Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lulang le Khothatsana

Lulang le Khothatsana

“Haeba ho e-na le lentsoe leha e le lefe la khothatso bakeng sa batho, le le bolele.”—LIK. 13:15.

LIPINA: 121, 45

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho khothatsa ba bang?

CRISTINA [1] ea lilemo li 18 o re: “Ha ho mohla batsoali ba ka ba mpabatsang, empa ba lula ba ntšoaea liphoso. Ba mpuela mantsoe a hlabang. Ba re ha kea tlala, ha ke sa tla hlola ke hōla ebile ke motenya. Kahoo, ke lula ke lla ’me ke khetha ho ithōlela. Ke ikutloa ke se na thuso.” Ruri bophelo bo ba bosula ha batho ba sa babatsoe!

2 Ka lehlakoreng le leng, ha motho a khothatsoa seo se mo fa matla. Rubén o re: “Ke qetile lilemo tse ngata ke ikutloa ke se na thuso. Empa ka le leng ke ne ke le tšebeletsong ea tšimo le mor’abo rōna e mong oa moholo ea ileng a hlokomela hore ke sulafaletsoe. O ile a ’mamela ka kutloelo-bohloko ha ke mo hlalosetsa maikutlo a ka. ’Me a nkhopotsa lintho tse ntle tseo ke li etsang. A boela a nkhopotsa hore Jesu o itse e mong le e mong oa rōna ke oa bohlokoa ho feta lirobele tse ngata. Ke lula ke nahana ka temana eo, ’me e nkama maikutlo. Mantsoe a moholo eo a ile a nkhothatsa haholo.”—Mat. 10:31.

3. (a) Moapostola Pauluse o ile a re’ng ka ho khothatsana? (b) Re tlil’o tšohla lintlha life sehloohong see?

3 Ha ho makatse hore ebe Bibele e re eletsa hore re lule re khothatsana. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu a re: “Hlokomelang, barab’eso, esere le ka mohla mang kapa mang oa lōna a ba le pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang; empa le ’ne le eletsane [kapa le khothatsane] letsatsi ka leng, . . . esere leha e le mang oa lōna a ka thatafatsoa ke matla a thetsang a sebe.” (Baheb. 3:12, 13) Ha u hopola kamoo mantsoe a khothatsang a ileng a u matlafatsa kateng, u tla elelloa hore keletso ena ea hore re khothatsane, ke ea bohlokoa. Kahoo, a re tšohleng lipotso tsena: Ke hobane’ng ha re lokela ho khothatsana? Re ithuta’ng tseleng eo Jehova, Jesu le Pauluse ba ileng ba khothatsa ba bang ka eona? Hona re ka etsa’ng hore re atlehe ho khothatsa ba bang?

BATHO BA HLOKA KHOTHATSO

4. Ke bo-mang ba lokelang ho babatsoa, empa ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa babatsoe kajeno?

4 Kaofela ha rōna re hloka khothatso. ’Me re e hloka le ho feta ha re ntse re hōla. Timothy Evans eo e leng tichere o re: “Bana . . . ba hloka khothatso feela joalokaha limela li hloka metsi. Ha ngoana a babatsoa, seo se etsa hore a ikutloe e le oa bohlokoa a bile a ratoa.” Empa re phela linakong tse thata. Batho ke baithati, ha ba na lerato la tlhaho ’me ke ka seoelo ba khothatsang ba bang kapa hona ho ba babatsa. (2 Tim. 3:1-5) Batsoali ba bang ha ba babatse bana hobane ba sa ka ba babatsoa ke batsoali ba bona. Basebetsi ba bangata ha ba babatsoe, kahoo ba tletleba ka taba eo.

5. Ho khothatsa motho ho akarelletsa’ng?

5 Ho khothatsa motho ho akarelletsa ho mo babatsa ka ntho e ntle eo a e entseng. Re ka boetse ra khothatsa ba bang ka ho ba bolella makhabane ao ba nang le ’ona kapa ka ho bua le bona “ka mokhoa o tšelisang.” (1 Bathes. 5:14) Lentsoe la Segerike le atisang ho fetoleloa e le “ho khothatsa” ha e le hantle le bolela “ho phallela motho e mong.” Ha re ntse re sebetsa le bara le barali babo rōna re ba le menyetla e mengata ea ho bua lintho tse ka ba khothatsang. (Bala Moeklesia 4:9, 10.) Na ha maemo a lumela, re sebelisa monyetla oo ho bolella ba bang hore na ke hobane’ng ha re ba rata re bile re ba ananela? Pele re araba potso ena, re lokela ho nahanisisa ka maele ana a reng: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!”—Liprov. 15:23.

6. Ke hobane’ng ha Diabolose a batla ho re nyahamisa? Fana ka mohlala.

6 Satane Diabolose o batla ho re nyahamisa kaha o oa tseba hore seo se tla re fokolisa moeeng le nameng. Liproverbia 24:10 e re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” Satane o ile a tlisetsa Jobo ea lokileng litlokotsi a ba a mo qosa e le ha a leka ho mo nyahamisa, empa morero oo oa hae o ile oa hlōleha. (Jobo 2:3; 22:3; 27:5) Re ka hanyetsa Diabolose ka hore re khothatse ba malapa a rōna le ba bang ka phuthehong. Sena se tla etsa hore mahae a rōna le Holo ea ’Muso e be libaka tsa thabo le tšireletseho.

MEHLALA E KA BIBELENG EA BA ILENG BA FANA KA KHOTHATSO

7, 8. (a) Ho na le mehlala efe ka Bibeleng e bontšang hore Jehova o nka ho babatsa ba bang e le habohlokoa? (b) Batsoali ba ka etsisa mohlala oa Jehova joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

7 Jehova. Mopesaleme o ile a bina a re: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.” (Pes. 34:18) Jehova o ile a matlafatsa moprofeta Jeremia ea tšepahalang, kaha o ne a tšohile a bile a nyahame. (Jer. 1:6-10) U ka inahanela hore na moprofeta Daniele ea tsofetseng o ile a khothala hakaakang ha Molimo a romela lengeloi ho tla mo khothatsa. Lengeloi leo le ile la bitsa Daniele monna “ea khahlehang haholo.” (Dan. 10:8, 11, 18, 19) Na le uena u ka khothatsa bahoeletsi, bo-pula-maliboho hammoho le bara le barali babo rōna ba hōlileng ba haelloang ke matla?

8 Molimo ha aa ka a nka hore kaha o qetile lilemo tse ngata a sebetsa le Mora oa hae, seo se bolela hore ha ho hlokahale hore a mo babatse le ho mo khothatsa ha a le lefatšeng. Ho fapana le hoo, Jesu o ile a utloa Ntate oa hae ka makhetlo a mabeli a bua a le leholimong a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Mat. 3:17; 17:5) Molimo o ile a babatsa Jesu ’me a mo tiisetsa hore o etsa hantle. E tlameha ebe Jesu o ile a khothala ha a utloa mantsoe ao qalong ea tšebeletso ea hae le ho elella qetellong ea tšebeletso ea hae lefatšeng. Jehova o ile a boela a romela lengeloi ho matlafatsa Jesu ha a le mahlomoleng bosiung ba pele a bolaoa. (Luka 22:43) Haeba re batsoali, a re etsiseng Jehova ka hore re lule re khothatsa bana ba rōna le ho ba babatsa ha ba entse hantle. Re lokela ho ba tšehetsa, haholo-holo haeba botšepehi ba bona bo lekoa sekolong.

9. Re ithuta’ng tseleng eo Jesu a ileng a tšoara baapostola ba hae ka eona?

9 Jesu. Bosiung boo Jesu a ileng a theha Sehopotso ka bona, o ile a hlokomela tšobotsi e sa rateheng ea boikhohomoso ho baapostola ba hae. Ka boikokobetso o ile a ba hlatsoa maoto, empa ba ’na ba phehisana khang ka hore na ke mang ea moholo har’a bona; Petrose le eena a bontša ho itšepa ho feta tekano. (Luka 22:24, 33, 34) Leha ho le joalo, Jesu o ile a babatsa baapostola ba hae ba tšepahalang hore ebe ba mo khomaretse litekong. A re ba tla etsa mesebetsi e meholo ho feta ea hae, ’me a ba tiisetsa hore Molimo o oa ba rata. (Luka 22:28; Joh. 14:12; 16:27) Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ha kea lokela ho etsisa Jesu ka hore ke babatse bana ba ka le batho ba bang ha ba entse hantle ho e-na le ho tsepamisa kelello liphosong tseo ba li etsang?’

10, 11. Moapostola Pauluse o ile a etsa’ng ho bontša hore o nka ho khothatsa ba bang e le habohlokoa?

10 Moapostola Pauluse. Mangolong a hae, Pauluse o ile a babatsa Bakreste-’moho le eena. O ne a qetile lilemo a tsamaea le ba bang ba bona ’me a tseba mefokolo ea bona, empa o ile a bua ka makhabane a bona. Ka mohlala, Pauluse o ile a re Timothea ke “ngoana oa [hae] ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng,” ea tla thusa Bakreste-’moho le eena. (1 Bakor. 4:17; Bafil. 2:19, 20) ’Me a bolella phutheho ea Korinthe hore Tite ‘ke mosebetsi-’moho le eena bakeng sa lithahasello tsa bona.’ (2 Bakor. 8:23) Ruri e tlameha ebe Timothea le Tite ba ile ba khothala haholo ha ba lemoha hore na Pauluse o ikutloa joang ka bona!

11 Pauluse le Barnabase ba ile ba ipeha kotsing ka hore ba khutlele libakeng tseo ba neng ba ile ba hlaseloa ka mabifi ho tsona. Ka mohlala, le hoja ba ile ba hanyetsoa Lystra, ba ile ba khutlela teng ho ea khothatsa barutuoa ba bacha hore ba lule ba le matla tumelong. (Lik. 14:19-22) Ha ba le Efese, Pauluse o ile a tobana le letšoele le halefileng. Liketso 20:1, 2 e re: “Ka mor’a hore moferefere o kokobele, Pauluse a romeletsa hore ho bitsoe barutuoa, ’me ha a ba khothalitse a bile a itse ba sale hantle, a qala ho ea Macedonia. Ka mor’a hore a pholletse le likarolo tseo ’me a khothatse ba moo ka mantsoe a mangata, a kena Greece.” Ruri Pauluse o ne a nka ho khothatsa ba bang e le habohlokoa!

RE LOKELA HO KHOTHATSANA

12. Liboka li re thusa joang tabeng ea ho khothatsana?

12 Lebaka le leng leo Ntate oa rōna oa leholimo a re lokiselitseng liboka ka lona, ke hore re khothatsane. (Bala Baheberu 10:24, 25.) Feela joaloka balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo, re bokana hammoho ho ithuta le ho khothatsana. (1 Bakor. 14:31) Cristina eo re buileng ka eena qalong ea sehlooho sena, o re: “Ntho eo ke e thabelang haholo ha ke le libokeng ke lerato le khothatso eo ke e fumanang moo. Ka linako tse ling, ke ea Holong ea ’Muso ke nyahame. Ebe ha ke fihla baralib’abo rōna ba bang ba tla ho ’na, baa ntumelisa ’me ba re ke motle. Ba mpolella hore baa nthata ebile ba thabela ho bona kamoo ke hatelang pele kateng ka phuthehong. Seo se etsa hore ke ikutloe ke hlasimolohile!” Ruri hoa khatholla ha kaofela ha rōna re etsa ho hong “ho khothatsana”!—Bar. 1:11, 12.

13. Ke hobane’ng ha batho bao e leng khale ba sebeletsa Molimo ba hloka ho khothatsoa?

13 Esita le batho bao e leng khale ba sebeletsa Molimo ba hloka ho khothatsoa. Nahana ka Joshua. O ne a qetile lilemo tse ngata a sebeletsa Molimo ka botšepehi. Empa Jehova o ile a re ho Moshe: “U laele Joshua u mo khothatse ’me u mo matlafatse, hobane ke eena ea tla tšela ka pel’a sechaba sena ’me ke eena ea tla etsa hore se rue naha eo u tla e bona.” (Deut. 3:27, 28) Joshua o ne a le mothating oa ho jara boikarabelo bo matla ba ho etella pele Baiseraele ho ea hapa Naha e Tšepisitsoeng. O ne a tobane le maemo a thata, a bile a hlōtsoe ntoeng bonyane ka lekhetlo le le leng. (Josh. 7:1-9) Ke kahoo Joshua a neng a hloka ho khothatsoa le ho matlafatsoa. Ka hona a re khothatseng baholo, ho akarelletsa le balebeli ba potoloho, kaha ba sebetsa ka thata ho hlokomela mohlape oa Molimo. (Bala 1 Bathesalonika 5:12, 13.) Molebeli e mong oa potoloho o re: “Ka linako tse ling, barab’abo rōna ba re ngolla mangolo ho re leboha le ho re bolella kamoo ba thabetseng ketelo ea rōna kateng. Rea a beha ebe re a bala ha re ikutloa re nyahame. Ruri a re khothatsa haholo!”

Bana baa thaba ha re ba khothatsa (Sheba serapa sa 14)

14. Ke’ng e ka thusang bacha le ba hōlileng hore ba amohele keletso ea Bibele?

14 Baholo le batsoali baa tseba hore ke habohlokoa ho fana ka pabatso le khothatso pele ba fana ka keletso ea Bibele. E tlameha ebe Bakorinthe ba ile ba ikemisetsa ho tsoela pele ba etsa se nepahetseng, ha ba utloa Pauluse a ba babatsa hobane ba latetse keletso ea hae. (2 Bakor. 7:8-11) Andreas ea nang le bana ba babeli, o re: “Ha u babatsa bana, u ba thusa hore ba hōle moeeng le maikutlong. U ba nolofalletsa ho amohela keletso eo u ba fang eona. Le hoja bana ba rōna ba tseba hore na se nepahetseng ke sefe, ba tloaela ho se etsa ha re lula re ba babatsa.”

KAMOO U KA ATLEHANG HO FANA KA KHOTHATSO KATENG

15. Re ka etsa’ng ho khothatsa ba bang?

15 Bontša hore u ananela boiteko boo barapeli-’moho le uena ba bo etsang le litšobotsi tse ntle tseo ba nang le tsona. (2 Likron. 16:9; Jobo 1:8) Jehova le Jesu ba ananela haholo boiteko boo kaofela ha rōna re bo etsang ho tšehetsa ’Muso oa Molimo, esita le haeba re sa khone ho etsa se sekaalo ka lebaka la maemo a rōna. (Bala Luka 21:1-4; 2 Bakorinthe 8:12.) Ka mohlala, bara le barali babo rōna ba hōlileng ba ikitlaelletsa ho ba teng libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo kamehla. Ruri re lokela ho ba babatsa le ho ba khothatsa!

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho batla menyetla ea ho khothatsa ba bang?

16 Batla menyetla ea ho khothatsa ba bang. Re lokela ho khothatsa ba bang ha re elelloa lintho tse ntle tseo ba li etsang. Hlokomela se ileng sa etsahala ha Pauluse le Barnabase ba le Antioke e Pisidia. Balaoli ba okamelang ba synagoge ba ile ba re ho bona: “Banna, barab’abo rōna, haeba ho e-na le lentsoe leha e le lefe la khothatso bakeng sa batho, le le bolele.” Ka mor’a moo, Pauluse a fana ka puo e monate. (Lik. 13:13-16, 42-44) Ka sebele, re lokela ho bua haeba re e-na le mantsoe a khothatso. Re tla lemoha hore haeba re tloaetse ho khothatsa ba bang, le bona ba tla re khothatsa.—Luka 6:38.

17. Ke’ng e etsang hore mantsoe a rōna a khothatso a be le moelelo?

17 Bua ’nete ’me u tobe taba. Le hoja ho bua ka tsela e akaretsang ha u fana ka khothatso le ka pabatso ho thusa, molaetsa oa Jesu o eang ho Bakreste ba Thyatire o bontša hore ho molemo ho toba taba. (Bala Tšenolo 2:18, 19.) Ka mohlala, haeba re batsoali re ka bolella bana ba rōna hore re ananela khatelo-pele eo ba e etsang ka phuthehong. Re ka ’na ra bolella ’mè ea se nang molekane hore na ke’ng seo re se ananelang ka tsela eo a hōlisang bana ba hae ka eona le hoja ho se bonolo. Ho babatsa motho le ho mo khothatsa ka tsela eo ho ka ba le liphello tse ntle haholo!

18, 19. Re ka khothatsa ba bang joang?

18 Jehova a ke ke a re bolella hore re e’o khothatsa motho ea itseng joalokaha a ile a bolella Moshe hore a e’o khothatsa Joshua le ho mo matlafatsa. Leha ho le joalo, Molimo o oa thaba ha re khothatsa balumeli-’moho le rōna le batho ba bang. (Liprov. 19:17; Baheb. 12:12) Ka mohlala, re ka ’na ra bolella sebui sa puo ea phatlalatsa hore puo ea hae e re thusitse le hore e re hlakiselitse temana e itseng. Morali’abo rōna e mong o ile a ngolla sebui sa moeti, a re: “Le hoja re buile ka metsotso e seng mekae feela, u ile ua bona hore ke sithabetse ’me ua ntšelisa le ho nkhothatsa. Ke nka hore tsela e mosa eo u buileng ka eona ha u le sethaleng le ha re ne re buisana, ke mpho e tsoang ho Jehova.”

19 Ho na le litsela tse ngata tseo re ka khothatsanang ka tsona, haeba re ikemiselitse ho latela keletso ena ea Pauluse: “Le ’ne le tšelisane le ho hahana, feela joalokaha le etsa.” (1 Bathes. 5:11) Kaofela ha rōna re tla thabisa Jehova haeba re lula re khothatsana.

^ [1] (serapeng sa 1) Mabitso a mang a fetotsoe.