Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Hlompha Lentsoe la Jehova?

Na U Hlompha Lentsoe la Jehova?

“Ha le amohela lentsoe la Molimo, . . . ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo.”—1 BATHES. 2:13.

LIPINA: 114, 113

1-3. E ka ’na eaba ho tlile joang hore Evodia le Syntike ba be le mathata, hona mathata a joalo a ka qojoa joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

BAHLANKA ba Jehova ba hlompha Lentsoe la hae, e leng Bibele. Kaha kaofela ha rea phethahala, ka linako tse ling re hloka ho khalemeloa ka Mangolo. Re itšoara joang ha re khalemeloa? Nahana ka Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo, e leng Evodia le Syntike. Ho ile ha e-ba le mathata pakeng tsa basali bana ba batlotsuoa. E ne e le afe? Bibele ha e re bolelle. Empa ho etsa mohlala a re nahaneng ka boemo bo latelang.

2 A re nke hore Evodia o memme bara le barali babo rōna ba bang hore ba tle lijong. Ha aa mema Syntike, empa Syntike o utloa hore bohle ba bile le nako e monate. E ka ’na eaba o ile a re: ‘Ha ke lumele hore Evodia ha aa ’mema! Ke ntse ke re re metsoalle.’ Kaha Syntike o utloile bohloko, o qala ho belaella setsoalle sa hae le Evodia. Kahoo, o etsa ’moka ’me o mema bara le barali babo rōna bao Evodia a neng a ba memme, empa eena ha a mo meme! Bothata bona bo pakeng tsa Evodia le Syntike bo ne bo ka luka khotso ea phutheho. Bibele ha e re bolelle hore na phello e bile efe, empa mohlomong barali bana babo rōna ba ile ba amohela keletso e lerato ea moapostola Pauluse.—Bafil. 4:2, 3.

3 Ka linako tse ling, ho hlaha boemo bo tšoanang liphuthehong tsa batho ba Jehova kajeno. Empa re ka rarolla mathata a joalo esita le hona ho a qoba haeba re latela keletso eo re e fuoang ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. ’Me haeba re hlompha Lentsoe la Jehova, re tla latela tataiso ea hae e ka Bibeleng.—Pes. 27:11.

LENTSOE LA MOLIMO LE EA RE ELETSA

4, 5. Lentsoe la Molimo le re fa keletso efe tabeng ea ho laola maikutlo?

4 Ha ho bonolo hore re laole maikutlo a rōna haeba batho ba re nyefola kapa ba re tšoara ka leeme. Re utloa bohloko ha re khesoa ka lebaka la morabe oa rōna, ’mala, kapa sebōpeho sa rōna. Re utloa bohloko le ho feta haeba re khesoa ke molumeli-’moho le rōna. Na Lentsoe la Molimo le fana ka keletso e ka re thusang ho sebetsana le boemo boo bo sa rateheng bo bontšang ho se phethahale?

5 Jehova o tseba litšebelisano tsa batho ho tloha tšimolohong. O tseba tsela eo re ikutloang ka eona le lintho tseo re li etsang. Lintho tseo re li nahanang, ho akarelletsa le tse re halefisang, li ka etsa hore re bue lintho tseo hamorao re ka ’nang ra ikoahlaela tsona. Kahoo, re lokela ho latela keletso ea Bibele ea hore re laole khalefo ’me re se ke ra potlakela ho khopeha. (Bala Liproverbia 16:32; Moeklesia 7:9.) Ha ho pelaelo hore kaofela ha rōna re lokela ho sebeletsa tabeng ea ho se khopehe lefeela esita le ho ba ba tšoarelang. Jehova le Jesu ba nka taba ea ho tšoarela ba bang ka ho teba. (Mat. 6:14, 15) Na u lokela ho ithuta ho ba ea tšoarelang kapa hona ho laola maikutlo a hao?

6. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlonama?

6 Batho ba hlōlehang ho laola maikutlo ba atisa ho hlonama. ’Me seo se ka ’na sa etsa hore ba bang ba se rate ho ba haufi le bona. Motho ea hlonameng a ka sulafalletsa ba bang ka phuthehong. A ka ’na a leka ho pata hore o hloname kapa hore o jere e mong ka pelo, empa maikutlo a mabe a pelong ea hae a “tla senoloa ka phuthehong.” (Liprov. 26:24-26) Baholo ba ka ’na ba lemosa motho ea joalo hore batho ba Molimo ha baa lokela ho hlonama, ho ba le lehloeo kapa hona ho jara sekhopi. Lentsoe la Jehova le hlakile tabeng ena. (Lev. 19:17, 18; Bar. 3:11-18) Na u lumellana le seo le se buang?

JEHOVA O OA RE TATAISA

7, 8. (a) Jehova o tataisa karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa hae joang? (b) Ka Lentsoeng la Molimo ho fanoe ka litaelo life, hona ke hobane’ng ha re lokela ho li latela?

7 Jehova o sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” le eteletsoeng pele ke Kreste, e leng “hlooho ea phutheho,” ho tataisa karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa hae. (Mat. 24:45-47; Baef. 5:23) Ho tšoana le sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo, lekhoba lena le latela tataiso e ka lentsoeng le bululetsoeng la Molimo, ’me le ea e hlompha. (Bala 1 Bathesalonika 2:13.) Ka Bibeleng ho fanoe ka litaelo life tse re tsoelang molemo?

8 Bibele e re laela hore re be teng libokeng kamehla. (Baheb. 10:24, 25) E re khothalletsa hore re be bonngoeng tumelong. (1 Bakor. 1:10) Lentsoe la Molimo le re re lokela ho etelletsa ’Muso pele bophelong ba rōna. (Mat. 6:33) Mangolo a boetse a totobatsa hore re na le boikarabelo le tokelo ea ho paka ka ntlo le ntlo, literateng, esita le ka tsela e sa reroang. (Mat. 28:19, 20; Lik. 5:42; 17:17; 20:20) Lentsoe la Molimo le laela baholo hore ba boloke phutheho e hloekile. (1 Bakor. 5:1-5, 13; 1 Tim. 5:19-21) Jehova o boetse o laela bohle ba ka mokhatlong oa hae hore ba hloeke nameng le moeeng.—2 Bakor. 7:1.

9. Ke mocha ofe o re thusang ho utloisisa Lentsoe la Molimo?

9 Ba bang ba nahana hore ba ka khona ipalla Bibele le ho e utloisisa ka bobona. Empa Jesu o khethile “lekhoba le tšepahalang” hore ebe oona feela mocha o fanang ka lijo tsa moea. Ho tloha ka 1919, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o ’nile a sebelisa lekhoba leo ho thusa balateli ba hae hore ba utloisise Lentsoe la Molimo le hore ba latele litaelo tsa lona. Ha re mamela litaelo tse ka Bibeleng, re etsa hore phutheho e hloeke, e be le khotso le bonngoe. E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na ke latela mocha oo Jesu a o sebelisang kajeno?’

KOLOI EA JEHOVA E HATELA PELE!

10. Karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova e hlalosoa joang bukeng ea Ezekiele?

10 Lentsoe la Jehova le re hlalosetsa karolo e leholimong ea mokhatlo oa hae. Ka mohlala, moprofeta Ezekiele o ile a bontšoa pono, eo ho eona karolo e leholimong ea mokhatlo oa Molimo, e neng e tšoantšetsoa ke koloi ea leholimo. (Ezek. 1:4-28) Jehova o palame koloi ena, ’me e ea hohle moo moea o e isang teng. Ho feta moo, karolo e leholimong ea mokhatlo oa hae e susumetsa e lefatšeng. Ka sebele, koloi ena e hatela pele! Ak’u nahane ka liphetoho tse ngata tse entsoeng ka mokhatlong lilemong tse leshome tse fetileng, ’me u hopole hore ke Jehova ea li susumelitseng. Kaha haufinyane Kreste le mangeloi a tšepahalang ba tl’o felisa lefatše lena le khopo, koloi ea Jehova e tsamaea ka lebelo e le hore ho tlosoe qoso bobusing ba hae ’me lebitso la hae le halaletsoe!

Ruri re ananela baithaopi ba sebetsang ka thata mosebetsing oa kaho! (Sheba serapa sa 11)

11, 12. Mokhatlo oa Jehova o finyeletse eng?

11 Ak’u nahane ka seo karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Molimo e se finyeletseng matsatsing ana a ho qetela. Kaho. Basebetsi ba makholo ba sebelitse ka thata ho haha ntlo-khōlō e ncha ea Lipaki Tsa Jehova e Warwick, New York, U.S.A. Baithaopi ba likete ba oelang tlas’a Lefapha la Meralo le Kaho, ba ikitlaelletsa ho haha Liholo Tsa ’Muso le ho atolosa mehaho ea makala. Ruri re leboha baithaopi bana ba sebetsang ka thata! U hopole hore Jehova o hlohonolofatsa baboleli ba ’Muso lefatšeng ka bophara, bao ka boikokobetso le ka botšepehi ba tlatsetsang ka lichelete mererong e kang ena.—Luka 21:1-4.

12 Thuto. Nahana ka likolo tse fanang ka thuto ea bomolimo. (Esa. 2:2, 3) Re na le Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso, Sekolo sa Gileade, Sekolo sa ba sa tsoa ngolisoa Bethele, Sekolo sa Balebeli ba Tsamaeang le Basali ba Bona, Sekolo sa Baholo ba Phutheho, Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso le Sekolo sa Litho Tsa Komiti ea Lekala le Basali ba Bona. Ruri Jehova o thabela ho ruta batho ba hae! Websaete ea rōna ea jw.org, e nang le lingoliloeng ka lipuo tse makholo le eona e fana ka thuto ea Bibele. E na le karolo eo ka ho khetheha e reretsoeng bana le malapa hammoho le ea litaba tsa morao-rao. Na u sebelisa jw.org ha u le tšimong le nakong ea borapeli ba lelapa?

TŠEPAHALA HO JEHOVA ’ME U TŠEHETSE MOKHATLO OA HAE

13. Barapeli ba tšepahalang ba Jehova ba lokela ho etsa’ng?

13 Ruri ke tlotla ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova! Kaha re tseba melao le litaelo tsa Molimo, re lokela ho etsa se nepahetseng le ho tšehetsa bobusi ba hae. Ha lefatše lena le ntse le tetebela le ho feta boitšoarong bo bobe, re lokela ‘ho hloea se sebe,’ joaloka Jehova. (Pes. 97:10) Ha re batle ho tšoana le batho ba se nang bomolimo ba reng “botle ke bobe le bobe ke botle.” (Esa. 5:20) Kaha re batla ho khahlisa Molimo, re ikitlaelletsa ho lula re hloekile nameng, boitšoarong le moeeng. (1 Bakor. 6:9-11) Re rata Jehova ’me rea mo tšepa; kahoo re khetha ho mo tšepahalla ka hore re hlomphe melao e boletsoeng ka ho hlaka ka Lentsoeng la hae. ’Me re ikitlaelletsa ho phela ka melao eo nako eohle, ebang re lapeng, ka phuthehong, mosebetsing kapa sekolong. (Liprov. 15:3) Hlokomela litsela tse ling tseo re ka bontšang ka tsona hore re tšepa Molimo.

14. Batsoali ba Bakreste ba ka bontša joang hore ba tšepa Jehova?

14 Tabeng ea ho hōlisa bana. Batsoali ba Bakreste ba bontša ho tšepa Jehova ha ba koetlisa bana ho latela Lentsoe la hae. Ha ba ba hōlise ho latela moetlo. Bakreste ha baa lokela ho lumella moea oa lefatše hore o ba susumetse. (Baef. 2:2) Ntate oa Mokreste a ke ke a re, ‘Rōna setsong sa rōna, basali ke bona ba rutang bana.’ Bibele e re ka ho hlaka: “Bo-ntate, . . . le tsoele pele ho . . . hōlisa [bana ba lōna] ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Batsoali ba tšabang Molimo ba batla hore bana ba bona ba tšoane le Samuele, etsoe Jehova o ile a mo tšehetsa ha a ntse a hōla.—1 Sam. 3:19.

15. Re ka bontša joang hore re tšepa Jehova ha re etsa liqeto tse tebileng?

15 Ha re etsa liqeto. Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang ka eona hore re tšepa Molimo ke ka ho batla tataiso ea hae ka Lentsoeng la hae le mokhatlong oa hae, ha re etsa liqeto tse tebileng. Ho bontša bohlokoa ba sena, nahana ka bothata boo batsoali ba bangata ba atisang ho tobana le bona. Ho tloaelehile hore ha ba ile naheng e ’ngoe ka mosebetsi, ba romele masea ho beng ka bona e le hore bona ba tsoele pele ho batla chelete naheng eo. Ha e le hantle, ena ke qeto ea motho ka mong, empa re lokela ho hopola hore Molimo o re nka re ikarabella ka liqeto tseo re li etsang. (Bala Baroma 14:12.) Na e ka ba bohlale hore re etse liqeto tse tebileng tse amang ba malapa a rōna, empa re sa qala ka ho hlahloba hore na Bibele e re’ng tabeng eo? Che! Re hloka tataiso ea Ntate oa rōna oa leholimo, kaha ha re khone ho tsamaisa mehato ea rōna.—Jer. 10:23.

16. ’Mè e mong o ile a tlameha ho etsa qeto efe ha a ba le ngoana, hona ke’ng e ileng ea mo thusa hore a etse qeto e nepahetseng?

16 Mosali e mong ea ileng a ba le ngoana oa moshemane a le naheng e ’ngoe, o ne a rerile ho mo romela ho batsoali ba hae hore ba mo hōlise. Nakoana pele a pepa, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ha a ntse a tsoela pele, o ile a ithuta hore Molimo o lebeletse hore a ikhōlisetse ngoana e le hore e tle ebe morapeli oa Jehova. (Pes. 127:3; Liprov. 22:6) Mosali eo o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova, joalokaha Mangolo a re khothalletsa. (Pes. 62:7, 8) ’Me a buisana le motho eo a ithutang le eena hammoho le ba bang ka phuthehong. Le hoja beng ka eena le metsoalle ba ne ba mo phehella hore a ise ngoana ho batsoali ba hae, o ile a khetha ho etsa se nepahetseng. Monna oa hae o ile a khahloa ke tsela eo phutheho e ileng ea mo thusa ka eona hammoho le lesea la bona, hoo a ileng a lumela ho ithuta Bibele ’me a qala ho ea libokeng le mosali le ngoana. Na u nahana hore ’mè eo o ile a nka hore Jehova o arabile thapelo ea hae? Ha ho pelaelo hore o ile a nahana joalo.

17. Mokhatlo o re file tataiso efe mabapi le batho bao re ithutang Bibele le bona?

17 Ka ho latela tataiso. Tsela e ka sehloohong eo re bontšang ka eona hore re tšepa Molimo ke ka ho latela tataiso eo re e fuoang ke mokhatlo oa hae. Ka mohlala, nahana ka litlhahiso tseo re li fuoeng mabapi le batho bao re ithutang Bibele le bona. Re khothallelitsoe hore ha re qala ho ithuta le motho buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? re nke metsotso e seng mekae qetellong ea thuto ka ’ngoe ho buisana le eena ka mokhatlo oa Molimo. Re ka sebelisa video ea Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso? le bukana ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno? Re khothallelitsoe hore ha re qeta ho bala buka ea Seo Bibele e se Rutang le seithuti se tsoelang pele, re ithute ea Le Ipoloke Leratong la Molimoesita le haeba seithuti se se se kolobelitsoe. Mokhatlo o fane ka tataiso ena e le hore barutuoa ba bacha ba ‘tsitsisoe tumelong.’ (Bakol. 2:7) Na u latela tataiso ee eo mokhatlo oa Jehova o faneng ka eona?

18, 19. Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha Jehova?

18 Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova! Ke ’Mōpi oa rōna, re teng ka eena. (Lik. 17:27, 28) O re file mpho ea bohlokoa, e leng Lentsoe la hae, Bibele. Re le amohela e le molaetsa o tsoang ho Molimo, feela joalokaha Bakreste ba Thesalonika ba ile ba le amohela.—1 Bathes. 2:13.

19 Lentsoe la Molimo le entse hore re atamele haufi le Jehova, ’me le eena a atamele haufi le rōna. (Jak. 4:8) Ntate oa rōna ea leholimong o re file tlotla e babatsehang ea ho ba karolo ea mokhatlo oa hae. Ruri re ananela tokelo ena! Mopesaleme o ile a toboketsa taba ha a re: “Lebohang Jehova, etsoe o molemo.” (Pes. 136:1) Mantsoe a reng “mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang” a hlaha ka makhetlo a 26 Pesalemeng ea 136. Haeba re tšepahala ho Jehova le ho mokhatlo oa hae, re tla bona ha mantsoe ao a phethahala kaha re tla phela ka ho sa feleng!