Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Molimo ba Hlophisitsoe

Batho ba Molimo ba Hlophisitsoe

“Jehova o ile a theha lefatše ka bohlale. A tiisa maholimo ka temoho.”—LIPROV. 3:19.

LIPINA: 105, 107

1, 2. (a) Batho ba bang ba ikutloa joang ka taba ea hore Molimo o na le mokhatlo? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

NA Molimo o na le mokhatlo? Batho ba bang ba ka ’na ba re: “Ha u hloke mokhatlo o itseng o u bolelle hore na u etse’ng. Ho hlokahala feela hore u be le kamano e ntle le Molimo.” Na maikutlo aa a nepahetse? Bopaki bo bontša’ng?

2 Sehloohong sena, re tlil’o tšohla bopaki bo bontšang hore Jehova, ke Molimo ea hlophisehileng ka ho fetisisa. Re tla boela re bone kamoo re lokelang ho itšoara kateng ha mokhatlo oa Jehova o re tataisa. (1 Bakor. 14:33, 40) Mangolo a ’nile a thusa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le ba kajeno ho phatlalatsa litaba tse molemo ho ea fihla likarolong tse hōle. Kaha re latela tataiso ea Bibele le litaelo tseo mokhatlo oa Molimo o re fang tsona, phutheho e lula e hloekile, e e-na le khotso ebile e le bonngoeng.

JEHOVA, KE MOLIMO EA HLOPHISEHILENG KA HO FETISISA

3. Ke’ng e u kholisang hore Jehova ke Molimo ea hlophisehileng ka ho fetisisa?

3 Pōpo e bontša hantle hore Molimo o hlophisehile. Bibele e re: “Jehova o ile a theha lefatše ka bohlale. A tiisa maholimo ka temoho.” (Liprov. 3:19) Re tseba ‘linyane feela tsa litsela tsa Molimo’ le ‘mohoeshetso o utloiloeng ka eena.’ (Jobo 26:14) Empa lintlha tse seng kae tseo re li tsebang ka lipolanete le linaleli li re thusa ho lemoha hore lihloliloeng tsena tsa leholimo li hlophisehile ka tsela e hlollang. (Pes. 8:3, 4) Lihlopheng tsa linaleli ho na le linaleli tse limilione tse tsamaeang sepakapakeng ka tsela e hlophisehileng. Lipolanete tse setsing sa rōna li potoloha letsatsi joalokaha eka li latela melao ea tsela! Tsela e hlollang eo bokahohle bo hlophisehileng ka eona e re thusa ho lemoha hore re lokela ho rorisa Jehova, ea ‘entseng maholimo le lefatše ka kutloisiso’ le hore re lokela ho tšepahala ho eena esita le ho mo rapela.—Pes. 136:1, 5-9.

4. Ke hobane’ng ha saense e hlōleha ho araba lipotso tse ngata tseo batho ba ipotsang tsona?

4 Saense e re senoletse ho hongata ka bokahohle le ka lefatše, ’me e re thusitse haholo likarolong tse sa tšoaneng. Empa ha e khone ho araba lipotso tse ngata tseo re ipotsang tsona. Ka mohlala, bo-rasaense ba ke ke ba re bolella hore na bokahohle bo bile teng joang kapa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le lintho tse ngata tse phelang. Le batho ka kakaretso ba sitoa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba labalabela ho phela ka ho sa feleng. (Moek. 3:11) Ke hobane’ng ha batho ba ipotsa lipotso tse ngata tsa bohlokoa empa ho se na likarabo? Lebaka ke hore bo-rasaense ba bangata le batho ba bang ba buella khopolo e khahlanong le monahano oa Molimo ea hore lintho li ikentse. Leha ho le joalo, ka Lentsoeng la hae Jehova o araba lipotso tse ’nileng tsa tšoenya batho.

5. Ke joang re itšetlehileng ka melao ea tlhaho?

5 Re itšetlehile ka melao e tšepahalang ea tlhaho eo Jehova a e behileng. Litsebi tsa motlakase, tsa liphaephe tsa metsi, baenjiniere, batsamaisi ba lifofane le lingaka, li sebetsa ho latela melao ena. Ka mohlala, lingaka lia tseba hore na ’mele oa motho o bōpehile joang. Kahoo, ha ho hlokahale hore li batle hore na pelo ea mokuli e hokae. Kaofela ha rōna re hlompha melao ea tlhaho. Ha motho a ka leka ho tlōla molao oa khoheli, a ka ’na a tsoa kotsi!

MOLIMO O ETSA LINTHO KA TLHOPHISO

6. Ke hobane’ng ha re ka lebella hore barapeli ba Jehova ba hlophisehe?

6 Bokahohle bo hlophisehile ka tsela e babatsehang. Ka hona, ke ho utloahalang hore Jehova a lebelle hore barapeli ba hae ba hlophisehe. Ke kahoo Molimo a re fileng Bibele hore e re tataise. Bophelo bo ne bo tla ba bosula hoja ebe Molimo ha a re tataise ka mokhatlo oa hae le ka melao ea hae.

7. Ke’ng e bontšang hore Bibele ke buka e hlophisehileng?

7 Bibele hase pokello feela tjee ea mangolo a Bajuda le a Bakreste. Ho e-na le hoo, ke buka e hlophisehileng, e bululetsoeng ke Molimo. Mangolo a Bibele aa lumellana. Ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo, ho hlahella sehlooho sa Bibele, e leng ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova le ho phethahatsoa ha morero oa hae lefatšeng ka ’Muso o tsamaisoang ke Kreste, kapa “peō” e tšepisitsoeng.—Bala Genese 3:15; Matheu 6:10; Tšenolo 11:15.

8. Re tseba joang hore Baiseraele ba ne ba hlophisehile?

8 Sechaba sa Iseraele ea boholo-holo se ne se hlophisehile. Ka mohlala, tlas’a Molao oa Moshe ho ne ho e-na le “makhabunyane a neng a etsa tšebeletso e hlophisitsoeng monyako oa tente ea pokano.” (Ex. 38:8) Ha Baiseraele ba ne ba phutha liahelo le tabernakele, ba ne ba li phutha ka tsela e hlophisehileng. Hamorao, Morena Davida o ile a hlophisa Balevi le baprista, a ba arola ka lihlopha. (1 Likron. 23:1-6; 24:1-3) Baiseraele ba ne ba hlophisehile ’me ba phela ka khotso le bonngoe ha ba mamela melao ea Jehova.—Deut. 11:26, 27; 28:1-14.

9. Ke’ng e bontšang hore phutheho ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e ne e hlophisehile?

9 Phutheho ea lekholong la pele la lilemo e ne e hlophisehile, ’me e tataisoa ke sehlopha se busang, seo qalong se neng se entsoe ka baapostola. (Lik. 6:1-6) Ha nako e ntse e ea, barab’abo rōna ba bang ba ile ba kenyelletsoa sehlopheng se busang. (Lik. 15:6) Litho tsa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo le ba bang ba neng ba sebelisana le sona haufi-ufi, ba ile ba ngola mangolo ho fana ka keletso le litaelo. (1 Tim. 3:1-13; Tite 1:5-9) Liphutheho li ile tsa rua molemo joang ha li latela tataiso ea sehlopha se busang?

10. Phello e ile ea e-ba efe ha liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo li mamela melao-taelo e fanoeng ke sehlopha se busang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

10 Bala Liketso 16:4, 5Barab’abo rōna ba neng ba etela liphutheho lebitsong la sehlopha se busang ba ile ba li bolella “melao-taelo e neng e etselitsoe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema.” Liphutheho li ile “tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi” ha li mamela melao-taelo eo. Na ho na le seo re ka ithutang sona tlalehong ee ea Bibele?

NA U LATELA TATAISO E FANOANG?

11. Barab’abo rōna ba ikarabellang ba lokela ho etsa’ng ha mokhatlo oa Molimo o ba fa tataiso?

11 Barab’abo rōna ba Komiting ea Lekala kapa ea Naha, balebeli ba potoloho le baholo ba lokela ho etsa’ng ha mokhatlo oa Molimo o ba fa tataiso kajeno? Jehova o re laela hore re mamele ’me re ikokobetse. (Deut. 30:16; Baheb. 13:7, 17) Ka mokhatlong oa Molimo ha hoa lokela hore ho be le batho ba nyatsa-nyatsang kapa ba nang le moea oa borabele, etsoe ba ka senya khotso le bonngoe ba phutheho. Ke ’nete hore ha ho Mokreste ea tšepahalang ea ka ratang ho bonahatsa moea o kang oa Diotrefe oa ho se hlomphe le ho se tšepahale. (Bala 3 Johanne 9, 10.) U ka ’na ua ipotsa: ‘Na ke matlafatsa balumeli-’moho le ’na tumelong? Na ke potlakela ho amohela tataiso eo barab’abo rōna ba etellang pele ba fanang ka eona esita le ho ba tšehetsa?’

12. Ho entsoe phetoho efe tseleng eo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethoang ka eona?

12 Nahana ka qeto e ’ngoe eo Sehlopha se Busang se sa tsoa e etsa. Molula-Qhooeng oa November 15, 2014, sehloohong se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali,” ho ile ha boleloa tsela e ncha eo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethoang ka eona. Sehlooho seo se ile sa bontša hore sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se ne se lumeletse balebeli ba tsamaeang hore ba khethe baholo le bahlanka ba sebeletsang. Tumellanong le mohlala oo, ho qala ka la 1 September, 2014, balebeli ba potoloho ba ’nile ba khetha baholo le bahlanka ba sebeletsang. Molebeli oa potoloho o ithuta barab’abo rōna ba bueletsoeng ’me ha ho khoneha o sebetsa le bona tšimong. O boetse o sheba lelapa la mor’abo rōna ea buelloang. (1 Tim. 3:4, 5) Baholo le molebeli oa potoloho ba hlahloba ka hloko litšoaneleho tsa Mangolo bakeng sa bahlanka ba sebeletsang le baholo.—1 Tim. 3:1-10, 12, 13; 1 Pet. 5:1-3.

13. Re ka bontša joang hore re latela tataiso eo baholo ba fanang ka eona le ho ba tšehetsa?

13 Re lokela ho latela tataiso ea baholo e thehiloeng Bibeleng. Balisa bana ba tšepahalang ba latela litaelo tse “phelisang hantle” tse ka Lentsoeng la Molimo. (1 Tim. 6:3) Nahana ka keletso eo Pauluse a ileng a fana ka eona mabapi le ba sa laoleheng ka phuthehong. Ba bang ba ne “ba sa sebetse ho hang empa ba kena-kenana le se sa ba ameng.” Baholo ba ne ba ba elelitse empa ba khethile ho hlokomoloha keletso ea bona. Phutheho e ne e lokela ho etsa’ng ka batho ba joalo? Pauluse o ile a re: “Le lule le mo tšoaile, le khaotse ho tloaelana le eena.” Empa o ile a boela a ba eletsa hore ba se ke ba nka motho eo e le sera. (2 Bathes. 3:11-15) Kajeno, baholo ba ka ’na ba fana ka puo ho lemosa motho hore tsela eo a etsang lintho ka eona e senya phutheho lebitso, joaloka ho ratana le motho ea sa lumelang. (1 Bakor. 7:39) U itšoara joang ha baholo ba nka qeto ea ho fana ka puo eo? Haeba u tseba lebaka le etsang hore ho fanoe ka puo eo, na u tla qoba ho tloaelana le motho ea amehang tabeng eo? Ho bontša motho eo kameho e lerato le ho tiea, ho ka ’na ha mo susumelletsa hore a tlohele tsela e sa laoleheng. [1]

LULANG LE HLOEKILE, LE E-NA LE KHOTSO LE BONNGOE

14. Re ka tlatsetsa joang ho bolokeng phutheho e hloekile?

14 Re ka thusa ho boloka phutheho e hloekile ka hore re latele tataiso e ka Lentsoeng la Molimo. Nahana ka boemo bo neng bo le teng phuthehong ea Korinthe ea boholo-holo. Pauluse o ne a ikitlaellelitse ho bolela litaba tse molemo motseng oo, ’me a rata ‘bahalaleli-’moho le eena.’ (1 Bakor. 1:1, 2) E tlameha ebe o ile a utloa bohloko haholo ha a tlameha ho khalemela phutheho eo ka boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, kaha e ne e bo lumeletse! Pauluse o ile a re baholo ba nehelane ka motho ea joalo ho Satane, ka mantsoe a mang, ba mo khaole. Ba ne ba lokela ho tlosa “tomoso” eo, e le hore phutheho e lule e hloekile. (1 Bakor. 5:1, 5-7, 12) Ha re tšehetsa qeto ea baholo ea ho khaola mofosi ea sa bakeng, re tla thusa ho boloka phutheho e hloekile ’me mohlomong re be re susumetse mofosi hore a bake ’me a kōpe Jehova hore a mo tšoarele.

15. Re ka etsa’ng hore ho lule ho e-na le khotso ka phuthehong?

15 Ho ne ho boetse ho e-na le bothata bo bong phuthehong ea Korinthe. Barab’abo rōna ba bang ba ne ba isana makhotleng. Pauluse o ile a ba botsa, a re: “Ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore le fosetsoe?” (1 Bakor. 6:1-8) Ho etsahala se tšoanang le kajeno. Ka linako tse ling, barab’abo rōna baa qabana hobane ba bile le mathata a khoebo a entseng hore ba lahleheloe ke chelete, kapa hobane e mong a belaela hore o tsoiloe tlaase. Ba bang ba isitse balumeli-’moho le bona makhotleng, empa Lentsoe la Molimo le re thusa ho bona hore ho molemo ho lahleheloa ke chelete ho e-na le ho nyefola lebitso la Molimo kapa ho luka khotso ka phuthehong. [2] Re lokela ho latela keletso ea Jesu haeba re batla ho rarolla mathata a tebileng le likhohlano. (Bala Matheu 5:23, 24; 18:15-17.) Ha re etsa joalo, re tla tlatsetsa bonngoeng ba barapeli ba Jehova.

16. Ke hobane’ng ha re ka lebella hore barapeli ba Molimo ba momahane?

16 Lentsoe la Jehova le re bolella lebaka leo ka lona batho ba hae ba lokelang ho momahana. Mopesaleme o ile a bina a re: “Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!” (Pes. 133:1) Baiseraele ba ne ba hlophisehile ba bile ba momahane ha ba mamela Jehova. Molimo o ile a bolela esale pele boemo ba batho ba hae, ’me a re: “Ke tla ba beha bonngoeng, joaloka mohlape ka lesakeng.” (Mik. 2:12) Jehova o ile a boela a bolela esale pele ka moprofeta Sofonia, a re: “Ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng [kapa, li mo rapele li momahane].” (Sof. 3:9) Ruri ke tlotla ho rapela Jehova re le bonngoeng!

Baholo ba ikitlaelletsa ho thusa motho ea nkileng mohato o fosahetseng (Sheba serapa sa 17)

17. Baholo ba lokela ho etsa’ng e le hore phutheho e lule e le bonngoeng ebile e hloekile?

17 E le hore phutheho e lule e le bonngoeng ebile e hloekile, baholo ba lokela ho sebetsa litaba tsa boahloli ka potlako le hona ka tsela e bontšang lerato. Pauluse o ne a tseba hore Molimo ha a nkoe ke maikutlo le hore Ha a iphapanyetse liphoso tseo batho ba li etsang. (Liprov. 15:3) Ke lona lebaka le entseng hore a ngole lengolo la Bakorinthe ba Pele, le nang le khalemelo e matla empa le bontša lerato. Lengolo la Bakorinthe ba Bobeli, leo a le ngotseng likhoeli hamorao, le bontša hore phutheho e ne e se e ntlafalitse, kaha baholo ba ne ba latetse tataiso ea hae. Haeba Mokreste a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela, banna ba tšoanelehang ba lokela ho mo thusa ka moea o bonolo.—Bagal. 6:1.

18. (a) Keletso e ka Lentsoeng la Molimo e ile ea thusa liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo joang? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong se latelang?

18 Ho hlakile hore keletso e bululetsoeng e ka Lentsoeng la Molimo e ile ea thusa Bakreste ba Korinthe le ba libakeng tse ling hore ba lule ba hloekile, ba e-na le khotso ba bile ba le bonngoeng. (1 Bakor. 1:10; Baef. 4:11-13; 1 Pet. 3:8) Ke kahoo, ba ileng ba finyella ho hongata tšebeletsong. Ha e le hantle, Pauluse o ile a re litaba tse molemo li ‘boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’ (Bakol. 1:23) Kajeno, morero o babatsehang oa Molimo o phatlalatsoa lefatšeng ka bophara, ka lebaka la boiteko bo etsoang ke barapeli ba Jehova ba momahaneng. Sehloohong se latelang, re tlil’o tšohla bopaki bo eketsehileng bo bontšang hore ba hlompha Bibele le hore ba ikemiselitse ho hlompha ’Musi Morena Jehova.—Pes. 71:15, 16.

^ [1] (serapeng sa 13) Sheba buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leq. 134-136.

^ [2] (serapeng sa 15) Ho fumana hore na ke maemong afe ao ho ’ona Mokreste a ka ’nang a etsa qeto ea ho isa e mong khotla, sheba buka ea Le Ipoloke Leratong la Molimo,” leq. 223, ftn.