Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Nahana Joaloka Mang?

U Nahana Joaloka Mang?

“Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho.”—BAR. 12:2.

LIPINA: 88, 45

1, 2. (a) Jesu o ile a re’ng ha a khalemela Petrose? (Sheba setšoantšo se qalong) (b) Ke hobane’ng ha a ile a mo khalemela ka tsela eo?

KA NAKO e ’ngoe barutuoa ba Jesu ba ne ba sa kholoe mantsoe ao a ileng aa bua ho bona. Ba ne ba lebelletse hore o tl’o khutlisetsa ’muso ho Iseraele empa o ile a ba bolella hore o tl’o hlorisoa a be a bolaoe. Eaba moapostola Petrose o re: “Ikhauhele, Morena ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.” Empa Jesu a mo khalemela a re: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.”—Mat. 16:21-23; Lik. 1:6.

2 Mantsoe ana a Jesu a ne a hlakisa hore batho ba sebeletsang Jehova le ba sa mo sebeletseng ba nahana ka tsela e fapaneng. (1 Joh. 5:19) Boemong bona Petrose o ile a nahana joaloka batho ba sa sebeletseng Molimo eaba o batla hore Jesu a iqenehele. Jesu eena o ne a tseba hore Ntate oa hae ha a nahane ka tsela eo. Empa o ne a batla hore a be sebete e le hore a tle a mamelle mahlomola a larileng ka pel’a hae. Ke ka lebaka leo a ileng a hanyetsa Petrose.

3. Ke eng e etsang hore ho be thata ho nahana ka tsela eo Jehova a batlang hore re nahane ka eona?

3 Rona re oela hokae? Na re nahana joaloka ka batho ba sebeletsang Molimo kapa joaloka ba sa mo sebeletseng? Ke ’nete hore re tlohetse mekhoa eo Jehova a sa e rateng, empa na re nahana ka tsela eo a batlang hore re nahane ka eona? Ha ho itlele feela hore re nahane ka tsela ena empa ho hlokahala boiteko. Kaha re pota-potiloe ke batho ba sa sebeletseng Molimo, ho bonolo hore re nahane joaloka bona. (Baef. 2:2) Batho bana ba khothalletsa hore re ikhauhele re se ke ra nahanela batho ba bang. Mabaka ana ke ’ona a etsang hore ho be thata ho nahana ka tsela eo Jehova a batlang re nahane ka eona.

4. (a) Ho tla etsahala’ng ka rona haeba re itumella ho nahana joaloka batho ba sa sebeletseng Jehova? (b) Sehlooho see se tl’o re thusa joang?

4 Haeba re itumella ho nahana joaloka batho ba sa sebeletseng Jehova, re tla ba baithati hape boitšoaro ba rona bo tla khoehla. (Mar. 7:21, 22) Ka hona ho bohlokoa hore re ikemisetse ho nahana joaloka Molimo eseng batho. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho nahana joaloka eena kaha se tl’o re bontša hore ho nahana joalo ha ho re time bolokolohi empa ho molemo. Se boetse se tl’o re thusa ho qoba ho nahana joaloka batho ba sa mo sebeletseng. Se latelang sona se tla re ruta hore na Jehova o nahana joang ka lintho tse fapaneng, se be se re thuse ho nahana joaloka eena.

MEELI EA JEHOVA HA E RE TIME BOLOKOLOHI

5. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa rate ho susumetsoa?

5 Batho ba bang ha ba rate ho susumetsoa hore na ba nahane joang. Ba nka hore ha ho na motho ea lokelang ho kena-kenana le liqeto tseo ba iketsetsang tsona. Ha ba rate ho bolelloa hore na ba etse’ng empa ba batla ho itaola. *

6. (a) Re na le bolokolohi bofe? (b) Jehova o batla re nahane ka eng pele re etsa liqeto?

6 Ho nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona ha ho bolele hore ha re sa na bolokolohi. 2 Bakorinthe 3:17 e re: “Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” Kaofela ha rona re na le bolokolohi ba ho ba batho bao re batlang ho ba bona. Le hoja Jehova a re bopile joalo, bolokolohi bona ba rona bo na le moeli. (Bala 1 Petrose 2:16.) Ha re etsa liqeto tabeng ea hore na ntho e nepahetse kapa e fosahetse, Jehova o batla hore re nahane hore na Bibele e re’ng. Joale re ka ipotsa hore na ho etsa joalo ho molemo kapa na ho re sitisa ho ba le bolokolohi ka tsela e feletseng.

7, 8. Etsa mohlala o bontšang hore meeli ea Jehova ha e re time bolokolohi.

7 Nahana ka mohlala ona. Batsoali ba sebetsa ka thata ho thusa bana ba bona ho ba le mekhoa e metle. Ba ba ruta ho tšepahala, ho sebetsa ka thata le ho nahanela batho ba bang. Ha se hore ha ba etsa joalo baa ba sotla empa ba ba thusa hore e tle e be bo-’mè le bo-ntate ba molemo ba ka moso. Ha bana bao ba se ba phuruselitse ba tla khona ho iketsetsa liqeto. Haeba ba khetha ho phela ka tsela eo batsoali ba bona ba ba holisitseng ka eona, ba ke ke ba etsa liqeto tseo ba tla ikoahlaela tsona hamorao. Ha ba etsa joalo, ba ke ke ba ipakela mathata kapa ba tšoenyeha.

8 Kaha Jehova le eena ke motsoali ea lerato, o batla hore bana ba hae ba phele hamonate. (Esa. 48:17, 18) Ke ka lebaka leo a re fileng melao e re bontšang hore na re itšoare joang le hore na re sebelisane le batho ba bang joang. O batla hore re nahane ka tsela eo a nahanang ka eona re be re etse thato ea hae. Kahoo, meeli ea hae ha e re time bolokolohi empa e re thusa ho ntlafatsa tsela eo re nahanang ka eona. (Pes. 92:5; Liprov. 2:1-5; Esa. 55:9) E boetse e re thusa ho etsa liqeto tse tla re thabisa. (Pes. 1:2, 3) Kannete ho nahana joaloka Jehova ho na le moputso o moholo.

TSELA EO JEHOVA A NAHANANG KA EONA E PHAHAME

9, 10. Tsela eo Jehova a nahanang ka eona e fapane joang le ea batho ba sa mo rapeleng?

9 Tsela eo batho ba sa rapeleng Jehova ba nahanang ka eona e fapane hole le eo a nahanang ka eona. Ba fana ka keletso tabeng ea boitšoaro, hore na malapa a ka thaba joang le hore na batho ba ka ba le mesebetsi e patalang hantle joang le lintho tse ling. Leha ho le joalo, keletso eo ba fanang ka eona e fapane hole le tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Ka mohlala, ba khothalletsa batho hore ba batle ho phahamela ba bang. Tabeng ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate teng ha re sa bua. Ba boetse ba re motho a ka hlala monna kapa mosali oa hae ha a batla le haeba a se na mabaka a utloahalang. Keletso ena ea bona ha e lumellane le Bibele. Empa na keletso e ka Bibeleng e siuoe ke nako hoo re ka mamelang ea batho ba sa rapeleng Molimo?

10 Jesu o ile a re: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Mat. 11:19) Batho ba ntse ba tsoela pele ho ntlafatsa theknoloji, leha ho le joalo ba sitoa ho felisa mathata a etsang hore batho ba se ke ba thaba a kang lintoa, khethollo le tlolo ea molao. Ba boetse ba lumella boitšoaro bo bobe. Ka lebaka leo, batho ba bangata baa hlokomela hore keletso eo ba e fuoang ha e sebetse ebile e qetella ka mathata a hore malapa a qhalane le ho kula. Ha e le rona re thabela bophelo le malapa a rona, re lula re hloekile boitšoarong ebile re na le khotso le Bakreste-’moho le rona lefatšeng lohle. (Esa. 2:4; Lik. 10:34, 35; 1 Bakor. 6:9-11) Taba ena e bontša hore tsela eo Jehova a nahanang ka eona e phahametse hole eo batho ba sa mo rapeleng ba nahanang ka eona.

11. Moshe o ile a tataisoa ke mang, hona o ile a rua molemo ofe?

11 Batho ba phetseng mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele le bona ba ile ba hlokomela hore tsela eo Jehova a nahanang ka eona e phahame haholo. Mohlala, le hoja Moshe a ile a “rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta” o ile a tataisoa ke Jehova kaha o ile a kopa hore a mo fe “pelo e bohlale.” (Lik. 7:22; Pes. 90:12) A boela a etsa thapeli ho Jehova a re: “Ntsebise litsela tsa hao.” (Ex. 33:13) Ka lebaka la hobane o ile a mamela Jehova le eena ke e mong oa batho ba nang le tumelo ba hlahang ka Bibeleng.—Baheb. 11:24-27.

12. Moapostola Pauluse o ne a etsa’ng pele a ka etsa qeto?

12 Moapostola Pauluse o ne a le bohlale, a rutehile a bile a tseba puo ea Seheberu le ea Segerike. (Lik. 5:34; 21:37, 39; 22:2, 3) Empa ha a ne a lokela ho etsa qeto mabapi le ntho e nepahetseng kapa e fosahetseng o ne batla keletso Lentsoeng la Molimo. (Bala Liketso 17:2; 1 Bakorinthe 2:6, 7, 13.) O ile tsoela pele a ruta batho ka ’Muso oa Molimo, ’me qetellong Jehova a mo putsa.—2 Tim. 4:8.

13. Ke boikarabello ba mang ho etsa hore tsela eo re nahanang ka eona e tšoane le ea Jehova?

13 Ho hlakile hore tsela eo Jehova a nahanang ka eona e fapane hole le eo batho ba sa mo rapeleng ba nahanang ka eona. Haeba re mo lumella hore a re tataise re tla thaba ebile re tla atleha. Empa a ke ke a re qobella hore re nahane joaloka eena. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le baholo ba ke ke ba re khethela hore na re nahane joang. (Mat. 24:45; 2 Bakor. 1:24) Ho e-na le hoo, re na le boikarabello ba ho etsa hore tsela eo re nahanang ka eona e lumellane le eo Jehova a nahanang ka eona. Ebe re ka thusoa ke’ng?

QOBA HO SUSUMETSOA HAMPE

14, 15. (a) Ha re lula re nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona ho tla etsahala’ng ka rona? (b) Etsa mohlala o bontšang hore Baroma 12:2 e nepile ha e re re lokela ho qoba ho nahana joaloka batho ba sa sebeletseng Molimo.

14 Baroma 12:2 e re: “Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lona, e le hore le ka ipakela e le lona thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” Temana ena e bontša hore re ka khona ho fetoha ho sa tsotellehe hore na re ne re le babe hakae. Tsela eo re nahanang ka eona e susumetsoa ke lefutso le hore na re holisitsoe joang. Empa re ka khona ho fetoha hobane Jehova o re bopile joalo. Lintho tseo re li nahanang ke tsona tse tla cho hore na re fetoha joang. Ha re lula re nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona, re tla nka ho etsa thato ea hae e le eona ntho e nepahetseng. Ha re etsa joalo, ho tla ba bonolo hore re nahane ka tsela eo a nahanang ka eona.

15 E le hore re nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona, re lokela ho ‘khaotsa ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho.’ Re boetse re lokela ho qoba hore maikutlo a batho ba sa rapeleng Molimo a re susumetse. Re ka bapisa taba ena le lijo. Motho a ka leka ho ntlafatsa bophelo ba hae ka hore a je lijo tse nang le phepo e nepahetseng. Empa ha a boela a ja lijo tse bolileng o tla ba le mathata. Ka tsela e tšoanang ho tla be ho se na thuso haeba re nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona empa re susumetsoa ke batho ba sa mo rapeleng.

16. Re lokela ho qoba eng?

16 Na re ka khona ho qoba ho ba har’a batho ba sa sebeletseng Jehova? Che! Lintho tse ling re ke ke ra khona ho li qoba. (1 Bakor. 5:9, 10) Ha re ruta molaetsa oa Bibele re kopana le bona. Le hoja maemong a mang re tlameha ho ba le batho ba sa sebeletseng Jehova, re lokela ho etsisa Jesu ka hore re potlakele ho hana tsela eo ba nahanang ka eona. Hape re lokela ho qoba ho ba le batho bana.—Bala Liproverbia 4:23.

17. Ke eng eo re lokelang ho ba hlokolosi ha re e etsa?

17 Mohlala, re lokela ho ba hlokolosi ha re khetha metsoalle. Bibele e re eletsa hore haeba re tloaelana le batho ba sa rateng Jehova, ba ka re susumetsa hampe. (Liprov. 13:20; 1 Bakor. 15:12, 32, 33) Re boetse re lokela ho ba hlokolosi ha re khetha tsela eo re ithabisang ka eona. Re etsa hantle ha re qoba ho ithabisa ka lintho tseo Jehova a sa li rateng joaloka ntoa, boitšoaro bo bobe le tse ling, hobane re tla be re qoba ho itšilafatsa ka lintho tse “khahlanong le tsebo ea Molimo.”—2 Bakor. 10:5.

Na ke thusa bana ba ka hore ba ithabise ka tsela e nepahetseng? (Sheba lirapa 18 le 19)

18, 19. (a) Ke lintho life tse poteletseng tseo Satane a li sebelisang? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life hona hobane’ng?

18 Re boetse re lokela ho qoba lintho tse ling tseo Satane a ka li sebelisang ka tsela e poteletseng. Ka mohlala, motho ea balang litaba a ka re susumetsa hore re kenelle lipolotiking ka santhao. Satane a ka re susumelletsa hore re batle ho ba le lintho tseo batho ba sa sebeletseng Jehova ba batlang ho ba le tsona. Lifilimi le libuka tse ling tsona li ka etsa hore re be baithati re be re nke ho utloana le batho bao re amanang le bona ho le molemo ho feta ho ratoa ke Jehova. Lintho tsena kaofela li khahlanong le Bibele hobane rea tseba hore malapa a rona a tla atleha ebile re tla thaba hafeela re rata Jehova ho feta eng kapa eng. (Mat. 22:36-39) Lipale tse ling tsona le hoja li bonahala eka ha lia fosahala li ka susumelletsa bana hore ba itšoare hampe.

19 Ha se hore ho ithabisa ke ntho e fosahetseng. Leha ho le joalo, re ka ipotsa: ‘Na ke khona ho bona ha batho ba sa rapeleng Jehova ba ntšusumetsa ka tsela e poteletseng? Na ke ikela hloko ebile ke thusa bana ba ka hore ba se ke ba bala le ho shebella ntho e ’ngoe le e ’ngoe? Na ke thusa bana ba ka hore ba nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona ka lintho tseo ba li bonang kapa ba li utloang? Haeba re bona phapang pakeng tsa tsela eo Jehova a nahanang ka eona le eo batho ba sa mo rapeleng ba nahanang ka eona, re ka qoba “ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho.”

U SUSUMETSOA KE MANG?

20. Re ka tseba joang hore na ke mang ea re susumetsang?

20 Sehloohong sena re ithutile hore re ka susumetsoa ke Jehova kapa ke batho ba sa mo sebeletseng. Empa ha e le hantle re batla ho susumetsoa ke mang? Ho re na re susumetsoa ke mang ho tla tsoa ka hore na ke mang ea re tataisang. Haeba re khetha ho susumetsoa ke batho ba sa mameleng Molimo re tla nahana joaloka bona. Kahoo, ho bohlokoa hore re qobe lintho tse ka etsang hore re nahane ka tsela e fosahetseng.

21. Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

21 Qalong re ithutile hore e le hore re nahane joaloka Jehova re lokela ho qoba ho nahana lintho tse fosahetseng. Hape re lokela ho ithuta Bibele e le hore re tle re nahane joaloka eena. Sehloohong se latelang re tl’o ithuta hore na re ka thusoa ke eng hore re etse joalo.

^ ser. 5 Ho bua ’nete, ha ho na motho ea ka khonang ho iketsetsa liqeto a le mong empa ho ntse ho e-na le tsela eo a ka susumetsoang ka eona. Ho sa tsotellehe hore na motho o etsa qeto e kholo kapa e nyane, o e etsa a susumelitsoe ke batho ba bang ebang oa hlokomela kapa ha a hlokomele. Ho se ho le ho rona ho khetha hore na re batla ho susumetsoa ke mang.