Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 37

“ U se ke oa Lumella Letsoho la Hao Hore le Phomole”

“ U se ke oa Lumella Letsoho la Hao Hore le Phomole”

“Jala peo ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane”​—MOEK. 11:6.

PINA EA 68 Re Jaleng Peo ea ’Muso

SELELEKELA *

1-2. Moeklesia 11:6 e amana joang le mosebetsi oa boboleli?

LINAHENG tse ling, ka mor’a hore batho ba bangata ba utloe ka ’Muso oa Molimo, ba batla ho ithuta ka oona haholoanyane. Ke eona ntho eo esale ba e emetse. Athe linaheng tse ling teng, batho ba bangata ha ba rate ho tseba ka Molimo kapa ka Bibele. Moo u lulang teng ho joang? Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, Jehova eena o lebeletse hore re tsoele pele re bolela ho fihlela eena a utloa a khotsofetse.

2 Ka nako ea Jehova e loketseng, mosebetsi oa boboleli o tla fela ’me “bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:​14, 36) Pele nako eo e fihla, re ka bontša joang hore re mamela mantsoe a reng “u se ke oa lamella letsoho la hao hore le phomole”? *​—Bala Moeklesia 11:6.

3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Sehlooho se fetileng se buile ka lintho tse ’ne tseo re lokelang ho li etsa hore re be “batšoasi ba batho” ba hloahloa. (Mat. 4:​19) Sehlooho sena sona se tl’o bua ka litsela tse tharo tseo ka tsona re ka matlafatsang boikemisetso ba rona ba ho bolela ho sa tsotellehe hore na re thulana le mathata afe. Re tla ithuta hore na ke hobane’ng ha (1) re lokela ho etsa hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba rona, (2) ha re lokela ho ba le mamello, le ha (3) re lokela ho lula re e-na le tumelo e matla.

TSEPAMISA KELELLO MOSEBETSING

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re tsepamisitse likelello tsa rona mosebetsing oo Jehova a itseng re o etse?

4 Jesu o ile a bua esale pele ka liketsahalo le maemo a neng a tla tšoaea matsatsi a ho qetela le lintho tse neng li tla sitisa balateli ba hae hore ba phethe mosebetsi oa boboleli. O ile a bolella balateli ba hae hore ba lule ba lebetse. (Mat. 24:​42) Mehleng ena, re sitisoa ke lintho tse tšoanang le tse ileng tsa sitisa batho ba mehleng ea Noe hore ba mo mamele ha a ne a fana ka molaetsa oa temoso. (Mat. 24:​37-39; 2 Pet. 2:5) Ke ka lebaka leo re batlang ho lula re tsepamisitse likelello tsa rona mosebetsing oo Jehova a itseng re o etse.

5. Liketso 1:​6-8 e re mosebetsi oa boboleli o ne o tla ba moholo hakae?

5 Mosebetsi oa boboleli o hloka hore re tsepamise likelello tsa rona ho oona haholo mehleng ena. Jesu o ile a bolela esale pele hore mosebetsi ona o ne o tla ba moholo haholo le hore o ne o tla tsoela pele ka nako e telele ka mor’a lefu la hae. (Joh. 14:​12) Ka mor’a hore Jesu a shoe, ba bang ba barutuoa ba hae ba ile ba khutlela mosebetsing oa ho tšoasa litlhapi. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a thusa ba bang ba barutuoa ba hae hore ba tšoase litlhapi ka mohlolo. O ile a nka monyetla oo ho ba tiisetsa hore mosebetsi oa bohlokoa ke ho ba batšoasi ba batho ho feta mosebetsi leha e le ofe. (Joh. 21:​15-17) Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a bolella balateli ba hae hore mosebetsi oa boboleli oo a o qalileng o ne o tla ba moholo ’me o phatlalle le lefatše lohle. (Bala Liketso 1:​6-8.) Lilemo hamorao, Jesu o ile a bontša moapostola Johanne pono ea hore na ho ne ho tla etsahala’ng “letsatsing la Morena.” * Har’a tse ling, Johanne o ile a bona ketsahalo e hlollang ea mangeloi a etellang pele ho boleloa ha “litaba tse molemo tse sa feleng . . . ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le lelemeng le leng le leng le bathong ba bang le ba bang.” (Tšen. 1:​10; 14:6) Ho hlakile hore thato ea Jehova ke ho re kaofela ha rona mehleng ena re kenye letsoho mosebetsing ona oa bohlokoa ho fihlela o phethiloe.

6. Re ka lula re tsepamisitse likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli joang?

6 Re ka lula re tsepamisitse likelello mosebetsing oa boboleli haeba feela re nahana ka hore na Jehova o re thusa ho le hokae. Ka mohlala, o re file matletse-tletse a lijo tse re thusang ho ba le kamano e ntle le eena li hatisitsoe, li fumaneha ka mekhoa ea marang-rang, li rekotiloe, e le livideo le mananeo a Broadcasting. Nahana feela, websaeteng ea rona ea molao lintho tsena li fumaneha ka lipuo tse ka holimo ho 1 000. (Mat. 24:​45-47) Lefatšeng lena le arohantsoeng ke lipolotiki, bolumeli le moruo, bahlanka ba Molimo ba ka holimo ho limilione tse robeli ba sebetsa ’moho lefatšeng lohle ka kutloano. Mohlala, ka Labohlano la la 19 April 2019, Lipaki tsohle ho pholletsa le lefatše li ile tsa khona ho shebella video e neng e bua ka temana ea letsatsi leo. Mantsiboea a mohlang oo, batho ba ka bang 20 919 041 ba ile ba bokana hammoho ho ikhopotsa lefu la Jesu. Re susumelletseha ho re lule re tsepamisitse likelello tsa rona mosebetsing ona ha re nahana ka tokelo eo re nang le eona le ho bona ha lintho tsena tsa bohlokoa li etsahala mehleng ena.

Jesu ha aa ka a lumella letho ho mo sitisa hore a etse mosebetsi oa boboleli (Sheba serapa sa 7)

7. Mohlala oa Jesu o re thusa joang hore re lule re tsepamisitse likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli?

7 Tsela e ’ngoe eo re ka lulang re tsepamisitse likelello tsa rona boboleling ke ka ho etsisa mohlala oa Jesu. Ha aa ka a lumella eng kapa eng ho mo sitisa hore a bolele. (Joh. 18:​37) Ha aa ka a lekeha ha Satane a ne a re o tla mo fa “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona” kapa hona hore a lekehe ha batho ba bang ba batla ho mo etsa morena. (Mat. 4:​8, 9; Joh. 6:​15) Ha aa ka a nkeha maikutlo ke takatso ea ho batla ho ba le maruo kapa hona hore o ile a tšoha ha a ne a hanyetsoa ka matla. (Luka 9:​58; Joh. 8:​59) Ha re sesa ka har’a mathata a lekang tumelo ea rona, re tla lula re tsepamisitse likelello tsa rona haeba feela re hopola keletso ea moapostola Pauluse. O ile a khothaletsa Bakreste hore ba etsise mohlala oa Jesu e le hore ‘ba se ke ba khathala eaba ba felloa ke matla.’​—Baheb. 12:3.

E-BA LE MAMELLO

8. Mamello ke eng, hona ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re be le eona hona joale?

8 Mamello ke bokhoni boo motho a bang le bona ba ho leta a khobile matšoafo ka tšepo ea hore lintho li tla loka. Ebang re letetse ka tjantjello ho bona ha ntho eo re sa e rateng e fela kapa re letetse ho bona ha ntho eo esale re e batla e phethahala, re lokela ho ba le mamello. Moprofeta Habakuke o ne a letetse hore maemo a sa jeseng litheohelang a bokhopo a fele Juda. (Hab. 1:2) Barutuoa ba Jesu ba ne ba tšepile hore ’Muso o ne “o tla iponahatsa hang-hang” ’me o ba pholose pusong e hatellang ea Roma. (Luka 19:​11) Re shebetse pele letsatsing leo ka lona ’Muso oa Molimo o tla felisa bokhopo ebe o tlisa lefatše le lecha la ho loka. (2 Pet. 3:​13) Leha ho le joalo, re lokela ho ba le mamello ’me re letele nako eo Jehova a e behileng. Ak’u nahane ka litsela tse ling tseo Jehova a re rutang hore re be le mamello.

9. Ke mehlala efe e bontšang hore Jehova o na le mamello?

9 Jehova ke mohlala o phethahetseng oa ho ba le mamello. O ile a fa Noe nako e lekaneng ea hore a hahe areka le hore e be “’moleli oa ho loka.” (2 Pet. 2:5; 1 Pet. 3:​20) O ile a lumella Abrahama ho mo botsa lipotso tse ngata ka qeto eo a e entseng ka ho timetsa batho ba khopo ba motse oa Sodoma le Gomora. (Gen. 18:​20-33) Ka lilemo tse makholo, Jehova o ile a bontša mamello e kholo ho sechaba se neng se sa tšepahale sa Iseraele. (Neh. 9:​30, 31) Re bona bopaki bo hlakileng ba mamello ea Jehova mehleng ena ba hore o fane ka nako e lekaneng ea hore batho “ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9; Joh. 6:​44; 1 Tim. 2:​3, 4) Mohlala oa Jehova o re fa mabaka a hore le rona re be le mamello ha re ntse re tsoela pele ho bolela le ho ruta. O boetse o sebelisa mehlala e ka Lentsoeng la hae ho re thusa hore re be le mamello.

Joaloka sehoai se sebetsang ka thata hape se e-na le mamello, re letetse litholoana tsa mosebetsi oa rona (Sheba serapa sa 10 le 11)

10. Joalokaha Jakobo 5:​7, 8 e bontša, ke ntho efe e ikhethang ka mohlala oa sehoai se hlahang moo?

10 Bala Jakobo 5:​7, 8Mohlala oa sehoai se hlahisang meroho o re ruta hore na re ka ba le mamello joang. Ke ’nete hore lijalo tse ling li hola ka potlako. Leha ho le joalo, lijalo tse ling haholo-holo tse hlahisang litholoana li nka nako hore li butsoe. Mehleng ea Iseraele, nako ea ho lema e ne e nka likhoeli tse ka bang tse tšeletseng. Sehoai se ne se jala peo ea sona ka mor’a hore pula e ne ka hoetla ebe se kotula lijalo tsa sona ka mor’a hore pula e ne nakong ea selemo. (Mar. 4:​28) E se eka le rona re ka ba bohlale ka hore re etsise sehoai seo ka ho ba le mamello. Empa ntho ena e ka ’na ea e-ba pharela.

11. Ho ba le mamello ho tla re thusa joang mosebetsing oa boboleli?

11 Ka tlhaho batho ba sa phethahalang ba batla ho bona maphomela a mosebetsi oo ba o entseng li sa tloha feela. Empa haeba re batla hore serapa sa rona se fane ka lijo, re lokela ho lula re se hlokomela ka ho se phethola, ho se lema, ho se hlaola le ho se nosetsa. Mosebetsi oa boboleli le oona o hloka hore re sebetse ka thata. Ho nka nako ho thusa lithuto tsa rona hore li ntše leeme ka metso ka lipelong tsa tsona le hore li be le lerato. Ho ba le mamello ho tla re thusa hore re qobe ho nyahama ha batho ba sa re mamele. Re ntse re lokela ho ba le mamello le ha re kopana le batho ba ratang ho re mamela. Re ke ke ra qobella seithuti sa Bibele hore se be le tumelo. Ka linako tse ling esita le barutoa ba Jesu ba ne ba sa khone ho utloisisa lintho tseo a ba rutang tsona. (Joh. 14:9) A re luleng re hopola hore re ka lema le ho nosetsa empa Molimo ke eena ea holisang.​—1 Bakor. 3:6.

12. Re ka bontša mamello joang ha re pakela beng ka rona bao e seng Lipaki?

12 Boemo bo bong boo ho bona ho ka bang thata ho bontša mamello ke ha re pakela beng ka rona bao e seng Lipaki. Molao-motheo o hlahang ho Moeklesia 3:​1, 7 o ka re thusa. O re: “Ho na le . . . nako ea ho khutsa le ea ho bua.” Re ka lumella boitšoaro ba rona bo botle hore bo fane ka bopaki empa re boetse hape re ntšitse mahlo linameng e le hore re fane ka bopaki ha monyetla o hlaha. (1 Pet. 3:​1, 2) Re lokela ho ba le mamello ho batho bohle ho akareletsa le beng ka rona ha re ntse re bolela le ho ruta ka cheseho.

13-14. Ke mehlala efe ea batho ba ileng ba e-ba le mamello eo re ka e etsisang?

13 Re ka ithuta ho ba le mamello mehlaleng ea batho ba tšepahalang ba ka Bibeleng le ho batho ba mehleng ena. Habakuke o ile a leta ka nako e telele hore bokhopo bo fele empa a bontša hore o na le mamello ha a re: “Ke tla ’ne ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela.” (Hab. 2:1) Moapostola Pauluse o ile a bua ho tsoa pelong hore o lakatsa ho phetha mosebetsi oa boboleli. Ho ntse ho le joalo, ka mamello o ile a “pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo.”​—Lik. 20:24.

14 Ak’u nahane ka mohlala oa banyalani ba bang ba neng ba tsoa Sekolong sa Gileade ba ileng ba isoa naheng eo ho eona ho neng ho e-na le Lipaki tse fokolang ka palo ebile e le moo batho ba bangata e seng Bakreste. Batho ba bangata ba ne ba sa rate ho ithuta Bibele. Ka lehlakoreng le leng, batho ba neng ba tsoa le bona Sekolong sa Gileade ba neng ba le linaheng tse ling ba ne ba atisa ho ba romella mangolo a monate haholo a bontšang kamoo ba ntseng ba atleha kateng ho khanna lithuto tsa Bibele. Ho sa tsotellehe ho se be le litholoana mosebetsing oa bona, banyalani bao ba ile ba tsoela pele ka mamello. Ka mor’a lilemo tse robeli ba ntse ba etsa mosebetsi oa boboleli tšimong eo e neng e sa behe litholoana, ba ile ba thaba ha e mong eo ba neng ba ithuta le eena a kolobetsoa. Mehlala ee ea mehleng ea boholo-holo le ea mehleng ee e tšoana ka eng? Batho bana ba tšepahalang ha baa ka ba ba botsoa kapa ba lumella matsoho a bona a phomole ’me Jehova o ile a ba putsa ka lebaka la mamello ea bona. E se eka re ka ba “baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.”​—Baheb. 6:​10-12.

E-BA LE TUMELO E MATLA

15. Ke tsela efe e ’ngoe eo tumelo e matlafatsang boikemisetso ba rona ba ho bolela?

15 Re na le tumelo molaetseng oo re o phatlalatsang, kahoo re na le tabatabelo e matla ea ho bolella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Re na le tumelo litšepisong tse ka Lentsoeng la Molimo. (Pes. 119:​42; Esa. 40:8) Re bone ha boprofeta ba Bibele bo phethahala mehleng ena. Re bone ka mahlo a rona ha batho ba fetola bophelo ba bona ’me ba phela ka melao ea Molimo. Taba ena e fana ka bopaki bo re kholisang hore litaba tsa ’Muso oa Molimo ke molaetsa oo motho e mong le e mong a lokelang ho o tseba.

16. Re nahanne ka Pesaleme ea 46:​1-3, tumelo eo re nang le eona ho Jehova le Jesu, e matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho bolela joang?

16 Re boetse re na le tumelo ho Jehova, mohloli oa molaetsa oa rona oa boboleli le ho Jesu eo a mo fileng matla a borena ’Musong oa hae. (Joh. 14:1) Ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke eng, Jehova o tla lula e le setšabelo le matla a rona. (Bala Pesaleme ea 46:​1-3.) Ho phaella moo, re kholisehile hore Jesu o etella mosebetsi oa boboleli pele a le leholimong a sebelisa matla le bolaoli tseo a li filoeng ke Jehova.​—Mat. 28:​18-20.

17. Fana ka mohlala oa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho lula re bolela.

17 Tumelo e etsa hore re kholisehe le ho feta hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona esita le ka litsela tseo re sa li lebellang ka linako tse ling. (Moek. 11:6) Ka mohlala, letsatsi le letsatsi batho ba likete-kete ba fapohela literoling tsa rona. Na mokhoa oo oa ho bolela o beha litholoana? Kannete ho joalo! Tšebeletso ea rona ea ’Muso ea November 2014 e ile ea bua ka mocha e mong ea neng a le univesithi ea neng a batla ho ngola pale e khutšoanyane ka Lipaki Tsa Jehova. Ha aa ka a khona ho fumana Holo ea ’Muso empa o ile a fumana teroli ea rona jareteng ea sekolo a ba a fumana le lintho tseo a neng a li hloka hore a ngole litaba tsa hae. Qetellong o ile a kolobetsoa ’me hona joale ke pula-maliboho ea kamehla. Lipale tsa mofuta ona li ea re khothatsa hore re tsoele pele ho bolela hape li ea bontša hore ho sa na le ho hongata hoo re hlokang ho ho etsa ho thusa batho ba batlang ho utloa molaetsa oa ’Muso.

IKEMISETSE HORE LETSOHO LA HAO LE SE KE LA PHOMOLA

18. Ke hobane’ng ha re kholisehile hore mosebetsi oa boboleli o tla phetheloa ka tsela eo Jehova a e batlang?

18 Re ka kholiseha hore mosebetsi oa boboleli o tla fihla pheletsong ka nako e loketseng. Nahana ho se hokae ka hore na ho ile ha etsahala’ng mehleng ea Noe. Jehova o bontšitse hore ke ’Moloki ea phethahetseng oa nako. Ka nako e ka etsang lilemo tse ka bang 120 esale pele, Jehova o ile a beha nako eo ka eona moroallo o neng o tla tla. Lilemo tse ngata hamorao, Jehova o ile a laela Noe hore a hahe areka. Bonyane ka lilemo tse ka bang 40 kapa 50 pele Moroallo o tla, Noe o ile a qala mosebetsi oo o boima. Le hoja batho ba ne ba sa mamele molaetsa oa hae, o ile a tsoela pele ho ba bolella molaetsa oa kahlolo ho fihlela Jehova a re a tlise liphoofolo tsohle ka arekeng. Eaba ka nako e loketseng ‘Jehova o koala monyako.’​—Gen. 6:3; 7:​1, 2, 16.

19. Re ka lebella eng haeba re sa lumelle matsoho a rona ho phomola?

19 Haufinyane Jehova o tla emisa mosebetsi oa boboleli ’me o tla “koala monyako” oa tsamaiso ea Satane ebe o tlisa lefatše le lecha le tletseng ka batho ba mo mamelang. Ho fihlela ka nako eo, e se eka kaofela ha rona re ka tšoana le Noe, Habakuke le ba bang ba sa kang ba lumella matsoho a bona ho phomola. E se eka re ka lula re tsepamisitse likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli, re e-na le mamello le tumelo e matla ho Jehova le litšepisong tsa hae.

PINA EA 75 “Ke ’Na Enoa Roma ’Na”

^ ser. 5 Sehlooho se fetileng se khothalelitse liithuti tsa Bibele tse hatelang pele hore li amohele memo ea Jesu ea ho ba batšoasi ba batho. Sehlooho sena se tl’o bua ka litsela tse tharo tseo ka tsona bahoeletsi bohle ba ntseng ba le bacha le ba nang le boiphihlelo ba ka matlafatsang boikemisetso ba bona ba ho tsoela pele e le baboleli ba ’Muso ho fihlela Jehova a re mosebetsi o phethehile.

^ ser. 2 Tlhaloso: Sehloohong sena poleloana e reng “u se ke oa lumella letsoho la hao hore le phomole,” e bolela hore re hloka ho ikemisetsa ho bolela molaetsa oa ’Muso ho fihlela ha Jehova a re mosebetsi o phethehile.

^ ser. 5 ‘Letsatsi la Morena’ le qalile ha Jesu a ne a hlomamisoa e le morena ka 1914 leholimong ’me nako eo e tla fela qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete.