Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 39

Tšehetsa Basali ba Bakreste

Tšehetsa Basali ba Bakreste

“Basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.”​—PES. 68:11.

PINA EA 137 Mohlala oa Basali ba Tšepahalang

SELELEKELA *

Barali ba bo rona ba lula ba phathahane ka ho nka seabo libokeng, ho kenya letsoho ha ho hahoa Liholo Tsa ’Muso le ho tsotella Bakreste-’moho le bona ho tsoa pelong (Sheba sehlooho se ithutoang (serapa sa 1)

1. Baralib’abo rona ba tšehetsa mokhatlo joang empa ba bangata thulana le mathata afe? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

MEHOPE ea rona ea khaphatseha ka lebaka la baralib’abo rona ba sebetsang ka thata ka phuthehong. Mohlala, ba ba le seabo libokeng le mosebetsing oa boboleli. Ba bang ba kenya letsoho ha ho lokisoa Liholo tsa ’Muso le ho tsotella Bakreste-’moho le bona ho tsoa pelong. Re ke ke ra iphapanyetsa taba ea hore le bona ba thulana le mathata. Ba bang ba hlokomela batsoali ba bona ba holileng. Ba bang ba mameletse mathata a ho hanyetsoa ke litho tsa lelapa. Ha ba bang bona e le batsoali ba se nang balekane ’me ba tlameha ho sebetsa ka thata ho hlokomela bana ba bona.

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa boiteko ba ho tšehetsa baralib’abo rona?

2 Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana haholo ka ho tšehetsa baralib’abo rona? Ke hobane hangata lefatše ha le tšoare basali ka tlhompho e ba lokelang. Ntle ho moo, Bibele e re khothaletsa hore re ba tšehetse. Mohlala, moapostola Pauluse o ile a khothaletsa phutheho ea Roma hore e amohele Fibi le ho mo thusa nthong leha e le efe eo a ka hlokang ho thusoa ka eona. (Bar. 16:​1, 2) Ho ka etsahala hore ebe Pauluse ha e ntse e le Mofarisi o ne a keneletse haholo tabeng ea hore basali ba lokela ho nkoa e le lintho tse se nang thuso. Empa ka mor’a hore e be Mokreste, o ile a etsisa Jesu ’me a tšoara basali ka tlhompho le ka mosa.​—1 Bakor. 11:1.

3. Jesu o ne a tšoara basali joang, hona o ne nka basali ba etsang thato ea Jehova joang?

3 Jesu o ile a tšoara basali bohle ka tlhompho. (Joh. 4:​27) O ne a sa tšoare basali ka tsela eo baeta-pele ba Bajuda ba neng ba ba tšoara ka eona mehleng ea hae. Ha e le hantle, buka e ’ngoe ha e hlalosa taba ena e re: “Ha ho le ka mohla Jesu a ileng a bua ntho leha e le efe a neng e hlompholla basali.” Leha ho le joalo, Jesu o ne a e-na le tlhompho e khethehileng ho basali ba neng ba etsa thato ea Ntate oa hae. Ka lebaka leo, o ne a ba nka e le baralib’abo hape o ile a bua ka bona le banna ba bang bao a neng a ba nka e le karolo ea lelapa la hae.​—Mat. 12:50.

4. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

4 Kamehla Jesu o ne a lula a ikemiselitse ho thusa basali ba neng ba sebeletsa Molimo. O ne a ba nka ba le bohlokoa a bile a ba sireletsa. A re ke re boneng hore na re ka etsisa Jesu joang ntlheng ea ho tsotella baralib’abo rona.

NAHANA KA BOHLOKOA BA BARALIB’ABO RONA

5. Ke hobane’ng ha baralib’abo rona ba bang ba ka thatafalloa ke ho rua molemo oa ho ba le batho ba bang?

5 Bara le baralib’abo rona bohle ba lokela ho utloana. Leha ho le joalo, ka linako tse ling baralib’abo rona ba ka ’na ba thatafalloa ke ho utloana le batho ba bang. Hobane’ng? Utloa hore na ba bang ba itseng. Morali’abo rona Jordan * o re: “Kaha ke lesoha, hangata ke thatafalloa ke ho fumana sebaka sa ka ka phuthehong, ke ikutloa ke le mokhelo.” Morali’abo rona Kristen oa pula-maliboho ea falletseng e le hore a eketse tšebeletso ea hae o re: “Ha u fihla phuthehong e ncha u ikutloa u le motoai-toai.” Barab’abo rona ba bang ba ka ’na ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Motho eo lelapa la hae kapa la bo e seng bohle bao e leng Lipaki Tsa Jehova, a ka ’na a ikutloa eka o lahlehile ha a e-na le lona kapa ka nako e tšoanang a ikutloe a se na mang oee! le ka lelapeng la Bokreste. Batho ba kulang ’me ba sitoa ho tloha hae ba ka ’na ba ikutloa eka ba lahlehile ’me le ba hlokomelang litho tsa malapa a bona tse kulang ba ka ’na ba ikutloa ka tsela eo. Morali’abo rona Annette o re: “Ke ne ke sa khone ho amohela limemo tsa ho ea boithabisong le bara le baralib’abo rona hobane ke ne ke hlokomela ’mè oa ka.”

Joaloka Jesu re ka bontša baralib’abo rona hore rea ba rata (Sheba serapa sa 6 ho ea ho sa 9) *

6. Joalokaha ho bontšitsoe ho Luka 10:​38-42, Jesu o ile a thusa Maria le Maretha joang?

6 Jesu o ile a qeta nako le basali ba ratang Molimo ’me e ne e le motsoalle oa ’nete ho bona. Nahana ka setsoalle sa hae le Maria le Maretha bao ka bobeli e neng e le masoha. (Bala Luka 10:​38-42.) Ka mantsoe le liketso, Jesu o ile a etsa hore ba ikutloe ba phutholohile e le kannete. Maria o ile a ikutloa a phutholohile hore a ka lula maotong a Jesu joaloka morutuoa. * Kaha Maretha o ne a koatile hore ebe Maria o ntse a sa mo thuse, o ile a ikutloa a phutholohile hore a bolelle Jesu hore na o ikutloa joang. Ka nako eo, Jesu o ile a thusa basali bao ka bobeli. Hape o ile a bontša hore o tsotella basali bao le khaitseli ea bona Lazaro ka hore ebe ka linako tse ling o ne a ba chakela. (Joh. 12:​1-3) Ha ho makatse hore ebe nakong eo Lazaro a neng a kula hampe, Maria le Maretha ba ne ba tseba hore ba ka kopa thuso ho Jesu.​—Joh. 11:​3, 5.

7. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka khothatsang baralib’abo rona ka eona ke efe?

7 Bakeng sa baralib’abo rona ba bang, ho ea libokeng ho ba fa monyetla oa ho kopana le Bakreste ba bang. Ka lebaka leo, re batla ho sebelisa monyetla oo ho ba amohela, ho bua le bona le ho ba bontša hore rea ba tsotella. Morali’abo rona Jordan, eo re buileng ka eena pejana o re: “Ke khothala haholo ha batho ba mpabatsa ka likarabo tseo ke fanang ka tsona libokeng, ha ba sebetsa tšimo le ’na le ha ba mpontša hore baa ntsotella.” Re lokela ho etsa hore baralib’abo rona ba tsebe hore ba bohlokoa ho rona. Morali’abo rona Kia o re: “Haeba nka lofa liboka, kea tseba hore ke tl’o fumana molaetsa o mpotsang hore na ke ntse ke ea hantle. Ntho eo e etsa hore ke tsebe hore bara le barali be so baa ntsotella.”

8. Re ka boetse ra etsisa Jesu ka litsela life hape?

Joaloka Jesu, re ka ipha nako ea ho qeta nako le baralib’abo rona. Mohlomong re ka ba memela malapeng a rona hore ba tl’o ja le rona kapa ho tla ithabisa feela. Haeba re etsa joalo, re loanele hore moqoqo oa rona e be o hahang. (Rom. 1:​11, 12) Baholo ba tla be ba etsa hantle ha ba hopola tsela eo Jesu a neng a etsa lintho ka eona tabeng ena. O ne a tseba hore ho ba lesoha ho tla ba le mathata ho ba bang empa o ile a hlakisa hore ho nyala kapa ho ba le bana ha se hona ho ka etsang hore motho a be le thabo ea moshoelella. (Luka 11:​27, 28) Ho e-na le hoo, thabo e tšoarellang halelele e tlisoa ke ha motho a etelletsa Jehova pele bophelong ba hae.​—Mat. 19:12.

9. Baholo ba ka etsa’ng ho thusa baralib’abo rona?

9 Ka ho khetheha, baholo ba lokela ho tšoara basali ba Bakreste joaloka bo-’mè le likhaitseli tsa bona tse tšabang Molimo. (1 Tim. 5:​1, 2) Baholo ba tla be ba etsa hantle ha ba ipha nako pele le ka mor’a liboka hore ba qoqe le baralib’abo rona. Morali’abo rona Kristen o re: “Moholo e mong o ile a hlokomela hore ke lula ke phathahane ’me o ne a batla ho utloisisa hore na ke etsa lintho ka tsela ea mofuta ofe. Ke ile ka ananela taba ea hore o ne ntsotella.” Baholo ba tla be ba bontša hore ba tsotella baralib’abo rona ba ratang Molimo haeba nako le nako ba bua le bona. * Morali’abo rona Annette, eo re buileng ka eena o hlalosa molemo o mong oa ho bua le baholo nako le nako. O re: “Ke ba le monyetla oa ho ba tseba haholoanyane ’me le bona ba khona ho ntseba. Kahoo, ha ke e-na le bothata bo itseng bo boima, ho bonolo feela ho ’na hore ke ba atamele.”

BA LEBOHE KA LINTHO TSEO BA LI ETSANG

10. Baralib’abo rona ba ka thusoa ke’ng hore ba thabe?

10 Kaofela ha rona ho sa tsotellehe hore na re banna kapa basali, rea thaba ha batho ba ba bang ba ananela bokhoni ba rona ba bile ba re leboha ka mosebetsi oo re o etsang. Ka le hlakoreng le leng, rea nyahama haeba litalenta tsa rona le mosebetsi oa rona o sa nkeloe hloohong. Morali’abo rona Abigail oa pula-maliboho hape e le lesoha o lumela hore ka linako tse ling batho baa mo lebala. O re: “Ba nkuka ke le ausi oa ’Nyeo kapa ke le morali oa ’Manyeo. Ka linako tse ling, ke ee ke utloe eka ha ho na motho ea mponang hore ke teng.” Empa ak’u ele hloko hore na Morali’abo rona Pam eena o itseng. Ebile moromuoa ka lilemo tse ngata e le lesoha. Hamorao o ile a tlameha ho khutlela hae ho ea hlokomela batsoali ba hae. Hona joale o lilemong tsa bo-70 ’me e ntse e le pula-maliboho. O re: “Ntho eo esaleng e nthusa haholo ke ha batho ba bang ba mpolella hore ba ananela mosebetsi oo ke o etsang.”

11. Jesu o ile a bontša joang hore o ne a ananela mosebetsi oo basali ba neng ba tsamaea le eena ba neng ba o etsa?

11 Jesu o ile a ananela ho thusoa ke basali ba ratang Molimo ba neng ba mo “sebeletsa ka lintho tsa bona.” (Luka 8:​1-3) O ile a ba fa tokelo eo e babatsehang a ba a ba ruta lithuto tsa bohlokoa ka ho etsa thato ea Molimo. Mohlala, o ile a ba bolella hore o ne a tla bolaoa a be a tsosoe. (Luka 24:​5-8) Joalokaha a ile a koetlisa baapostola, o ile a etsa ntho e tšoanang le ka basali bao e le hore ba ka tobana le liphephetso nakong e tlang. (Mar. 9:​30-32; 10:​32-34) E ka ba hantle ho hopola hore esita leha baapostola ba ile ba baleha ha Jesu a tšoaroa, ba bang ba basali ba neng ba mo tšehetsa ba ne ba e-na le eena nakong eo a neng a khokhothetsoe thupeng.​—Mat. 26:​56; Mar.15:​40, 41.

12. Jesu o ile a fa basali mosebetsi ofe?

12 Jesu o ile a fa basali mosebetsi oa bohlokoa haholo. Mohlala, basali ba sebeletsang Molimo e ile ea e-ba bona ba pele ba ho tseba ka tsoho ea Jesu. O ile a bolella basali bao hore ba il’o bolella baapostola hore o tsositsoe bafung. (Mat. 28: 5, 9, 10) Hape ka Pentekonta ea selemo sa 33 mehleng ea baapostola, ho ka etsahala hore ebe basali ba ne ba le teng ha ho ne ho fanoa ka moea o halalelang. Haeba ho joalo, barali bao ba bo rona ba tlotsitsoeng ba ile ba e-ba le monyetla oa ho bua lipuo tse ling le ho bolella batho “lintho tse hlollang tsa Molimo.”​—Lik. 1:​14; 2:​2-4, 11.

13. Basali ba Bakreste ba etsa’ng mehleng ee, hona re ka bontša joang hore re ananela mosebetsi oo ba o etsang?

13 Baralib’abo rona ba lokela ho babatsoa ka lebaka la mosebetsi oo ba o etsang tšebeletsong ea Jehova. Mosebetsi oo o akareletsa ho haha le ho lokisa mehaho, ho thusa liphutheho tse buang lipuo tse ling le ho ithaopela ho sebeletsa Bethele. Ba kenya letsoho linakong tsa likoluoa, ba fetolela lingoliloeng tsa rona hape ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho le baromuoa. Joaloka barab’abo rona, le bona ba ea sekolong sa bo-pula-maliboho, Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso le Sekolong sa Gileade. Ho feta moo, bo-’mè ba thusa banna ba bona hore ba phethe boikarabelo bo boima ka phuthehong le ka mokhatlong oa Molimo. Bara bana ba bo rona ba ne ba ke ke ba khona ho sebetsa kahohle kamoo ba ka khonang e le ‘limpho tseo e leng banna’ haeba ba ne ba sa thusoe ke balekane ba bona. (Baef. 4:8) Na u ka nahana ka mekhoa eo u ka thusang barali baa ba bo rona ka mesebetsi eo ba e etsang?

14. Ka mor’a ho hlahloba Pesaleme ea 68:​11, baholo ba bohlale ba etsa’ng?

14 Baholo ba bohlale baa utloisisa hore baralib’abo rona ke “lebotho le leholo” la batho ba ikemiselitseng ho sebetsa ka thata le ba ipabolang mosebetsing oa boboleli. (Bala Pesaleme ea 68:​11.) Kahoo, baholo ba leka ho ithuta ho baralib’abo rona. Morali’abo rona Abigail eo re buileng ka eena, o khothala haholo ha barab’abo rona ba mo botsa hore na o thusoa ke eng hore a atlehe ho buisana le batho ha a le tšimong. O re: “Ntho eo e nthusa ho bona hore Jehova o na le sebaka bakeng sa ka ka mokhatlong oa hae.” Ho phaella moo, baholo ba tla elelloa hore baralib’abo rona ba holileng ba nang le tumelo hape ba e-na le boiphihlelo, ba batle haholo ho thuseng baralib’abo rona ba bacha ho sebetsana le mathata. (Tite 2:​3-5) Hoa hlaka hore baralib’abo rona ba hloka hore re ba bontše hore rea ba rata le ho ba ananela.

BA BUELLE HAPE U BA SIRELETSE

15. Baralib’abo rona ba ka hloka ho buelloa maemong afe?

15 Ka linako tse ling, baralib’abo rona ba ka hloka motho ea ba buellang ha ba tobane le bothata bo itseng. (Esa. 1:​17) Ka mohlala, mohlolohali kapa morali’abo rona ea hlaliloeng a ka hloka motho e mong hore e be ’muelli oa hae hape a be a thusoe le ka mesebetsi eo monna oa hae a neng a tloaetse ho e etsa. Morali’abo rona ea holileng a ka hloka motho ea ka mo thusang ho bua le lingaka. Kapa morali’abo rona oa pula-maliboho ea etsang mesebetsi e meng ka mokhatlong a ka hloka motho ea ka mo buellang ha a tontontšoa ka hore ha a be tšimong kamehla joaloka bo-pula-maliboho ba bang. Re ka ba thusa joang hape? A re hlahlobeng mohlala oa Jesu hape.

16. Joalokaha Mareka 14:​3-9 e bontša, Jesu o ile a sireletsa Maria joang?

16 Jesu o ile a potlakela ho buella basali ba tšabang Molimo ha ba ne ba sa utloisisoe. Mohlala, o ile a sireletsa Maria ha Maretha a ne a mo bua hampe. (Luka 10:​38-42) O ile a boela a sireletsa Maria hape nakong eo batho ba neng ba mo halefela ka hore o entse qeto e fosahetseng. (Bala Mareka 14:​3-9.) Jesu o ile a utloisisa sepheo sa Maria eaba o mo buella ka ho re: “O nketselitse ketso e ntle. . . . O nketselitse seo a neng a se khona.” Jesu o ile a ba a profeta hore ntho eo Maria a e entseng e ne e tla hopoloa “kae kapa kae moo litaba tse molemo li neng li tla boleloa teng lefatšeng lohle,” joalokaha Molula-Qhooa ona o ntse o etsa joalo ka motsotso ona. Ke taba e thabisang kannete hore ebe Jesu o ile a bua ka ho phatlalla ha molaetsa oa ’Muso lefatšeng lohle a ipapisitse le ho hloka boikhohomoso ha Maria! U nahana hore Maria o ile a ikutloa joang ha a utloa mantsoe ao a khothatsang ka mor’a ho ahloloa ka ho hloka toka?

17. Etsa mohlala o bontšang hore na u ka buella morali’abo rona boemong bofe.

17 Na u emela baralib’eno nakong eo ba hlokang hore u etse joalo? Ka mohlala, ak’u nahane ka taba ena. Bahoeletsi ba bang ba hlokomela hore morali’abo rona e mong ea phelang le molekane eo e seng Paki o fihla liboka li se li kene a be a tsamaee hang feela ha li qeta ho tsoa. Baa hlokomela hore ke ka seoelo a tlang le bana ba hae libokeng. Kahoo, ba mo bua hampe ’me ba re na ke hobane’ng ha a sa bue le monna oa hae ka matla. Empa ntho eo ba sa e tsebeng ke hore morali eo oa bo rona o etsa sohle seo a ka se khonang. Ha a khone ho laola nako eo a etsang lintho ka eona kapa hona ho etsa liqeto ka bana ba hae. U ka etsa’ng boemong boo? Haeba u ne u ka bua hantle ka mosebetsi o matla oo a o etsang hape oa bolella batho ba bang hore na o iteka hakae, u ne u ka ’na oa etsa hore ba khaotse ho mo bua hampe.

18. Re ka thusa baralib’abo rona joang hape?

18 Re ka bontša baralib’abo rona hore na re ba tsotella hakae ka ho ba thusa ka lintho tse itseng. (1 Joh. 3:​18) Morali’abo rona Annette, ea neng a hlokomela ’mè oa hae ea kulang o re: “Ka linako tse ling, metsoalle ea ka e ne e tla ho tla mphomotsa e le hore ke khone ho etsa lintho tse ling kapa e tle le lijo. Ntho ena e ne etsa hore ke ikutloe ke ratoa hape ke le karolo ea phutheho.” Morali’abo rona Jordan le eena o ile a thusoa. Mor’abo rona e mong o ile a mo thusa hore na a ka hlokomela koloi joang. O re: “Ke ntho e monate ho tseba hore bara le barali be no ba amehile ka polokeho ea hao le hore ba u tsotella.”

19. Baholo ba ka thusa baralib’abo rona ka litsela life hape?

19 Ka tsela e tšoanang, baholo le bona ba leka ho hlokomela litlhoko tsa baralib’abo rona. Baa tseba hore ke taba ea bohlokoa ho Jehova hore baralib’abo rona ba tšoaroe hantle. (Jak. 1:​27) Kahoo, ba leka ho etsisa mohlala oa Jesu oa ho leka-lekanya lintho le ho se behe melao ha ho bonahala eka ho molemo ho tenyetseha le maemo. (Mat. 15:​22-28) Baholo ba etsang boiteko ba ho thusa baralib’abo rona ba etsa hore baralib’abo rona ba ikutloe ba ratoa ebile ba tšehelitsoe. Ha molebeli oa sehlopha sa tšimo eo Morali’abo rona Kia a neng a le ho sona a ne a utloa hore o tl’o falla o ile a mo etsetsa litlhophiso. Morali’abo rona Kia o re: “Ntho eo e ile ea etsa hore ke se ke ka tšoenyeha haholo. Baholo ba ile ba mpontša hore ke bohlokoa ka phuthehong le hore ha ke mong leha ke e-na le mathata, ka hore ebe ba ile ba nkhothatsa le ho nthusa ha ke ne ke hloka thuso.”

BARALIB’ABO RONA BOHLE BA HLOKA THUSO EA RONA

20-21. Re ka bontša joang hore re rata baralib’abo rona?

20 Ha re sheba ka hare ho liphutheho mehleng ena, re fumana mehlala e se nang palo ea baralib’abo rona ba sebetsang ka thata le ba tšoaneloang ke hore re ba tšehetse. Joalokaha re ithutile mohlaleng oa Jesu, re ka ba tšehetsa ka hore re qete nako le bona le hore re ba tsebe haholoanyane. Re ka bontša hore re ananela mosebetsi oo ba o etsang tšebeletsong ea Jehova. Re ka ba ra ba buella ha ho hlokeha.

21 Ha Pauluse a ne a koala lengolo la hae la Baroma, ka ho khetheha o ile a bua ka Bakreste ba basali ba robong. (Bar. 16:​1, 3, 6, 12, 13, 15) Ha re re le ho re fara! basali bao ba ile ba khothala ha ba utloa litumeliso tseo le ho babatsoa ka tsela eo. Le rona ka tsela e tšoanang re lokela ho tšehetsa baralib’abo rona ka liphuthehong. Ka ho etsa joalo, re tla be re bontša hore rea ba rata ebile ke ba bohlokoa ho rona.

PINA EA 136 “Moputso o Phethahetseng”

^ ser. 5 Basali ba Bakreste ba thulana le mathata a mangata. Sehlooho sena se tl’o bontša hore na re ka ba tšehetsa le ho ba khothatsa joang ka ho etsisa mohlala oa Jesu. Re tla ithuta hore na Jesu o ile a qeta nako joang a e-na le bona, a ba rata le ho ba buella.

^ ser. 5 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 6 Buka e ’ngoe e re: “Barutuoa ba ne ba lula maotong a mesuoe ea bona. Tokelo eo e ne e fuoa barutuoa ba neng ba koetlisetsoa hore e tle e be mesuoe ’me e ne e sa lumelloa ho fuoa basali. . . . Boikemisetso ba Maria ba ho ithuta le ho amohela lithuto tsohle tse tsoang ho Jesu . . . bo ne bo ka ’na ba makatsa banna ba Bajuda.”

^ ser. 9 Baholo ba lokela ho ba hlokolosi haholo ha ba thusa baralib’abo rona. Mohlala, moholo o lokela ho qoba ho etela morali’abo rona a tsamaea a le mong feela.

^ ser. 65 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha re etsisa mohlala oa Jesu oa ho tšehetsa baralib’abo rona ba nang le tumelo, mor’abo rona o thusa baralib’abo rona ba babeli ho kenya lebili la koloi, e mong o etela morali’abo rona ea kulang ha e mong eena a tsamaea le mosali oa hae ho ea thabela borapeli ba lelapa le morali’abo rona e mong le morali oa hae.