Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Banna ba Khethiloeng—Etsisang Timothea

Banna ba Khethiloeng—Etsisang Timothea

SELEMONG se fetileng, banna ba likete ba ile ba khethoa hore e be baholo le bahlanka ba sebeletsang lefatšeng ka bophara. Haeba u e mong oa bona, ha ho pelaelo hore u thabetse boikarabelo boo haholo.

Leha ho le joalo, ke ho utloahalang hore u ka ’na oa ikutloa u tšoenyehile. Moholo e mong ea mocha eo lebitso la hae e leng Jason o re: “Ka mor’a ho khethoa, ke ile ka utloa ke e-na le boikarabelo bo bongata haholo boo ke lokelang ho bo phetha.” Moshe le Jeremia ba ile ba ikutloa ba sa tšoanelehe ha Jehova a ba fa boikarabelo. (Ex. 4:10;Jer. 1:6) Haeba le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang, u ka hlola bothata boo joang? A re boneng hore na mohlala oa Timothea o ka re thusa joang.—Lik. 16:1-3.

ETSISA TIMOTHEA

Timothea o ne a ka ba lilemo li 20 ha Moapostola Pauluse a ne a mo mema hore a tsamaee le eena maetong a hae. Qalong, Timothea o ne a sa itšepe a bile a le leqe ho tsamaea le Pauluse. (1 Tim. 4:11, 12; 2 Tim. 1:1, 2, 7) Leha ho le joalo, lilemo tse leshome hamorao, Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Filipi a re: “Ke na le tšepo ho Morena Jesu ea ho romela Timothea ho lōna haufinyane. . . Etsoe ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae.”—Bafil. 2:19, 20.

Ke’ng e ileng ea thusa Timothea hore e be motho ea ikhethang hakaale? Ho na le lintlha tse tšeletseng tseo re ka ithutang tsona ho Timothea.

1. O ne a rata batho haholo. Pauluse o ile a bolella Barab’abo rona ba Filipi a re: ‘[Timothea] o tla hlokomela lintho tse le amang.’ (Bafil. 2:20) Ho hlakile hore Timothea o ne a rata batho haholo. O ne a batla hore ba be le kamano e ntle le Jehova ’me a ikemiselitse ho ba thusa.

Qoba ho sebelisa melao ho feta ho sebelisa melao-motheo. Willliam ea sebelelitseng e le moholo ka lilemo tse ka holimo ho 20 o ile a eletsa barab’abo rona ba sa tsoa khethoa. A re: “Ratang barab’abo rona. Le se ke la ameha feela ka ho ba thusa ho ba le kamano e ntle le Molimo empa le boele le ba thuse ka lintho tseo ba li hlokang.”

2. Mosebetsi oa boboleli o ne o tla pele bophelong ba hae. Pauluse o ile a bontša hore Timothea o ne a sa tšoane le batho ba bang, eaba o re: “Etsoe ba bang kaofela ba batla lithahasello tsa bona, eseng tsa Kreste Jesu.” (Bafil. 2:21) Pauluse o ne a ngola a le Roma. O ile a hlokomela hore barab’abo rona ba moo ba ne ba phathahane ka mosebetsi oa boipheliso ho e-na le oa boboleli. Timothea o ne a fapane hole le bona. O ne a sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolella batho molaetsa oa Bibele ’me o ne a ikutloa joaloka Esaia ea ileng a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esa. 6:8.

Re ka etsa’ng e le hore ho be le teka-tekano pakeng tsa mosebetsi oa boipheliso le ho lula re e-na le kamano e ntle le Molimo? Ntlha ea pele, etsa hore lintho tsa bohlokoa e be tsona tse tlang pele. Ke kahoo Pauluse a ileng a re khothalletsa hore ‘re nepisise lintho tsa bohlokoa haholo.’ (Bafil. 1:10) Lintho tseo Jehova a li nkang e le tsa bohlokoa, le uena li nke e le tsa bohlokoa. Ntlha ea bobeli, nolofatsa bophelo ba hao. Qoba ho senya nako le matla linthong tseo e seng tsa bohlokoa. Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore ‘a balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha, empa a phehelle ho loka, tumelo, lerato, khotso.’—2 Tim. 2:22.

3. O ne a sebetsa ka thata tšebeletsong e halalelang. Pauluse o ile a hopotsa Bafilipi a re: “Empa le tseba bopaki boo [Timothea] a ileng a ipaka ka bona, hore joaloka ngoana le ntat’ae e ile ea ba lekhoba le ’na ho ntšetseng pele litaba tse molemo.” (Bafil. 2:22) Timothea o ne a se botsoa. O ne a sebetsa ka thata ’moho le Pauluse ’me setsoalle sa bona se ile sa ba matla.

Ho na le mosebetsi o mongata ka hare ho mokhatlo oa Jehova kajeno. Mosebetsi oo o khotsofatsa e le kannete ’me o ka u thusa ho atamela haufi le bara le barali babo rona. Kamehla etsa hore ho be le ‘ho hongata hoo u ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakor. 15:58.

4. O ne a phela tumellanong le lintho tseo a ithutileng tsona. Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “U latetse haufi-ufi thuto ea ka, tsela ea ka ea bophelo, morero oa ka, tumelo ea ka, tiisetso ea ka, lerato la ka, mamello ea ka.” (2 Tim. 3:10) Timothea o ne a phela tumellanong le lintho tseo a ithutileng tsona. Ke kahoo a neng a tšoaneleha ho amohela boikarabelo bo eketsehileng.—1 Bakor. 4:17.

Itloaetse motho ea holileng ebile e le khale a li bona e le hore u mo etsise. Tom eo e bileng moholo ka lilemo tse ngata o re: “Moholo e mong ea nang le boiphihlelo, o ile a ipha nako ea ho nthupela hamolemo. Kamehla ke ne ke kopa keletso ebile ke e sebelisa. Ho etsa joalo ho ile ha nthusa hore ke itšepe haholoanyane.”

5. O ne a lula a imatlafatsa. Pauluse o ile a re ho Timothea: “U ikoetlise boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao.” (1 Tim. 4:7) Le hoja semathi se e-na le mokoetlisi, ho ntse ho hlokahala hore se ikoetlise. Pauluse o ile a boela a re ho eena: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng. . . Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 Tim. 4:13-15.

Le uena ka tsela e tšoanang tsoela pele u imatlafatsa. Khothalla ho ithuta Bibele ’me u mamele tataiso eo mokhatlo oa Jehova o fanang ka eona. U se ke oa itšepa ho tlola hoo u ka etsang liqeto u itšetlehile ka boiphihlelo ba hao ho e-na le ho etsa lipatlisiso ka Bibeleng. Etsisa Timothea ka hore u “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao.”—1 Tim. 4:16.

6. O ne a itšetleha ka moea oa Jehova. Mabapi le tšebeletso ea Timothea, Pauluse o ile a re: “U lebele letlotlo lena le letle ka moea o halalelang o lulang ho rōna.” (2 Tim. 1:14) Timothea o ne a hloka ho itšetleha ka moea oa Molimo e le hore a sireletse tšebeletso ea hae.

Donald ea nang le lilemo tse 10 e le moholo o re: “Banna ba khethiloeng ba lokela ho nka kamano ea bona le Molimo e le ea bohlokoa. Ba ikitlaelletsang ho etsa joalo ‘ba tla tsamaea ba ntse ba e-ba le mafolofolo a eketsehileng.’ Haeba ba rapella moea oa Jehova ’me ba bontša makhabane a moea oa Hae e tla ba tlhohonolofatso e kholo ho barab’abo bona.”—Pes. 84:7; 1 Pet. 4:11.

ANANELA KABELO EA HAO

Ruri hoa thabisa ho bona kamoo Jehova a sebelisang barab’abo rona tšebeletsong ea hae kateng. Jason eo re buileng ka eena pejana, o re: “Haesale ke le moholo ke ithutile lintho tse ngata le ho itšepa haholoanyane. Ke thabela kabelo ea ka haholo ’me ke e nka e le ea bohlokoa!”

Na u tla itumella ho sebelisoa ke Jehova? Ithute ho Timothea ’me u tla ba tlhohonolofatso ho batho ba Jehova.