Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke Tla Tsamaea ’Neteng ea Hao”

“Ke Tla Tsamaea ’Neteng ea Hao”

Jehova, nthupele ka tsela ea hao. Ke tla tsamaea ’neteng ea hao.”PES. 86:11.

LIPINA: 31, 72

1-3. (a) Etsa papiso e bontšang bohlokoa ba ho fumana ’nete. (Sheba litšoantšo tse qalong.) (b) Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

HAEBA motho a rekile ntho joale a sa e khotsofalle kapa e e-na le mathata a ka e khutlisa. Maemong a mang ha a e khutlisa a ka fuoa thepa e ’ngoe kapa chelete ea hae.

2 Le hoja ho le bonolo hore re khutlise thepa eo re ileng ra e reka hobane re se re sa e khotsofalle, ha re batle ho “rekisa” ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete.’ (Bala Liproverbia 23:23; 1 Tim. 2:4) Sehloohong se fetileng re ithutile hore re rekile ’nete ka hore re tele nako ea rona. Re boetse re tetse mesebetsi e patalang hantle, ra fetola tsela eo re phelang ka eona le eo re nahanang ka eona, le ho tlohella meetlo e sa lumellaneng le Mangolo. Leha ho le joalo, lintho tsena kaofela ha li re letho ha li bapisoa le litlhohonolofatso tseo re li fumaneng ka mor’a ho reka ’nete.

3 Ha re bua ka ho reka ’nete re ikutloa joaloka monna eo Jesu a ileng a bua ka eena papisong e ’ngoe. Papisong ena, Jesu o ile a bua ka mohoebi ea tsamaeang ea ileng a batla perela eaba oa e fumana e le ha a bontša bohlokoa ba ho fumana ’nete. Perela eo e ne e le ea bohlokoa haholo hoo ‘ka potlako a ileng a rekisa’ lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona e le hore a ka e reka. (Mat. 13:45, 46) Ka tsela e tšoanang, ’nete eo re e tsebang ka ’Muso oa Molimo le Lentsoe la hae le lintho tseo re ithutileng tsona ho lona ke tsa bohlokoa haholo hoo re ileng ra tlameha ho tela lintho tsohle tsa rona e le hore re tsebe Molimo haholoanyane. Hafeela re utloisisa bohlokoa ba ’nete ena re ke ke ra e “rekisa.” Ka bomalimabe bahlanka ba bang ba Molimo ba ile ba iphapanyetsa ’nete ba ba ba qetella ka ho e rekisa. E se eka re ka qoba ho ba boemong bo tšoanang. E le ho bontša hore re ananela Lentsoe la Molimo ebile re le nka le le bohlokoa, re lokela ho mamela keletso ea lona e reng re ‘tsoele pele ho tsamaea ’neteng.’ (Bala 3 Johanne 2-4) Ho tsamaea ’neteng ho akarelletsa ho phela ka melao-motheo ea Bibele le ho phelela ho etsa thato ea Jehova. Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tsena: Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka “rekisa” ’nete? Hona ba e rekisa joang? Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra etsa qeto eo e fosahetseng? Ke eng e ka re thusang ho lula re ikemiselitse ho tsamaea ’neteng?

BATHO BA BANG BA “REKISA” ’NETE

4. Ke hobane’ng ha Bakreste ba mehleng ea Jesu ba ile ba “rekisa” ’nete?

4 Mehleng ea Jesu, ba bang ba balateli ba hae ba ile ba rekisa ’nete ha ba ne ba khaotsa ho mo latela. Mohlala, ka mor’a hore a fepe bongata ka mohlolo bo ile ba mo latela ha a tšela Leoatle la Galilea. Ba ile ba makala ha a re: “Ntle le hore le je nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae, ha le na bophelo ka ho lona.” Ho e-na le hore ba kope Jesu hore a ba hlalosetse hore na o bolela’ng, ba ile ba re: “‘Puo ena ea tšosa, ke mang ea ka e mamelang?’ Ka lebaka la sena ba bangata ho barutuoa ba hae ba tloha ho ea linthong tse ka morao ’me ba ne ba se ba sa tsamaee le eena.”—Joh. 6:53-66.

5, 6. (a) Mehleng ee batho ba bang ba rekisitse ’nete joang? (b) Motho ea hoholehang o kotsing efe?

5 Ka masoabi, le mehleng ena ho ntse ho e-na le batho ba rekisang ’nete. Mohlala, ba bang ba e rekisitse ha ba tlohela ho sebeletsa Molimo hobane ba sa utloisise tsela eo Bibele e hlalosoang ka eona kapa ha ba utloisoa bohloko ke barab’abo rona ba nang le boikarabello ka phuthehong. Athe ba bang ba ile ba e rekisa ha ba ne ba qabane le Bakreste-’moho le bona le ha ba ne ba sa ananele keletso eo ba ileng ba e fuoa. Ka linako tse ling ha ba mamele Jehova ka ho ikamahanya le bakoenehi. Qetellong ba “suthela hole” le eena ebile ba tsoa ka hare ho mokhatlo oa hae. (Baheb. 3:12-14) E ne e ka ba ho thabisang hoja ba ile ba e-ba le tumelo ho Jehova le mora oa hae Jesu joalokaha moapostola Petrose a ile a etsa. Ha Jesu a botsa baapostola ba hae hore na ha ba batle ho tsamaea, Petrose o ile a araba a re: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.”—Joh. 6:67-69.

6 Bakreste ba bang ba khaotsa ho sebeletsa Molimo butle-butle ba bile ba sa hlokomele, ba joaloka sekepe se hoholehang ho tloha lebopong se ea ka metsing. Bibele e re ho etsa joalo ke ho “hoholeha.” (Baheb. 2:1) Ha motho a hoholeha ha a hlokomele, o fapana le motho ea khethang ho se mamele Molimo ka boomo. Le hoja motho enoa a sa hlokomele, kamano ea hae le Jehova eona e ntse e senyeha. Re ka etsa’ng hore re se ke ra iphumana re le boemong boo?

QOBA HO ETSA QETO E FOSAHETSENG

7. Re tlameha ho ikemisetsa ho etsa’ng?

7 E le hore re lule re le metsoalle ea Molimo, re lokela ho mamela litaelo tsohle tsa hae. Re tlameha ho ikemisetsa ho etsa thato ea Jehova hobane ke eona ntho ea bohlokoa. Davida o ne a ikemiselitse ho mamela Jehova ke kahoo a ileng a rapela a re: “Ke tla tsamaea ’neteng ea hao.” (Pes. 86:11) Le rona ka tsela e tšoanang re lokela ho ikemisetsa ho mamela Molimo. Haeba re sa etse joalo, re ka ’na ra ikoahlaea eaba re batla ho rekisa ’nete. Empa re batla ho sebetsa ka thata e le hore kamano ea rona le Molimo e lule e le matla. Ebile rea hlokomela hore re ke ke ra khetha hore na re mamela melao efe empa re lokela ho tsamaea “’neteng eohle” ea hae. (Joh. 16:13) A re ikhopotseng lintho tse hlano tseo re ileng ra reka ’nete ka tsona kaha li tla re thusa ho lula re ikemiselitse ho se e rekise.—Mat. 6:19.

8. Fana ka mohlala o bontšang hore re lokela ho qoba ho senya nako haeba re batla ho ba le kamano e ntle le Molimo.

8 Nako. E le hore re sireletse kamano ea rona le Molimo, re lokela ho qoba ho senya nako ka ho kena Inthaneteng, ho shebella thelevishene kapa ho ithabisa. Ke ’nete hore ho etsa lintho tsena ha hoa fosahala empa ha re qeta nako e ngata re li etsa li ka re sitisa ho ithuta ka Molimo. Mohlala, morali’abo rona Emma * o ne a rata lipere haholo ha a sa le monyane, a tloaetse ho li palama ha a e-ba le monyetla. Qetellong o ile a hlokomela hore o senya nako e ngata, eaba o fokotsa nako eo a e qetang a palama lipere. Pale ea morali’abo rona Cory e ile ea mo thusa. * Hona joale morali’abo rona Emma o thabile haholo hobane o na le nako ea lelapa le metsoalle ea hae hammoho le ea ho ithuta ka Molimo. Kaha ha a sa senya nako ka lintho tse se nang thuso, o na le kamano e ntle le Jehova ebile o khotsofetse.

9. Mohlala oa Demase o re bontša joang hore ho rata chelete ho kotsi?

9 Matlotlo. Haeba re batla ho tsoela pele re sebeletsa Molimo, re lokela ho etsa hore ho ba le chelete ho se ke ha re sitisa ho mo sebeletsa. Kaha ha re qala re ile ra qoba hore chelete e re sitise, re lokela ho tšoara letsoho leo. Ha re ikoahlaee hore ebe re khethile ho sebeletsa Molimo. Re thabile haholo hore ebe re tetse matlotlo a rona eaba re khetha ho mo sebeletsa. Leha ho le joalo, re ka ’na ra utloa eka re entse qeto e fosahetseng ha re bona bara le barali babo rona ba e-ba le lintho tseo re sa khoneng ho ba le tsona. Haeba re khalla ho ba le lintho tsena, re ka iphumana re se re sa sebeletse Molimo ka tsela eo re neng re mo sebeletsa ka eona pele. Mohlala oa Demase o tiisa taba ena. Ha a qala ho “rata tsamaiso ea lintho” o ile a tlohela ho tsamaea le moapostola Pauluse. (2 Tim. 4:10) Bibele ha e bolele hore na ke hobane’ng a ile a tlohela ho tsamaea le Pauluse empa e ka ’na eaba o ne a se a rata maruo ho feta ho sebeletsa Molimo. Rona ha re batle ho ba boemong bo tšoanang le boo ba hae.

10. Re lokela ho qoba eng e le hore re sebeletse Molimo?

10 Batho bao re ba ratang. Ha rea lokela ho tšaba batho hafeela re batla ho sebeletsa Molimo. Ha re qala ho ba Lipaki batho ba bang bao re ba ratang ba ile ba re fetohela. Ke ’nete hore ba bang ha ba khahlanong le lintho tseo re li lumelang empa ba bang bona baa re hanyetsa. (1 Pet. 4:4) Ho sa tsotellehe hore na baa re rata kapa che, re lokela ho ba mosa ho bona empa mosa oa rona o se ke oa re sitisa ho sebeletsa Molimo. Leha ho le joalo, re lokela ho phelisana ka khotso le batho bao re amanang le bona. 1 Bakorinthe 15:33 eona e re re lokela ho ba metsoalle ea batho ba ratang Molimo feela.

11. Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra inehela?

11 Boitšoaro boo Jehova a sa bo rateng. Batho bohle ba sebeletsang Molimo ba lokela ho halalela. (Esa. 35:8; bala 1 Petrose 1:14-16.) Ha re ne re qala ho tseba Molimo, Bibele e ile ea re thusa ho fetola tsela eo re neng re phela ka eona. Ba bang ba rona ba ile ba tlameha ho loana ntoa e thata ho fetola tsela eo ba neng ba phela ka eona. Kahoo, ha rea lokela ho rekisa ’nete ka tsela le ha e le efe e le hore re se ke ra inehella boitšoaro bo bobe. Empa ke eng e ka re thusang hore re se ke ra inehela? Re ka thusoa ke ho hopola lerato leo Jehova a re bontšitseng lona ka ho re fa mora oa hae hore a re shoele. (1 Pet. 1:18, 19) E le hore re lule re le metsoalle ea Jehova, re lokela ho itšoara ka tsela e bontšang hore re ananela mpho ena.

12, 13. (a) Re ka etsa’ng hore re se ke ra ea meketeng e sa khahliseng Molimo? (b) Re tl’o bua ka eng lirapeng tse latelang?

12 Meetlo e sa khahliseng Molimo. Ka linako tse ling, litho tsa malapa, basebetsi-’moho kapa bana bao re kenang sekolo le bona ba ka re memela ho ea meketeng ea bona e sa lumellaneng le Mangolo. Re ka ’na ra ipotsa hore na re tla etsa’ng e le hore re se ke ra inehela eaba re ea meketeng eo. E ka ba hantle ho lula re hopola hore na Jehova o ikutloa joang ka lintho tse joalo. Re ka etsa joalo ka ho bala lingoliloeng tse buang ka hore na mekete eo e simolohile hokae. Re ka kholiseha hore re tsamaea tseleng e “amohelehang ho Morena” haeba re ikhopotsa hore na ke melao-motheo efe e amehang tabeng eo. (Baef. 5:10) Ha re tšepa Jehova le Lentsoe la hae re ke ke ra “thothometsoa ke batho.”—Liprov. 29:25.

13 Ho sebeletsa Molimo ke ntho ea bophelo bohle. Kahoo, lirapeng tse latelang re tl’o bona litsela tse tharo tse tla re thusa ho ikemisetsa hore re lule re mo sebeletsa.

IKEMISETSE HO LULA U SEBELETSA MOLIMO

14. (a) U tla fumana eng ha u ipha nako ea ho ithuta ka Molimo le ho nahanisisa ka lintho tseo u ithutang tsona? (b) Ke hobane’ng ha bohlale, taeo le kutloisiso li le bohlokoa?

14 Tsela ea pele, reka ’nete ka hore u lule u ipha nako ea ho ithuta ka Molimo le ho nahanisisa ka lintho tseo u ithutang tsona. Ha u etsa joalo u tla rata Molimo ’me u tla ikemisetsa ho lula u mo sebeletsa. Liproverbia 23:23 e re re boetse re hloka ho reka “bohlale, taeo le kutloisiso.” Ha se hore feela re hloka ho tseba Lentsoe la Molimo, empa re lokela ho bontša ka liketso hore rea le rata. Re tla boela re utloisise hore na Jehova o batla eng ebe re bontša hore re bohlale ka ho mo mamela. Bibele ea re laea e le ho re thusa ho itšoara ka tsela eo Jehova a e batlang. Re lokela ho ikokobelletsa taeo eo re e fumanang kaha e bohlokoa ho feta silevera.—Liprov. 8:10.

15. Ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi ho ka re thusa joang?

15 Ea bobeli, ikemisetse ho lula u sebeletsa Jehova le ha ho hlaha mathata. Lula u tlamile letheka la hao ka ’nete. (Baef. 6:14) Ka mohlala, mehleng ea ho ne ho ngoloa Bibele, lesole le ne le sireletsa letheka la lona ka ho itlama ka lebanta le sephara. E le hore lebanta leo le sireletse lesole le ne le lokela ho le tlama ka thata. Le ho rona Lentsoe la Molimo le joaloka ka lebanta leo. Haeba re le bala letsatsi le letsatsi re tla etsa liqeto tse nepahetseng. Haeba re lekeha ho etsa lintho tse fosahetseng, Bibele e ka re thusa ho etsa thato ea Jehova. Feela joalokaha lesole le ne le ke ke la ea ntoeng le sa iphasa ka lebanta la lona, le rona ha rea lokela ho khaotsa ho ithuta Bibele. Empa re tla lula re ithuta eona e le hore re se ke ra rekisa ’nete. Serapeng se latelang re tl’o ithuta hore na Bibele e ka re thusa joang.

16. Ho ruta batho ba bang Bibele ho ka re thusa joang?

16 Ea boraro, etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u ka e khonang hore u bolelle batho ba bang molaetsa oa Bibele. Ha u etsa joalo u tla lula u rata “Lentsoe la Molimo.” (Baef. 6:17) Kaofela ha rona re lokela ho ntlafatsa tsela eo re rutang Bibele ka eona e le hore re ka ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Tim. 2:15) Ha re ntse re tsoela pele ho ruta batho ba bang Bibele re ba thusa hore ba sebeletse Molimo le tumelo ea rona e ba matla. Ha re etsa joalo re tla lula re ikemiselitse ho sebeletsa Molimo.

17. Bibele e bohlokoa hakae ho uena?

17 Bibele ke mpho e molemo ka ho fetisisa eo Jehova a re fileng eona. E re file monyetla oo re neng re ke ke ra o fumana le ka mohla kaha e re thusitse ho tseba Jehova le hore re be le kamano e ntle le eena. Hona joale re sa le qalong, ke hona re sa ntse re tla ithuta lintho tse ngata ka Jehova. O re thusitse ho mo tseba hape o re tšepisa hore ha re sa tla shoa. Kahoo, lula u ithuta Lentsoe la Molimo le ho le rata joalokaha eka ke taemane. Ha oa lokela ho rekisa ’nete le ka mohla empa u lokela ho etsisa Davida, u tšepise Jehova hore u tla “tsamaea” ho eona.—Pes. 86:11.

^ ser. 8 Lebitso le fetotsoe.

^ ser. 8 O ka fumana pale ea morali’abo rona Cory ho Khaso ea JW tlas’a INTERVIEWS AND EXPERIENCES > TRUTH TRANSFORMS LIVES.