Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 18

Khothatsa ba Bang ha U le Libokeng

Khothatsa ba Bang ha U le Libokeng

“A re tsotellaneng. . . , re khothatsane.”—BAHEB. 10:24, 25.

PINA EA 88 Nthute Thato ea Hao

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho arabela ha re le libokeng?

 KE HOBANE’NG ha re ea libokeng? Lebaka la bohlokoa ke ho rorisa Jehova. (Pes. 26:12; 111:1) Lebaka le leng ke hobane re batla ho khothatsana matsatsing ana a thata. (1 Bathes. 5:11) Kahoo, ha re arabela libokeng re rorisa Jehova ebile rea khothatsana.

2. Re na le menyetla efe ea ho arabela libokeng?

2 Beke le beke re ba le monyetla oa ho arabela libokeng. Ka mohlala, mafelo-beke re ba le monyetla oa ho arabela Thutong ea Molula-Qhooa. Libokeng tsa har’a beke re ba le monyetla oa ho arabela puong ea Matlotlo a Patiloeng, Thutong ea Bibele ea Phutheho le lipuong tse ling tsa puisano.

3. Ke eng e ka etsang hore re utloe ho le thata ho arabela, hona Baheberu 10:24, 25 e ka re thusa joang?

3 Kaofela ha rona re batla ho rorisa Jehova le ho khothatsa Bakreste-’moho. Empa ho na le lintho tse ka etsang hore ho be thata hore re arabele. Re ka tšoha ha re lokela ho arabela kapa re ka batla ho arabela hangata empa ka linako tse ling re be re sa khethoe. Re ka thusoa ke’ng? Re ka fumana karabo mantsoeng ao moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Baheberu. Ha a bua ka bohlokoa ba ho ea libokeng o ile a re re lokela ho ‘khothatsana.’ (Bala Baheberu 10:24, 25.) Ha re hopola hore ba bang ba khothatsoa ke likarabo tsa rona tse bonolo le tse khutšoanyane, seo se tla etsa hore re se ke ra tšoha haholo ha re arabela. Haeba re sa khethoe hangata, re lokela ho thabela ho bona ha ba bang ba fumana monyetla oa ho arabela.—1 Pet. 3:8.

4. Sehloohong see re tl’o bua ka lintlha life tse tharo?

4 Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na re ka khothatsana joang liphuthehong tse nyenyane moo ho se nang batho ba bangata ba arabelang. Re tla boela re bone hore na re ka khothatsana joang liphuthehong tse kholo moo ho nang le batho ba bangata ba arabelang. Hape re tla bona hore na re ka khothatsa ba bang joang ka seo re se buang ha re arabela.

KHOTHATSA BA BANG HA U LE PHUTHEHONG E NYENYANE

5. Re ka khothatsa ba bang joang ha re le liphuthehong tse nyenyane?

5 Liphuthehong tse nyenyane ha ho na batho ba bangata ba arabelang bao mokhanni oa thuto a ka ba khethang. Ka linako tse ling ha a qeta ho botsa potso a ka ’na a lokela ho ema hanyenyane ho fihlela ho e-ba le motho ea phahamisang letsoho. Ntho ena e ka etsa hore seboka e be se bolutu le se sa khothatseng. Ke’ng seo u ka se etsang? Ikemisetse ho phahamisa letsoho hangata. Ha u etsa joalo, u tla khothatsa ba bang hore le bona ba arabele.

6, 7. U ka etsa’ng e le hore u se ke oa tšoha haholo ha u arabela?

6 U ka etsa’ng haeba u utloa u tšoha pele u arabela? Batho ba bangata le bona baa tšoha. Leha ho le joalo, e le hore u khone ho khothatsa Bakreste-’moho le uena, u ka batla litsela tse tla u thusa hore u se ke oa tšoha haholo ha u arabela. U ka etsa seo joang?

7 U ka thusoa ke ho sheba litlhahiso tse ling tse hlahang limakasineng tsa Molula-Qhooa tse fetileng. b Ka mohlala, lokisetsa hantle. (Liprov. 21:5) Ha u utloisisa hantle hore na sehlooho se bua ka eng, u ke ke oa tšoha haholo ha u arabela. Lokisetsa hore u fane ka likarabo tse khutšoanyane. (Liprov. 15:23; 17:27) Ha u fana ka likarabo tse khutšoanyane, u ke ke oa tšoha haholo ho feta ha u fana ka tse telele. Karabo e khutšoanyane e ka etsa hore ho be bonolo hore Bakreste-’moho ba utloisise seo u se buang ho feta ho fana ka karabo e telele e nang le lintlha tse ngata. Ha karabo ea hao e le khutšoanyane ebile u e beha ka mantsoe a hao, u tla be u bontša hore u lokiselitse hantle ebile u utloisisa seo ho buuoang ka sona.

8. Jehova o ikutloa joang ka boiteko boo re bo etsang ba ho arabela?

8 U ka etsa’ng haeba ka mor’a ho sebelisa litlhahiso tsena u ntse u tšoha ha u batla ho arabela hangata? Kholiseha hore Jehova o ananela boiteko boo u bo etsa’ng ba ho arabela. (Luka 21:1-4) Jehova ha a lebella hore re etse lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa. (Bafil. 4:5) Nahana ka seo u batlang ho se finyella le hore na u tla se finyella joang ’me u kope Jehova hore a u thuse ho khoba matšoafo. Mohlomong u ka qala ka ho lokisetsa hore u fane ka karabo e le ’ngoe e khutšoanyane.

KHOTHATSA BA BANG HA U LE PHUTHEHONG E KHOLO

9. Ke Hobane’ng ha ho ka ba thata ho arabela liphuthehong tse kholo?

9 U ka ba le bothata bo fapaneng haeba u le phuthehong e kholo. Mohlomong ho na le Bakreste-’moho ba bangata ba batlang ho arabela ’me seo se ka etsa hore u khethoe ka seoelo. Ka mohlala, Danielle haesale a rata ho arabela ha a le libokeng. c O nka ho arabela libokeng e le karolo ea borapeli ba hae, e le tsela ea ho khothatsa batho ba bang le ho matlafatsa tumelo ea hae. Empa ka mor’a hore a fallele phuthehong e kholo, o ne a se a sa khethoe hangata ebile ka linako tse ling liboka li ne li tsoa a sa khethoa. O re: “Ke ne ke utloile bohloko. Ke ne ke utloa eka ke fetoa ke ntho ea bohlokoa. Ha sena se etsahala ka makhetlo, ke ile ka bona eka se etsoa ka boomo.”

10. Re ka etsa’ng e le hore re fumane menyetla ea ho arabela?

10 Na u kile oa ikutloa joaloka Danielle? Haeba ho joalo, u ka ’na oa ikutloa u se u sa thabele ho arabela ha u le libokeng ’me oa mamela feela. Empa u se ke oa tela. U ka etsa’ng? U ka thusoa ke ho lokisetsa likarabo tse ngata. Haeba u sa khethoe qalong ea Thuto ea Molula-Qhooa, u tla ’ne u fumane menyetla e meng ea ho arabela ha liboka li ntse li tsoela pele. Nahana hore na serapa ka seng se amana joang le sehlooho ha u lokisetsa Molula-Qhooa. Ha u etsa joalo u tla ba le likarabo tse monate tseo u ka fanang ka tsona. U ka boela oa lokisetsa ho arabela lirapeng tse hlalosang lithuto tse tebileng. (1 Bakor. 2:10) Hobane’ng? Hobane e ka ba batho ba ’maloa feela ba phahamisang serapeng seo. U ka etsa’ng haeba le ka mor’a hore u sebelise litlhahiso tsena u ntse u sa khethoe? Pele liboka li qala u ka bua le mor’abo rona ea tl’o khanna thuto ’me u mo kope hore a u khethe ho arabela serapeng seo u se khethileng.

11. Ho Bafilipi 2:4, moapostola Pauluse o re khothaletsa hore re etse’ng?

11 Bala Bafilipi 2:4. Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ba amehe ka lintho tse tsoelang batho ba bang molemo. Re ka sebelisa keletso ee joang ha re le libokeng? Ka hore re hopole hore bana ba bang ba bo rona le bona ba batla ho arabela libokeng.

Lumella ba bang hore ba arabele libokeng feela joalokaha u lumella ba bang hore ba qoqe (Sheba serapa sa 12)

12. Ke tsela efe e molemo ka ho fetisisa ea ho khothatsa ba bang ha re le libokeng? (Sheba le setšoantšo.)

12 Nahana ka sena, ha u qoqa le metsoalle ea hao na u batla hore e lule e le uena feela ea buang? Ha ho joalo. U batla hore le bona ba qoqe. Ka tsela e tšoanang, ha re le libokeng re batla ho fa ba bang menyetla ea ho arabela. Ha e le hantle, tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho khothatsa Bakreste-’moho ke ka ho ba fa monyetla oa ho bua ka tumelo ea bona. (1 Bakor. 10:24) A re boneng hore na re ka etsa sena joang.

13. Re ka etsa’ng e le hore batho ba bangata ba be le monyetla oa ho arabela?

13 Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang ke ho fana ka likarabo tse khutšoanyane e le hore le ba bang ba ka arabela. Baholo le bahoeletsi ba nang le boiphihlelo ba ka behela ba bang mohlala tabeng ena. Leha u fana ka karabo e khutšoanyane qoba ho bua lintlha tse ngata. Haeba u akareletsa lintlha tsohle tse hlahang serapeng, ba bang ba ke ke ba e-ba le monyetla oa ho arabela. Ka mohlala, serapeng sena ho buuoa ka lintlha tse peli. Ea pele, fana ka likarabo tse khutšoanyane. Ea bobeli, qoba ho bua lintlha tse ngata. Haeba u motho oa pele ea khethiloeng ho arabela serapeng sena, u ka bua ka ntlha e le ’ngoe lintlheng tsena tse peli.

Ke neng moo re ka khethang hore re se ke ra phahamisa letsoho? (Sheba serapa sa 14) f

14. Ke eng e ka re thusang ho bona hore na ke neng moo re ka phahamisang matsoho? (Sheba le setšoantšo.)

14 E-ba le temoho ha u khetha ho arabela. Ha u phahamisa letsoho hangata sena se ka etsa hore mor’abo rona ea khannang thuto a ikutloe a tlamehile ho u khetha le hoja ba bang ba e-s’o ka ba e-ba le monyetla oa ho arabela. Hape sena se ka nyahamisa ba bang hore ba phahamise matsoho.—Moek. 3:7.

15. (a) Re lokela ho ikutloa joang haeba re sa khethoa? (b) Mor’abo rona ea khannang thuto a ka bontša joang hore o nahanela batho bohle? (Sheba lebokose le re’ng “ Ha u Khanna Thuto ea Lipotso le Likarabo.”)

15 Ha ho e-na le batho ba bangata ba phahamisitseng matsoho nakong ea thuto, re ka ’na ra se ke ra fumana monyetla oa ho arabela hangata kamoo re ka thabelang. Ka linako tse ling thuto e ka fela re sa khethoa. Ntho eo e ka re utloisa bohloko empa ha rea lokela ho koata haeba re sa khethoa.—Moek. 7:9.

16. U ka khothatsa ba bang joang ha ba fane ka likarabo?

16 Haeba ha oa khona ho araba hangata joalokaha u ne u lakalitse, sebelisa monyetla oo ho mamela likarabo tsa ba bang e le hore u ka ba babatsa ka mor’a liboka. Bakreste-’moho le uena ba ka khothatsoa ke ha u ba babatsa joalokaha ba ne ba ka khothatsoa ke likarabo tsa hao. (Liprov. 10:21) Ho babatsa ba bang ke tsela e ’ngoe ea ho ba khothatsa.

LITSELA TSE LING TSA HO KHOTHATSANA

17. (a) Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho lokisetsa likarabo? (b) Ke mehato efe e mene e hlahang videong eo re ka e sebelisang ha re lokisetsa? (Sheba le naletsana.)

17 Ke tsela efe e ’ngoe eo re ka khothatsang ba bang ha re le libokeng? Haeba u motsoali, thusa bana ba hao hore ba lokisetse likarabo ho latela lilemo tsa bona. (Mat. 21:16) Ka linako tse ling ha re le libokeng, re ka ithuta lintlha tse buang ka lenyalo kapa boitšoaro hape ho ka ’na ha e-ba le lirapa tseo ngoana a ka khonang ho arabela ho tsona. Thusa bana ba hao ho utloisisa hore ha se kamehla ba ka khethoang ha ba batla ho arabela. Ha ba utloisisa taba ena ba ke ke ba utloa bohloko haeba ba sa khethoe.—1 Tim. 6:18. d

18. Re ka etsa’ng e le hore re se ke ra bua ka rona haholo ha re arabela? (Liproverbia 27:2)

18 Kaofela ha rona re ka lokisetsa ho fana ka likarabo tse tla khothatsa Bakreste-’moho le ho tlotlisa Jehova. (Liprov. 25:11) Ka linako tse ling re ka ’na ra bua ka lintho tse re etsahalletseng bophelong ha re arabela empa re lokela ho qoba ho bua haholo ka rona. (Bala Liproverbia 27:2; 2 Bakor. 10:18) Re lokela ho loanela ho bua ka Jehova, Lentsoe la hae le batho ba hae. (Tšen. 4:11) Leha ho le joalo, re tla be re sa etse phoso ha re bua ka rona haeba potso e re re bue ka lintho tse re etsahalletseng bophelong. Mohlala oa sena re tl’o o bona serapeng se latelang.

19. (a) Ho tla etsahala’ng haeba re amehile ka lintho tse tla tsoela Bakreste-’moho le rona molemo? (Baroma 1:11, 12) (b) Ke’ng eo u e ratang ka ho arabela libokeng?

19 Ke ’nete hore ha re beheloe melao e thata ea hore re lokela ho arabela joang empa kaofela ha rona re lokela ho nka ho arabela e le tsela ea ho khothatsana. Taba ena e ka bolela ho arabela ka makhetlo. Kapa e ka bolela ho khotsofalla menyetla eo re bileng le eona ea ho arabela le ho thabela hore ba bang le bona ba arabetse. Haeba re amehile ka lintho tse tla tsoela Bakreste-’moho le rona molemo, kaofela ha rona re tla khona ho ba le monyetla oa ‘ho khothatsana.’—Bala Baroma 1:11, 12.

PINA EA 93 Re Hlohonolofatse ha re Bokana ’Moho

a Rea khothatsana ha re arabela libokeng. Leha ho le joalo, batho ba bang baa tšoha ha ba batla ho arabela. Ba bang bona ba thabela ho arabela hoo ba lakatsang eka ba ka khethoa hangata. Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na re ka bontša joang hore re tsotella ba bang e le hore kaofela re ka khothatsana. Re tla boela re bone hore na re ka fana ka likarabo tse tla susumeletsa Bakreste-’moho le rona joang hore ba be lerato le ho etsa lintho tse ntle.

b E le hore u fumane litlhahiso tse ling, sheba Molula-Qhooa ea January 2019, leq. 8-13, Molula-Qhooa oa September 1, 2003, leq. 19-22.

c Lebitso le fetotsoe.

d Kena ho jw.org/st ebe u shebella video ea E-ba Motsoalle oa Jehova—Lokisetsa.

e Sheba Molula-Qhooa oa July 15, 2013, leq. 32, le oa September 1, 2003, leq. 21-22.

f LITŠOANTŠO Leqephe la 23: Mor’abo rona ea phuthehong e kholo o se a arabetse, joale o fa ba bang monyetla oa hore ba arabele.