Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintho Tse Ka U Thusang Ha U Ithuta

Lintho Tse Ka U Thusang Ha U Ithuta

Na litlhaloso tsa Mangolo tse hlahang bukeng ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova li u tsoela molemo?

Litlhaloso tsena li ka u thusa ho utloisisa Lentsoe la Molimo haholoanyane. Ka linako tse ling li ka hlalosa lintho tse neng li etsahala nakong eo liketsahalo tse hlahang temaneng e itseng ea Bibele li neng li etsahala. Lia hlalosa hore na temana e itseng e ne e ngolloa’ng kapa hore na e ne e ngolloa bo-mang. Hape li hlalosa mantsoe a mang kapa lipoleloana litemaneng tse ling.

U ka fumana Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso Bibeleng ea hao ha u sebelisa Watchtower ONLINE LIBRARY le JW Library®. U ka fumana litlhaloso tsena karolong ea matlotlo e ka lehlakoreng le letona lisebelisoeng tse ling tsa elektronike.

Ha u ntse u bala litlhaloso tsena u ele hloko hore na li nkuoe lingoliloeng tse lokolotsoeng neng. Lihlooho tsa morao-rao li hlaha ka holimo. Lihlooho tse hlahang tlase li ka ’na tsa hlalosa lintho ka tsela eo re neng re li utloisisa ka eona khale.

  • Bibele e hlahang ho Watchtower ONLINE LIBRARY e se e ntse e e-na le litlhaloso tse tsoang bukeng ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso.

  • E le hore u be le litlhaloso tsa litemana JW Library, dounlouda Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso le lintlafatso tsa eona ha li le teng. Re ka e dounlouda ka ho tobetsa holimo karolong ea matlotlo ea khaolo efe kapa efe ea Bibele.