Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 17

Jehova o Tla U Thusa ha U Hlaheloa ke Mathata ao U sa a Lebellang

Jehova o Tla U Thusa ha U Hlaheloa ke Mathata ao U sa a Lebellang

“Mathata a ea lokileng a mangata empa Jehova o mo pholosa ho ’ona kaofela.”—PES. 34:19.

PINA EA 44 Thapelo ea Motho ea Nyahameng

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke eng eo re kholisehileng ka eona?

 REA tseba hore Jehova oa re rata le hore o batla re thabele bophelo. (Bar. 8:35-39) Hape re kholisehile hore melao-motheo ea Bibele e lula e re tsoela molemo ha re e sebelisa. (Esa. 48:17, 18) Empa re ka etsa’ng ha re hlaheloa ke mathata ao re sa a lebellang?

2. Re ka ba le mathata afe, hona mathata ao a ka etsa hore re ipotse lipotso life?

2 Bahlanka ba Jehova kaofela ba na le mathata. Ka mohlala, e mong oa lelapa a ka etsa ntho e re utloisang bohloko. Re ka ’na ra kula haholo hoo re sa khoneng ho etsa lintho tseo re batlang ho li etsetsa Jehova. Re ka hlaheloa ke koluoa ea tlhaho. Kapa re ka ’na ra hlorisoa ka lebaka la tumelo ea rona. Ha re hlaheloa ke mathata ana re ka ’na ra ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ke hlaheloa ke ntho e tjee? Na ho na le ntho e phoso eo ke e entseng? Na see se bontša hore Jehova ha a ntlhohonolofatse?’ Na u kile oa ikutloa ka tsela ee? Haeba ho joalo, u se ke oa nyahama. Bahlanka ba Jehova ba bangata le bona ba ile ba ikutloa ka tsela e tšoanang.—Pes. 22:1, 2; Hab. 1:2, 3.

3. Re ka ithuta’ng ho Pesaleme ea 34:19?

3 Bala Pesaleme ea 34:19. Hlokomela lintlha tse peli tsa bohlokoa tse hlahang pesalemeng ena: (1) Batho ba lokileng ba hlaheloa ke mathata. (2) Jehova oa re pholosa mathateng a rona. Jehova o re pholosa joang? O re thusa hore re utloisise hore re tla hlaheloa ke mathata. Le hoja Jehova a re tšepisa hore re tla thaba ha re mo sebeletsa, ha a re tšepise hore re ke ke ra ba le mathata hona joale. (Esa. 66:14) O re khothaletsa hore re nahane ka bokamoso boo a re tšepisang bona, moo re tla phela re thabile ka ho sa feleng. (2 Bakor. 4:16-18) Hona joale o re thusa hore re tsoele pele ho mo sebeletsa.—Lillo 3:22-24.

4. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

4 A re ke re bueng ka hore na re ka ithuta’ng mehlaleng ea bahlanka ba Jehova bao Bibele e buang ka bona le ba mehleng ena. Re tl’o bona hore re ka ’na ra hlaheloa ke mathata ao re sa a lebellang empa ha re tšepile Jehova, o tla lula a re thusa. (Pes. 55:22) Ha re ntse re ithuta mehlaleng ena ipotse: ‘’Na ke ne ke tla etsa’ng boemong boo? Mehlala ee e nthusa joang hore ke tšepe Jehova? Ke ithuta’ng mehlaleng ee eo nka e sebelisang bophelong ba ka?’

BAHLANKA BA JEHOVA BAO BIBELE E BUANG KA BONA

Jehova o ile a hlohonolofatsa Jakobo ka lilemo tse 20 ha a ne a sebeletsa malome oa hae Labane ea neng a mo tšoara hampe (Sheba serapa sa 5)

5. Jakobo o ile a ba le mathata afe ka lebaka la Labane? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

5 Bahlanka ba Jehova bao Bibele e buang ka bona ba ile ba e-ba le mathata ao ba neng ba sa a lebella. Nahana ka Jakobo. Ntate oa hae o ile a re a batle mosali ho barali ba Labane eo e neng e le morapeli oa Jehova ’me o ile a mo tiisetsa hore Jehova o ne a tla mo hlohonolofatsa. (Gen. 28:1-4) Jakobo o ile a etsa se nepahetseng. O ile a tloha Kanana ’me a ea ha Labane ea neng a e-na le barali ba babeli e leng Lea le Ragele. Jakobo o ile a rata morali e monyenyane oa Labane e leng Ragele ’me a lumela ho sebeletsa ntate oa hae lilemo tse supileng pele a mo nyala. (Gen. 29:18) Empa lintho ha lia ka tsa tsamaea ka tsela eo Jakobo a neng a lebeletse. Labane o ile a mo qhekella hore a nyale morali oa hae e moholo e leng Lea. Labane o ile a lumella Jakobo hore a nyale Ragele beke ka mor’a moo, hafeela a ne a ka mo sebeletsa lilemo tse ling tse supileng. (Gen. 29:25-27) Labane ha aa ka a sebetsa Jakobo hantle le litabeng tsa khoebo ’me ha aa ka a tšoara Jakobo hantle ka lilemo tse 20.—Gen. 31:41, 42.

6. Ke mathata afe a mang ao Jakobo a ileng a a mamella?

6 Jakobo o ile a mamella mathata a mang. O ne a e-na le lelapa le leholo empa bana ba hae ba ne ba sa phelisane ka khotso. Ba ile ba ba ba rekisa ngoan’abo bona e leng Josefa hore e be lekhoba. Bara ba Jakobo ba babeli e leng Simeone le Levi ba ile ba tlotlolla lelapa labo bona ’me ba etsa hore lebitso la Jehova le rohakoe. Mosali oa Jakobo e leng Ragele o ile a hlokahala ha a ne a beleha ngoana oa bobeli. Hape Jakobo o ile a tlameha ho ea Egepeta a se a tsofetse ka lebaka la tlala e kholo e neng e le teng.—Gen. 34:30; 35:16-19; 37:28; 45:9-11, 28.

7. Jehova o ile a bontša Jakobo joang hore o ntse a e-na le eena?

7 Jakobo o ile a lula a tšepile Jehova le hore litšepiso tsa Hae li tla phethahala ho sa tsotellehe mathata ao a neng a e-na le ’ona. Jehova o ile a bontša Jakobo hore o ntse a e-na le eena. Ka mohlala, Jehova o ile a fa Jakobo lintho tse ngata le hoja Labane a ne a mo tšoara hampe. Nahana feela hore na Jakobo o ile a leboha Jehova hakae ha a ne a kopana le mora oa hae Josefa eo a neng a nahana hore ke khale a hlokahetse. Kaha Jakobo e ne e le motsoalle oa Jehova, o ile a khona ho mamella mathata. (Gen. 30:43; 32:9, 10; 46:28-30) Ha re lula re le metsoalle ea Jehova, le rona re ka khona ho mamella mathata ao re sa a lebellang.

8. Morena Davida o ne a batla ho etsa’ng?

8 Morena Davida ha aa ka a etsa lintho tsohle tseo a neng a batla ho li etsetsa Jehova. Ka mohlala, Davida o ne a batla ho hahela Molimo tempele. O ile a bolella moprofeta Nathane hore o batla ho e haha. Nathane o ile a re: “Etsa ntho leha e le efe e ka pelong ea hao hobane Molimo oa ’nete o na le uena.” (1 Likron. 17:1, 2) E tlameha ebe mantsoe ao a ile a khothatsa Davida. Mohlomong o ile a ba a qala ho hlophisa lintho bakeng sa mosebetsi oo o moholo.

9. Davida o ile a etsa’ng ha a ne a utloa litaba tse seng monate?

9 Nakoana ka mor’a moo, moprofeta oa Jehova o ile a khutlela ho Davida a mo tšoaretse litaba tse seng monate. “Bosiung bona boo,” Jehova o ile a bolella Nathane hore Davida ha se eena ea neng a tla haha tempele empa e ne e tla hahoa ke e mong oa bara ba hae. (1 Likron. 17:3, 4, 11, 12) Davida o ile a etsa’ng ka mor’a ho utloa litaba tseo? O ile a ikemisetsa ho etsa ntho e ’ngoe e fapaneng e leng ho bokella chelete le lintho tseo mora oa hae Solomone a neng a tla li hloka e le hore a etse mosebetsi oo.—1 Likron. 29:1-5.

10. Jehova o ile a hlohonolofatsa Davida joang?

10 Jehova o ile a etsa selekane le Davida hang-hang ka mor’a hore a mo tsebise hore ha se eena ea neng a tla haha tempele. Jehova o ile a tšepisa Davida hore e mong oa litloholo tsa hae o ne a tla busa ka ho sa feleng. (2 Sam. 7:16) Lefatšeng le lecha nakong ea Puso ea Jesu ea Lilemo Tse Sekete, Davida o tla thaba haholo ha a utloa hore Jesu ke e mong oa litloholo tsa hae. Taba ena e re thusa ho bona hore le hoja re sa khone ho etsa lintho tsohle tseo re batlang ho li etsetsa Jehova Molimo, a ka re hlohonolofatsa ka tsela eo re sa e lebellang nakong e tlang.

11. Jehova o ile a hlohonolofatsa Bakreste ba mehleng ea baapostola joang le hoja ’Muso o sa ka oa busa ka nako eo ba neng ba e lebeletse? (Liketso 6:7)

11 Bakreste ba mehleng ea baapostola le bona ba ne ba e-na le mathata ao ba sa a lebellang. Ka mohlala, ba ne ba batla hore ’Muso oa Molimo o tle empa ba ne ba sa tsebe hore na o ne o tla tla neng. (Lik. 1:6, 7) Ba ile ba etsa’ng? Ba ile ba lula ba etsa mosebetsi oa boboleli. Ba ile ba bona ha Jehova a ba hlohonolofatsa ha ba ntse ba bolela litaba tse monate le libakeng tse ling.—Bala Liketso 6:7.

12. Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba etsa’ng ha ho ne ho e-na le tlala?

12 Ho na le nako eo ho ileng ha e-ba le tlala e kholo “lefatšeng lohle.” (Lik. 11:28) Bakreste ba mehleng ea baapostola le bona ba ile ba angoa ke tlala eo. Nahana feela hore na tlala eo e ile ea ba bakela mathata a mangata hakae. E tlameha ebe lihlooho tsa malapa li ne li tšoenyehile ka hore na li tla hlokomela malapa a tsona joang. Bacha ba neng ba batla ho sebeletsa Jehova haholoanyane bona ba ile ba ameha joang? Na ba ile ba nahana hore ba ke ba eme hanyane ho fihlela tlala eo e fela? Bakreste bao ba ile ba tloaela maemo ao ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba e-na le ’ona. Ba ile ba tsoela pele ho etsa mosebetsi oa boboleli ’me ba ne ba thabela ho arolelana lintho tseo ba neng ba e-na le tsona le Bakreste-’moho le bona ba Judea.—Lik. 11:29, 30.

13. Jehova o ile a hlohonolofatsa Bakreste joang ha ho ne ho e-na le tlala?

13 Jehova o ile a hlohonolofatsa Bakreste joang ha ho ne ho e-na le tlala? Ba ile ba bona hore Jehova oa ba thusa ha ba fumana lintho tseo ba li hlokang. (Mat. 6:31-33) E tlameha ebe e ile ea e-ba metsoalle ea Bakreste-’moho ba ileng ba ba thusa. Batho ba ileng ba fana ka monehelo kapa ba ba thusa ka litsela tse ling ba ile ba thaba. (Lik. 20:35) Jehova o ile a hlohonolofatsa bohle ba ileng ba tloaela maemo ao a fetohileng.

14. Barnabase le moapostola Pauluse ba ile ba etsahalloa ke’ng, hona ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? (Liketso 14:21, 22)

14 Bakreste ba mehleng ea baapostola hangata ba ne ba hlorisoa ’me ka linako tse ling ba ne ba hlorisoa ba sa lebella. Nahana ka se ileng sa etsahalla Barnabase le moapostola Pauluse ha ba ne ba etsa mosebetsi oa ho bolela Listra. Qalong batho ba ne ba ba amohela ’me ba ba mamela. Hamorao, bahanyetsi ba ile “ba hlohlelletsa batho” ’me ba bang ba bona ba ile ba tlepetsa Pauluse ka majoe ’me ba mo tlohela ba nahana hore o shoele. (Lik. 14:19) Empa Barnabase le Pauluse ba ile ba tsoela pele ba ntse ba bolela litaba tse monate libakeng tse ling. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Ba ile ba thusa “batho ba bangata hore e be barutuoa” ‘me ba ile ba matlafatsa Bakreste-’moho le bona ka seo ba ileng ba se bua le ho se etsa. (Bala Liketso 14:21, 22.) Batho ba bangata ba ile ba khothatsoa ke ho bona Barnabase le Pauluse ba tsoela pele ho bolela litaba tse monate le hoja ba hlorisoa. Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re sa khaotse ho etsa mosebetsi oo a re fileng oona.

BAHLANKA BA JEHOVA BA MEHLENG ENA

15. U ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona A. H. Macmillan?

15 Pele ho selemo sa 1914, bahlanka ba Jehova ba ne ba lebeletse hore ntho e itseng e etsahale. Ka mohlala, nahana ka Mor’abo rona A. H. Macmillan. Joaloka Bakreste ba bang, Mor’abo rona Macmillan o ne a nahana hore haufinyane o tla fumana moputso oa hae oa ho ea leholimong. Ha a ne a fana ka puo ka September 1914 o ile a re: “Mohlomong ena ke puo ea ho qetela ea phatlalatsa eo ke fanang ka eona.” Empa eo e ne e se puo ea hae ea ho qetela. Hamorao Mor’abo rona Macmillan o ile a re: “Mohlomong ba bang ho rona re ne re batla re potlakile haholo ha re nahana hore re tla ea leholimong hang-hang.” O ile a boela a re: “Ntho e molemo eo re lokelang ho e etsa ke hore re ipoloke re tšoarehile tšebeletsong ea Morena.” Mor’abo rona Macmillan o ile a lula a phathahane le ho chesehela tšebeletso. O ile a ba le monyetla oa ho khothatsa bara ba bo rona ba bangata ba neng ba le teronkong ka lebaka la ho hana ho kenela sesole. Hape o ile a lula a ea libokeng leha a se a tsofetse. Taba ea hore Mor’abo rona Macmillan o ile a lula a phathahane ka ho sebeletsa Jehova ha a ntse a emetse moputso oa hae oa ho ea leholimong, e ile ea mo tsoela molemo joang? Pele a hlokahala ka 1966 o ile a re: “Tumelo ea ka e matla ho feta kamoo e neng e le kateng pele.” O re behetse mohlala o motle oo re ka o etsisang, haholo-holo ha re mameletse mathata ka nako e telele ho feta kamoo re neng re lebeletse.—Baheb. 13:7.

16. Ke bothata bofe boo Mor’abo rona Herbert Jennings le mohatsa oa hae ba ileng ba e-ba le bona ba sa lebella? (Jakobo 4:14)

16 Bahlanka ba Jehova ba bangata baa kula ba sa lebella. Ka mohlala, paleng ea hae ea bophelo Mor’abo rona Herbert Jennings b o ile a re eena le mosali oa hae ba ile ba thabela ho ba baromuoa Ghana. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ho ile ha fumanoa hore o na le boloetse bo etsang hore a thabe le ho hlonama ka linako tse sa tšoaneng. Mor’abo rona Jennings o ile a qotsa mantsoe a ho Jakobo 4:14 ’me o ile a re boemo ba hae e ne e le ‘bokamoso boo ba neng ba sa bo lebella.’ (E bale.) O ile a re: “Kahoo, e le hore re se ke ra iphapanyetsa ’nete, re ile ra lokisetsa ho tloha Ghana le ho siea metsoalle ea rona e mengata e haufi eaba re khutlela Canada [bakeng sa ho phekoloa].” Jehova o ile a thusa Mor’abo rona Jennings le mohatsa oa hae hore ba tsoele pele ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe bothata boo ba fetileng ho bona.

17. Mohlala oa Mor’abo rona Jennings o ile oa tsoela Bakreste-’moho le rona molemo joang?

17 Pale ea bophelo ea Mor’abo rona Jennings e ile ea khothatsa batho ba bangata. Morali oa bo rona e mong o ile a re: “Ha ho mohla nkileng ka ameha maikutlo ho tšoana leha ke ne ke bala sehlooho sena. . . . Ho bala kamoo Mor’abo rona Jennings a ileng a tlameha ho tlohela kabelo ea hae e le hore a e’o ikoka ho ile ha etsa hore ke be le pono e nepahetseng ka boemo ba ka.” Mor’abo rona e mong o ile a re: “Ka mor’a ho sebeletsa phutheho ke le moholo ka lilemo tse leshome, ke ile ka tlameha ho tlohela kabelo ena ea bohlokoa ka lebaka la lefu la kelello. Maikutlo a hore ke hlolehile a ne a le matla haholo hoo hangata ke neng ke tepella haholo ha ke bala lipale tsa bophelo. . . . Empa tsela eo Mor’abo rona Jennings a ileng a mamella ka eona e ile ea nkhothatsa haholo.” Taba ena e re hopotsa hore haeba re mamella mathata a rona, re ka khothatsa batho ba bang. Haeba bophelo ba rona bo ka fetoha ka tsela eo re neng re sa e lebella, re ka behela batho ba bangata mohlala ka ho ba le tumelo le ho mamella.—1 Pet. 5:9.

Mathata a re hlahelang re sa lebella a ka re thusa hore re lule re le metsoalle ea Jehova hafeela re mo tšepa (Sheba serapa sa 18)

18. U ithuta’ng mohlaleng oa morali oa bo rona oa mohlolohali ea lulang Nigeria ea hlahileng setšoantšong?

18 Mafu a seoa a kang COVID-19 a ile a ama bahlanka ba Jehova ba bangata. Ka mohlala, morali oa bo rona e mong oa mohlolohali ea lulang Nigeria o ne a setse ka lijo tse nyenyane. Hoseng ho hong morali oa hae o ile a mo botsa hore na ba tl’o ja eng ka mor’a hore ba phehe raese eo ba neng ba saletsoe ke eona. Morali eo oa bo rona o ile a bolella morali oa hae hore ha ba sa na chelete le lijo empa ba lokela ho etsisa mohlolohali oa Sarepta ka hore ba phehe lijo tsa bona tsa ho qetela ’me ba tšepe Jehova. (1 Mar. 17:8-16) Pele ba nahana ka hore na ba tl’o ja eng motšehare, Bakreste-’moho le bona ba ile ba ba tlisetsa lijo. Lijo tseo li ne li tla ba lekana matsatsi a fetang libeke tse peli. Morali oa bo rona o ile a re o ne a sa hlokomele hore Jehova o ne a ntse a mametse seo a ileng a se bolella morali oa hae. Ha re tšepa Jehova, mathata a re hlahelang re sa lebella a ka etsa hore re be metsoalle ea hae e meholo.—1 Pet. 5:6, 7.

19. Ke mahloriso afe ao Mor’abo rona Aleksey Yershov a ileng a a mamella?

19 Morao tjena, bara le barali ba bo rona ba bangata ba ile ba mamella mahloriso ao ba neng ba sa a lebella. Nahana ka Mor’abo rona Aleksey Yershov ea lulang Russia. Bahlanka ba Jehova ba Russia ba ne ba e-na le bolokolohi ba ho mo sebeletsa ha Mor’abo rona Yershov a kolobetsoa ka 1994. Hamorao lintho li ile tsa fetoha Russia. Ka 2020, mapolesa a ile a itšohlometsa ha Mor’abo rona Yershov eaba a secha ntlo ea hae ’me a nka lintho tsa hae tse ngata. Ka mor’a likhoeli tse itseng ’muso o ile oa mo qosa. Ho hobe le ho feta ke hore liqoso tseo li ne li thehiloe livideong tse rekotiloeng ke motho ea neng a etsa eka o thabela ho ithuta Bibele ka nako e ka fetang selemo. Kannete o ne a entse ntho e sehloho.

20. Mor’abo rona Yershov o ile a etsa’ng e le hore e be motsoalle oa Jehova?

20 Na ho na le molemo oo Mor’abo rona Yershov a ileng a o fumana ha a ne a hlorisoa? Ho joalo. O ile a lula e le motsoalle oa Jehova. O re: “’Na le mosali oa ka re rapela haholoanyane. Kea hlokomela hore ke ne ke sa tl’o khona ho mamella boemo bona ntle le thuso ea Jehova.” O boetse o re: “Ho ithuta Bibele ho nthusitse hore ke loantšane le ho nyahama. Ke nahana ka mehlala ea bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba nakong e fetileng. Ho na le litlaleho tse ngata tse ka Bibeleng tse bontšang hore ke habohlokoa hore re lule re khobile matšoafo le ho bontša hore re tšepa Jehova.”

21. Re ithutile’ng sehloohong see?

21 Re ithutile’ng sehloohong see? Ka linako tse ling re ka hlaheloa ke mathata ao re sa a lebellang. Leha ho le joalo, Jehova o lula a thusa bahlanka ba hae ha ba mo tšepa. Lengolo la sehlooho le re: “Mathata a ea lokileng a mangata empa Jehova o mo pholosa ho ’ona kaofela.” (Pes. 34:19) E se eka re ka tsoela pele re itšetleha ka matla ao Jehova a re fang ’ona ho e-na le ho nahana haholo ka mathata a rona. Le rona joaloka moapostola Pauluse re ka re: “Ke na le matla a ho etsa lintho tsohle ka lebaka la ea mphang matla.”—Bafil. 4:13.

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

a Re ka kholiseha hore le hoja re ka hlaheloa ke mathata ao re sa a lebellang, Jehova o tla lula a re thusa. Jehova o ile a thusa bahlanka ba hae joang nakong e fetileng? O re thusa joang mehleng ee? Ho ithuta ka batho bao Bibele e buang ka bona le ba mehleng ena ho tla re kholisa hore le rona o tla re thusa haeba re mo tšepa.

b Sheba Molula-Qhooa oa December 1, 2000, leq. 24-28.