MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) April 2018

Khatiso ena e na le lihlooho tse tla ithutoa ho tloha ka la 4 June ho ea ho la 8 July 2018.

U ka ba le Tokoloho ea ’Nete Joang?

Batho ba batla ho lokoloha linthong tse kang ho hatelloa, ho khetholloa le ho sotleha. Na hoa khoneha ho ba le tokoloho ea ’nete?

Sebeletsa Jehova, Molimo oa Tokoloho

Moea oa Jehova o re lokolla ka tsela efe? Re ka qoba joang ho sebelisa hampe tokoloho eo Jehova a re fang eona?

Banna ba Khethiloeng—Etsisang Timothea

Ho bonahala Timothea a ne a ikhalala ha a qala ho sebetsa le moapostola Pauluse. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka ithuta’ng ho Timothea?

Etsisang Jehova ka ho Khothatsa Batho ba Bang

Haesale batho ba Jehova ba hloka ho khothatsoa.

‘A re Khothatsaneng Kaha Letsatsi le Ntse le Atamela’

Kaha letsatsi la Jehova le ntse le atamela, re lokela ho ikitlaelletsa ho khothatsa bakreste-’moho le rona nako le nako ha ba hloka ho khothatsoa.

Bacha, Lulang le Rata Jehova

Bacha ba ka imeloa ha ba lokela ho etsa liqeto tse itseng. Ba ka etsa’ng hore ba khethe lintho tse tla ba tsoela molemo nakong e tlang?

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha e le phoso ho beha lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova liwebsaeteng tse ling kapa mecheng ea phatlalatso?

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Mabaka a ho fetola mantsoe a ho Pesaleme ea 144 ka afe?