Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka ba le Tokoloho ea ’Nete Joang?

U ka ba le Tokoloho ea ’Nete Joang?

Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.”JOH. 8:36.

LIPINA: 65, 52

1, 2. (a) Ke’ng eo batho ba bangata ba e batlang? (b) Mehoanto le boipelaetso ba ho fumana tokoloho li fella ka eng?

MEHLENG ena, batho ba bangata ba amehile ka teka-tekano le tokoloho. Libakeng tse ngata batho ba batla ho lokoloha linthong tse kang ho hatelloa, ho khetholloa le ho sotleha. Ba bang ba loanela ho ba le bolokolohi ba ho bua lintho tseo ba li batlang le ho etsa liqeto ka bophelo ba bona. Ha e le hantle, ba batla ho itaola.

2 Leha ho le joalo, ba leka ho finyella tokoloho eo ka ho ipelaetsa le ho etsa mehoanto. Empa na ha ba etsa joalo ba fumana tokoloho eo ba e batlang? Che! Ho e-na le hoo, hangata mehoanto le boipelaetso bo joalo li fella ka hore ho be le merusu ’me batho ba lahleheloe ke bophelo. Lintho tsena kaofela lia bontša hore Morena Solomone o ne a bua ’nete ha a re: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’​—Moek. 8:9.

3. Re ka etsa’ng e le hore re thabe e le kannete ’me re khotsofale?

3 Ha morutuoa Jakobo a hlalosa hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re thabe ’me re khotsofale o ile a re: “Ea nyarelang ka molaong o phethahetseng oa tokoloho le ea phehellang ho oona . . . o tla thaba ho o etseng ha hae.” (Jak. 1:25) Jehova oa tseba hore na ke lintho life tse ka re thabisang le ho re khotsofatsa, ke kahoo a ileng a fana ka molao ona o phethahetseng. O ile a fa banyalani ba pele lintho tsohle tse ba thabisang, ho akarelletsa le tokoloho ea ’nete.

ADAMA LE EVA BA NE BA PHELA HAMONATE

4. Adama le Eva ba ne ba phela bophelo bo joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

4 Likhaolong tse peli tse qalang tsa Genese, rea hlokomela hore Adama le Eva ba ne ba phela bophelo boo batho ba mehleng ena ba bo labalabelang. Ba ne ba e-na le lintho tsohle tseo ba li hlokang, ba sa tšabe letho ebile ho se motho ea ba hatellang. Ba ne ba sa tšoenyeha ka lijo, mosebetsi, ho kula kapa lefu. (Gen. 1:27-29; 2:8, 9, 15) Na taba eo e bolela hore Adama le Eva ba ne ba e-na le bolokolohi bo feletseng? A re boneng.

5. Ho fapana le lintho tseo batho ba li nahanang, ho hlokeha eng hore re be le tokoloho?

5 Batho ba bangata ba batla ho ba le bolokolohi bo feletseng ka hore ba etse lintho tsohle tseo ba li batlang, ho sa tsotellehe hore na litla-morao e tla ba life. Buka e bitsoang The World Book Encyclopedia e re ho ba le bolokolohi ke “ho ba le bokhoni ba ho iketsetsa liqeto le ho etsa lintho tumellanong le tsona.” Empa e boetse e re: “Ho latela molao, batho ba ba le tokoloho haeba feela batho ka kakaretso ba sa tšoaroe ka ho hloka toka ’me ba sa beheloe melao e boima le e sa hlokahaleng.” Taba ena e bolela hore ho be le teka-tekano e le hore batho bohle ba thabele tokoloho eo ba e fuoang. Empa potso ke hore: ‘Ke mang ea nang le tokelo ea ho beha meeli ea hore na re ka etsa lintho ka toka joang, hore na ke melao efe e utloahalang le e hlokehang?’

6. (a) Ke hobane’ng ha Jehova e le eena feela ea nang le bolokolohi bo sa lekanyetsoang? (b) Batho le mangeloi ba na le bolokolohi ba mofuta ofe, hona hobane’ng?

6 Ntlha e ka sehloohong ke hore re lule re hopola hore Jehova ke eena feela ea nang le bolokolohi bo sa lekanyetsoang. Hobane’ng? Hobane o bopile lintho tsohle ebile ke Morena oa leholimo le lefatše. (1 Tim. 1:17; Tšen. 4:11) Ho 1 Likronike 29:11, 12, (E bale) Morena Davida o ile a hlalosa hore Jehova oa ikhetha ebile ke eena feela ea phahameng. Kahoo, libopuoa tsohle tse leholimong le lefatšeng li na le bolokolohi bo lekanyelitsoeng. Kaofela batho le mangeloi ba lokela ho utloisisa hore Jehova o na le matla a feletseng a ho beha meeli ea hore na re ka etsa lintho ka toka joang, hore na ke melao efe e utloahalang le e hlokehang. Jehova o ile a behela Adama le Eva meeli eo tšimong ea Edene.

7. Ke lintho life tseo ka tlhaho re thabelang ho li etsa?

7 Le hoja Adama le Eva ba ile ba thabela bolokolohi ka litsela tse ngata, Jehova o ne a ba behetse meeli kapa melao e itseng. Le hoja ba ne ba tseba e meng ea eona, ba ne ba e fuoe ho ntse ho le joalo. Mohlala, batsoali ba rona ba pele ba ne ba tseba hore e le hore ba lule ba phela ba lokela ho hema, ho ja, ho robala le tse ling. Na ho etsa lintho tsee ho ne ho ba amoha tokoloho? Che! Hobane Jehova o ne a tseba hore ha ba etsa lintho tseo tse tloaelehileng, ba ne ba tla thabela bophelo ’me ba khotsofale. (Pes. 104:14, 15; Moek. 3:12, 13) Motho e mong le e mong o thabela ho hema moea o hloekileng, ho ja lijo tse hlabosang le ho tsoha a khatholohile ka mor’a ho robala hamonate bosiu. Ha ho mohla re utloang e le tšitiso kapa mosebetsi. Ho hlakile hore Adama le Eva ba ne ba ikutloa ka tsela e tšoanang.

8. (a) Molimo o ile a fa Adama le Eva taelo efe? (b) Sepheo sa taelo eo e ne e le sefe?

8 Jehova o ile a laela Adama le Eva hore ba ate ba ngatafale ba tlale lefatše le ho le hlokomela. (Gen. 1:28) Na taelo ee e ne e ba thibela ho ba le bolokolohi? Che! Adama le Eva ba ile ba fuoa taelo ena e le hore ba ka phethahatsa morero oa Jehova oa hore lefatše e be lehae le letle la paradeise bakeng sa hore batho ba phethahetseng ba phele ho lona ka ho sa feleng. (Esa. 45:18) Ha ho khahlanong le thato ea Jehova haeba motho a khetha ho ba lesoha kapa ho nyala ebile a ikhethela ho se be le bana. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba kena lenyalong ebile ba ba le bana ho sa tsotellehe mathata a ka tlisoang ke liqeto tseo ba iketselitseng tsona. (1 Bakor. 7:36-38) Hobane’ng? Hobane ho tloaelehile hore batho ba thabisoe ke ho etsa lintho tsena. (Pes. 127:3) Adama le Eva ba ne ba e-na le monyetla oa hore ba thabele lenyalo la bona ka ho sa feleng.

LITLA-MORAO TSA HO SE MAMELE

9. Ke hobane’ng ha re ka re taelo ea Jehova e ho Genese 2:17 e na le toka, ea utloahala ebile e ne e hlokahala?

9 Jehova o ile a fa Adama le Eva taelo e ’ngoe hape eo ha ba ne ba ka e tlola ba neng ba tla fumana kotlo. O ile a re: “Ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Gen. 2:17) Na taelo ee e bontša hore Molimo o fana ka litaelo tse se nang toka, tse sa utloahaleng le tse sa hlokahaleng? Na taelo eo e ne e amoha Adama le Eva bolokolohi? Che! Batho ba bangata ba ithutang Bibele ba utloa taelo ena e hlakile ebile e utloahala. Mohlala, e mong oa bona o ile a re: ‘Taelo ea Molimo e ho Genese 2:16, 17 e bontša hore ke Jehova feela ea tsebang lintho tse molemo bakeng sa batho le tse seng molemo bakeng sa bona. Batho ba lokela ho tšepa Jehova le ho mo hlompha e le hore ba tle ba natefeloe ke bophelo. Haeba ba sa mo mamele, ke bona ba tla iketsetsa qeto ea hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe.’ Bona ke boikarabelo bo boima boo batho ba ke keng ba khona ho bo jara ka bobona.

Qeto ea Adama le Eva e ile ea fella ka masoabi(Sheba lirapa 9-12)

10. Na ho na le phapang pakeng tsa ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela le ho ba le tokelo ea ho iketsetsa qeto ea hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe? Hlalosa.

10 Batho ba bang ba ka ’na ba nka hore ha Jehova a fana ka taelo eo, o ne a thibela Adama ho etsa lintho tseo a batlang ho li etsa. Batho ha ba tsebe phapang pakeng tsa ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela le tokelo ea ho iketsetsa qeto ea hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe. Adama le Eva ba ne ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela hore na ba tla mamela Molimo kapa che. Empa ke Jehova feela ea nang le tokelo ea ho etsa qeto ea hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe, feela joalokaha a ile a etsa ka “sefate sa tsebo ea botle le bobe” tšimong ea Edene. (Gen. 2:9) Re lokela ho utloisisa hore ha se ka linako tsohle re ka tsebang hore na liqeto tsa rona li tla fella joang ’me re ke ke ra khona ho netefatsa hore kamehla li re tsoele molemo. Ke kahoo ka linako tse ling le hoja batho ba etsa liqeto ka sepheo se setle, liqeto tseo li fella ka masisa-pelo. Lebaka le ka sehloohong ke hore batho ha baa phethahala. (Liprov. 14:12) Ha Jehova a ne a fa Adama le Eva melao, ka lerato o ne a ba ruta hore na ba lokela ho sebelisa bolokolohi ba bona joang. Ka tsela efe? Hona na Adama le Eva ba ile ba mamela Jehova?

11, 12. Ke hobane’ng ha qeto ea Adama le Eva e ile ea fella ka masoabi? Etsa mohlala.

11 Joalokaha re tseba, Adama le Eva ha baa ka ba mamela Molimo. Ha Satane a ne a bua leshano a re: “Mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe,” Eva o ile a ea le khongoana holimo. (Gen. 3:5) Na qeto eo Adama le Eva ba ileng ba e etsa e ba thusitse ho fumana bolokolohi bo eketsehileng? Ka masoabi ha hoa ka ha e-ba joalo. Ha baa ka ba fumana ntho eo Satane a ileng a ba tšepisa eona. Ha e le hantle, ho e-s’o ee kae ba ile ba hlokomela hore ho se mamele Jehova ho fella ka masoabi. (Gen. 3:16-19) Hobane’ng? Hobane Jehova ha aa fa batho tokelo ea ho iketsetsa qeto ea hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe.—Bala Liproverbia 20:24; Jeremia 10:23.

12 Mohlala, nahana ka moqhobi oa sefofane. E le hore a fihle moo a eang teng a sireletsehile, o lokela ho tsamaea ka tsela eo a laetsoeng hore a tsamaee ka eona ’me a latele sesupa tsela sa sefofane. O lokela ho lula a buisana le batho bao mosebetsi oa bona e leng ho mo fa litaelo tsa hore na sefofane se fofele kae le hore na se lule neng e le hore a se ke a thula lifofane tse ling. Empa haeba moqhobi a sa mamele litaelo tseo a li fuoang, a ka baka kotsi e tšabehang. Adama le Eva ba ne ba e-na le bolokolohi bo tšoanang le ba moqhobi eo. Empa bona ba ile ba khetha ho etsa lintho ka tsela eo ba e batlang. Ha baa ka mamela litaelo tseo Molimo a ba fileng tsona. Ho ile ha etsahala’ng ka bona? Ba bakile kotsi e tšabehang kaha bana bohle ba bona ke baetsalibe ebile baa shoa. (Bar. 5:12) Kaha ba ne ba batla ho iketsetsa qeto ea hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe, ha baa ka ba hlola ba e-ba le bolokolohi boo ba neng ba e-na le bona pele.

RE KA FUMANA TOKOLOHO EA ’NETE JOANG?

13, 14. Re lokela ho etsa’ng e le hore re be le bolokolohi ba ’nete?

13 Batho ba bangata ba ka ’na ba nahana hore ha ba e-na le bolokolohi bo bongata ba ka phela hamolemonyana. Empa ho ba le bolokolohi bo joalo ho ka ba le melemo le mathata a itseng. Nahana hore na bophelo bo ne bo tla ba joang hoja ho ne ho se na lithibelo le melao. Ke ka lebaka leo buka ea The World Book Encyclopedia e reng: “Le hoja melao ea lichaba tse fapaneng e rarahane, e batla e leka-lekanya bolokolohi le lithibelo.” Lentsoe “rarahane” le sebelisitsoe ka nepo hobane ho na le libuka tse ngata haholo tsa melao e ngotsoeng ke batho. Ho boetse ho na le liakhente le baahloli ba bangata ba hlalosang melao eo le ho e laola.

14 Empa Jesu Kreste o ile a bolella barutuoa ba hae tsela e bonolo ea ho ba le bolokolohi ba ’nete. O ile a re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Joh. 8:31, 32) E le hore re be le bolokolohi boo Jesu a buileng ka bona re lokela ho etsa lintho tse peli: Ea pele, re lokela ho lumela lithuto tsa hae. Ea bobeli, re lokela ho ba barutuoa ba hae. Ha re etsa joalo, re tla lokoloha e le kannete. Empa re tla lokoloha ho eng? Jesu o ile a boela a re: “Moetsi e mong le e mong oa sebe ke lekhoba la sebe. Ka hona haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.”—Joh. 8:34, 36.

15. Ke joang bolokolohi boo Jesu a buileng ka bona bo ka etsang hore re lokolohe e le kannete?

15 Ho hlakile hore bolokolohi kapa tokoloho eo Jesu a e tšepisang barutuoa ba hae e fapane hole le eo batho ba mehleng ena ba e labalabelang. Ha Jesu a re “haeba Mora a le lokolla,” o ne a bua ka ho lokolloa litlamong kapa ‘bokhobeng ba sebe.’ Kaha re baetsalibe, re ka etsa lintho tse fosahetseng ra ba ra sitoa ho etsa lintho tseo re tsebang hore li nepahetse. Re ka boela ra sitoa ho etsa le lintho tseo re tsebang hore re ka khona ho li etsa. Kahoo, re makhoba a sebe. Ka lebaka la sebe, ha re khone ho etsa lintho tse itseng, re utloa bohloko ’me qetellong rea shoa. (Bar. 6:23) Moapostola Pauluse o tseba bohloko boo hantle. (Bala Baroma 7:21-25.) Re tla ba le bolokolohi joaloka Adama le Eva hafeela re lokolotsoe molaong oa sebe le lefu.

16. Re ka etsa’ng hore re lokolohe e le kannete?

16 Mantsoe a Jesu a reng “haeba le lula lentsoeng la ka,” a bontša hore ho na le lintho tseo re lokelang ho li etsa e le hore a re lokolle. Kaha re Bakreste, ha re sa iphelela, ho e-na le hoo re khethile ho phela tumellanong le lithuto tsa Jesu. (Mat. 16:24) Feela joalokaha Jesu a boletse, re tla lokoloha e le kannete nakong eo re fumanang litlhohonolofatso tsohle tse tlisoang ke sehlabelo sa hae sa thekollo.

17. (a) Ke’ng e tla re thusa hore re khotsofale ’me re thabe? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

17 Kaha re barutuoa ba Jesu, ha re mamela lithuto tsa hae, re tla khotsofala ’me re thabe. Kahoo, re tla ba le monyetla oa ho lokoloha molaong oa sebe le lefu. (Bala Baroma 8:1, 2, 20, 21.) Sehloohong se latelang, re tla ithuta kamoo re ka sebelisang bolokolohi kapa tokoloho ea rona ka bohlale kateng e le hore re thabise Jehova Molimo ka ho sa feleng.