu a bolaoa, o ile a soetsoa ke e mong oa baapostola ba hae ba 12. Moapostola e mong o ile a latola ka makhetlo a mararo hore o tseba Jesu, ha ba bang bona ba ile ba mo lahla kherehloa bosiung ba pele a bolaoa. (Mat. 26:​14-16, 47, 56, 75) Jesu ha aa ka a makala. O ile a ba a bolela esale pele hore tsena tsohle li ne li tla etsahala. (Joh. 6:​64; 13:​21, 26, 38; 16:​32) Ha batho ba bona lintho tsena ba ka be ba ile ba khopeha eaba ba ipehela lebaka la ho re: ‘Haeba baapostola ba Jesu ba itšoara ka tsela ee, ha ke batle ho ba karolo ea bona.’

18. Ke boprofeta bofe bo ileng ba phethahatsoa ke lintho tse ileng tsa etsahala nakoana pele ho lefu la Jesu?

18 Mangolo a re’ng? Lilemo tse makholo pele Jesu a tla lefatšeng, Jehova o ile a hla a bolela ka Lentsoeng la hae hore Mesia o ne a tla ekoa ka likotoana tse 30 tsa silevera. (Zak. 11:​12, 13) O ne a tla ekoa ke motsoalle oa hae ea haufi. (Pes. 41:9) Moprofeta Zakaria o ile a boela a re: “Otla molisa, ’me tsa mohlape li ke li hasanngoe.” (Zak. 13:7) Batho ba lipelo li ntle ba ne ba ke ke ba hanyetsa Jesu feela ka lebaka la liketsahalo tsena empa tumelo ea bona e ne e tla matlafala le ho feta ha ba bona boprofeta bo buang ka Jesu bo phethahala ho eena.

19. Batho ba lipelo li ntle ba tseba’ng?

19 Ho joang mehleng ee? Hoa tšoana. Mehleng ena, bahlanka ba Jehova ba ’maloa ba tsebahalang, ba khaolitse ho mo sebeletsa ’me ke bakoenehi hape ba lekile ho khelosa ba bang. Ba hasitse litlaleho tse mpe tse fanang ka maikutlo a fosahetseng hape ba bua mashano ka Lipaki Tsa Jehova ba sebelisa mecha ea phatlalatso le Inthanete. Empa batho ba lipelo li ntle ha ba khelosoe. Ho e-na le hoo, baa tseba hore Bibele e ile ea bolela esale pele hore lintho tse kang tsena li ne li tla etsahala.​—Mat. 24:​24; 2 Pet. 2:​18-22.

20. Re ka qoba ho khelosoa ke batho ba sa sebeletseng Jehova joang? (2 Timothea 4:​4, 5)

20 Re ka etsa’ng hore re se ke ra khoptjoa? Re lokela ho matlafatsa tumelo ea rona ka hore re ithute kamehla, re rapele khafetsa hape re lule re phathahane mosebetsing oo Jehova a re fileng oona. (Bala 2 Timothea 4:​4, 5.) Ha re e-na le tumelo, re ke ke ra tšoenyeha ha re utloa litlaleho tse mpe ka Lipaki Tsa Jehova. (Esa. 28:​16) Ho rata Jehova, Lentsoe la hae le Bakreste-’moho le rona, ho tla re thusa hore re se ke ra khopisoa ke batho ba sa sebeletseng Jehova.

21. Re kholisehile ka’ng le hoja batho ba bangata ba sa mamele molaetsa oa rona mehleng ee?

21 Mehleng ea Jesu, batho ba bangata ba ile ba khopeha eaba ba hana ho mo mamela. Leha ho le joalo, ba bang ba bangata ba ile ba mo mamela. Ba ne ba akareletsa bonyane setho se le seng sa Sanhedrine le “bongata bo boholo ba baprista.” (Lik. 6:7; Mat. 27:​57-60; Mar. 15:​43) Ka tsela e tšoanang, le mehleng ena batho ba bangata ba khetha ho re mamela. Hobane’ng? Hobane baa tseba le ho rata lintho tseo ba ithutileng tsona ka Mangolong. Bibele e re: “Ba ratang molao oa hao ba na le khotso e ngata, ha ho khopiso ho bona.”​—Pes. 119:​165.

PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla

^ ser. 5 Sehloohong se fetileng re hlahlobile mabaka a mane ao ka ’ona batho ba mehleng ea Jesu ba neng ba sa mo amohele le hore na ke hobane’ng ha balateli ba hae ba hanyetsoa mehleng ena. Sehloohong sena re tl’o bua ka mabaka a mang a mane. Re tla boela re bone hore na ke hobane’ng ha batho ba ratang Jehova ba sa lumelle eng kapa eng ho ba khopisa.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o lijong le Matheu le babokelli ba lekhetho.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o leleka bahoebi ka tempeleng.

^ ser. 64 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o jere palo eo a il’o khokhotheloa ho eona.

^ ser. 66 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Judase o eka Jesu ka ho mo meta.