Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka fa Jehova Eng?

Re ka fa Jehova Eng?

JESU o kile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela” (Lik. 20:35) Taba ena e ama setsoalle sa rona le Jehova hobane o re file lintho tse ngata tse re thabisang empa re ka thaba le ho feta ha re ka mo fa lintho tseo re nang le tsona. Ebe rona re ka mo fa’ng? Liproverbia 3:9 e re: “Hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa.” Lintho tsa rona “tsa bohlokoa” li akarelletsa nako, talenta, matla le chelete ea rona. Ha re tella Jehova lintho tsena re tla be re mo fa mpho. Kahoo, re tla thaba.

Ke eng e tla re thusa hore ho be bonolo ho fa Jehova chelete ea rona? Moapostola Pauluse o ile a re Bakreste ba Korinthe ba “behelle [monehelo] ka thoko.” (1 Bakor. 16:2) Lebokose le ka tlaase mona le ka u bontša mekhoa e meng ea ho ntša monehelo.

Ha se linaheng tsohle moo u ka khonang ho ntša monehelo ka Inthanete. Empa u ka bala hore na u ka o ntša joang ka Inthanete. Linaheng tse ling ho na le tokomane e nang le likarabo tsa lipotso tseo batho ba li botsang hangata.