Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Reka ’Nete ’Me U se ke oa e Rekisa”

“Reka ’Nete ’Me U se ke oa e Rekisa”

Reka ’nete ’me u se ke oa e rekisa, bohlale le taeo le kutloisiso.LIPROV. 23:23.

LIPINA: 94, 96

1, 2. (a) Ke ntho efe eo re e nkang e le bohlokoa? (b) Ke lintho life tseo Jehova a re rutang tsona, hona ke hobane’ng ha re li nka e le letlotlo? (Sheba litšoantšo tse qalong.)

KE NTHO efe eo u ke keng oa phela u se na eona? Na u ne u ka thabela ho e rekisa ka theko e tlaase? Ho rona likarabo tsa lipotso tsena li bonolo hobane ntho ea bohlokoa ke kamano ea rona le Jehova eo re ke keng ra e fa mang kapa mang. Ntho e ’ngoe eo re e nkang e le bohlokoa ke molaetsa oa Bibele kaha o re thusa hore re be metsoalle ea Jehova.—Bakol. 1:9, 10.

2 Ak’u nahane ka lintho tseo Morupeli oa Rona e Moholo e leng Jehova a re rutang tsona ka Lentsoeng la hae. O re thusa ho tseba makhabane a hae le hore na lebitso la hae le bolela’ng. Hape o re bolella kamoo a re pholositseng kateng ka lefu la mora oa hae. O re bolella ka ’Muso oa hae le hore batlotsuoa ba tla phela leholimong ha “linku tse ling” tsona li tla phela lefatšeng. (Joh. 10:16) Jehova o boetse o re ruta hore na re lokela ho itšoara joang. Lintho tsena kaofela ke letlotlo kaha li re thusa hore re atamele haufi le Jehova Molimo oa rona ebile li re thusa hore re thabele bophelo.

3. Na ho “reka ’nete” ho bolela hore re lokela ho ntša chelete?

3 Jehova o seatla se bulehileng, kahoo o hlohonolofatsa batho ba batlang ho mo tseba. Hape o re file mora oa hae hore a re shoele ’me ha aa lebella hore re mo patale. Ka mohlala, Simone o ne a batla ho reka moea o halalelang eaba Petrose ha a mo khalemela o re: “E se eka silevera ea hao e ka timela le uena, hobane u nahanne ho rua mpho e sa lefelloeng ea Molimo ka chelete.” (Lik. 8:18-20) Joale Liproverbia 23:23 e bolelang ha e re re ‘reke ’nete’?

RE KA “REKA ’NETE” KA’NG?

4. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

4 Bala Liproverbia 23:23. Re ke ke ra tseba Lentsoe la Jehova ha re sa ithute lona. Ka lebaka leo, ho na le lintho tseo re lokelang ho li tela e le hore re le tsebe. Solomone o ile a re ha re se re ‘rekile ’nete’ kapa re e-na le eona, re se ke ra e “rekisa” kapa ra e lahla. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na ho “reka” ’nete ho bolela’ng le hore na re ka e reka ka bokae, re boetse re tl’o ithuta ho e ananela le ho ikemisetsa ho se e ‘rekise’. Re be re bone hore ha re se re e rekile re ke ke ra ikoahlaea.

5, 6. (a) Etsa mohlala o bontšang hore na re ka reka ’nete joang re sa sebelise chelete. (b) Ho ipha nako ea ho ithuta Lentsoe la Molimo ho ka re tsoela molemo joang?

5 Ka linako tse ling ho hlokahala boiteko e le hore re fumane ntho le hoja e le mahala. Lentsoe “reka” le hlahang ho Liproverbia 23:23 le boetse le bolela ho “fumana.” Mantsoe ana ka bobeli a bontša hore ho hlokahala hore motho a etse boiteko e le hore a fumane ntho eo a e batlang. Ka mohlala, le ha ho ka etsahala hore lebenkele le fane ka “libanana mahala” u ke ke oa li bona li le teng ka tlung ka mohlolo empa ho tla hlokahala hore u tsamaee u il’o li lata. Le hoja u il’o li fumana mahala u lokela hore u tele nako ea hao le matla hore u li fumane. Ka tsela e tšoanang, ha re hloke chelete e le hore re reke ’nete. Empa re lokela ho itela e le hore re be le eona.

6 Bala Esaia 55:1-3. Mantsoe ana a Jehova a re thusa ho utloisisa hore na ho boleloa’ng ha ho thoe re reke ’nete. Litemaneng tsena Jehova o tšoantša lentsoe la hae le metsi, lebese le veine. Ha motho a bala Bibele ho joalokaha eka o noa metsi a hloekileng le a pholileng kaha lea khatholla. Hape kaha lebese lea re matlafatsa ebile le thusa bana hore ba hole le Bibele ea re matlafatsa ebile e re thusa hore re tsebe thato ea hae. Lentsoe la Jehova le boetse le tšoana le veine kaha le lona lea thabisa. (Pes. 104:15) Ha Jehova a re re “reke veine” o re tiisetsa hore ha re etsa thato ea hae re tla thaba. (Pes. 19:8) Lipapiso tsena li re thusa ho utloisisa hantle hore na ho ithuta Bibele ho molemo hakae. Le hoja Molimo a sa rekise Lentsoe la hae, ha re sebetsa ka thata hore re le tsebe ho tšoana le ha eka rea le reka. Kahoo, a re ke re hlahlobeng lintho tse hlano tseo ka tsona re ka rekang ’nete.

U TETSE’NG HORE U REKE ’NETE?

7, 8. (a) Ke’ng eo re hlokang ho e etsa e le hore re reke Lentsoe la Molimo? (b) Morali’abo rona e mong o ile a etsa’ng e le ho re a reke ’nete, hona o ile a fumana molemo ofe?

7 Nako. Motho e mong le e mong o hloka ho tela nako e le hore a reke Lentsoe la Molimo. Re hloka ho ipha nako ea ho ithuta Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng ho eona, ho lokisetsa liboka le ho ea ho tsona. Re hloka ho tlohella mabaka a mang e le hore re be le nako ea ho ithuta Bibele. (Bala Baefese 5:15, 16) Kaha ha re utloisise lintho ka tsela e tšoanang, nako eo re e hlokang ea ho utloisisa hore na Bibele e na le molaetsa ofe e ke ke ea tšoana. Ha ho mohla re tla ke re qete ho ithuta ka Jehova, ka lebaka leo re lokela ho lula re ithuta Bibele. (Bar. 11:33) Ha Molula-Qhooa o qala ho lokolloa o ile oa bapisa ’nete le lipalesa. Eaba o re ha rea lokela ho khotsofalla ho ba le palesa e le ’ngoe feela empa re sebeletse ho ba le serapa sa tsona. Hoja e le ’ngoe e ne e lekane ho ka be ho se na mefuta e mengata tjena. Re lokela ho ipotsa hore na serapa sa rona se seholo hakae. Re tla lula re ithuta ntho e ncha ka Jehova ho sa tsotellehe hore na re phela nako e telele hakae. Ha rea lokela ho senya nako re etsa lintho tse se nang thuso empa re lokela ho ithuta ka Molimo. Serapeng se latelang re tla bona mohlala oa motho ea ileng a reka ’nete.

8 Pele morali’abo rona Mariko * oa Japane e e-ba Paki, e ne e le setho sa mokhatlo oa kereke e qalileng ka selemo sa 1959 hona naheng eo. O ile a ea sekolong Amerika eaba ha a le moo o kopana le Lipaki Tsa Jehova. O ne a rata litaba tseo a neng a ithuta tsona ka Bibeleng hoo a ileng a kopa ho ithuta habeli ka beke. O ile a qala ho ea libokeng le hoja a ne a e-na le mosebetsi o mongata oa sekolo a bile a sebetsa ka matsatsi a mang hore a iphelise. O ile a boela a khaotsa ho etsa lintho tse ling tseo a neng a bona li se bohlokoa e le hore a tsoele pele ho ithuta Bibele. Ho tela lintho tsena ho ile ha mo thusa hore setsoalle sa hae le Jehova se matlafale haholo. Le pele selemo se fela o ile a kolobetsoa eaba likhoeli tse tšeletseng hamorao e e-ba pula-maliboho ho fihlela lena le holimo.

9, 10. (a) Re ka reka ’nete ka ho etsa’ng? (b) Morali’abo rona e mong o ile a reka ’nete ka ho etsa’ng, hona o ikutloa joang?

9 Matlotlo. E le hore re reke ’nete, ho ka hlokahala re tele mesebetsi ea rona e patalang hantle. Mohlala, ha Jesu a re Petrose le Andrease e be “batšoasi ba batho” ha baa ka ba senya nako empa ba ile ba “tlohela matlooa, ba mo latela.” (Mat. 4:18-20) Ke ’nete hore ha se kaofela ha rona re ka khonang ho tlohella mesebetsi ea rona kaha ba bang ba na le boikarabello ba ho hlokomela malapa a bona. (1 Tim. 5:8) Hangata ha motho a qala ho sebeletsa Jehova o fetola tsela eo ikutloang ka eona ka ho ba le chelete. Jesu o ile a hlakisa taba ena ha a re: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng . . . Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong.”—Mat. 6:19, 20.

10 Morali’abo rona Maria o tsebile papali ea kolofo le pele a ka kena sekolo. O ile a tsoela pele ho ithuta eona ha a le sekolong se phahameng eaba hamorao o fumana lihlapiso tsa ho ea univesithi. O ne a rata papali ena haholo hoo a neng a batla hore ebe mosebetsi oa hae. Leha ho le joalo, o ile a qala ho ithuta Bibele eaba o fetola tsela eo a phelang ka eona ’me o thabela hore ebe o ile a etsa qeto ea ho ithuta. O re: “Ke thabile haholo hore ebe ke ithutile Bibele le hore ebe ke etsa thato ea Jehova.” O ile a bona hore a ke ke a khona ho etsa thato ea Jehova a be a etse mosebetsi oo a neng a o rata. (Mat. 6:24) Morali enoa oabo rona o ile a reka ’nete ka ho tela mosebetsi oa hae, matlotlo le ho tuma. Kaha o rekile ’nete, ke pula-maliboho ’me o re o rata bophelo boo a bo phelang.

11. Ho ka etsahala’ng ha re phela ka tsela eo Bibele e reng re phele ka eona?

11 Batho bao re ba ratang. Ha re phela ka tsela eo Bibele e reng re lokela ho phela ka eona, batho bao re ba ratang ba ka re hloboha. Lebaka ke hobane re se re phela ka tsela e fapaneng le eo ba batlang hore re phele ka eona. Ha Jesu a rapella taba ena o ile a re: “Ba halaletse ka ’nete; lentsoe la hao ke ’nete.” (Joh. 17:17) Ho ‘halaletsoa’ hoo ho buuoang ka hona temaneng ena ho ka boela ha bolela ho arola. Kaha re se re phelela ho etsa thato ea Molimo batho baa re fetohela. Esita le ba malapa a rona le metsoalle ea rona ba ka ’na ba re hanyetsa ka lebaka la lintho tseo re li lumelang le hoja sepheo sa rona e se ho qabana le batho. Empa taba ena ha e re makatse hobane Jesu o ile a re: “Ka sebele, lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae.” (Mat. 10:36) Litaba tse monate ke hore o ile a re tiisetsa hore melemo eo re tla e fumana e tla ba mengata ho feta lintho tseo re li telang.—Bala Mareka 10:28-30.

12. Mora’bo rona Aaron o ile a reka ’nete joang?

12 Mora’bo rona Aaron oa Mojuda o hotse a tseba ho thoe ha hona motho ea tsebang hore na lebitso la Molimo le bitsoa joang. Empa o ne a batla ho tseba hore na taba ena ke ’nete. Kahoo, o ile a thaba haholo ha Paki e ’ngoe e mo ruta hore na le bitsoa joang. Kaha o ne a thabile o ile a ea ho baruti ba hae a il’o ba bolella. Ba ile ba halefa haholo ha ba utloa taba ena, ba mo tšoela ka mathe ’me ba qala ho mo tšoara joaloka motho eo e seng setho sa kereke. Le lelapa labo le ile la qala ho mo khesa. O ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka sebete bophelo bohle ba hae. Le rona joaloka mora’bo rona enoa re ikemiselitse ho tsoela pele re sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe hore na batho bao re ba ratang baa re lahla kapa che.

13, 14. Tea mohlala o bontšang hore na re lokela ho tela’ng e le hore re reke ’nete.

13 Boitšoaro boo Jehova a sa bo rateng. E le hore re reke ’nete re lokela ho itšoara le ho nahana ka tsela eo Jehova a e batlang. Ha Petrose a bua ka boitšoaro boo Jehova a sa bo rateng o ile a re: “Joaloka bana ba mamelang, le khaotse ho ba ka sebōpeho sa litakatso tseo le neng le e-na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lona, empa . . . le lona le fele le halalele boitšoarong bohle ba lona.” (1 Pet. 1:14, 15) Kaha batho ba Korinthe ba ne ba phela ka tsela e sa khahliseng Molimo, motho o ne a reka ’nete ka hore a fetole tsela eo a phelang ka eona. (1 Bakor. 6:9-11) Le mehleng ena batho ba bang ba reka ’nete ka hore ba tele tsela eo ba neng ba phela ka eona pele. Petrose o ile a boela a re: “Nako e fetileng e lekane hore ebe le phethile thato ea lichaba ha le ne le tsoela pele liketsong tsa boitšoaro bo hlephileng, litakatsong tse feteletseng, ho fetelleng ka veine, meketeng e lerata, litlhōlisanong tsa ho noa, le borapeling ba litšoantšo bo sa lumelloang.”—1 Pet. 4:3.

14 Pele ntate Devynn le ’mè Jasmine ba ithuta Bibele ba ne ba itlopa joala. Le hoja ntate Devynn a ne a ipabola mosebetsing oa hae oa liak’haonte, o ile a felloa ke mosebetsi oo ka lebaka la botahoa. Mohatsa oa hae eena o ne a tsebahala ka ho rata ntoa. Ka letsatsi le leng ha ’mè Jasmine a ntse a tsamaea seterateng se seng a tahiloe, o ile a teana le banyalani ba bang ba Lipaki eaba ba bua le eena ka Bibele ba ba ba lumellana ka nako eo ba tla ithuta ka eona. Empa ba ne ba sa lebella hore Lipaki tseo li khutle kaha ba ne ba nahana hore ha li ba tsotelle. Leha ho le joalo ka lekhetlo la bobeli ba ile ba fumana ba ba lebeletse. Li sa tloha feela ba ile ba rata litaba tseo ba ithutang tsona Bibeleng. Ba ile ba fetola tsela eo ba neng ba phela ka eona eaba likhoeli tse tharo hamorao ba tlohella joala eaba ba nyalana ka molao. Kaha ba ile ba fetola tsela eo ba neng ba phela ka eona ba ile ba khahla batho ba sebakeng seo ba phelang ho sona ’me ba ithuta Bibele.

15. Ke ntho efe e ka etsa’ng hore ho be thata hore re reke ’nete, hona hobane’ng?

15 Meetlo e sa khahliseng Molimo. Ho ka ba thata hore re tele setso le meetlo ea rona e le hore re khahlise Molimo. Maemong a mang le ha motho a ka lumela hore ntho eo a ithutang eona ke ’nete, ho ba thata hore a e tlohelle ka lebaka la ho tšaba batho bao ba amanang le bona, basebetsi ’moho, ba malapa kapa metsoalle ea bona. Boemo bona bo ka ba thata le ho feta ha motho a hlokahaletsoe. (Deut. 14:1) Empa mehlala ea batho ba bang e ka re thusa hore re be sebete ha re le maemong ana. Serapeng se latelang re tl’o hlahloba mohlala oa Baefese ba ileng ba bontša hore ba sebete.

16. Baefese ba ile ba reka ’nete joang?

16 Motse oa Efese o ne o tumme ka boselamose. Bakreste ba Baefese ba sa tsoa sokoloha ba ne ba tla thusoa ke’ng hore ba tlohelle boselamose ’me ba reke ’nete? Bibele e re: “Ka sebele, ba bangata ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose ba bokella libuka tsa bona ’me ba li chesa ka pel’a bohle. Ba kopanya theko ea tsona ’me ba fumana li ka rekoa ka likotoana tsa silevera tse likete tse mashome a mahlano. Kahoo ka tsela e matla lentsoe la Jehova la ’na la hola le ho hlola.” (Lik. 19:19, 20) Bakreste bana ba tšepahalang ba ile tela boselamose ’me ba reka ’nete, kahoo Jehova o ile a ba hlohonolofatsa haholo.

17. (a) Re ka reka ’nete ka lintho life? (b) Re tl’o bua ka’ng sehloohong se latelang?

17 U ile oa tela’ng e le hore u reke ’nete? Kaofela ha rona re tela nako, empa batho ba bang ba tela ho ba le chelete le batho bao ba ba ratang. Ba bang bona ba tela tsela eo ba neng ba phela ka eona pele le meetlo. Ho sa tsotellehe hore na ke lintho life tseo re li tetseng re kholisehile hore re entse qeto e nepahetseng ea ho reka ’nete kaha hona joale re na le kamano e ntle le Jehova. Ha re bona kamoo Jehova a re thusitseng kateng ho reka ’nete rea hlokomela hore ho e rekisa ke booatla. Re ka e rekisa ka ho etsa’ng, hona ke’ng e ka re thusang ho qoba phoso ee? Sehloohong se latelang re tla bua haholoanyane ka taba ena.

^ ser. 8 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.