Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 21

Jehova o Tla U fa Matla

Jehova o Tla U fa Matla

“Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.”​—2 BAKOR. 12:10.

PINA EA 73 U re fe Sebete

SELELEKELA *

1-2. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ba le mathata afe?

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a khothalletsa Timothea ho akarelletsa le Bakreste bohle hore ba phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo. (2 Tim. 4:5) Kaofela ha rona re nka keletso ena ea Pauluse e le ea bohlokoa. Empa ka linako tse ling, ho ba thata ho e mamela. Ho hlokahala sebete hore bara le barali ba bo rona ba bangata ba etse mosebetsi oa boboleli. (2 Tim. 4:2) Ka mohlala, nahana ka bara le barali ba bo rona ba lulang linaheng tseo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. Ba bolela molaetsa oa Bibele le hoja ba tseba hore ba ka ’na ba ba koalloa teronkong.

2 Bahlanka ba Jehova ba ba le mathata a mangata a ka ba nyahamisang. Ka mohlala, ba bangata ba bona ba tlameha hore ba sebetse ka thata e le hore ba hlokomele malapa a bona ka lintho tseo a li hlokang. Le hoja ba ka rata ho sebetsa ka thata tšimong, baa khathala mafelo a beke. Ba bang bona ba sa khone ho sebeletsa Jehova kahohle kamoo ba ka khonang hobane ba kula haholo, ba tsofetse kapa ba sa khone ho tloha malapeng a bona. Ha ba bang ba lula ba utloa eka ha se batho ba bohlokoa ho Jehova. Morali’abo rona Mary * o re: “Ke lokela ho sebetsa ka thata e le hore ke laole maikutlo ao ke bang le ’ona ha ke nyahame ’me ke utloa bohloko hoo ke ikutloang ke khathetse. Kahoo, ke ikutloa ke le molato hobane ha ke be le nako le matla a ho ea tšimong.”

3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Ho sa tsotellehe hore na re boemong bofe, Jehova a ka re fa matla a hore re lule re mamella mathata ao re nang le ’ona le ho mo sebeletsa kahohle kamoo re ka khonang kateng. Pele re ka bua ka hore na Jehova a ka re thusa joang, a re boneng hore na o ile a fa Pauluse le Timothea matla joang e le hore ba tsoele pele ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba e-na le ’ona.

JEHOVA O BA FA MATLA A HORE BA ETSE MOSEBETSI OA BOBOLELI

4. Pauluse o ile a ba le mathata afe?

4 Pauluse o ne a e-na le mathata a mangata. O ne a hloka matla haholo-holo ha batho ba ne ba shapa, ba mo otla ka majoe le ha ba ne ba mo koalla teronkong. (2 Bakor. 11:​23-25) Pauluse o ne a lumela hore ka linako tse ling, o ne a lokela ho sebetsa ka thata e le hore a hlole ho nyahama. (Bar. 7:​18, 19, 24) O ne a boetse a mamelletse ho kula hoo a neng a ho tšoantša le “moutloa nameng” ’me o ne a batla hore Molimo a o tlose ho eena.​—2 Bakor. 12:​7, 8.

Ke’ng e thusitseng Pauluse hore a tsoele pele ka tšebeletso ea hae? (Sheba serapa sa 5 le 6) *

5. Pauluse o ile a khona ho etsa’ng ho sa tsotellehe mathata ao a neng a e-na le ’ona?

5 Jehova o ile a fa Pauluse matla a hore a tsoele pele a bolela ho sa tsotellehe mathata ao a neng a e-na le ’ona. Nahana ka ntho eo Pauluse a ileng a khona ho e etsa. Ka mohlala, ha a ne a le ntlong eo a neng a koalletsoe ho eona Roma, o ile a phatlalatsa molaetsa oa ’Muso oa Molimo ka mafolo-folo ho batho ba bangata mohlomong ho akarelletsa le ho ba boholong pusong. (Lik. 28:​17; Bafil. 4:​21, 22) O ile a boela a bolela molaetsa oo ho Balebeli ba bangata ba Moemphera le ho batho bohle ba neng ba mo etela. (Lik. 28:​30, 31; Bafil. 1:​13) Hona ka nako eo, Molimo o ile a sebelisa Pauluse hore a ngole mangolo a thusitseng Bakreste ba ’nete ’me a ntse a ba thusa le kajeno. Hape, mohlala oa Pauluse o ile oa matlafatsa phutheho ea Roma hoo Bakreste-’moho le eena ba ileng ba ba “sebete haholo hore ba bolele lentsoe la Molimo ba sa tšabe letho.” (Bafil. 1:​14) Le hoja ka linako tse ling ho ne ho se letho le lekaalo leo Pauluse a neng a ka le etsa, o ile a etsa boiteko bohle hore “litaba tse molemo li tsoele pele.”​—Bafil. 1:12.

6. Ho ea ka 2 Bakorinthe 12:​9, 10, ke’ng e thusitseng Pauluse hore a phethe mosebetsi oa hae?

6 Pauluse o ile a hlokomela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa ha a ntse a sebeletsa Jehova, o e entse ka matla a Molimo e seng a hae. O ile a re matla a Molimo “a etsoa a phethahetseng bofokoling.” (Bala 2 Bakorinthe 12:​9, 10.) Jehova o ile a fa Pauluse matla a sebelisa moea o halalelang hore a phethe mosebetsi ba hae ka botlalo ho sa tsotellehe ho hlorisoa, ho koalloa teronkong le mathata a mang ao a neng a e-na le ’ona.

Ke’ng e thusitseng Timothea hore a tsoele pele ka tšebeletso ea hae? (Sheba serapa sa 7) *

7. Timothea o ne a lokela ho hlola mathata afe e le hore a sebeletse Molimo?

7 Mosebetsi-’moho le Pauluse ea neng a le monyane ho eena e leng Timothea, le eena o ne a itšetlehile ka Molimo e le hore a tsoele pele a mo sebeletsa. Timothea o ne a tsamaea le Pauluse maetong a hae a malelele a boromuoa. Hape Pauluse o ne a romela Timothea hore a etele liphutheho e le hore a li khothatse. (1 Bakor. 4:​17) E ka ’na eaba Timothea o ne a utloa a sa tšoanelehe ho etsa mosebetsi oo. Mohlomong ke lona lebaka le entseng hore Pauluse a re ho eena: “Ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang bocha ba hao tlaase.” (1 Tim. 4:​12) Ho ekelletsa moo, hona ka nako eo, Timothea o ne a e-na le moutloa nameng e leng “maemo a [hae] a ho kula khafetsa.” (1 Tim. 5:​23) Empa Timothea o ne a tseba hore moea o halalelang oa Jehova o tla mo fa matla ao a a hlokang ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho sebeletsa Bakreste-’moho le eena.​—2 Tim. 1:7.

JEHOVA O RE FA MATLA A HORE RE LULE RE MO TŠEPAHALLA LE HOJA RE E-NA LE MATHATA

8. Jehova o matlafatsa bahlanka ba hae joang kajeno?

8 Kajeno Jehova o fa bahlanka ba hae “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore ba tsoele pele ho mo sebeletsa ka botšepehi. (2 Bakor. 4:7) A re bueng ka lintho tse ’ne tseo Jehova a re fang tsona ho re matlafatsa le ho re thusa hore re lule re mo tšepahalla, e leng thapelo, Bibele, Bakreste-’moho le tšebeletso ea tšimo.

Jehova o re matlafatsa ka thapelo (Sheba serapa sa 9)

9. Ho rapela ho ka re thusa joang?

9 Ho rapela hoa re matlafatsa. Ho ea ka Baefese 6:​18, Pauluse o ile a re khothalletsa hore re rapele Molimo “ka nako e ’ngoe le e ’ngoe.” Ha re etsa joalo, Molimo o tla re matlafatsa ka hore a arabele lithapelo tsa rona. Mor’abo rona Jonnie ea lulang Bolivia o ile a bona kamoo Jehova a mo thusitseng kateng ha a ne a e-na le mathata. Mosali oa hae le batsoali ba hae ba ile ba kula haholo ka nako e le ’ngoe. Ho ne ho le thata haholo hore Mor’abo rona Jonnie a ba hlokomele ba le bararo ka lintho tseo ba li hlokang. ’Mè oa hae o ile a hlokahala ’me ho ile ha nka nako e telele hore mosali oa hae le ntate oa hae ba fole. Ha Mor’abo rona Jonnie a bua ka nako eo e thata o re: “Ha ke ne ke tšoenyehile haholo, ntho e neng e lula e nthusa ke ho rapela Jehova le ho mo hlalosetsa kamoo ke neng ke ikutloa kateng.” Jehova o ile a fa Mor’abo rona Jonnie matla ao a a hlokang e le hore a mamelle. Mor’abo rona Ronald oa moholo ea lulang Bolivia o ile a utloa hore ’mè oa hae o na le kankere. Khoeli ka mor’a hore a utloe ka taba eo, ’mè oa hae o ile a hlokahala. Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a mamelle boemo boo? O re: “Ha ke rapela Jehova, ke mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Kea tseba hore o nkutloisisa ho feta mang kapa mang le ho feta kamoo ’na ke ikutloisisang kateng.” Ka linako tse ling, re ka ikutloa re imetsoe hoo re sa tsebeng hore na re rapelle eng. Empa Jehova o batla hore re mo rapele leha ho ka ba thata hore re mo bolelle kamoo re ikutloang kateng.​—Bar. 8:​26, 27.

Jehova o re matlafatsa ka Bibele (Sheba serapa sa 10)

10. Ho ea ka Baheberu 4:​12, ke hobane’ng ha ho bala Bibele le ho nahanisisa ka lintho tseo re li balang e le ha bohlokoa?

10 Ho bala Bibele hoa re matlafatsa. Pauluse o ne a bala Mangolo e le hore a mo khothatse le ho mo matlafatsa, le rona re ka etsa ntho e tšoanang. (Bar. 15:4) Ha re ntse re bala Lentsoe la Molimo ebile re nahanisisa ka lona, Jehova a ka sebelisa moea oa hae ho re thusa hore re utloisise hore na re ka sebelisa Bibele joang bophelong ba rona. (Bala Baheberu 4:​12.) Mor’abo rona Ronald eo re buileng ka eena o re: “Ke thabela hore ebe ke ile ka itloaetsa ho bala Bibele bosiu bo bong le bo bong. Ke nahanisisa haholo ka makhabane a Jehova le kamoo a hlokomelang bahlanka ba hae kateng ’me ntho eo e ’matlafatsa haholo.”

11. Bibele e ile ea matlafatsa morali’abo rona oa mohlolohali ea neng a utloile bohloko joang?

11 Ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo ho tla re thusa hore re se ke ra nyahama ha re e-na le mathata. Nahana kamoo Bibele e ileng ea thusa morali’abo rona oa mohlolohali ea neng a utloile bohloko kateng. Moholo e mong o ile a mo khothalletsa hore a bale lengolo la Jobo e le hore a fumane lintlha tse ka mo thusang. Ha a ntse a le bala, o ile a tatela ho ahlola Jobo ka tsela e fosahetseng eo a neng a nahana ka eona. Ha a ntse a nahana ka taba ena o ile a re: “Jobo, u se ke oa nahana ka mathata a hao feela.” Empa o ile a hlokomela hore le eena o ne a ntse a ikutloa joaloka Jobo. Ntho eo e ile ea mo thusa hore a fetole tsela eo a neng a nahana ka eona le ho mo matlafatsa hore a mamelle bohloko ba ho hlokahalloa ke molekane oa hae.

Jehova o re matlafatsa ka Bakreste-’moho (Sheba serapa sa 12)

12. Jehova o sebelisa bara le barali ba bo rona joang ho re matlafatsa?

12 Ho ba le Bakreste-’moho hoa re matlafatsa. Tsela e ’ngoe eo Jehova a matlafatsang Bakreste ka eona ke ka ho sebelisa Bakreste-’moho le bona. Pauluse o ile a ngola hore o hloloheloa ho ba le Bakreste-’moho le eena e le hore ba ka “khothatsana.” (Bar. 1:​11, 12) Morali’abo rona Mary eo re buileng ka eena o thabela ho ba le bara le barali ba bo rona. O re: “Jehova o sebelisitse bara le barali ba bo rona ba neng ba sa tsebe letho ka mathata a ka. Ba ne ba mpolella ntho e khothatsang kapa ba nthomella molaetsa, e leng ntho eo ke neng ke e hloka. Hape hoa thusa ho bua le baralib’abo rona ba bang ba bileng le mathata a tšoanang le a ka le ho ithuta mohlaleng oa bona. Baholo ba ne ba lula ba etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa ka phuthehong.”

13. Re ka matlafatsana joang ha re le libokeng?

13 Sebaka se seng se molemo seo re ka khothatsanang ho sona ke libokeng tsa Bokreste. Ha u ea libokeng, u ka leka ho matlafatsa batho ba bang ka hore u ba bolelle hore oa ba rata le hore u ananela lintho tseo ba li etsang. Ka mohlala, pele ho liboka, Mor’abo Peter oa moholo o ile a re ho morali’abo rona eo monna oa hae e seng Paki ea Jehova: “Ho khothatsa haholo ho bona o tlile mona libokeng. O lula o hlophisitse bana ba hao ba tšeletseng hantle bakeng sa liboka ebile ba lula ba lokiselitse hantle bakeng sa ho arabela.” Morali eo oa bo rona o ne a thabile haholo hoo mahlo a hae a neng a tletse likeleli ’me o ile a araba a re: “Ha u tsebe hore na ke ne ke hloka ho utloa mantsoe ao hakae kajeno.”

Jehova o re matlafatsa ka tšebeletso ea tšimo (Sheba serapa sa 14)

14. Ho ea tšebeletsong ea tšimo ho re thusa joang?

14 Ho ea tšebeletsong ea tšimo hoa re matlafatsa. Ha re bolella batho ba bang molaetsa oa Bibele, rea thaba ho sa tsotellehe hore na baa re mamela kapa che. (Liprov. 11:​25) Morali’abo rona Stacy o bone kamoo ho ea tšebeletsong ea tšimo ho matlafatsang kateng. Ha e mong oa lelapa a khaoloa o ile a utloa bohloko haholo ’me o ile a lula a ipotsa hore na ebe ho na le ntho eo a ka beng a e entse ho mo thusa. Ho ne ho se na letho leo a nahanang ka lona ntle le bothata bona. Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a mamelle boemo bona? Ke ho ea tšebeletsong ea tšimo. O ile a qala ho nahana haholo ka batho ba hlokang thuso ea hae tšimong. O re: “Jehova o ile a mpha motho eo ke ithutang Bibele le eena ’me kapelenyana feela o ile a qala ho sebelisa lintho tseo a ntseng a ithuta tsona ’me ke ile ka khothala haholo. Ntho e nthusang haholo ke ho ea tšebeletsong ea tšimo.”

15. U ithuta’ng mantsoeng Morali’abo rona Mary?

15 Batho ba bang ba ka ’na ba ikutloa eka ha ba khone ho sebetsa kahohle kamoo ba ka khonang tšebeletsong ea tšimo ka lebaka la maemo a bona. Haeba ke kamoo u ikutloang kateng, hopola hore Jehova oa thaba ha a bona u etsa boiteko. Ak’u nahane hape ka mohlala oa Morali’abo rona Mary. Ha a ne a sebetsa tšimong ea batho ba buang puo e ’ngoe, o ne a utloa eka ha a na thuso. O re: “Qalong ntho eo ke neng ke khona ho e etsa feela ke ho fana ka likarabo tse bonolo, ho bala litemana kapa ho fana ka pampitšana tšebeletsong ea tšimo.” Ntho ena e ne e etsa hore a ikutloe eka ha a na bokhoni bo bokaalo ha a ipapisa le batho ba khonang ho bua puo eo hantle. Leha ho le joalo, o ile a fetola tsela eo a nahanang ka eona. O ile a hlokomela hore Jehova a ka mo sebelisa leha a sa khone ho bua puo eo hantle. O re: “Molaetsa oa Bibele o pholosang bophelo ba batho o bonolo haholo hore batho ba o utloisise ’me o fetola tsela eo batho ba phelang ka eona.”

16. Ke’ng e ka thusang batho ba sa khoneng ho tsoa ka matlong hore ba be le matla?

16 Jehova oa bona hore re batla ho ea tšimong ’me o ananela boiteko boo re bo etsang esita le ha ba bang ba sa khone ho tsoa ka matlong. A ka re thusa hore re bolelle batho ba re hlokomelang, lingaka, le baoki molaetsa oa Bibele. Haeba re bapisa lintho tseo re sa khoneng ho li etsa hona joale le tseo re neng re khona ho li etsa nakong e fetileng, re tla nyahama. Empa haeba re hlokomela kamoo Jehova a re thusang kateng hona joale, re tla ba le matla ao re a hlokang ho mamella mathata leha e le afe re thabile.

17. Ho ea ka Moeklesia 11:​6, ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re bolella batho molaetsa oa Bibele le hoja ba sa etse lintho tseo re ba bolellang sona?

17 Ha re tsebe hore na ha re ntse re jala peo ka ho ruta batho molaetsa oa Bibele, ke peo efe e tla hlahisa litholoana. (Bala Moeklesia 11:6) Ka mohlala, Morali’abo rona Barbara ea lilemo tse ka bang 80, kamehla o etsa mosebetsi oa bobobeli a sebelisa fono le ho ngola mangolo. Ho le leng la mangolo ao a a ngotseng o ne a kentse Molula-Qhooa oa March 1, 2014 o nang le sehlooho se reng: “Ke’ng Seo Molimo a U Etselitseng Sona?” O ne a sa tsebe hore o rometse lengolo leo ho banyalani bao e neng e se e se Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba lula ba bala makasine oo. Ntate oa teng o ile a utloa eka Jehova o bua le eena ka ho toba. Banyalani bao ba ile ba qalella ho ea libokeng ’me qetellong ka mor’a lilemo tse fetang 27 e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova hape. Nahana hore na Morali’abo rona Barbara o ile a khothala le ho matlafala hakae ha a ne a bona melemo ea lengolo leo a ileng a le ngola.

Jehova o re matlafatsa ka (1) thapelo, (2) Bibele, (3) Bakreste-’moho le (4) tšebeletso ea tšimo (Sheba serapa sa 9, 10, 12 le sa 14)

18. Re lokela ho etsa’ng hore Molimo a re matlafatse?

18 Jehova o re fa lintho tseo re li hlokang hore re be le matla. Haeba re sebelisa lintho tseo a re fileng tsona, e leng thapelo, Bibele, Bakreste-’moho le tšebeletso ea tšimo, rea bontša hore rea tšepa hore a ka re thusa. E se eka re ka lula re tšepa Ntate oa rona ea bontša “matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”​—2 Likron. 16:9.

PINA EA 61 Lulang le le Sebete

^ ser. 5 Re phela nakong e thata empa Jehova o re fa thuso eo re e hlokang e le hore re mamelle. Sehloohong sena, re tla bona kamoo Jehova a ileng a thusa moapostola Pauluse le Timothea hore ba tsoele pele ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba e-na le ’ona. Re tla bua ka lintho tse ’ne tseo Jehova a re fileng tsona e le ho re thusa hore re mamelle.

^ ser. 2 Lebitso le fetotsoe.

^ ser. 53 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Nakong eo Pauluse a ntseng a koalletsoe ntlong Roma, o ngolla liphutheho tse fapaneng mangolo ’me o bolella batho ba mo etetseng molaetsa oa ’Muso oa Molimo.

^ ser. 55 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Timothea o khothatsa barab’abo rona nakong eo a ntseng a etetse liphutheho.