Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 18

Na U Tla Khoptjoa ka Lebaka la Jesu?

Na U Tla Khoptjoa ka Lebaka la Jesu?

“Ho thaba ea sa fumaneng sesosa sa ho khoptjoa ho ’na.”​—MAT. 11:6.

PINA EA 54 “Tsela ke Eona Ena”

SELELEKELA *

1. E ka ’na eaba ho ile ha etsahala’ng ha u ne u qala ho bolella batho molaetsa oa Bibele?

NA U sa hopola lekhetlo la pele leo ka lona u neng u qala ho ithuta Bibele? Molaetsa oa eona oo u ileng oa ithuta oona o ile oa u hlakela haholo feela. U ne u nahana hore batho ba tla thabela molaetsa ona oo u sa tsoa ithuta oona. U ne u kholisehile hore molaetsa oa Bibele o tla ba thusa hore ba phele bophelo bo nang le morero hona joale le hore ba be le tšepo bakeng sa ka moso. (Pes. 119:​105) Kahoo, u ile oa bolella metsoalle ea hao le beng ka uena molaetsa oo u ithutileng oona oa Bibele. Empa ho ile ha etsahala’ng? U ile oa makala ha u bona ba bangata ba sa amohele molaetsa oa hao.

2-3. Batho ba mehleng ea Jesu ba ne ba ikutloa joang ka eena?

2 Ha rea lokela ho makala ha batho ba sa mamele molaetsa oa Bibele oo re ba bolellang oona. Mehleng ea Jesu, batho ba bangata ba ne ba mo hanyetsa le hoja a ne a etsa mehlolo e neng e paka hore Molimo o na le eena. Mohlala, Jesu o ile a tsosa Lazaro, e leng mohlolo oo le bahanyetsi ba hae ba neng ba ke ke ba o latola. Ho ntse ho le joalo, baeta-pele ba Bajuda ha baa ka ba amohela hore Jesu ke Mesia. Ba ne ba boetse ba batla ho bolaea Jesu le Lazaro.​—Joh. 11:​47, 48, 53; 12:​9-11.

3 Jesu o ne a tseba hore batho ba bangata ba ne ba tla hana ho lumela hore ke Mesia. (Joh. 5:​39-44) O ile a re ho sehlopha sa barutuoa ba Johanne Mokolobetsi: “Ho thaba ea sa fumaneng sesosa sa ho khoptjoa ho ’na.” (Mat. 11:​2, 3, 6) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ne ba sa amohele Jesu?

4. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

4 Sehloohong sena le se latelang re tl’o bua ka mabaka a ’maloa a hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba mehleng ea Jesu ba sa ka ba lumela ho eena. Re tla boela re bone hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata mehleng ena ba sa rate molaetsa oa rona. Ka holimo ho tsohle, re tla ithuta hore na re ka ba le tumelo e matla joang ho Jesu e le hore re se ke ra khaotsa ho ba balateli ba hae.

(1) MOO JESU A HOLETSENG TENG

Batho ba bangata ba ile ba hanyetsa Jesu ka lebaka la moo a holetseng teng. Ntho e tšoanang e ka khopisa batho ba bang joang mehleng ee? (Sheba serapa sa 5) *

5. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ile ba etsa qeto ea hore Jesu ha se Mesia ea tšepisitsoeng?

5 Batho ba bangata ba ile ba hana ho mamela Jesu ka lebaka la moo a holetseng teng. Ba ile ba lumela hore Jesu ke mosuoe ea hloahloa le hore o ne a etsa mehlolo. Empa ba ne ba mo nka e le mora oa mofutsana oa ’metli oa mapolanka. Hape o ne a tsoa Nazaretha motseng oo batho ba bangata ba neng ba sa o nkele hloohong hakaalo. Ka lekhetlo le leng, esita le Nathanaele eo e ileng ea e-ba morutuoa oa Jesu o ile a re: “Na ho na le ntho e molemo leha e le efe e ka tsoang Nazaretha?” (Joh. 1:​46) Ho ka etsahala hore ebe Nathanaele o ne a sa rate motse oo Jesu a neng a holetse ho oona. Kapa mohlomong o ne a nahanne ka boprofeta ba Mikea 5:​2, bo ileng ba bolela hore Mesia o ne a tla hlahela Bethlehema e seng Nazaretha.

6. Batho ba mehleng ea Jesu ba ka be ba ile ba thusoa ke’ng hore ba khone ho tseba hore Jesu ke Mesia?

6 Mangolo a re’ng? Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore lira tsa Jesu li ne li ke ke tsa “nahanisisa ka lintlha tse qaqileng tsa moloko oa [Mesia].” (Esa. 53:8) Litaba tse ngata tse amanang le Mesia li ne li profetiloe. Hoja batho bao ba ile ba ipha nako ea ho hlahloba lintlha tsohle, ba ka be ba ile ba bona hore Jesu o hlahetse Bethlehema le hore e ne e le setloholo sa Morena Davida. (Luka 2:​4-7) Kahoo, sebaka seo Jesu a hlahetseng ho sona se ne se lumellana le boprofeta bo ho Mikea 5:2. Joale bothata bo ne bo le hokae? Batho ba ne ba potlakela ho etsa liqeto. Ba ne ba sa tsebe lintlha tsohle. Ka lebaka leo ba ile ba hana ho amohela Jesu.

7. Ke hobane’ng ha batho ba bangata mehleng ee ba sa batle Lipaki Tsa Jehova?

7 Ho joang mehleng ee? Ho ntse ho tšoana. Bahlanka ba bangata ba Jehova ke batho ba sa ruang kapa ba seng bohlokoa hakaalo. Kahoo, batho ba bangata ba ba nka “e le batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Lik. 4:​13) Batho ba bang ba lumela hore bahlanka ba Molimo ba ke ke ba ruta batho Bibele hobane ha baa ea likolong tse tummeng tsa baruti. Ha ba bang bona ba lumela hore Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli ba Amerika le hoja ho bua ’nete, Lipaki tse ngata li sa lule naheng eo. Athe batho ba bang bona ba bolelletsoe hore Lipaki ha li lumele ho Jesu. Ka lilemo tse ngata batho ba ne ba bitsa bahlanka ba Jehova “limpimpi tsa Amerika” le “batho ba kotsi sechabeng.” Kaha batho ba bolelloang lipale tsena ha ba tsebe lintlha tse nepahetseng ka rona kapa ho li lumela, ha ba amohele molaetsa oa rona.

8. Ho ea ka Liketso 17:​11, batho ba lokela ho etsa’ng e le hore ba ka tseba hore na bahlanka ba Jehova ke bo-mang mehleng ee?

8 Batho ba ka etsa’ng hore ba se ke ba khoptjoa? Ba lokela ho hlahloba lintlha tsohle. Luka e leng mongoli e mong oa Kosepele o ne a ikemiselitse ho etsa joalo. O ne a ikemiselitse ho sala “lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.” O ne a batla hore babali ba hae ba ‘tsebe ka botlalo bonnete ba lintho tseo’ ba li utloileng ka Jesu. (Luka 1:​1-4) Bajuda ba neng ba lula Berea ea boholo-holo ba ne ba tšoana le Luka. Ha ba ne ba qala ho utloa litaba tse monate ka Jesu, ba ile ba hlahloba Mangolo a Seheberu ho tiisa hore litaba tseo ke ’nete. (Bala Liketso 17:​11.) Ka tsela e tšoanang, kajeno batho ba lokela ho hlahloba lintlha tsohle. Ba tlameha ho bapisa lintho tseo bahlanka ba Molimo ba ba rutang tsona le tseo Mangolo a li buang. Ba boetse ba lokela ho ithuta ka lintho tseo bahlanka ba Jehova ba li entseng mehleng ena. Haeba ba etsa lipatlisiso hantle, ba ke ke ba lumella lehloeo kapa litaba tsa bo-mabare-bare li ba khelose.

(2) JESU O ILE A HANA HO ETSA MEHLOLO

Batho ba bangata ba ile ba hanyetsa Jesu ka lebaka la ho se etse mehlolo. Ntho e tšoanang e ka khopisa batho ba bang joang mehleng ee? (Sheba serapa sa 9 le 10) *

9. Ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a hana ho fana ka pontšo e tsoang leholimong?

9 Mehleng ea Jesu, batho ba bang ba ne ba sa khotsofalle hore a ba rute feela empa ba ne ba ne ba batla ho fetang hoo. Ba ne ba batla hore a fane ka bopaki ba hore ke Mesia ka hore a etse “pontšo e tsoang leholimong.” (Mat. 16:1) Mohlomong ba ne ba cho joalo hobane ba ne ba sa utloisise Lengolo la Daniele 7:​13, 14. Empa eo e ne e e-s’o be nako ea Jehova ea hore a phethahatse boprofeta boo. Lintho tseo Jesu a neng a ba ruta tsona li ne li lekane ho ba kholisa hore ha e le hantle ke Mesia. Empa ha a hana ho ba fa pontšo eo ba neng ba e batla, ba ile ba mo hanyetsa.​—Mat. 16:4.

10. Jesu o ile a phethahatsa boprofeta ba Esaia joang?

10 Mangolo a re’ng? Ha moprofeta Esaia a ne a bua ka Mesia, o ile a re: “A ke ke a hoeletsa kapa a phahamisa lentsoe ’me a ke ke a etsa hore lentsoe la hae le utluoe seterateng.” (Esa. 42:​1, 2) Jesu o ne a etsa mosebetsi oa hae ka boikokobetso le ka tsela e sa bitseng mahlo a batho. Ha aa ka a haha litempele tse hapang mahlo, ha aa ka a apara liaparo tsa bolumeli tse mo khethollang kapa hona hore a batle hore a bitsoe ka litlotla tse nkuoang li le bohlokoa bolumeling. Ha Jesu a tl’o ahloleloa lefu, o ile a hana ho khahlisa Morena Heroda ka ho mo etsetsa mohlolo. (Luka 23:​8-11) Ke ’nete hore ho na le mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa empa mosebetsi oa hae o ka sehloohong e ne e le ho bolela molaetsa oa ’Muso. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke tsoile ka morero ona.”​—Mar. 1:38.

11. Batho ba na le maikutlo afe a fosahetseng mehleng ee?

11 Ho joang mehleng ee? Ho ntse ho tšoana. Mehleng ena, batho ba bangata ba khahloa ke mehaho ea likereke e majaba-jaba, litlotla tsa baruti ba bona le mekete ea likereke eo boholo ba eona e seng ea Bokreste kapa ho seng ho sa hopoloe hore na e thehiloe hokae. Batho ba eang litšebeletsong tsena tsa likereke ha ho na letho leo ba ithutang lona ka Molimo le merero ea hae. Empa batho ba eang libokeng tsa rona tsa Bokreste, baa ithuta hore na Jehova o hloka eng ho rona le hore na ba ka etsa’ng e le hore ba phele tumellanong le thato ea hae. Liholo tsa rona tsa ’Muso li le makhethe ebile ha li ea khabisoa ka tsela e turu. Batho ba etellang pele ha ba apare liaparo tse ba khethollang kapa hona ho ba le litlotla tsa bohlokoahali. Lentsoe la Molimo ke lona mohloli oa lithuto tsa rona le lintho tseo re li lumelang. Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata mehleng ena ha ba rate ho re mamela hobane ba nahana hore re e re etsa lintho ka tsela e bolutu le hore lintho tseo re li rutang ha li lumellane le tseo ba batlang ho li utloa.

12. Joalokaha Baheberu 11:​1, 6 e bontša, tumelo ea rona e lokela ho thehoa ho eng?

12 Re ka etsa’ng hore re se ke ra khoptjoa? Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste ba Roma: “Tumelo e latela ntho e utloiloeng. Ntho e utloiloeng le eona e teng ka lentsoe le mabapi le Kreste.” (Bar. 10:​17) Kahoo, re ba le tumelo ka ho ithuta Mangolo e seng ka ho ba teng litšebeletsong tsa bolumeli tse sa lumellaneng le Mangolo ho sa tsotellehe hore na li bonahala li le monate hakae. Re lokela ho ba le tumelo e matla e thehiloeng tsebong e nepahetseng hobane ‘kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo.’ (Bala Baheberu 11:​1, 6.) Kahoo, ha re hloke hore ho be le mohlolo o ikhethang o tsoang leholimong o tla paka hore re tseleng e nepahetseng. Re lokela ho hlahloba ka hloko lithuto tsa Bibele e le hore re se ke ra ba le lipelaelo le hore tumelo ea rona e be matla.

(3) JESU O NE A SA ETSE MEETLO E MENGATA EA BAJUDA

Batho ba bangata ba ile ba hanyetsa Jesu ka lebaka la ho hana ho etsa e meng ea meetlo ea bona. Ntho e tšoanang e ka khopisa batho ba bang joang mehleng ee? (Sheba serapa sa 13) *

13. Ke’ng e ileng ea etsa hore batho ba bangata ba se ke ba rata Jesu?

13 Mehleng ea Jesu, barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ba ile ba makalla barutuoa ba Jesu ha ba ne ba sa itime lijo. Jesu o ile a hlalosa hore ho ne ho se na lebaka la hore ba itime lijo ha a ntse a phela. (Mat. 9:​14-17) Ho ntse ho le joalo, Bafarisi le bahanyetsi ba Jesu ba ne ba mo hloile hobane o ne a sa etse meetlo le litloaelo tsa bona. Ba ile ba halefa ha a ne a folisa batho ka Sabatha. (Mar. 3:​1-6; Joh. 9:​16) Ka lehlakoreng le leng, ba ne ba ikotla sefuba ka hore ba hlompha molao oa Sabatha empa ka lehlakoreng le leng ba ne ba bona ho se na bothata ha ba etsetsa khoebo ka tempeleng. Ba ile ba tuka ke bohale ha Jesu a ba khalemela ka matla mabapi le ntho eo. (Mat. 21:​12, 13, 15) Athe batho bao Jesu a ileng a ba ruta ha a ne a le ka synagogeng Nazaretha, ba ile ba koata hona hoo ha Jesu a sebelisa mehlala ea Baiseraele ho ba bontša kamoo ba neng ba ikhohomosa ebile ba se na tumelo kateng. (Luka 4:​16, 25-30) Tsela eo Jesu a ileng a etsa lintho ka eona eo batho ba neng ba sa e lebella, e ile ea etsa hore ba bangata ba se ke ba mo rata.​—Mat. 11:​16-19.

14. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a nyatsa meetlo ea batho e sa lumellaneng le Mangolo?

14 Mangolo a re’ng? A sebelisa moprofeta Esaia, Jehova o ile a re: “Batho bana ba atametse ka melomo ea bona ’me ba ntlotlisitse ka melomo ea bona feela ’me ba suthiselitse lipelo tsa bona hole le ’na ’me tšabo ea bona ho ’na e fetohile taelo ea batho e rutoang.” (Esa. 29:​13) Jesu o ne a etsa hantle ha a ne a nyatsa meetlo ea batho e sa lumellaneng le Mangolo. Batho ba neng ba nka melao ea batho le litloaelo tsa bona e le tsa bohlokoa ho feta Mangolo, ba ile ba latola Jehova le eo a mo rommeng e le Mesia.

15. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa rate Lipaki Tsa Jehova?

15 Ho joang mehleng ee? Ho ntse ho tšoana. Batho ba bangata baa koata ha Lipaki Tsa Jehova li sa keteke mekete e sa thehoang Mangolong e kang matsatsi a tsoalo le Keresemese. Ba bang bona ba halefisoa ke hore Lipaki Tsa Jehova ha li be meketeng ea sechaba kapa hona ho etsa meetlo e etsoang ha ho e-na le lefu eo e leng hore ha e lumellane le Lentsoe la Molimo. Batho ba utloisoang bohloko ke mabaka ao ba ka ’na lumela hore kannete bona ba rapela Molimo ka tsela e loketseng. Empa ba ke ke ba khahlisa Molimo haeba ba rata meetlo ea batho ho feta lithuto tse hlakileng tse tsoang ka Bibeleng.​—Mar. 7:​7-9.

16. Pesaleme ea 119:​97, 113, 163-165 e re re lokela ho etsa’ng hape re qobe’ng?

16 Re ka etsa’ng hore re se ke ra khoptjoa? Re lokela ho rata melao le melao-motheo ea Jehova ka lipelo tsohle tsa rona. (Bala Pesaleme ea 119:​97, 113, 163-165.) Ha re rata Jehova, re tla nena meetlo eohle e sa mo khahliseng. Re ke ke ra lumella ntho leha e le efe hore e be bohlokoa haholo ho rona ho feta lerato la rona ho Jehova.

(4) JESU HA AA KA A FETOLA ’MUSO

Batho ba bangata ba ile ba hanyetsa Jesu ka lebaka la hore ha aa ka a kenella lipolotiking. Ntho e tšoanang e ka khopisa batho ba bang joang mehleng ee? (Sheba serapa sa 17) *

17. Mehleng ea Jesu, batho ba bangata ba ne ba lebelletse hore Mesia a etse’ng?

17 Batho ba bang mehleng ea Jesu ba ne ba batla hore ho be le liphetoho tsa hang-hang lipolotiking. Ba ne ba batla hore Mesia a ba lokolle pusong e hatellang ea Roma. Empa Jesu o ile a hana ha ba ne ba batla ho mo etsa morena. (Joh. 6:​14, 15) Athe ba bang ho akarelletsa le Baprista, ba ne ba tšoenyehile ka hore Jesu o tla tlisa liphetoho lipolotiking ’me a halefise Baroma ba neng ba file baeta-pele bao ba bolumeli matla a itseng pusong. Mathata ao a lipolotiki a ile a etsa hore Bajuda ba bangata ba hanyetse Jesu.

18. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka Mesia boo batho ba ileng ba iphapanyetsa bona?

18 Mangolo a re’ng? Le hoja boprofeta bo ile ba bolela hore Mesia o ne a tla fana ka tharollo mathateng a batho, bo bong bo ile ba bontša hore o ne a tla lokela ho shoa pele bakeng sa libe tsa rona. (Esa. 53:​9, 12) Joale, ke hobane’ng ha batho ba ne ba lebelletse lintho tse fosahetseng ka Mesia? Ba bangata mehleng ea Jesu ba ne ba sa rate boprofeta bo neng bo sa fane ka tharollo ea mathata a bona ka nako eo.​—Joh. 6:​26, 27.

19. Ke maikutlo afe a fosahetseng a entseng hore batho ba bangata ba se ke ba rata molaetsa oa rona mehleng ee?

19 Ho joang mehleng ee? Ho ntse ho tšoana. Batho ba bangata mehleng ena, ba khopisoa ke taba ea hore ha re kenelle litabeng tsa lipolotiki. Ba lebelletse hore le rona re khethe likhethong. Empa rea tseba hore ho ea ka Jehova, haeba re khetha ho busoa ke batho, re tla be re mo hlanohela. (1 Sam. 8:​4-7) Batho ba ka boela ba bona ho loketse hore re hahe likolo le lipetlele le ho thusa sechaba. Ba koatisoa ke hore re qeta nako le matla a rona re ruta batho ka Bibele ho e-na le ho leka ho rarolla mathata a lefatše lena.

20. Joalokaha mantsoe a Jesu a hlahang ho Matheu 7:​21-23 a bontša, sepheo sa rona se ka sehloohong e lokela ho ba sefe?

20 Re ka etsa’ng hore re se ke ra khoptjoa? (Bala Matheu 7:​21-23.) Morero oa rona o ka sehloohong e lokela ho ba ho etsa mosebetsi oo Jesu a re laetseng hore re o etse. (Mat. 28:​19, 20) Ha rea lokela ho ferekanngoa ke lipolotiki le ho batla ho rarolla mathata a lefatše lena. Re rata batho ebile re ameha ka mathata a bona empa rea tseba hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho thusa baahelani ba rona ke ka ho ba ruta ka ’Muso oa Molimo le ho ba thusa hore ba be le setsoalle se haufi le Jehova.

21. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

21 Sehloohong sena, re buile ka lintho tse ’ne tse ileng tsa etsa hore batho ba hanyetse Jesu ’me tsa boela tsa etsa hore batho ba hanyetse balateli ba hae mehleng ena. Empa na aa ke ’ona feela mathata ao re lokelang ho a qoba? Che. Sehloohong se latelang re tla bua ka mathata a mang a mane. E se eka re ka ikemisetsa hore re se ke ra khoptjoa ’me re boloke tumelo ea rona e le matla.

PINA EA 56 Rata Jehova, U mo Mamele

^ ser. 5 Le hoja Jesu e kile ea e-ba Mosuoe e Moholo ka ho fetisisa lefatšeng, batho ba bangata ba ne ba khopisoa ke lithuto tsa hae. Ebe ke hobane’ng? Re tl’o bua ka mabaka a mane sehloohong sena. Re tla boela re bone hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata mehleng ena ba hanyetsa balateli ba ’nete ba Jesu ka lebaka la lintho tseo ba li etsang le tseo ba li buang. Taba ea bohlokoa le ho feta ke hore, re tl’o bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba le tumelo e matla ho Jesu e le hore re se ke ra khoptjoa ka lebaka la hae.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Filipi o khothalletsa Nathanaele hore a kopane le Jesu.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o bolela ka ’Muso oa Molimo.

^ ser. 64 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o folisa monna ea holofetseng letsoho bahanyetsi ba hae ba mo shebile.

^ ser. 66 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu o ea thabeng a le mong feela.