Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile lihlooho tse sa tsoa feta tsa Molula-Qhooa ka hloko? Leka ho araba lipotso tse latelang:

Ke lintho life tse ’nè tse ka re thusang ho ntlafatsa tsela eo re binang ka eona?

Re ka ema hantle ’me ra tšoarela buka ea rona ea lipina holimo. Re lokela ho hemela holimo. Ha re bula melomo ea rona ’me re ntša lentsoe, re tla khona ho binela holimo.—w17.11, p. 5.

Ke’ng e re khothatsang ka bohole ba metse ea setšabelo le litsela tse eang metseng eo?

Baiseraele ba ne ba e-na le metse ea setšabelo e tšeletseng. Litsela tse eang metseng eo li ne li le ntle. Kahoo, ho ne ho le bonolo hore ’molai a fumane setšabelo ka potlako.—w17.11, p. 14.

Ke hobane’ng ha sehlabelo sa Jesu sa thekollo e le mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Molimo a re fileng eona?

E re thusa ho phela ka ho sa feleng, re se na sebe re bile re sa shoe. Taba ea hore Molimo o fane ka mora oa hae molemong oa rona “ha re sa ntse re le baetsalibe,” e bontša hore o re rata haholo.—wp17.6, pp. 6-7.

Ke joang Pesaleme ea 118:22 e buang ka tsoho ea Jesu?

Bajuda ha baa ka ba amohela hore Jesu ke Mesia. Kahoo ba ile ba mo bolaea. O ne a lokela ho tsosoa pele e le hore e tle e be “hlooho ea sekhutlo.”—w17.12, pp. 9-10.

Na motho e ne e lokela ho ba letsibolo e le hore Mesia a hlahe lesikeng la hae?

Ha se ka linako tsohle lesika leo Jesu a hlahetseng ho lona le ileng la feta ka matsibolo. Le hoja Davida e ne e se letsibolo la Jese, Mesia o hlahile lelokong la Davida.—w17.12, pp. 14-15.

Ke melao-motheo efe e re thusang litabeng tsa phekolo?

Molao oa Moshe o ne o re motho ea nang le lefu le itseng ha aa lokela ho lula le batho ba bang. Batho ba ne ba lokela ho hlapa ka mor’a hore ba tšoare setopo. Molao o ne o boetse o re ba lokela ho chekela mantle a bona hole le moo batho ba lulang. Molao oa Molimo o ne o laela hore ngoana a bolotsoe ka letsatsi la borobeli a hlahile. Ho etsa joalo ho ne ho le molemo bakeng sa hore mali a hoame.—wp18.1, p. 7.

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ithata?

Re lokela ho rata baahelani ba rona joalokaha re ithata. (Mar. 12:31) “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona.” (Baef. 5:28) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho ithata ho tlola.—w18.01, p. 23.

Re ka etsa’ng ho matlafatsa kamano ea rona le Molimo?

Re lokela ho ithuta Bibele ’me re nahanisise ka lintho tseo re ithutileng tsona. Re boetse re lokela ho li sebelisa bophelong ba rona. Hape, re lokela ho lumella moea o halalelang hore o re thuse ’me re amohele thuso e tsoang ho batho ba bang.—w18.02, p. 26.

Ke hobane’ng ha bonohe ba linaleli le ho profeta batho ho ke ke ha re thusa ho tseba bokamoso?

Ho na le mabaka a fapaneng. Empa lebaka la bohlokoa ke hore Bibele ha e lumelle liketso tseo ka bobeli.—wp18.2, pp. 4-5.

Re lokela ho etsa’ng ha re amohetse kopo ea ho memeloa lijong?

Haeba re menngoe ’me re lumetse, re lokela ho phelela mantsoe a rona. (Pes. 15:4) Ha rea lokela ho fetoha ntle ho mabaka a utloahalang. Ho ka etsahala hore ebe batho bao u memmeng ba sebelitse ka thata ho u lokisetsa lijo.—w18.03, p. 18.

Banna ba khethiloeng ba ka ithuta’ng ho Timothea?

Timothea o ne a tsotella batho e le kannete ’me lintho tse amanang le ’Muso oa Molimo li tla pele bophelong ba hae. O ne a sebetsa ka thata ho etsa tšebeletso e halalelang ’me a sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona. O ile a tsoela pele ho ikoetlisa le ho tšepa moea oa Jehova. Baholo hammoho le Bakreste ba bang ba ka etsisa mohlala oa hae.—w18.04, pp. 13-14.