Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha, Lulang le Rata Jehova

Bacha, Lulang le Rata Jehova

Rōlela mesebetsi ea hao ho Jehova ’me merero ea hao e tla tiisoa ka thata.LIPROV. 16:3.

LIPINA: 89, 24

1-3. (a) Ke mohlala ofe o bontšang boemo boo bacha ba leng ho bona? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke’ng e ka nolofalletsang bacha ho etsa qeto ha ba le boemong boo?

A RE RE u rera ho nka leeto ka bese ho ea moo u lokelang ho phetha lebaka la bohlokoa. Ha u fihla ka setopong, u qala ho ferekana hobane u bona ho phethesela, batho ba ea holimo le tlaase ebile libese li le ngata. Empa botle ke hore kaha u tlile u se u ntse u tseba hore na u batla ho ea hokae, u tl’o palama bese e tla u isa hona moo. Oa tseba hore haeba u ka palama bese esele, u tla lahleha.

2 Bacha le bona ba boemong bo batlang bo tšoana le bona. Thota e sa namme ka pel’a bona. Ka linako tse ling baa ferekana hobane ho na le menyetla e mengata ea hore na ba ka etsa’ng bophelong. Empa haeba bacha ba tseba hore na ba batla ho etsa’ng bophelong, ho tla ba bonolo hore ba etse qeto. Bacha ba lokela ho etsa qeto efe?

3 Re tla fumana karabo ea potso ena ha re ntse re hlahloba sehlooho sena, etsoe se tla khothalletsa bacha hore ba sebeletse Jehova. Ho sebeletsa Jehova ho akarelletsa ho mo kopa hore a re tataise qetong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Mohlala, re lokela ho mo kopa hore a re tataise ha re etsa qeto ea hore na re tla ea sekolong kapa che, hore na re tla etsa mosebetsi ofe le hore na re tla nyala kapa re tla nyaloa. Ho boetse ho akareletsa ho etsa lintho tse tla re thusa ho lula re rata Jehova. Haeba bacha ba etsa joalo, Jehova o tla ba hlohonolofatsa.​—Bala Liproverbia 16:3.

IKEMISETSE HO LULA U RATA JEHOVA

4. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

4 Ho molemo hore re ikemisetse ho etsa lintho tse tla re thusa ho lula re rata Jehova. Hobane’ng? Ho na le mabaka a mararo. A mabeli a bontša hore ho etsa joalo ho tla re thusa ho ntlafatsa kamano ea rona le Jehova. La boraro le tla re bontša molemo oa hore re qale re sa le bacha ho ikemisetsa ho etsa lintho tse tla re thusa ho lula re rata Jehova.

5. Lebaka le ka sehloohong la ho etsa lintho tse tla re thusa ho lula re rata Jehova ke lefe?

5 Lebaka le ka sehloohong la ho etsa lintho tse tla re thusa ho lula re rata Jehova ke ho mo bontša hore rea mo leboha ka hore ebe oa re rata le ka lintho tseo a re etselitseng tsona. Mopesaleme o ile a re: “Ke ntho e ntle ho leboha Jehova . . . Etsoe u nthabisitse, Jehova, ka lebaka la mosebetsi oa hao; Ke hoeletsa ka thabo ka lebaka la mesebetsi ea matsoho a hao.” (Pes. 92:1, 4) Ho na le lintho tse ngata tseo u ka lebohang Jehova ka tsona. O u file bophelo, a u thusa ho ba le tumelo, a u fa Bibele le Bakreste-’moho le uena ba u ratang, a ba a u thusa ho ba le tšepo ka bokamoso. Kahoo, u ka bontša hore oa mo leboha ka ho etsa hore ho mo sebeletsa e be ntho e tlang pele bophelong ba hao. Ha u etsa joalo, u tla mo rata le ho feta.

6. (a) Lebaka le leng la ho etsa lintho tse tla re thusa ho lula re rata Jehova ke lefe? (b) Ke lintho life tseo batho ba bang ba ileng ba rera ho li etsa ha ba ntse ba le bacha?

6 Lebaka le leng ke hore ha u sebeletsa ho lula u rata Jehova, kamano ea hao le eena e tla ntlafala hobane u etsa thato ea hae. Moapostola Pauluse o ile a re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheb. 6:10) Ha se hore u lokela ho ba motho e moholo hore u ikemisetse ho lula u rata Jehova. Ha morali’abo rona Christine a le lilemo li 10, o ile a ikemisetsa ho lula a bala lipale tsa bophelo tsa bahlanka ba Molimo. Mor’abo rona Toby eena o ile a etsa qeto ea ho bala Bibele kaofela pele a kolobetsoa. Ka nako eo o ne a le lilemo li 12. Mor’abo rona Maxim o ile a kolobetsoa a le lilemo li 11. Khaitseli ea hae Noemi eena o ile a kolobetsoa a le lilemo li 10. Bobeli ba bona ba ile ba sebetsa ka thata hore ka le leng ba sebeletse Bethele. Eaba ba beha fomo ea Bethele leboteng ka tlung ea habo bona hore ba lule ba hopola morero oo oa bona. Le uena u ka rera hore na ke’ng e bohlokoa haholo eo u batlang ho e etsa e tla u thusa hore u lule u rata Jehova, ebe u sebeletsa ho e fihlela.​—Bala Bafilipi 1:10, 11.

7, 8. (a) Ke’ng e tla u nolofalletsa ho etsa liqeto tse nepahetseng? (b) Ke hobane’ng ha Damaris a ile a khetha ho se ee univesithi?

7 Ho boetse ho na le lebaka le leng la ho etsa lintho tse tla re thusa ho lula re rata Jehova. Ho na le lintho tse ngata tseo bacha ba lokelang iketsetsa qeto ka tsona, tse kang hore na ba tla ea sekolong kapa che le hore na ba tla etsa mosebetsi ofe bakeng sa ho iphelisa. Ho etsa liqeto ho tšoana le ho fihla mateanong a litsela ’me u tlameha ho khetha hore na u nka tsela efe. Ho tla ba bonolo ho tseba hore na u tsoa le hokae hafeela u tseba moo u eang teng. Ka tsela e tšoanang, hafeela u tseba hore na u batla ho etsa’ng bophelong, ho tla ba bonolo ho etsa liqeto tse nepahetseng. Liproverbia 21:5 e re: “Merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” Kahoo, ha u qala u sa le mocha ho ba le merero e metle eo u batlang ho e fihlela ka moso, merero eo e tla atleha. Morali’abo rona Damaris o ile a fela a etsa joalo ’me a atleha.

8 O ile a pasa ka linaleli sekolong. O ne a e-na le monyetla oa ho ea univesithi e le hore a il’o ithutela ho ba akhente, empa a khetha ho sebetsa bankeng. Hobane’ng? O re: “Ke ile ka etsa qeto ea hore ke batla ho ba pula-maliboho ke sa le monyenyane. Kahoo, ke ne ke lokela ho etsa mosebetsi o tla ntumella hore ke khone ho ba pula-maliboho. Hoja ke ile ka ithutela ho ba akhente, nka be ke khola chelete e ngata, empa kaha ke ne ke tl’o qeta boholo ba nako ke theohetse, ke ne ke sa tl’o khona ho ba pula-maliboho.” E se e le lilemo tse 20 Damaris e le pula-maliboho. O kholisehile hore o ile a rera ho etsa ntho e ntle a sa le mocha le hore o ile a etsa qeto e nepahetseng hobane o re: “Ke sebetsa haholo le liakhente bankeng eo ke leng ho eona. Ba etsa mosebetsi oo nka beng ke o etsa hoja ebe ke ile ka ithutela ho ba akhente. Empa boholo ba bona ha baa thaba ka lebaka la mosebetsi oa bona. Qeto eo ke e entseng ea ho ba pula-maliboho e nthusitse hore ke phele ke thabile ho fihlela hona joale. E nthusitse le ho qoba mathata ao nka beng ke feta har’a ’ona hoja ebe le ’na ke ile ka ithutela ho ba akhente.”

9. Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba Lipaki lefatšeng ka bophara ba lokela ho babatsoa haholo?

9 Bacha ba bangata ba Lipaki lefatšeng ka bophara ba lokela ho babatsoa haholo. Ba qeta nako ea bona e ngata ba sebeletsa Jehova le ho etsa lintho tse tla ba thusa ho lula ba mo rata. Ka lebaka leo, ba lula ba thabile haholo. Hape, kaha ba mamela likeletso tsa Jehova liqetong tsohle tseo ba li etsang, baa thaba. Liqeto tseo li akarelletsa hore na ba tla ea sekolong kapa che, hore na ba tla etsa mosebetsi ofe le hore na ba tla nyala kapa ba tla nyaloa. Solomone o ile a re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle . . . U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liprov. 3:5, 6) Jehova o rata bacha ba Bakreste haholo, ebile oa ba sireletsa, oa ba tataisa le ho ba hlohonolofatsa.

LULA U ITOKISELITSE HO BOLELA LITABA TSE MOLEMO

10. (a) Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o lokela ho tla pele? (b) Ke’ng e tla u thusa ho thabela ho bua le batho ka Bibele?

10 Haeba mocha a ikemiselitse ho lula a rata Jehova, o lokela ho nka tšimo e le bohlokoa haholo. Jesu o ile a re “litaba tse molemo li lokela ho boleloa . . . pele.” (Mar. 13:10) Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o lokela ho tla pele kaha o potlakile. U ka etsa qeto ea ho ea tšimong hangata kamoo u ka khonang kapa oa ba pula-maliboho. Empa u ka etsa’ng haeba u sa natefeloe ke tšimo? Ke’ng e tla u thusa ho thabela ho bua le batho ka Bibele? U tla thusoa ke hore u lokisetse le hore u lule u bolella batho ba bang lintho tseo u ithutileng tsona. Ha nako e ntse e e-ea, u tla thabela ho buisana le batho ka Bibele.

Na oa lokisetsa pele u bua le batho ka Bibele? (Sheba serapa sa 11 le 12)

11, 12. (a) U ka etsa’ng ho itokisetsa ho bua le batho ka Bibele? (b) Luca o ile a etsa’ng ha monyetla oa hore a bue ka Bibele o hlaha?

11 U ka qala ka ho batlisisa karabo ea potso eo bana bao u kenang sekolo le bona ba e botsang hangata. Mohlala, e ka ba potso ea hore na ke hobane’ng ha u lumela ho Molimo. Websaete ea jw.org e na le lihlooho tse ka u thusang ho fumana karabo ea potso eo. U ka kena karolong ea LITHUTO TSA BIBELE ebe u ea karolong ea BACHA. Ha u fihla karolong eo, u tla fumana karabo ea potso eo sehloohong se reng: “Ke Hobane’ng ha ke Lumela ho Molimo?” Se na le Mangolo a mararo ao u ka a sebelisang, e leng la Baheberu 3:4, Baroma 1:20 le la Pesaleme ea 139:14. Ho na le lihlooho tse ling tse ka u thusang ho fumana likarabo tsa lipotso tse ling tse ngata.​—Bala 1 Petrose 3:15.

12 U ka khothalletsa bana bao u kenang sekolo le bona hore ba kene ho jw.org ha u fumana monyetla. Mor’abo rona Luca o ile a etsa joalo. Tichere ea hae e ne e ntse e bua ka malumeli a fapaneng. Eaba Luca oa hlokomela hore buka eo tichere e neng e e sebelisa e bua lintho tseo e seng ’nete ka Lipaki Tsa Jehova. Le hoja a ne a utloa a tšaba ho hlalosa hore lintho tseo buka eo e li buang ka Lipaki ha se ’nete, o ile a kopa ho etsa joalo eaba tichere ea mo lumella. O ile a hlalosetsa tichere le bana ba ka tlelaseng hore na Lipaki li lumela’ng, a boela a ba bontša websaete ea jw.org. Tichere e ile ea ba ea bolella bana bohle hore ha ba fihla hae ba shebelle video ea Hlōla Mpoli U sa Loane. Ka mor’a moo, Luca o ile a thaba haholo.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re bua le batho ka Bibele leha ho hlaha maemo a boima?

13 Haeba ho hlaha maemo a boima, u se ke oa nyahama, empa u lule u ntse u bua le batho ka Bibele. (2 Tim. 4:2) Ha morali’abo rona Katharina a sa le mocha o ne a ikemiselitse ho pakela motho e mong le e mong eo a neng a sebetsa le eena. Empa ho ne ho e-na le ntate e mong ea neng a mo rohaka hobane a sa rate taba ena. Morali enoa oabo rona ha aa ka a iphetetsa eaba o tsoela pele ho paka. Boitšoaro bona ba hae bo ile ba khahla ntate Hans hoo a ileng a ithuta. Morali’abo rona Katharina o ne a sa tsebe hore ho na le motho ea hlokomelang tsela e ntle eo a itšoereng ka eona. Lilemo tse 13 ka mor’a moo, morali’abo rona Katharina o ile a makala haholo ha a se a bona ntate Hans a chaketse phuthehong ea bona a il’o fana ka puo ea phatlalatsa. U se u ka inahanela hore na o ne a thabile hakae.

U SE KE OA KOENEHELA LIQETO TSA HAO

14, 15. (a) Ha nako e ntse e e-ea, bacha ba lokela ho etsa’ng ha lithaka tsa bona li ba susumelletsa ho phelela ho ikhotsofatsa? (b) Bacha ba ka etsa’ng e le hore ba se ke ba iphumana ba se ba laoloa ke metsoalle ea bona?

14 Ho tla fihlela mona, sehlooho sena se u khothalelitse ho etsa hore thato ea Molimo e tle pele bophelong ba hao. Taba ena e bolela hore u lokela ho etsa lintho tse tla u thusa ho lula u rata Jehova. E ka ’na eaba lithaka tsa hao tsona ha li nke hore ho sebeletsa Jehova ke ntho ea bohlokoa haholo. Li tla leka ho u susumelletsa hore u li etsise ka hore u phelele ho ikhotsofatsa. Ha nako e ntse e e-ea, u tla tlameha ho bontša hore u eme u tiile liqetong tseo u li entseng. Kahoo, u se ke oa lumella lithaka tsa hao ho u sitisa ho finyella merero ea hao e metle. Hopola mohlala oa libese oo ho builoeng ka oona qalong ea sehlooho sena. U ne u ke ke oa palama bese e ’ngoe le e ’ngoe eo u bonang eka batho ba e palameng ba thabile le hoja bese eo e e-ea moo u sa eeng.

15 Ho na le lintho tseo u ka li etsang hore u se ke oa iphumana u se u laoloa ke lithaka tsa hao. Mohlala, u ka qoba maemo ao ho ’ona u ka utloang u batla ho li etsisa. (Liprov. 22:3) Hape, nahana ka lintho tse bohloko tse ka u hlahelang haeba u etsa lintho hobane feela batho ba bang ba li etsa. (Bagal. 6:7) U boetse u lokela ho amohela hore u hloka keletso e tsoang ho batho ba bang. Haeba feela u ikokobelitse, ho tla ba bonolo hore u amohele keletso e tsoang ho batsoali ba hao le Bakreste-’moho le uena bao e leng khale ba li bona.​—Bala 1 Petrose 5:5, 6.

16. Pale ea Christoph e bontša joang hore ho molemo ho ikokobetsa?

16 Mocha e mong ea bitsoang Christoph o ile a khona ho amohela likeletso tse molemo tse tsoang ho Bakreste-’moho le eena hobane a ile a ikokobetsa. Nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a qala ho ikoetlisa hangata. Eaba bacha ba bang bao a neng a ikoetlisa le bona ba re a ke a bapale le bona lipapaling tseo ba neng ba li bapala. O ile a ea ho moholo e mong ho kopa keletso. Eaba moholo eo o mo bolella hore pele a ka etsa qeto, a nahane ka mathata a ka mo hlahelang ha a ka bapala lipapali tseo. O ile a bua ka mathata a kang hore Christoph o ne a tla iphumana e se e le motho ea ratang ho hlolisana le batho. Ho ntse ho le joalo, Christoph a khetha ho mamela lithaka tsa hae. Empa ha nako e ntse e e-ea, a fumana hore lipapali tseo li kotsi hobane ho ne ho bapaloa ka hore ho loanoe. O ile a boela a ea ho baholo ba bang ba ileng ba mo bontša likeletso tse ka Bibeleng. O re: “Jehova o ile a nthusa ka likeletso tse molemo tseo ke li fumaneng. Ke ile ka mo mamela le hoja ho ile ha feta nako pele nka amohela likeletso tseo.” Na le uena u ikemiselitse ho ikokobetsa e le hore u mamele keletso e ka u tsoelang molemo?

17, 18. (a) Jehova o batla hore ho etsahale’ng ka bacha? (b) Batho ba bangata ba baholo ba ikoahlaela eng? (c) Mohlala oa ’Mè Mirjana o ka thusa bacha joang ho qoba boemo boo ha ba se ba le baholo?

17 Bibele e re: “Mohlankana [kapa moroetsana], u thabele bocha ba hao, ’me pelo ea hao e u etsetse se molemo matsatsing a bohlankana [kapa boroetsana] ba hao.” (Moek. 11:9) Jehova o batla hore u thabe. Sehlooho sena se bontšitse hore na u ka etsa’ng e le hore u thabe. Etsa lintho tse tla u thusa ho lula u rata Jehova ’me u mamele keletso ea hae liqetong tsohle tseo u li etsang. Ha u etsa joalo u sa le mocha, Jehova o tla u tataisa, a u sireletse a be a u hlohonolofatse. Nahanisisa ka likeletso tsohle tse molemo tse ka Bibeleng, u be u mamele keletso ea Bibele e reng: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana [kapa boroetsana] ba hao.”—Moek. 12:1.

18 U ke ke oa lula u le mocha, kahoo ke bohlale ho etsa liqeto tse tla etsa hore u thabe le ka moso. Batho ba bangata ba baholo ba ikoahlaela hore ebe ba ile ba etsa liqeto tse fosahetseng ha ba sa le bacha kapa hore ebe ba ne ba sa tsebe hore na ba batla’ng bophelong. Empa haeba bacha ba etsa lintho tse tla ba thusa ho lula ba rata Jehova, ba tla lula ba thabile ho fihlela ba le baholo. ’Mè Mirjana o ne a ipabola haholo lipapaling ha a sa le mocha. O ile a ba a koptjoa ho bapalla thimi tlholisanong e ’ngoe e kholo haholo, empa a khetha ho ba pula-maliboho. O se a qetile lilemo tse 30 ’me hona joale eena le molekane oa hae ke bo-pula-maliboho. O re: “Ho rua le ho tuma ha se lintho tse ka etsang hore batho ba thabe. Ntho e etsang hore motho a thabe ke ho sebeletsa Molimo le ho thusa batho ho ba le kamano e ntle le eena.”

19. Bacha ba tla fumana melemo efe ha ba etsa lintho tse tla ba thusa ho lula ba rata Jehova?

19 Bacha, le lokela ho babatsoa hobane leha le hlaheloa ke mathata, le lula le ikemiselitse ho etsa hore thato ea Molimo e tle pele bophelong ba lona. Le etsa lintho tse le thusang ho lula le rata Jehova, ebile le nka mosebetsi oa boboleli o le bohlokoa haholo. Hape ha le lumelle letho ho le sitisa ho fihlela merero e metle eo le nang le eona. Kahoo, kholisehang hore lintho tsohle tse ntle tseo le li etsang ha se tsa lefeela. Bakreste-’moho le lona baa le rata ebile baa le tšehetsa. Haeba le lula le mamela likeletso tsa Jehova, merero ea lona e metle e tla atleha.