Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Bibeleng e ntlafalitsoeng ea 2013 ea “Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang,” Lengolo la Pesaleme ea 144:12-15 le bua ka batho ba Molimo. Empa Phetolelo ea pele ho moo e ne e bua ka bajaki ba khopo ba hlahang temaneng ea 11. Ke hobane’ng ha mantsoe aa a ile a fetoloa?

Lentsoe la Seheberu le lumellana le litlhaloso tseo ka bobeli. Kahoo, Phetolelo ea 2013 e fetoletsoe ho ipapisitsoe le lintlha tse latelang:

  1. Mantsoe a fetotsoeng a lumellana le sebopeho-puo. Pesaleme ea 144:12-15 le litemana tse hlahang pele ho moo li itšetlehile ka lentsoe le qalang la temana ea 12, e leng lentsoe la Seheberu asher. Lentsoe asher le ka hlalosoa ka litsela tse ngata. Mohlala, le ka hlalosoa e le seemeli se kang “ba” kapa “bao.” Phetolelong ea pele ho sebelisitsoe seemeli “bao.” Kahoo, lintho tse molemo tseo ho buuoeng ka tsona litemaneng tsa 12 ho ea ho 14 li ne li sebetsa ho batho ba khopo bao ho buuoeng ka bona litemaneng tse tlang pele ho moo. Leha ho le joalo, lentsoe asher le ka boela la bolela litla-morao ’me la fetoleloa e le “hore,” “e le hore” kapa “kahoo.” Phetolelong ea 2013 le liphetolelong tse ling, ho sebelisitsoe lentsoe “kahoo.”

  2. Mantsoe a fetotsoeng a lumellana hantle le khaolo ea 144 ea pesaleme. Lentsoe “kahoo” le sebelisitsoeng temaneng ea 12 le bontša hore litlhohonolofatso tse hlahang litemaneng tsa 12 ho ea ho 14 li tlela batho ba lokileng e leng bao temaneng ea 11 ba kopang ho lokolloa kapa ho lopolloa ho batho ba khopo. Phetoho ena e boetse e hlaha temaneng ea 15 moo poleloana “ho thaba” e hlahang habeli ’me e bua ka batho ba le bang, e leng batho bao “Molimo oa bona e leng Jehova.” Hopola hape hore Seheberu sa pele se ne se se na matšoao a kang a ho qotsa. Kahoo bafetoleli ba lokela ho fetolela ka tsela e nepahetseng, ba shebe mokhoa oa Seheberu oa ho ngola e leng oa thothokiso, tsela eo mantsoe a sebelisitsoeng ka eona le litemana tse amanang le e lokelang ho fetoleloa.

  3. Mantsoe a fetotsoeng a lumellana le litemana tse ling tsa Bibele tse bontšang hore batho ba Molimo ba tšepahalang ba tla fumana litlhohonolofatso. Kaha joale ho fetotsoe lentsoe asher, Lengolo la pesaleme le bontša ka tsela e hlakileng tšepo eo Davida a neng a e-na le eona ka mor’a hore Jehova a lokolle Baiseraele lireng tsa bona. O ne a tla ba hlohonolofatsa ka hore ba thabe ’me ba be le nala. (Lev. 26:9, 10; Deut. 7:13; Pes. 128:1-6) Mohlala, Lengolo la Deuteronoma 28:4 le re: “Litholoana tsa mpa ea hao li tla hlohonolofatsoa le litholoana tsa naha ea hao le litholoana tsa phoofolo ea hao e ruuoang, namane ea khomo ea hao le se tsoetsoeng ke mohlape oa hao.” Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Pusong ea mor’a Davida e leng Solomone, batho ba ne ba phela ka khotso ba bile ba e-na le matletse-tletse a lijo. Hape, lintho tse molemo tse etsahetseng pusong ea Solomone li ne li bontša hore na pusong ea Jesu ho tla ba joang.—1 Mar. 4:20, 21; Pes. 72:1-20.

Ha re lihela likhala, phetoho e entsoeng ho Pesaleme ea 144 ha e fetole tsela eo re neng re utloisisa lithuto tsa Bibele ka eona. Leha ho le joalo, e etsa hore re hlakeloe haholoanyane ke tšepo eo bahlanka ba Molimo ba neng ba e-na le eona. Ba ne ba e-na le tšepo ea hore batho ba khopo ba tla felisoa ’me ba lokileng ba be le khotso le nala.—Pes. 37:10, 11.