Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebeletsa Jehova, Molimo oa Tokoloho

Sebeletsa Jehova, Molimo oa Tokoloho

Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.2 BAKOR. 3:17.

LIPINA: 11, 137

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha batho ba mehleng ea moapostola Pauluse ba ne ba amehile ka bokhoba le tokoloho? (b) Pauluse o ile a re batho ba ka fumana tokoloho ea ’nete ho mang?

BAKRESTE ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba phela har’a Baroma ba neng ba ikotla sefuba ka hore ke litsebi tsa toka, molao le tokoloho. Empa ’muso oa Roma o finyeletse lintho tse ngata o sebelisa makhoba. Ho na le nako eo makhoba a neng a le mangata Roma. Ka hona, ha ho makatse hore ebe bokhoba le tokoloho e ne e le lintho tse melomong ea batho ba bangata mehleng eo, ho akarelletsa le Bakreste.

2 Mangolo ao moapostola Pauluse a a ngotseng, a bua haholo ka tokoloho. Leha ho le joalo, sepheo sa hae e ne e se ho rarolla mathata a lefatše, e leng ntho eo batho ba mehleng eo ba neng ba e batla. Ho e-na le hoo, Pauluse le Bakreste-’moho le eena ba ile ba sebetsa ka thata ho thusa batho ba bang ho ithuta ka ’Muso oa Molimo le ka bohlokoa ba sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. Pauluse o ile a thusa Bakreste-’moho le eena ho fumana tsela ea ho lokoloha e le kannete. O ile a re: “Jehova ke Moea; moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.”—2 Bakor. 3:17.

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngola mantsoe a hlahang Lengolong la 2 Bakorinthe 3:17? (b) Re ka etsa’ng ho thabela tokoloho eo Jehova a re fang eona?

3 Pejana lengolong leo, Pauluse o buile ka tsela eo Moshe a neng a khanya ka eona ha a theoha thabeng ea Sinai ka mor’a hore a be haufi le lengeloi la Jehova. Baiseraele ba ile ba tšoha haholo ha ba bona kamoo sefahleho sa Moshe se khanyang kateng, eaba o ikoahela ka lesira. (Ex. 34:29, 30, 33; 2 Bakor. 3:7, 13) Pauluse o ile a re: “Empa ha ho retelehela ho Jehova ho le teng, lesira lea tlosoa.” (2 Bakor. 3:16) O ne a bolela’ng?

4 Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, Jehova, ’Mopi oa lintho tsohle ke eena feela ea nang le bolokolohi bo sa lekanyetsoang. Ka hona, ho hlakile hore moo Jehova a leng teng le “moo moea oa Jehova o leng teng,” ho na le tokoloho. Leha ho le joalo, e le hore re thabele tokoloho eo, re lokela ho “retelehela ho Jehova,” e leng hore re lokela ho ba le kamano e ntle le eena. Baiseraele ba ne ba sa shebe lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona. Ba bile ba sa bone lintho tse ntle tseo a ba etsetsang tsona. Ba ne ba batla ho sebelisa bolokolohi ba bona ho etsa lintho tseo ba li ratang.—Baheb. 3:8-10.

5. (a) Moea oa Jehova o re fa tokoloho ea mofuta ofe? (b)  Ke’ng e re kholisang hore motho a ka lokoloha leha a le teronkong kapa bokhobeng? (c) Re lokela ho ipotsa lipotso life?

5 Tokoloho eo re e fumanang ka lebaka la moea oa Jehova e fapane haholo le tokoloho ea ha motho a lokolloa bokhobeng. Moea oa Jehova o ka re lokolla linthong tseo batho ba ke keng ba re lokolla ho tsona. O ka re ntša bokhobeng ba sebe, lefu le bolumeli ba bohata hammoho le lithuto tsa bona. (Bar. 6:23; 8:2) Ruri ena ke tokoloho ea ’nete! Motho a ka thabela bolokolohi bona esita leha a le teronkong kapa a le bokhobeng. (Gen. 39:20-23) Mohlala, morali’abo rona Nancy Yuen le mor’abo rona Harold King ba ile ba koalloa chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona. Leha ho le joalo, ba ne ba ikutloa ba lokolohile. U ka shebella pale ea e mong le e mong oa bona ho Khaso ea JW. (Sheba tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO > HO MAMELLA LITEKO.) Empa re ka bontša joang hore re ananela bolokolohi boo re nang le bona? Re ka etsa’ng ho sebelisa bolokolohi ba rona ka bohlale?

ANANELA TOKOLOHO EO MOLIMO A RE FANG EONA

6. Baiseraele ba ile ba bontša joang hore ha ba ananele tokoloho eo Jehova a ba fileng eona?

6 Ha re lemoha bohlokoa ba mpho e turu eo motho a re fileng eona, re mo leboha ho tloha botebong ba pelo. Baiseraele ha baa ka ba ananela tokoloho eo Jehova a ba fileng eona ka hore a ba lokolle bokhobeng Egepeta. Ka mor’a likhoeli tse ’maloa a ba lokolotse, ba ile ba qala ho lakatsa lijo tseo ba neng ba li ja ha ba le moo. Ba ne ba tletleba ka lijo tseo Jehova a ba fileng tsona ba bile ba batla ho khutlela Egepeta. Ba ne ba bona ‘tlhapi, likomkomere, mahapu, liliki, lieiee le konofolo’ li le bohlokoa ho feta bolokolohi boo Jehova a ba fileng bona ba hore ba mo rapele. Na ha se ntho e utloahalang hore ebe Jehova o ile a ba halefela? (Num. 11:5, 6, 10; 14:3, 4) Taba ena e re ruta thuto ea bohlokoa.

7. (a) Pauluse o ile a sebelisa keletso ea hae e hlahang ho 2 Bakorinthe 6:1 joang? (b) Re ka mo etsisa joang?

7 Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste bohle hore ba nke bolokolohi boo Jehova a ba fileng bona ka Jesu bo le bohlokoa. (Bala 2 Bakorinthe 6:1.) Pauluse o ne a utloisoa bohloko ke ho ba lekhoba la sebe le lefu. Leha ho le joalo, o ile a re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!” Hobane’ng? O ile a hlalosetsa Bakreste-’moho le eena a re: “Etsoe molao oa moea oo o fanang ka bophelo bonngoeng le Kreste Jesu o u lokolotse molaong oa sebe le oa lefu.” (Bar. 7:24, 25; 8:2) Re lokela ho etsisa Pauluse ka hore le ka mohla re se ke ra lebala hore Jehova o re lokolotse bokhobeng ba sebe le lefu. Sehlabelo sa Jesu se re thusa hore re sebeletse Molimo ka matsoalo a khutsitseng re bile re thabile.—Pes. 40:8.

Na u sebelisa bolokolohi ba hao ho sebeletsa Jehova kapa ho etsa lintho tseo u li batlang? (Sheba lirapa 8-10)

8, 9. (a) Moapostola Petrose o ile a fana ka keletso efe mabapi le ho sebelisa bolokolohi? (b) Ke joang re ka sebelisang bolokolohi ba rona ka tsela e fosahetseng?

8 Ha rea lokela ho ananela feela hore Jehova o re file bolokolohi, empa re boetse re lokela ho ela hloko hore re se ke ra bo sebelisa hampe. Moapostola Petrose o ile a re eletsa hore re se ke ra sebelisa bolokolohi ba rona ho etsa lintho tse fosahetseng. (Bala 1 Petrose 2:16.) Keletso ena e re hopotsa lintho tse ileng tsa etsahalla Baiseraele ha ba le lefeelleng. E ntse e le bohlokoa le mehleng ena, mohlomong le ho feta mehleng ea pele. Satane le batho ba hae ba fana ka lintho tse ngata tseo re ka li khallang tse kang, liaparo, lijo, lino, boithabiso le tse ling. Lipapatso li hlahisa batho ba batle e le hore re reke lintho tseo re sa li hlokeng. Ho ka ba bonolo hore re thetsehe ’me re sebelise bolokolohi ba rona ka tsela e fosahetseng.

9 Keletso ea Petrose e ka re thusa ho etsa liqeto tsa bohlokoa bophelong, tse mabapi le thuto le mosebetsi. Mohlala, bacha ba bangata ba tlas’a khatello ea hore ba sebetse ka thata sekolong e le hore ba amoheloe liunivesithing tse hlaheletseng. Batho ba bangata ba ba bolella hore haeba ba rutehile, ba tla fumana mesebetsi e patalang hantle, ba fumane chelete e ngata ’me ba hlomphehe. Ba ka ’na ba ba bontša lipalo-palo tse hlakisang hore batho ba ileng univesithi ba fumana chelete e ngata ho feta ba keneng sekolo se phahameng feela. Thuto e phahameng e ka bonahala e le ea bohlokoa haholo ho bacha ha ba lokela ho etsa liqeto tse amang bophelo bohle ba bona. Bacha hammoho le batsoali ba bona ba lokela ho hopola eng?

10. Re lokela ho hopola eng ha re etsa liqeto?

10 Batho ba bang ba ka ’na ba nka hore kaha liqeto tsena ke tsa botho ba lokela ho sebelisa bolokolohi ba bona ho khetha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang, hafeela e sa ame matsoalo a bona. Mohlomong ba ka ikemela ba sebelisa mantsoe a Pauluse a reng: “Ke hobane’ng ha tokoloho ea ka e ahloloa ke letsoalo la motho e mong?” (1 Bakor. 10:29) Le hoja re e-na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto mabapi le thuto le mosebetsi, re lokela ho lula re hopola hore bolokolohi ba rona bo na le moeli le hore re tla khola litholoana tsa liqeto tseo re li etsang. Ke kahoo Pauluse a ileng a re: “Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse molemo. Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse hahang.” (1 Bakor. 10:23) Kahoo, le hoja re e-na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto tse amang bophelo ba rona, taba ea bohlokoa ha se hore na rona re batla’ng.

SEBELISA BOLOKOLOHI BA HAO KA BOHLALE

11. Lebaka leo Jehova a re lopolotseng ka lona ke lefe?

11 Ha Petrose a re eletsa hore re se ke ra sebelisa bolokolohi ba rona ka tsela e fosahetseng, o ile a re tsela e nepahetseng ke ho bo sebelisa “joaloka makhoba a Molimo.” Kahoo, lebaka le ka sehloohong la hore Jehova a re lopolle bokhobeng ba sebe le lefu ka Jesu ke hore re Mo sebeletse bophelo bohle ba rona.

12. Re ithuta’ng ho Noe le lelapa la hae?

12 Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho sebelisa bolokolohi ba rona ka tsela e nepahetseng ke ka hore re sebelise nako le matla a rona ho sebeletsa Jehova ka hohle. Ha re etsa joalo, re ke ke ra lumella hore lintho tsa lefatše lena hammoho le lintho tseo re li batlang e be tsona tsa bohlokoa bophelong ba rona. (Bagal. 5:16) Nahana ka mohlala oa Noe le lelapa la hae. Ba ne ba phela har’a batho ba khopo ba bileng ba hlokang boitšoaro. Leha ho le joalo, ba ne ba sa etse lintho tseo batho bao ba li etsang. Ba ne ba phathahane ka ho etsa mosebetsi oo Jehova a ba fileng oona. Ba ile ba haha areka, ba bokella lijo bakeng sa bona le liphoofolo ’me ba lemosa batho ka moroallo. “Eaba Noe o etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.” (Gen. 6:22) Kahoo, Noe le lelapa la hae ba ile ba pholoha ha Molimo a felisa lefatše.—Baheb. 11:7.

13. Jehova o re laetse hore re etse’ng?

13 Jehova o re laetse hore re etse’ng mehleng ee? Re le balateli ba Jesu, rea tseba hore Jehova o re laetse hore re bolele litaba tse molemo. (Bala Luka 4:18, 19.) Mehleng ena Satane o foufalitse batho ba bangata ’me ha ba hlokomele hore ke makhoba a bolumeli ba bohata, maruo le lipolotiki. (2 Bakor. 4:4) Re na le monyetla o ikhethang oa ho latela Jesu ka hore re thuse batho hore ba rapele Jehova, Molimo ea fanang ka tokoloho. (Mat. 28:19, 20) Ha ho bonolo ho etsa mosebetsi ona. Libakeng tse ling batho ha ba thahaselle ho rutoa ka Molimo. Ba bang baa halefa ha re ba bolella ka eena. Kaha Jehova o re laetse ho etsa mosebetsi ona, re lokela ho ipotsa: ‘Na ke sebelisa bolokolohi ba ka ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo?’

14, 15. Batho ba bang ba sebeletsang Jehova ba ile ba khetha ho etsa’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

14 Rea khothala ha re bona kamoo batho ba bangata ba bebofalitseng bophelo ba bona kateng e le hore e be bo-pula-maliboho kaha baa hlokomela hore bofelo bo haufi. (1 Bakor. 9:19, 23) Ba bang e ba bo-pula-maliboho libakeng tseo ba phelang ho tsona, ha ba bang bona ba fallela moo ho hlokehang bahoeletsi. Lilemong tse hlano tse fetileng, batho ba fetang 250 000 e ile ea e-ba bo-pula-maliboho, kahoo palo ea bo-pula-maliboho ba kamehla e nyolohetse ho 1 100 000. Ke ntho e thabisang hore ebe batho ba bangata hakana ba sebelisa bolokolohi ba bona ho sebeletsa Jehova.—Pes. 110:3.

15 Bara le barali babo rona ba thusitsoe ke’ng hore ba sebelise bolokolohi ba bona ka bohlale? A re hlahlobeng mohlala oa John le Judith ba ileng ba sebeletsa linaheng tse fapaneng ka lilemo tse fetang 30. Ba re ha Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se qala ka 1977, ba ile ba khothalletsoa hore ba fallele moo ho hlokehang bahoeletsi. Ke ka lebaka leo John a ileng a etsa mesebetsi e sa tšoaneng e le hore a fumane o tla ba lumella ho nolofatsa bophelo ba bona. Ha ba se ba le naheng e ’ngoe, ba ile ba hlokomela hore ho rapela Jehova le ho mo tšepa ho ba thusitse ho hlola mathata a mangata a kang ho ithuta puo e ’ngoe, ho tloaela setso sa moo le maemo a teng a leholimo. Ba ikutloa joang ka ho sebeletsa Jehova ka lilemo tseo tse ngata? John o re: “Ha ho mosebetsi oa bohlokoa ho feta oo ke neng ke phathahane ka oona. Ke ile ka hlokomela hore Jehova ke motho oa sebele, o tšoana le ntate ea lerato. Joale kea utloisisa hore na Lengolo la Jakobo 4:8 le bolela’ng ha le re: ‘Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.’ Ke ne ke tseba hore ke fumane ntho eo esale ke e batla, e tla nkhotsofatsa bophelo bohle.”

16. Ke joang batho ba likete ba ileng ba sebelisa bolokolohi ba bona ka bohlale?

16 Empa maemo a batho ba bang ha a ba lumelle ho ba bo-pula-maliboho ka nako e telele joaloka John le Judith. Leha ho le joalo, ba bangata ba ithaopela ho thusa mesebetsing ea kaho lefatšeng ka bophara. Mohlala, bara le barali babo rona ba ka bang 27 000 ba ile ba kenya letsoho ha ho hahoa ntlo-kholo e Warwick, New York. Ba bang ba ne ba sebetsa libeke tse peli, selemo kapa ho feta. Ba bang ba ile ba itela e le hore ba tle ba sebeletse moo. Ruri ena ke mehlala e metle ea batho ba ileng ba sebelisa bolokolohi boo Jehova a ba fileng bona ho mo tlotlisa.

17. Jehova o re tšepisa’ng haeba re sebelisa bolokolohi ba rona ka bohlale?

17 Re motlotlo hore ebe re tsebile Jehova ’me hona joale re thabela tokoloho e tlisoang ke ho mo rapela. A re bontšeng ka liketso hore re nka tokoloho ena e le letlotlo. Ho e-na le ho sebelisa bolokolohi ba rona ka tsela e fosahetseng, re lokela ho bo sebelisa hore re sebeletse Jehova ka hohle kamoo re ka khonang. Haeba re etsa joalo, re tla fumana litlhohonolofatso tse ngata tseo Jehova a li tšepisitseng ha mantsoe a hae a phethahala a reng: “Pōpo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Bar. 8:21.