Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E ka be e Ile ea E-ba Motsoalle oa Jehova

E ka be e Ile ea E-ba Motsoalle oa Jehova

RE SEBELETSA Jehova ’me re batla ho ba le kamano e ntle le eena. Empa ke bo-mang ba ka bang le kamano e ntle le Jehova ’me a ba hlohonolofatsa? Jehova o ile a amohela batho ba bang ba mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele le hoja ba ile ba etsa libe tse tebileng. Ba bang ba ne ba e-na le makhabane empa ba hloleha ho amoheloa ke Jehova. Kahoo, re ka ipotsa: ‘Jehova o batla hore re etse’ng?’ Mohlala oa Roboame, morena oa Juda o tla re thusa ho araba potso ena.

O HATA KA LEOTO LESELE

Ntate oa Roboame e ne e le Solomone ea ileng a busa Iseraele ka lilemo tse 40. (1 Mar. 11:42) Solomone o ile a shoa ka selemo sa 997 pele Jesu a tla lefatšeng. Eaba Roboame o tloha Jerusalema ’me o leba Shikeme ho ea hlomamisoa hore e be morena. (2 Likron. 10:1) Mohlomong o ne a tšohile hore e tla ba eena morena ea hlahlamang ntata’e Solomone ea ileng a tsebahala e le motho ea bohlale. Ka mor’a nakoana o ne a tla lokela ho rarolla bothata bo tebileng.

Ha Roboame a qala ho busa, o ile a fumana ’Muso oa Iseraele o se na khotso. Baiseraele ba ne ba hateletsoe eaba ba romella baemeli ba bona hore ba e’o bolella Roboame hore na ba labalabela ho bona liphetoho life pusong. Ba ile ba re: “Ntat’ao o ile a etsa hore joko ea rōna e be boima; joale bebofatsa tšebeletso e boima ea ntat’ao le joko e boima eo a e behileng holim’a rōna, ’me re tla u sebeletsa.”—2 Likron. 10:3, 4.

Roboame o ne a lokela ho etsa qeto e boima. Haeba a ne a ka etsa lintho tseo batho ba li batlang, eena le lelapa labo hammoho le ba lulang ntlong ea borena, ba ne ba ke ke ba hlola ba hlaba khobe ka lemao. Empa haeba a ne a ka hana ho etsa joalo, batho e ne e tla ba marabele. O ile a etsa qeto efe? O ile a kopa keletso ho banna ba holileng bao e neng e le baeletsi ba Solomone. Eaba ba mo eletsa hore a mamele sechaba. Empa ka mor’a moo, o ile a boela a batla keletso ho lithaka tsa hae. A mamela keletso ea bona eaba o tšoara batho hampe. O ile a re: “Ke tla etsa hore joko ea lōna e be boima haholoanyane ’me ke tla eketsa ho eona. Ntate o le shapile ka liphali, empa ke tla le shapa ka liphali tse metjeka.”—2 Likron. 10:6-14.

Re ithuta’ng tabeng ee? Ho bohlokoa ho mamela ba holileng bao e leng khale ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ba ka re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. Re lokela ho hlalefa ’me re ba mamele.—Jobo 12:12.

BA ILE “BA MAMELA LENTSOE LA JEHOVA”

Roboame o ile a bokella lebotho la ntoa ho ea loantša sechaba se ikentseng marabele. Leha ho le joalo, Jehova o ile a romela moprofeta Shemaia ho eena ’me a re ho Roboame: “Le se ke la nyoloha ’me la loantša barab’abo lōna bara ba Iseraele. E mong le e mong a khutlele ntlong ea hae, etsoe ntho ena e hlahile ka tšusumetso ea ka.”—1 Mar. 12:21-24. *

Na ho ne ho le bonolo hore Roboame a mamele taelo ea Jehova ea hore a se ke a loana? Bafo ba ne ba tla nahana’ng ka morena oa bona? O ne a ile a bolella sechaba hore o tla se shapa ka “liphali tse metjeka.” Empa joale o ne a sa tl’o etsa letho ka sechaba sa marabele. (Bapisa le 2 Likronike 13:7.) Ho sa tsotellehe hore na sechaba se ne nahana’ng ka morena, eena le lebotho la hae, ba ile “ba mamela lentsoe la Jehova, ’me ba khutlela hae ho ea ka lentsoe la Jehova.”

Taba ee e re ruta’ng? Ho bohlokoa hore re mamele Jehova le haeba batho ba ka re fetola litšeho. Kamehla Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re mo mamela.—Deut. 28:2.

Roboame o ile a hlohonolofatsoa joang? O ile a tsoela pele e le morena oa Juda le Benjamine ’me a etsa qeto ea ho haha metse e mecha. A boela a ntlafatsa metse e ’maloa “ka tekanyo e khōlō.” (2 Likron. 11:5-12) Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore o ile a mamela Jehova ka nako e itseng. Batho ba bangata ba tsoang melokong e leshome ea Juda e neng e busoa ke Jeroboame e neng e rapela litšoantšo, ba ile ba ea Jerusalema ho ea tšehetsa Roboame le ho rapela Jehova. (2 Likron. 11:16, 17) Kahoo, kaha Roboame o ile a mamela Jehova, ’muso oa hae o ile oa e-ba matla.

ROBOAME O ETSA SEBE EMPA OA BAKA

Leha ho le joalo, ha ’muso oa Roboame o e-ba matla, o ile a etsa ntho e sa lebelloang. A khaotsa ho mamela molao oa Jehova eaba o qala ho rapela melimo esele. Hobane’ng? ’M’ae le nkhono’ae e ne e se Baiseraele. E ne e le Baamone. (1 Mar. 14:21) Na ba ile ba mo susumetsa? Ha re tsebe hantle, empa sechaba se ile sa mo etsisa. Kahoo, Jehova o ile a lumella Morena Shishake oa Egepeta hore a hape metse e mengata ea Juda le hoja Roboame a ile a e tiisa ka thata.—1 Mar. 14:22-24; 2 Likron. 12:1-4.

Li ile tsa hloa lekhoara ha Shishake le lebotho la hae ba hlasela Jerusalema moo Roboame a neng a busa teng. Ka nako eo, moprofeta Shemaia o ile a bolella Roboame le likhosana molaetsa o tsoang ho Jehova a re: “Le ntlohetse, ’me le ’na ke le tlohetse letsohong la Shishake.” Roboame o ile a arabela joang? Bibele e re: “Likhosana tsa Iseraele le morena baa ikokobetsa ’me ba re: ‘Jehova o lokile.’” Kahoo, Jehova a pholosa Roboame ’me Jerusalema ha ea ka ea timetsoa.—2 Likron. 12:5-7, 12.

Ka mor’a moo, Roboame o ile a tsoela pele ho busa Juda. Pele a e-shoa, o ile a fa bara ba hae limpho tse ngata hobane a sa batle hore ba fetohele moholoane oa bona Abija eo e neng e tla ba mohlahlami oa hae boreneng. (2 Likron. 11:21-23) Ka ho etsa joalo, o ne a bontša hore o bohlale ho feta nakong eo a neng a le mocha.

NA ROBOAME O NE A LOKILE MAHLONG A MOLIMO?

Le hoja Roboame a ile a leka ho etsa lintho tse ngata tse ntle, Bibele e re o ile “a etsa se sebe.” Jehova ha aa ka a mo nka e le e mong oa batho ba mo tšepahalletseng. Hobane’ng? Hobane “o ne a sa tiisa pelo ea hae hore e batle Jehova.”—2 Likron. 12:14.

Roboame o ne a se na kamano e ntle le Jehova joaloka Davida

Re ithuta’ng ka tsela eo Roboame a neng a phela ka eona? O ne a mamela Jehova ka linako tse ling. A etsetsa batho ba Hae lintho tse ntle. Empa ha aa ka a sebeletsa ho matlafatsa kamano ea hae le Jehova. Hape o ne a se na takatso ea ho mo khahlisa. Kahoo, o ile a khaotsa ho etsa lintho tse nepahetseng eaba o qala ho rapela melimo esele. U ka ’na oa ipotsa: ‘Ha Roboame a ne a mamela Jehova, na e ne e le hobane a ikoahlaela liphoso tsa hae ’me a batla ho mo sebeletsa? Kapa na e ne e le hobane feela a batla ho etsa lintho tseo batho ba reng a li etse?’ (2 Likron. 11:3, 4; 12:6) Hamorao bophelong o ile a etsa lintho tse mpe mahlong a Jehova. O ne a fapane hole le ntata’e-moholo e leng Morena Davida. Le hoja Davida a ne a etsa liphoso, o ne a li bakela. O ne a bile a rata Jehova le borapeli ba ’nete.—1 Mar. 14:8; Pes. 51:1, 17; 63:1.

Re ithuta taba ea bohlokoa ho Roboame. Re lokela ho hlokomela ba malapa a rona ’me re sebeletse Jehova. Empa ha hoa lekana. E le hore re matlafatse kamano ea rona le Jehova, re lokela ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang.

Re ka khona ho etsa joalo haeba re mo rata ka ho tebileng. Feela joalokaha re lokela ho roteletsa mollo e le hore o ’ne o tuke, re lokela ho ithuta Bibele, re thuise ka lintho tseo re ithutang tsona ’me re lule re rapela e le hore kamano ea rona le Jehova e lule e le matla. (Pes. 1:2; Bar. 12:12) Haeba re rata Jehova ka tsela ena, re tla mo khahlisa linthong tsohle. Re tla soabela liphoso tsa rona ’me re kope Jehova hore a re tšoarele. Ha re etsa joalo, re ke ke ra tšoana le Roboame empa re tla lula re tšepahalla Jehova.—Juda 20, 21.

^ ser. 9 Kaha Solomone ha aa ka a tšepahala, Molimo o ne a se a entse qeto ea hore ’muso o aroloe likoto tse peli.—1 Mar. 11:31.