Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Jehova o Ile a Ntšelisa Har’a Matšoenyeho ’Ohle a ka

Jehova o Ile a Ntšelisa Har’a Matšoenyeho ’Ohle a ka

Ka bophirimela ho noka ea Indus ho na le toropo ea khale e bitsoang Sukkur. Hona joale sebaka seo se tsebahala e le Pakistan. Ke moo ke hlahetseng teng ka la 9 November, 1929. Ka nako eo, batsoali ba ka ba ile ba fuoa libuka tse mebala-bala ke moromuoa oa Lekhooa. Ha ke ntse ke hola, libuka tseo li ile tsa nthusa ho tseba Lentsoe la Molimo.

LIBUKA tseo, li ne li e-na le litšoantšo tse ntle tse neng li nthusa ho utloisisa lintho tseo ke li balang. Kaha li ile tsa nthuta lintho tse seng kae, ke ile ka labalabela ho tseba haholoanyane ka Bibele.

Ha Ntoa ea II ea Lefatše e le haufi le ho fihla India, lintho li ile tsa mpefala bophelong ba ka. Batsoali ba ka ba ile ba arohana eaba ka mor’a moo baa hlalana. Ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ba ile ba etsa joalo, kaha ke ne ke ba rata. Ke sa khone ho nahana ka lintho tse khothatsang ke bile ke utloa ke le motoaitoai. Kaha ke ne ke le mong heso, ho ne ho se motho ea nkhothatsang nakong eo e boima.

’Na le ’mè oa ka re ne re lula motse-moholo Karachi. Ka letsatsi le leng ntate-moholo Fred Hardaker oa Paki ea Jehova eo e neng e boetse e le ngaka, o ile a fihla lapeng. O ne a kena kereke le moromuoa eane ea ileng a re fa libuka tse mebala-bala. O ile a kopa ho ithuta Bibele le ’Mè. Empa ’Mè ha aa ka a lumela. A re ’na ke ithute le ntate-moholo Hardaker. Eaba ke ithuta le eena beke e latelang.

Libeke tse seng kae hamorao, ke ile ka qala ho ea libokeng le mor’abo rona Hardaker. Liboka li ne li tšoareloa tleleniking ea hae. Ho ne ho boetse ho e-na le Lipaki tse holileng tse 12 libokeng tseo. Ba ne ba nkhothatsa ’me ba ntlhokomela joaloka mora oa bona. Kea khothala ha ke hopola hore ba ne ba lula le ’na, ba leka ho kena lieteng tsa ka ’me ba bua le ’na joaloka motsoalle oa bona. Ka nako eo ke ne ke hlile ke hloka ho tšehetsoa joalo.

Ka mor’a nako e seng kae, mor’abo rona Hardaker o ile a nkopa hore ke ee le eena tšimong. O ile a nthuta ho bapala keramafono e le hore nka bapalla batho lipuo tse khutšoanyane tsa Bibele. Tse ling tsa lipuo tseo, li ne li toba taba, kahoo batho ba ne ba sa li rate. Empa ’na ke ne ke thabela ho ba bapalla molaetsa oa Bibele. Ke ne ke chesehela ho ithuta Bibele le ho bolella batho lintho tseo ke ithutileng tsona.

Ha lebotho la Majapane le itokisetsa ho hlasela India, ’muso oa Brithani o ile a oa hatella Lipaki Tsa Jehova le ho feta. Qetellong, ka July 1943 mosuoe-hlooho eo e neng e le moruti oa Chache, o ile a nteleka sekolong a re ha ke tšoaneloe ke ho kena sekolo moo. A bolella ’Mè hore kaha ke tloaelane le Lipaki Tsa Jehova, ke susumetsa bana ba bang hampe. ’Mè o ne a loloma ke bohale eaba o re ke khaotse ho itsoakanya le Lipaki. Hamorao, o ile a nkisa ho ntate oa ka ea neng a lula motseng oa Peshawar o bohole ba lik’hilomithara tse 1 370. Kamano ea ka le Jehova e ile ea thefuleha kaha ke ne ke sa ee libokeng ke bile ke sa kopane le Lipaki tse ling.

KE BOETSE KE BA LE KAMANO E NTLE LE JEHOVA

Ka 1947 ke ile ka khutlela Karachi kaha ke ne ke batla mosebetsi. Ha ke le moo, ke ile ka etela tleleniking ea mor’abo rona Hardaker. O ile a nkamohela ka mofuthu.

Kaha o ne a nahana hore ke tlile ngakeng, o ile a re ho ’na: “Nka u thusa ka’ng?”

Ke ile ka re ho eena: “Ntate ngaka, ha ke kule. Ke hloka ho ithuta Bibele.”

A re: “U batla re qale neng?”

Ka re: “Hona joale haeba ho khoneha.”

Re ile ra ithuta Bibele ho fihlela bosiu. Ka ikutloa ke khothetse ke bile ke imolohile hobane ke ile ka boela ka kopana le batho ba Jehova. ’Mè oa ka o ile a boela a leka ho nthibela ho kopana le Lipaki, empa lekhetlong lena ke ne ke ikemiselitse ho etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. Ke kolobelitsoe ka la 31 August, 1947. Ke ile ka sebeletsa ke le pula-maliboho ea kamehla ha ke le lilemo li 17.

BOPHELO BO MONATE BA BOPULA-MALIBOHO

Ke qalile ho bula maliboho motseng oa Quetta moo ho neng ho lula masole a sireletsang naha. Ka 1947, naha ea India e ile ea aroha ka lehare ’me ea e-ba India le Pakistan. * Ka lebaka leo, ho ile ha e-ba le lintoa tsa bolumeli ’me likhethekhethe tsa batho tsa tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Batho ba limilione tse 14, ba ile ba tlameha ho falla. Mamosleme a neng a lula India a ile a fallela Pakistan, ha Mahindu le Masikhe a neng a lula Pakistan a ile a fallela India. Har’a moferefere oo, ke ile ka tlameha ho ea Quetta ke palame terene e neng e tletse hoo ba bang re neng re palame ka ntle ho eona re itšoarelelitse ka litšepe.

Ke bile teng kopanong ea potoloho e India ka 1948

Ha ke le Quetta ke ile ka kopana le George Singh ea lilemo li ka bang 25. George e ne e le pula-maliboho e khethehileng. O ile a mpha baesekele ea khale e le hore ke tsamaee ka eona motseng oo o maralla. Hangata ke ne ke e-ea tšimong ke le mong. Ka likhoeli tse tšeletseng feela, ke ile ka ithuta Bibele le batho ba 17 ’me ba bang ba bona e ile ea e-ba Lipaki. E mong oa bona e leng Sadiq Masih eo e neng e le lesole, o ile a thusa ’na le George hore re fetolelle lingoliloeng tsa rona puong ea Seurdu e leng puo e buuoang Pakistan. Ka mor’a nakoana, Sadiq e ile ea e-ba mohoeletsi ea chesehang oa litaba tse molemo.

Re ka sekepeng se bitsoang Queen Elizabeth ’me rea Sekolong sa Gileade

Hamorao ke ile ka khutlela Karachi ’me ka sebetsa le Henry Finch hammoho le Harry Forrest bao e neng e le baromuoa ba tsoang Sekolong sa Gileade. Ke ile ka fuoa thupelo ea bohlokoa haholo. Ka letsatsi le leng ke ile ka ea tšimong le mor’abo rona Finch ka leboea ho Pakistan. Ha re fihla motseng o mong o tlas’a thaba, re ile ra fumana batho ba buang Seurdu ba nyoretsoeng ho ithuta Bibele. Lilemo tse peli hamorao, le ’na ke ile ka ea Sekolong sa Gileade. Eaba ke khutlela Pakistan ’me ke sebeletsa ke le mothusi oa molebeli oa potoloho. Ke ne ke lula lehaeng la baromuoa motseng oa Lahore ’moho le barab’abo rona ba bararo ba baromuoa.

JEHOVA O TLAMISA MAQEBA A KA

Ka bomalimabe, ka 1954, lekala le ile la fa baromuoa bao likabelo tse ncha hobane ba ne ba sitoa ho phelisana hantle. Kaha ke ile ka nka lehlakore litsekisanong tseo, mokhatlo o ile oa nkhalemela ka thata. Ka mor’a hore ke khalemeloe, ke ile ka utloa ke soabile ke bile ke hlolehile ho phetha mosebetsi oa ka. Kahoo, ke ile ka khutlela Karachi ’me hamorao ka ea London, Engelane e le hore ke qale lintho bocha.

Ha ke le London, phutheho eo ke neng ke kopanela ho eona e ne e e-na le litho tsa lelapa la Bethele. Mor’abo rona Pryce Hughes eo e neng e le mohlanka oa lekala, o ile a nthupela. Ka letsatsi le leng o ile a nqoqela ka mohla a neng a khalemeloa ke mor’abo rona Joseph F. Rutherford eo e neng e le molebeli oa mosebetsi oa lefatše lohle oa boboleli. Ha mor’abo rona Hughes a leka ho itokafatsa, mor’abo rona Rutherford o ile a mo khalemela ka thata. Ke ile ka makala ha ke bona mor’abo rona Hughes a bososela ha a mphetela pale ena. O ile a re qalong o ne a utloile bohloko ha a khalemeloa. Empa hamorao o ile a hlokomela hore o ne a hloka khalemelo eo le hore ke pontšo ea hore Jehova oa mo rata. (Baheb. 12:6) Pale ea hae e ile ea nkama pelo ’me ea nthusa hore ke boele ke sebeletse Jehova ke thabile.

Ka nako eo, ’Mè o ile a fallela London eaba o ithuta Bibele le mor’abo John E. Barr, eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang. O ile a fetola bophelo ba hae eaba o kolobetsoa ka 1957. Hamorao ke ile ka utloa hore ntate oa ka le eena o ne a ithuta le Lipaki Tsa Jehova pele a hlokahala.

Ka 1958, ke ile ka nyala morali’abo rona Lene oa Denmark ea neng a se a lula London. Selemong se hlahlamang, re ile ra hlohonolofatsoa ka ngoan’a ngoanana eo re ileng ra mo reha Jane. Ke letsibolo baneng ba rona ba bahlano. Ke ile ka fuoa boikarabelo bo itseng phuthehong ea Fulham. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana re ile ra lokela ho fallela naheng e ’ngoe e batlang e futhumetse kaha mohats’aka o ne a se na bophelo. Kahoo, re ile ra fallela Adelaide, Australia ka 1967.

TLOKOTSI E ILENG EA RE HLAHELA

Phutheho ea rona e Adelaide e ne e e-na le Bakreste ba tlotsitsoeng ba 12 ba holileng. Ba ne ba chesehela ho etsa mosebetsi oa boboleli ’me ba li hula nthau ho oona. Kahoo, ka mor’a nakoana, re ile ra tšoara morethetho ’me ra chesehela ho sebeletsa Jehova phuthehong e ncha.

Ka 1979, ’na le Lene re ile ra ba le Daniel e leng ngoana rona oa bohlano. Empa o ile a tšoaroa ke Down syndrome * e leng lefu le etsang hore ngoana a liehe ho hola ’meleng le kelellong. Lingaka li ne li re a ke ke a phela halelele. Esita le hona joale ke sitoa ho hlalosa bohloko boo re ileng ra bo utloa. Re ile ra sebetsa ka thata ho mo hlokomela empa re sa hlokomolohe bana ba bang ba rona ba bane. Ka linako tse ling Daniel o ne a felloa ke moea hobane a e-na le masoba a mabeli pelong. O ne a fetoha ’mala a e-ba moputsoa ebe re mo potlakisetsa sepetlele. Le hoja a ne a kula joalo, o ne a le bohlale a bile a le mosa. O ne a boetse a rata Jehova haholo. Nakong eo re rapellang lijo, o ne a phutha matsoho, a inamisa hlooho ebe o re “Amen!” a thabile. Ebe ka mor’a moo, ke hona a tla ja.

Ha Daniel a le lilemo li ’nè, o ile a tšoaroa ke leukemia, e leng kankere ea mali le ’moko. ’Na le Lene re ne re tetebetse habohloko maikutlong. Ke ne ke utloa eka ke tl’o hlanya. Ka letsatsi le leng ha re ne re nyahame haholo, molebeli oa rona oa potoloho e leng mor’abo rona Neville Bromwich o ile a re etela. Bosiung boo, o ile a lla eaba oa re haka. Kaofela re ne re lla. Re ile ra khothala ha re hlokomela tsela eo a re ratang le ho re tsotella ka eona. O ile a tsamaea ka hora ea pele hoseng ha letsatsi le hlahlamang. Ka mor’a moo, Daniel o ile a hlokahala. Lefu la hae ke e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa tse kileng tsa re etsahalla bophelong. Leha ho le joalo, re ile ra tšeliseha hobane re ne re kholisehile hore ha ho letho le ka etsang hore Jehova a khaotse ho rata Daniel. Esita le lefu le ke ke la etsa hore Jehova a mo lebale. (Bar. 8:38, 39) Re labalabela ho mo bona lefatšeng le lecha ha Jehova a mo tsosa.—Joh. 5:28, 29.

RE THABISOA KE HO THUSA BATHO BA BANG

Le hoja ke ile ka otloa ke setorouku ka makhetlo a mabeli, ke ntse ke sebeletsa ke le moholo ka phuthehong. Lintho tse ileng tsa nketsahalla bophelong, li nthutile hore ke lokela ho utloela batho ba bang bohloko, haholo-holo ba nang le mathata. Ke qoba ho ba ahlola. Ho e-na le hoo, kea ipotsa: ‘Lintho tse ba etsahalletseng li ama tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba ikutloang ka eona joang? Nka bontša joang hore kea ba tsotella? Nka ba khothatsa joang hore ba etse thato ea Jehova?’ Ke rata ho etsa maeto a bolisa. Ha ke khothatsa batho ba bang, ke hlokometse hore le ’na kea khothala.

Ho etsa maeto a bolisa ho nkhotsofatsa haholo

Ke ikutloa joaloka mopesaleme ha a re: “Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a [Jehova] a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.” (Pes. 94:19) Haesale a ntšehelitse mathateng ’ohle a ka, e-bang ke a lelapa, a ho hanyetsoa, ho etsa liphoso le ho tepella maikutlo. Kannete haesale Jehova e le Ntate ho ’na.

^ ser. 19 Qalong Pakistan e ne e e-na le Pakistan bophirimela (hona joale e bitsoa Pakistan) hammoho le Pakistan bochabela (hona joale e bitsoa Bangladesh).

^ ser. 29 Sheba sehlooho se reng “Mathata le Melemo ea ho Hōlisa Ngoana ea Nang le Down Syndrome” se hlahang ho Tsoha! ea June, 2011.