Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu o ne a bua ka bo-mang ha a ne a re Ba Tsoelang Molemo mantsiboeeng a pele a shoa, hona ke hobane’ng ha ba ne ba bitsoa joalo?

O ile a re ho bona: “Marena a lichaba a rena ka thata holim’a tsona, le ba nang le matla holim’a tsona ba bitsoa Ba Tsoelang Molemo. Leha ho le joalo, ha lea lokela ho ba ka tsela eo.”—Luka 22:25, 26.

Ebe ke bo-mang Ba Tsoelang Molemo bao Jesu a neng a bua ka bona lengolong lee? Mengolo e hlahang licheleteng tsa tšepe, lingoloeng le linthong tse ling e bontša hore Bagerike le Baroma ba ne ba e-na le tloaelo ea ho tlotla batho ba hlaheletseng le babusi ka ho ba bitsa Ba Tsoelang Molemo kapa Euergetes. Tlotla ena e ne e fuoa batho ba thusitseng sechaba ka tsela e tsoileng matsoho.

Marena a mangata a ne a bitsoa ka tlotla ena. Ba neng ba bitsoa joalo Egepeta e ne e le Ptolemy III Euergetes (ea busitseng ka 247-222 pele Jesu a tla lefatšeng) le Ptolemy VIII Euergetes II (ea busitseng ka 147-117 pele Jesu a tla lefatšeng). Athe marena a Roma a neng a bitsoa ka tlotla ena e ne e le Julius Caesar (ea busitseng ka selemo sa 48-44 pele Jesu a tla lefatšeng) le Augustus (ea busitseng ka selemo sa 31 pele Jesu a tla lefatšeng ho fihlela ka selemo sa 14 mehleng ea Jesu), hammoho le Morena Heroda e Moholo oa Judea. E ka ’na eaba Morena Heroda o ile a fumana tlotla ena ha a rekela sechaba sa hae koro nakong ea tlala ea sekoboto a ba a phallela batho ba hlokang ka liphahlo.

Mantsoe a setsebi se seng sa Bibele sa Mojeremane se bitsoang Adolf Deissmann a paka hore tlotla ena e ne e tsebahala haholo. O ile a re: “Ha u ne u batla moo [tlotla ena e ngotsoeng,] u ne u ka e fumana ka makhetlo a fetang lekholo ka mor’a nako e sa feliseng pelo.”

Joale Jesu o ne a bolela’ng ha a re ho barutuoa ba hae: “Ha lea lokela ho ba ka tsela eo”? Na Jesu o ne a bolela hore ha baa lokela ho thusa batho ba bang? Che! Empa o ne a re ba lokela ho ba le sepheo se nepahetseng sa ho thusa batho.

Mehleng ea Jesu, barui ba ne ba tšehetsa lipapali, ba etsa liphaka ba bile ba haha litempele le lintho tse ling. Leha ho le joalo, sepheo sa bona e ne e le hore ba hlahelle ba be ba bonoe ke batho le ho ba susumelletsa hore ba ba khethe. Lipatlisiso li bontša hore batho ba bang ba ne ba fana ka sepheo sa hore ba tle ba hlole likhetho. Kahoo, Jesu o ne a batla hore balateli ba hae ba be le sepheo se nepahetseng ha ba fana.

Lilemo hamorao moapostola Pauluse le eena o ile a bontša bohlokoa ba ho fana ka sepheo se setle. O ile a ngolla phutheho ea Korinthe a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakor. 9:7.