Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Nahana Joaloka Jehova?

Na U Nahana Joaloka Jehova?

“Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lona.”—BAR. 12:2.

LIPINA: 56, 123

1, 2. Etsa mohlala o bontšang hore na re ile ra etsa’ng ha re qala ho ithuta ka Jehova.

HA NGOANA a fuoa mpho batsoali ba mo ruta hore a lebohe. Empa o etsa joalo hobane feela a laetsoe. Ha a se a le moholo oa leboha ha batho ba mo etsa hantle, o leboha le hore ebe batsoali ba hae ba mo rutile mekhoa e metle. Lekhetlong lena o leboha ka pelo eohle hobane o ithutile hore o lokela ho etsa joalo.

2 Ka tsela e tšoanang, ha re qala ho tseba Jehova re ile ra bona bohlokoa ba ho mamela melao ea hae. Ha re ntse re tsoela pele ho ithuta ka eena, re ithuta tsela eo a nahanang ka eona, lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng. Haeba re ithuta ho etsa lintho ka tsela eo Jehova a li etsang ka eona, re tla nahana joaloka eena ’me re tla etsa liqeto tse nepahetseng.

3. Ke eng e ka re sitisang ho nahana joaloka Jehova?

3 Le hoja ho nahana joaloka Jehova ho le monate, ha se ntho e bonolo. Ka linako tse ling re sitoa ho nahana joaloka eena hobane ha rea phethahala. Mohlala, re ka thatafalloa ho utloisisa ha Jehova a re re lule re itšoere hantle, re se ke ra rata chelete, re rute batho ka Bibele, re se ke ra tšela mali kapa ho etsa lintho tse ling. Empa re lokela ho etsa’ng ha re le boemong boo? Ke eng e ka re thusang hore re lule re ntlafatsa tsela eo re nahanang ka eona? Hona, ho etsa joalo ho ka re thusa joang hona joale esita le ka moso?

LEKA HO NAHANA JOALOKA JEHOVA

4. Re lokela ho etsa’ng e le hore re fetole likelello tsa rona?

4 Bala Baroma 12:2. Moapostola Pauluse o bontša bohlokoa ba ho nahana joaloka Jehova. Sehlooho se fetileng se bontšitse bohlokoa ba ho etsa joalo, kaha re ile ra ithuta hore re lokela ho ‘khaotsa ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho.’ Pauluse o boetse o bontša bohlokoa ba ho ‘fetola likelello tsa rona.’ Re ka li fetola ka hore re ithute Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka lona e le hore re ka nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona.

5. Ho ithuta ho fapana joang le ho bala?

5 Ho ithuta ha se feela ho bala le ho tšoaea likarabo, empa ho akarelletsa ho bona hore na re ithuta’ng ka Jehova le tsela eo a nahanang ka eona. Ho boetse ho akarelletsa ho tseba hore na ke hobane’ng ha Jehova a re ntho e nepahetse kapa e fosahetse. Hape ka mor’a hore re ithute, re fetola tsela eo re phelang ka eona haeba ho hlokahala. Maemong a mang ho ke ke ha khoneha hore re nahane ka lintho tsena kaofela empa ho bohlokoa hore re iphe nako e ngata ea ho nahana ka hore na re ithuta’ng.—Pes. 119:97; 1 Tim. 4:15.

6. Re tla rua molemo ofe ha re nahanisisa ka Lentsoe la Molimo?

6 Haeba re nahanisisa ka Lentsoe la Molimo ha re qeta ho le bala, re rua molemo haholo. Re tla “ipakela” hore tsela eo Jehova a nahanang ka eona e phethahetse. Re boetse re tla utloisisa litsela tsa Jehova ebile re tla lumellana le tsona. Hape re tla “fetola” likello tsa rona le ho ntlafatsa tsela eo re nahanang ka eona. Qetellong re tla nahana joaloka Jehova.

LINTHO TSEO RE LI NAHANANG KE TSONA TSEO RE LI ETSANG

7, 8. (a) Ke eng e bohlokoa ho Jehova? (Sheba litšoantšo tse qalong) (b) Ke eng e tla ba bohlokoa ho rona haeba re nahana joaloka eena?

7 Lintho tseo re li nahanang li susumetsa maikutlo a rona le liketso tsa rona. (Mar. 7:21-23; Jak. 2:17) Re tl’o ithuta mehlala e seng mekae e le hore re utloisise taba ena. Mangolo a buang ka Jesu a re thusa ho utloisisa tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka ho ba le chelete. Ha a khetha lelapa le tla holisa mora oa hae, o ile a khetha le se nang chelete. (Lev. 12:8; Luka 2:24) Ka mor’a hore Jesu a hlahe Maria o ile a mo “beha ka sejelong, kahobane ba ne ba se na sebaka ka kamoreng ea ho phomola.” (Luka 2:7) Jehova a ka be a ile a etsa hore ho be le libaka tse ngata tseo mora oa hae a ka behoang ho tsona ha a qeta ho hlaha hoja a ne a batla. Empa ha aa ka etsa joalo hobane ntho ea bohlokoa e ne e le hore a holisoe ke batho ba ratang Molimo.

8 Pale ena e re ruta hore na Jehova o ikutloa joang ka ho rata chelete. Batsoali ba bang ba khothalletsa bana ba bona ho rata chelete ho feta ho rata Jehova. Empa Jehova eena o re ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re be le kamano e ntle le eena. Na u nahana joaloka Jehova tabeng ee? Liketso tsa hao ke tsona tse tla bontša.—Bala Baheberu 13:5.

9, 10. Re ka bontša joang hore re nahana joaloka Jehova?

9 Mohlala o mong ke oa hore Jehova o batla hore re qobe ho khopisa batho ba bang. Jesu o itse: “Mang kapa mang ea khopisang e mong oa ba banyenyane bana ba lumelang, ho ne ho tla ba molemo haeba leloala le kang le sothoang ke esele le ne le ka tlamelloa molaleng oa hae ’me a lahleloa ka leoatleng.” (Mar. 9:42) Temana ena e bontša hore re lokela ho qoba ka hohle-hohle ho khopisa ba bang. Re lokela ho kholiseha hore Jehova le eena o ikutloa ka tsela e tšoanang kaha Jesu o nahana joaloka eena.—Joh. 14:9.

10 Na re nahana joaloka Jehova le Jesu? Tsela eo re phelang ka eona e tla bontša. Mohlala, a re re tsela eo u aparang ka eona e khopisa batho ba bang ka phuthehong. Haeba re rata batho ba bang re tla qoba ho ba khopisa ka tsela eo re aparang ka eona.—1 Tim. 2:9, 10.

11, 12. Ho nahana joaloka Jehova le ho ikemisetsa ho ba le boitšoaro ho ka re thusa joang?

11 Mohlala o mong ke oa hore Jehova o hloile lintho tse sa lokang. (Esa. 61:8) Oa tseba hore ha rea phethahala empa o batla hore re hloee lintho tse fosahetseng. (Bala Pesaleme ea 97:10.) Haeba re ithuta hore na ke hobane’ng ha Jehova a hloile lintho tse mpe, re tla nahana joaloka eena ebe re leka ho li qoba.

12 Haeba re nahana joaloka Jehova, re tla qoba ho etsa ntho e fosahetseng le haeba Bibele e sa re letho ka eona. Mohlala, mehleng ena ho tloaelehile hore batho ba tantše ka mokhoa o ka etsang hore ba bang ba batle ho etsa thobalano. Batho ba bang ba ikemela ka hore ke ho tantša ha se ho kopanela liphate. * Empa Jehova ha a nahane joalo. Kahoo, a re ikemisetseng ho etsa lintho tse nepahetseng ’me re be le boitšoaro.—Bar. 12:9.

ROALLA LE SA SELE

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana hore na Jehova o ikutloa joang ka taba eo re ntseng re ithuta eona?

13 Ha re ithuta re lokela ho nahana hore na Jehova o ikutloa joang ka taba eo re ntseng re ithuta eona hobane ho etsa joalo ho tla re thusa ha re lokela ho etsa liqeto nakong e tlang. Ha re etsa joalo re tla be re itokisetsa maemo ’ohle a ka re hlahelang. (Liprov. 22:3) A re hlahlobeng mehlala e hlahang ka Bibeleng e ka re thusang.

14. Re ithuta’ng mohlaleng oa Josefa?

14 Josefa o ile a bontša hore o nahana joaloka Jehova ha a hana ho etsa thobalano le mosali oa Potifaro. (Bala Genese 39:8, 9.) O ile tiisa taba ena ka hore a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” Re ka mo etsisa joang? A re re mohlomong mosebetsi-’moho le uena o u bontša hore oa u rata. Kapa mohlomong motho e mong o u romella molaetsa kapa setšoantšo se etsang hore u utloe u batla ho etsa thobalano. * Ho ka ba bonolo hore re hlole mathata ana haeba re ka nahana hore na Jehova o ikutloa joang ka ’ona.

15. U ka etsisa Baheberu bao ba bararo joang e le hore u lule u tšepahala?

15 Shadrake, Meshake le Abednego le bona ba re behetse mohlala o motle. Ba ile ba bontša hore ba nahana joaloka Jehova ha ba hana ho khumamela setšoantšo seo Morena Nebukadnezare a neng a batla hore ba se rapele. Tsela eo ba ileng ba arabela ka eona ea bontša hore ba ne ba se ntse ba nahanne hore na ba tla etsa’ng ha ntho e joalo e ka hlaha. (Ex. 20:4, 5; Dan. 3:4-6, 12, 16-18) U ka etsa’ng haeba mohiri oa hao a kopa hore u ntše chelete e le hore ho tle ho etsoe mokete oa kereke mosebetsing? E ka ba bohlale hore u nahane esale hona joale hore na ha boemo bo joalo bo hlaha u tla etsa’ng. Ha u etsa joalo, ho tla ba bonolo hore u etse qeto e nepahetseng joaloka Baheberu bana ba bararo.

Na u se u itokiselitse maemo a tšohanyetso? (Sheba serapa sa 16)

16. Ho nahana joaloka Jehova ho ka re thusa joang ha re hlaheloa ke maemo a tšohanyetso?

16 Haeba re nahana esale pele hore na re tla etsa’ng ha re hlaheloa ke maemo a tšohanyetso re tla lula re tšepahala. Re se re ntse re kholisehile hore re ke ke ra tšela mali kapa likarolo tsa ’ona tse ’ne empa ho na le likaroloana tse ling tseo ho tsona motho e mong le e mong a lokelang ho iketsetsa qeto ea ho li amohela kapa ho li hana. (Lik. 15:28, 29) Ho molemo ho etsa qeto esale hona joale re tle re se ke ra iphumana re se re tlameha ho e etsa ho se ho le hobe. E ka ba hantle hore hona joale re ithute hore na Jehova o nahana joang ka taba ena, ebe re tlatsa liforomo tseo re hlokang ho li tlatsa re be re bolelle ngaka ea rona hore na re ka rata ho phekoloa joang. *

17-19. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana joaloka Jehova hona joale? (b) Etsa mohlala oa maemo ao re lokelang ho lula re itokiselitse ’ona.

17 Jesu le eena o ile a bontša hore o nahana joaloka Jehova kaha ha aa ka a lumellana le Petrose ha a re: “Ikhauhele, Morena.” Kaha Jesu o ne a ikemiselitse ho etsa thato ea Jehova, o ile a tataisoa ke Bibele nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a lule a tšepahala a be a lule a ikemiselitse ho itela.—Bala Matheu 16:21-23.

18 Thato ea Jehova ke hore re be metsoalle ea hae re be re phelele ho mo sebeletsa. (Mat. 6:33; 28:19, 20; Jak. 4:8) Joalokaha Petrose a ile a etsa ho Jesu, le rona batho ba bang ba ka ’na ba re liha empa e se ka sepheo se sebe. Mohlala, mohiri oa hao a ka ’na a u nyolla mosebetsing e le hore u thole moputso o betere empa mosebetsi oo a u fang oona oa u sitisa ho sebeletsa Molimo. Kapa a re re mohlomong u fumana sekolo hole le hae. Na e tla be e le nako e nepahetseng ea ho rapela, ho bua le lelapa kapa ho kopa keletso ea baholo ebe ke hona u tla etsa qeto? E ka ba bohlale hore u nahane hona joale hore na Jehova o ikutloa joang u be u etse qeto. Ha u ka etsa joalo u tla be u iphokoletsa hobane ha u ba boemong boo u tla be u se u tseba hore na u tsoa le hokae. Hape oa tseba hore na u batla ho etsetsa Jehova eng. Kahoo, ho tla ba bonolo ha boemo bo joalo bo ka hlaha.

19 U ka ’na oa nahana ka lintho tse ling tse ka ’nang tsa u hlahela. Ke ’nete re ke ke ra tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka re hlahelang, empa haeba re nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona ho tla ba bonolo ha re tlameha ho etsa qeto hobane re tla be re tseba hore na Jehova o nahana joang. Kahoo, re lokela ho leka ho nahana joaloka Jehova kaha ho etsa joalo ho tla re thusa ho etsa liqeto hona joale le nakong e tlang.

HO NAHANA JOALOKA JEHOVA HOA PUTSA

20, 21. (a) Na lefatšeng le lecha re tla be re iketsetsa borata? (b) Ke eng e ka re thusang hore re thabe hona joale?

20 Re lebelletse ho phela lefatšeng le lecha re se re sa shoe kaha ’Muso oa Molimo o tl’o re pholosa mathateng ’ohle a rona. Le ka nako eo, re tla be ntse re e-na le bolokolohi ebile motho e mong le e mong o tla khetha lintho tseo a li batlang.

21 Ha se hore re tla be re iketsetsa borata, empa re tla be re ntse re tataisoa ke melao ea Jehova le tsela eo a nahanang ka eona. Haeba re mo mamela, re tla thaba ebile re tla ba le khotso. (Pes. 37:11) Le hona joale re ka thaba haeba re lula re nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona.

^ ser. 12 Mokhoa o mong oa ho tantša o etsang hore motho e mong a batle ho etsa thobalano ke haeba e mong a tantšetsa holim’a serope sa e mong a apere ka tsela e sa itlhompheng. Haeba Mokreste a tantša ka tsela ena o nkoa a tšoana le motho ea kopanetseng liphate ’me ho ka hlokahala komiti ea boahloli e sebetse taba ena ea hae. Hape o tlameha ho kopa hore baholo ba mo thuse.—Jak. 5:14, 15.

^ ser. 14 Ho romella melaetsa, lifoto kapa livideo tse ka etsang hore motho a batle ho etsa thobalano ho fosahetse. Ha Mokreste a etsa lintho tsena ho ka hlokahala hore komiti ea boahloli e sebetse taba ena ea hae. Libakeng tse ling ho etsa lintho tsena ke tlolo ea molao. Ha u batla ho tseba haholoanyane ka taba ena kena ho jw.org/st u batle sehlooho se reng “Ke Eng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Romela Litšoantšo Tse Litšila ka Selefouno?” (Kena ho LITHUTO TSA BIBELE > BACHA.) U ka boela oa bala sehlooho se reng: “Kamoo U ka Buisanang le Ngoana oa Hao ka ho Romela Litšoantšo Tse Litšila ka Selefouno” se hlahang ho Tsoha! ea November 2013 leqepheng la 4 ho ea ho la 5.

^ ser. 16 Ho na le melao-motheo e mengata e ka u thusang ho etsa qeto e nepahetseng. E meng ea eona e hlaha bukeng ea Le Ipoloke Leratong la Molimo” leqepheng la 215 ho ea ho la 218.