Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sehlooho Se Ithutoang 47

Na U Ikemiselitse ho Lula U Fetoha?

Na U Ikemiselitse ho Lula U Fetoha?

“Qetellong, barab’eso, le tsoele pele ho thaba, ho khutlisetsoa tseleng.”​—2 BAKOR. 13:11.

PINA EA 54 “Tsela ke Eona Ena”

SELELEKELA *

1. Matheu 7:​13, 14, e re thusa joang ho bona hore re tseleng?

KAOFELA ha rona re leetong. Re habile ho fihla lefatšeng le lecha moo re tla busoa ke Jehova, Molimo ea lerato. Letsatsi le letsatsi re leka ho tsamaea tseleng e isang bophelong. Empa joalokaha Jesu a boletse, tsela eo e patisane ’me ka linako tse ling ho thata ho tsamaea ho eona. (Bala Matheu 7:​13, 14.) Kaha re baetsalibe, ho bonolo feela hore re khelohe tsela ena.​—Bagal. 6:1.

2. Re tl’o tšohla’ng sehloohong see? (Sheba le lebokose le reng: “ Boikokobetso bo re Thusa Ho Fetoha.”)

2 Haeba re batla ho lula tseleng e patisaneng e isang bophelong, re lokela ho ikemisetsa ho fetola tsela eo re nahanang ka eona, eo re ikutloang ka eona le eo re itšoarang ka eona. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba Korinthe hore ba tsoele pele “ho khutlisetsoa tseleng.” (2 Bakor. 13:​11) Le rona keletso eo e tla re thusa. Sehloohong sena re tl’o tšohla hore na Bibele e ka re thusa joang hore re fetohe le hore na metsoalle ea rona eo mohlala oa eona o leng motle e ka re thusa joang hore re lule re le tseleng e isang bophelong. Re tla boela re tšohle hore na ke’ng e ka re thatafalletsang ho mamela tataiso eo re e fuoang ke mokhatlo oa Jehova. Hape re tl’o bona hore na boikokobetso bo ka re thusa joang hore re fetohe ha ka nako e tšoanang re ntse re thabela ho sebeletsa Jehova.

LUMELLA BIBELE HO U FETOLA

3. Lentsoe la Molimo le ka u thusa joang?

3 Ha ho bonolo hore rona ka borona re itlhahlobe menahano le maikutlo. Lipelo tsa rona li bolotsana ’me ntho eo e ka etsa hore ho be thata ho tseba hore na li tla re susumelletsa ho etsa’ng. (Jer. 17:9) Ho “ithetsa ka monahano oa bohata” ke bosesaane ba khoele. (Jak. 1:​22) Kahoo re lokela ho sebelisa Bibele ho itlhahloba. Lentsoe la Molimo le khona ho senola botho ba rona, ‘menahano le boikemisetso ba lipelo’ tsa rona. (Baheb. 4:​12, 13) Le tšoana haholo le seipone sa ngakeng (X-ray) se khonang ho bontša hore na re joang ka hare-hare. Empa re lokela ho ikokobetsa e le hore re tle re khone ho mamela keletso e tsoang ka Bibeleng kapa e tsoang ho bahlanka ba Molimo.

4. Ke’ng e bontšang hore Morena Saule e ile ea e-ba motho ea ikhohomosang?

4 Mohlala oa Morena Saule oa re bontša hore na ho ka etsahala’ng haeba re se na boikokobetso. Saule o ile a ikhohomosa hoo a ileng a hana le ho lumela hore o hloka ho fetoha. (Pes. 36:​1, 2; Hab. 2:4) Boikhohomoso bona ba hae bo ile ba bonahala hantle ka mor’a hore Jehova a mo fe litaelo tse hlakileng tsa hore na a etse’ng ka mor’a hore a hlole Baamaleke. Saule ha aa ka a mamela litaelo tseo tsa Jehova. Leha moprofeta Samuele a mo khalemella ntho eo a e entseng, ha aa ka a amohela hore o entse phoso. Empa o ile a leka ho ikemela ka hore a etse eka phoso ea hae ha se ntho e kholo hakaalo a ba a beha batho ba bang molato ka phoso eo. (1 Sam. 15:​13-24) Saule o ne a ile a etsa ntho e tšoanang pele ho moo. (1 Sam. 13:​10-14) Ka masoabi o ile a tlohella pelo ea hae hore e ikhohomose. Ha aa ka a fetola tsela eo a nahanang ka eona, kahoo Jehova o ile a mo khalemela a ba a mo lahla.

5. Ke eng eo re lokelang ho e etsa e le hore re se ke ra tšoana le Saule?

5 Kaha ha re batle ho tšoana le Saule, re lokela ho ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Ha ke bala likeletso tse tsoang ka Bibeleng, na ke tloaetse ho ikemela? Na ke bona liphoso tseo ke li entseng li se kholo hakaalo? Na ke beha batho ba bang molato ka liphoso tseo ke li etsang?’ Haeba re arabile e ’ngoe ea lipotso tsena ka e, re lokela ho fetola tsela eo re nahanang ka eona. Ho seng joalo re ka ikhohomosa ho ea boholeng ba hore Jehova a be a qetelle a re lahlile.​—Jak. 4:6.

6. Morena Saule le Morena Davida ba ne ba fapane hakae?

6 Hlokomela hore na Morena Saule le Morena Davida ba ne ba fapane hakae. Davida o ne a rata “molao oa Jehova.” (Pes. 1:​1-3) O ne a tseba hore Jehova o pholosa ba ikokobelitseng empa o hanyetsa ba ikhohomosang. (2 Sam. 22:​28) Kahoo o ile a lumella molao oa Molimo hore o fetole tsela eo a nahanang ka eona. O ile a re: “Ke tla boka Jehova, ea mphileng keletso. Ka sebele, liphio tsa ka li nkhalemetse bosiu.”​—Pes. 16:7.

BIBELE

Bibele ea re lemosa ha re etsa lintho tse fosahetseng. Haeba re ikokobelitse re tla lumella Bibele ho fetola menahano ea rona e fosahetseng (Sheba serapa sa 7)

7. Re tla etsa’ng haeba re ikokobelitse?

7 Haeba re ikokobelitse re tla lumella Bibele hore e fetole menahano ea rona e fosahetseng pele e ka re lebisa sebeng. Ho tla tšoana leha eka Bibele e re ho rona: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.” E tla re lemosa haeba re etsa ntho e fosahetseng. (Esa. 30:​21) Ho mamela Jehova ho tla re tsoela molemo. (Esa. 48:​17) Mohlala, re ke ke ra ikutloa re soabile hobane motho e mong a tlameha ho re khalemela. Hape re tla rata Jehova le ho feta hobane re bona hore o re tsotella joalokaha ntate a tsotella ngoan’a hae.​—Baheb. 12:7.

8. Ho ea ka Jakobo 1:​22-25, re ka sebelisa Lentsoe la Molimo joang hore e be seipone ho rona?

8 Lentsoe la Molimo le ka tšoana le seipone ho rona. (Bala Jakobo 1:​22-25.) Boholo ba rona re icheba ka seiponeng hoseng ho hong le ho hong pele re tsamaea. Ha re etsa joalo re ka khona ho bona hore na re itokisa hokae pele batho ba re bona. Ka tsela e tšoanang ha re bala Bibele letsatsi le letsatsi, re tla khona ho bona hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re lokise tsela eo re nahanang ka eona le tsela eo re ikutloang ka eona. Ba bangata ba ee ba bone ho le molemo ho bala temana ea letsatsi hoseng ho hong le ho hong pele ba phetha mabaka a bona. Ba lumella lintho tseo ba li balang hore li fetole menahano ea bona. Ebe letsatsing leo baa sheba hore na ba ka sebelisa keletso e tsoang ka Bibeleng joang. Hape re lokela ho bala le ho thuisa ka lintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng letsatsi le letsatsi. Le hoja ho ka bonahala eka ntho ena e bonolo, ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse tla re thusa ho lula re le tseleng e patisaneng e isang bophelong.

MAMELA METSOALLE E BEHANG MOHLALA O MOTLE

METSOALLE

Mokreste-’moho le rona eo mohlala oa hae o leng motle a ka ’na a re eletsa ka mosa. Na re tla ananela hore ebe o bile le sebete sa ho bua le rona? (Sheba serapa sa 9)

9. Motsoalle oa hao a ka lokela ho u khalemela maemong afe?

9 Na u kile oa etsa ntho e neng e senya kamano ea hao le Jehova? (Pes. 73:​2, 3) Haeba motsoalle oa hao o kile a iteta sefuba a u khalemela, na u ile oa mamela likeletso tsa hae? Haeba ho joalo, u entse ntho e nepahetseng ’me oa thaba hore ebe motsoalle oa hao o ile a u eletsa.​—Liprov. 1:5.

10. U lokela ho etsa’ng ha motsoalle oa hao a u eletsa?

10 Bibele e re: “Maqeba a bakoang ke moratuoa aa tšepahala” (Liprov. 27:6) Mantsoe aa a bolela’ng? Nahana ka taba ke ena: A re re u mothating oa ho tšela ’mila o phetheselang ebe u fihla u penya fono. U kena ka tseleng u ntse u shebile fono. Ebe motsoalle oa hao o fihla a u tšoara ka sephaka a u hotolela ka thoko ho tsela. Ha a u tšoara o u tiisa hoo a bileng a u ngoapang empa ntho eo a e entseng ea u pholosa hore u se ke oa chaisoa ke koloi. Le haeba u ne u ka qeta matsatsi u opeloa ka lebaka la mongoapo oo o sephakeng, na u ne u tla koatela motsoalle oa hao hore ebe o u hototse joalo? Ho hang. U ne u ka mo leboha hore ebe o u thusitse. Ka tsela e tšoanang qalong u ka ’na oa utloa bohloko ha motsoalle oa hao a u bolella hore liketso tsa hao kapa lipuo tsa hao ha li ee ka molao oa Molimo. Empa u se ke oa halefa hobane a u elelitse kapa oa mo koatela. Ntho eo ke ho hloka kelello. (Moek. 7:9) Ho e-na le ho koata, u mo lebohe hore ebe o ile a ba le sebete sa ho bua le uena ka taba eo.

11. Ke eng e ka etsang hore motho a hane ho mamela ha a fuoa keletso e tla mo tsoela molemo?

11 Ke eng e ka etsang hore motho a hane ho mamela ha a fuoa keletso e tla mo tsoela molemo? Ke boikhohomoso. Batho ba ikhohomosang ba rata hore “litsebe tsa bona li tsikinyetsoe.” Ba “retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete.” (2 Tim. 4:​3, 4) Kaha ba nahana hore ba bohlale kapa ba phahametse batho ba bang, ba bona ho sa hlokahale hore ba eletsoe. Empa moapostola Pauluse o ile a re: “Haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong empa e se letho o thetsa kelello ea hae.” (Bagal. 6:3) Morena Solomone o ile a beha taba ena ka makhethe ha a re: “Ngoana ea hlokang empa a le bohlale o molemo ho feta morena ea tsofetseng empa a hloka kelello, ea sa tsebeng ho lekaneng hore a ka hlola a sa lemosoa.”​—Moek. 4:13.

12. Ha re sheba Bagalata 2:​11-14, tsela eo Petrose a ileng a itšoara ka eona ha a khalemeloa e re ruta’ng?

12 Hlokomela hore na Petrose o ile a etsa’ng ha Pauluse a mo khalemela ka pel’a batho. (Bala Bagalata 2:​11-14.) Petrose a ka be a ile a koatisoa ke lintho tseo Pauluse a li buileng, tsela eo a li buileng ka eona le ke hore o mo khalemeletse ka pel’a batho. Empa Petrose o ne a le bohlale. O ile a amohela keletso ea Pauluse ebile ha aa ka a mo jara ka pelo. Hamorao o ile a ba a re Pauluse ke “mor’abo rōna ea ratoang.”​—2 Pet. 3:15.

13. Ke lintho life tseo re lokelang ho li hopola pele re eletsa motho e mong?

13 Haeba u nahana hore u lokela ho eletsa motsoalle oa hao, ke lintho life tseo u lokelang ho li hopola? Pele u bua le eena, ipotse potso ena: ‘Na ebe ha ke iketse motho “ea lokileng ho feta tekanyo”?’ (Moek. 7:​16) Motho ea lokileng ho feta tekanyo o ahlola batho ba bang ho ea ka hore na eena o bona eka ke eng e nepahetseng eseng ho ea ka melao ea Jehova, ebile hangata ha a mohau. Haeba u bona ho ntse ho hlokahala hore u mo eletse le ka mor’a hore u nahanisise ka botebo ka potso eo, u mo bolelle bothata ka tsela e hlakileng ’me u mo botse lipotso tse tla mo thusa ho bona phoso ea hae. U etse bonnete ba hore ntho eo u e buang e thehiloe Bibeleng, hape u hopole hore motsoalle oa hao ha a tl’o ikarabella ho uena empa o tla ikarabella ho Jehova. (Bar. 14:​10) U tšepe likeletso tse bohlale tse ka har’a Bibele ’me ha u eletsa motho e mong u be mosa joaloka Jesu. (Liprov. 3:5; Mat. 12:​20) Hobane’ng? Hobane Jehova o tla re tšoara ka tsela eo re tšoarang batho ba bang ka eona.​—Jak. 2:13.

MAMELA TATAISO EA MOKHATLO OA MOLIMO

MOKHATLO OA MOLIMO

Mokhatlo oa Molimo o re fa lingoliloeng, livideo ebile o hlophisa liboka tse re thusang ho mamela likeletso tse tsoang ka Lentsoeng la Molimo. Ka linako tse ling Sehlopha se Busang se etsa liphetoho tseleng eo mosebetsi oa Molimo o etsoang ka eona (Sheba serapa sa 14)

14. Mokhatlo oa Molimo o re fa lintho life?

14 Ha re ntse re tsamaea tseleng e isang bophelong, Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae o lefatšeng ho re tataisa. Mokhatlo oo o fana ka livideo, lingoliloeng ebile o hlophisa liboka tse re thusang ho mamela likeletso tse tsoang ka Bibeleng. Boitsebiso boo re bo fumanang linthong tsena bo thehiloe Lentsoeng la Molimo. Sehlopha se Busang se itšetleha ka moea o halalelang ha se etsa liqeto tsa hore na litsela tse molemo tsa ho etsa mosebetsi oa boboleli ke life. Ho ntse ho le joalo, nako le nako Sehlopha se Busang se hlahloba liqeto tseo se li entseng e le ho bona hore na ha ho na liphetoho tse hlokahalang. Hobane’ng? Hobane “boemo ba lefatše lena boa fetoha” ’me mokhatlo oa Molimo o lokela ho fetoha le maemo.​—1 Bakor. 7:31.

15. Bahoeletsi ba bang ba ile ba hlaheloa ke maemo afe a boima?

15 Ha mokhatlo oa Molimo o fana ka tlhaloso e ncha ea thuto e itseng ea Bibele kapa tataiso e amanang le melao ea Jehova, rea e amohela ebile rea e sebelisa. Empa re etsa’ng haeba mokhatlo oa Molimo o fana ka tataiso e amang likarolo tse ling tsa bophelo ba rona? Mohlala, morao tjena ho se ho le turu haholo ho haha Liholo Tsa ’Muso le ho li boloka li le boemong bo botle. Kahoo Sehlopha se Busang se fane ka tataiso ea hore liphutheho tse ngata kamoo ho ka khonehang li sebelise Holo e le ’ngoe ea ’Muso. Ka mor’a hore ho fanoe ka tataiso ena, liphutheho tse ngata li ile tsa kopanngoa eaba Liholo tse ling tsa ’Muso lia rekisoa. Chelete e fumanoang e sebelisoa ho haha Liholo tsa ’Muso moo li hlokahalang haholo. Haeba u phela sebakeng seo ho sona Liholo tsa ’Muso li ntseng li rekisoa le moo liphutheho li ntseng li kopanngoa, e ka ’na eaba ho thata hore u tloaele maemo ao a macha. Bahoeletsi ba bang ba se ba tlameha ho tsamaea sebakana ha ba ea libokeng. Ba bang ba ileng ba sebetsa ka thata ho haha kapa ho boloka Holo ea ’Muso e le boemong bo botle, ba ka ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha e se e rekisoa. Ba ka ’na ba utloa eka mofufutso oa bona o tsoetse boeeng joaloka oa ntja. Ho ntse ho le joalo, ba amohetse tataiso ena e ncha ka liatla tse peli ’me ba etsa hantle haholo.

16. Ho ea ka Bakolose 3:​23, 24, ke eng e tla re thusa hore re lule re thabile?

16 Re tla lula re thabile haeba re hopola hore re sebeletsa Jehova ’me ke eena ea tataisang mokhatlo oa hae. (Bala Bakolose 3:​23, 24.) Morena Davida o re behetse mohlala o motle ha a ne a ntša lichelete tsa hae hore tempele e hahoe. O ile a re: “’Na ke mang ’me sechaba sa ka ke bo-mang, hore re be le matla a ho etsa linyehelo tsa boithaopo tse tjee? Etsoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ho uena, ’me re u file se tsoang letsohong la hao.” (1 Likron. 29:​14) Le rona ha re ntša menehelo, re fa Jehova seo a seng a ntse a re file sona. Empa o thaba haholo ha re tela nako, matla le lintho tsa rona e le hore re etse mosebetsi oa hae.​—2 Bakor. 9:7.

LULA TSELENG E PATISANENG

17. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho nyahama haeba u bona hore u lokela ho fetoha?

17 Kaofela ha rona re lokela ho etsisa Jesu e le hore re lule re le tseleng e patisaneng e isang bophelong. (1 Pet. 2:​21) Haeba u bona hore u lokela ho fetoha, u se ke oa nyahama. Ntho eo ka boeona ke ntho e ntle, ea bontša hore u ikemiselitse ho mamela Jehova. Hopola hore Jehova oa tseba hore re baetsalibe, kahoo ha a lebella hore re etsise Jesu ka tsela e phethahetseng.

18. Re lokela ho etsa’ng e le hore re fihle lefatšeng le lecha?

18 E se eka kaofela ha rona re ka lula re nahana ka bokamoso ba rona ’me re ikemisetse ho fetola tsela eo re nahanang ka eona, eo re ikutloang ka eona le eo re itšoarang ka eona. (Liprov. 4:​25; Luka 9:​62) A re luleng re ikokobelitse, re “tsoele pele ho thaba, ho khutlisetsoa tseleng.” (2 Bakor. 13:​11) Ha re ka etsa joalo, “Molimo oa lerato le oa khotso o tla ba le [rona].” Hape o tla re thusa hore re thabe hona joale a be a re fihlise lefatšeng le lecha.

PINA EA 34 Re Sebeletsa Jehova ka Botšepehi

^ ser. 5 Ba bang ba rona ba ka ’na ba utloa ho le thata ho fetola tsela eo ba nahanang ka eona, eo ba ikutloang ka eona le eo ba itšoarang ka eona. Sehlooho sena se tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha kaofela ha rona re lokela ho lula re etsa liphetoho le hore na ke eng e tla re thusa ho lula re thabile ha re ntse re li etsa.

^ ser. 76 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha mor’abo rona e mocha a bolela hore na o hlahetsoe ke eng ka mor’a ho etsa qeto e fosahetseng, mor’abo rona e moholo (ka ho le letona) o mamela a theotse moea ho bona hore na o hloka ho mo eletsa.