Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 19

Matlafatsa Tumelo ea Hao Tšepisong ea Jehova ea Hore ho Tla ba le Lefatše le Lecha

Matlafatsa Tumelo ea Hao Tšepisong ea Jehova ea Hore ho Tla ba le Lefatše le Lecha

“Ha [Jehova] a buile ntho, na a ke ke a e etsa?”—NUM. 23:19.

PINA EA 142 Re Lula re E-na le Tšepo e Matla

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. Re lokela ho etsa’ng ha re ntse re emetse lefatše le lecha?

 RE ANANELA tšepiso ea Jehova ea hore ho tla ba le lefatše le lecha. (2 Pet. 3:13) Le hoja re sa tsebe hore na le tla ba teng neng, lintho tse etsahalang hona joale lia bontša hore lefatše leo le haufi.—Mat. 24:32-34, 36; Lik. 1:7.

2 Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Lipaki Tsa Jehova, tumelo ea rona e lokela ho lula e le matla e le hore re ka lumela hore tšepiso ena ea Molimo e tla phethahala. Hobane’ng? Hobane tumelo e matla e ka fokola. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ile a re ho fokolloa ke tumelo ke “sebe se re tšoasang habonolo. (Baheb. 12:1) Re lokela ho lula re nahana ka lintho tse bontšang hore lefatše le lecha le haufi e le hore tumelo ea rona e se ke ea fokola.—Baheb. 11:1.

3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintho tse tharo tseo re lokelang ho li etsa ho matlafatsa tumelo ea rona e le hore re ka lumela tšepiso ea Jehova ea hore ho tla ba le lefatše le lecha: (1) ho nahana ka sehlabelo sa Jesu, (2) ho nahana ka lintho tsohle tseo Jehova a nang le matla a ho li etsa le (3) ho etsa lintho tse amanang le borapeli ba rona. Re tla boela re bone kamoo mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Habakuke a ka matlafatsang tumelo ea rona kateng mehleng ena. Pele ho moo, a re bueng ka lintho tseo e ka ’nang eaba lia re etsahalla hona joale tse hlokang hore re be le tumelo e matla tšepisong ea lefatše le lecha le tlang.

MAEMO A HLOKANG HORE RE BE LE TUMELO E MATLA

4. Ke liqeto life tse hlokang hore re be le tumelo e matla?

4 Letsatsi le letsatsi re etsa liqeto tse hlokang hore re be le tumelo e matla. Ka mohlala, re lokela ho etsa liqeto mabapi le ho khetha metsoalle, boithabiso, thuto, molekane oa lenyalo, mosebetsi le ho ba le bana. Ho bohlokoa hore re ipotse: ‘Na liqeto tseo ke li etsang li bontša hore ke kholisehile hore lefatše lena le tla felisoa le hore haufinyane Molimo o tla etsa hore ho be le lefatše le lecha? Na liqeto tseo ke li etsang li tšoana le tsa batho ba sa lumeleng hore ba ka phela ka ho sa feleng?’ (Mat. 6:19, 20; Luka 12:16-21) Re tla etsa liqeto tse nepahetseng haeba re matlafatsa tumelo ea rona ea hore lefatše le lecha le haufi.

5, 6. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le tumelo e matla ha re e-na le mathata? Hlalosa.

5 Re boetse re na le mathata a hlokang hore re be le tumelo e matla. Re ka hlorisoa, ra kula kapa ra etsahalloa ke lintho tse ling tse ka re nyahamisang. Qalong, re ka ’na ra bona eka re tla khona ho mamella mathata ao re nang le ’ona. Empa mathata a kang ana a ka nka nako e telele. Kahoo, re hloka ho ba le tumelo e matla e le hore re mamelle le ho tsoela pele re sebeletsa Jehova re thabile.—Bar. 12:12; 1 Pet. 1:6, 7.

6 Ha re e-na le mathata, re ka bona eka lefatše le lecha leo Jehova a le tšepisitseng le ke ke la tla. Na see se bolela hore tumelo ea rona ea fokola? Ha ho joalo. Nahana ka mohlala o latelang. Ha ho bata haholo mariha, re ka bona eka lehlabula le ke ke la e-ba teng. Empa ka mor’a nako e seng kae lehlabula le ba teng. Ka tsela e tšoanang, ha re nyahame re ka ’na ra bona eka lefatše le lecha le ke ke la e-ba teng. Leha ho le joalo, haeba tumelo ea rona e le matla, re tla kholiseha hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. (Pes. 94:3, 14, 15; Baheb. 6:17-19) Ha re kholisehile, ho sebeletsa Jehova e tla ba eona ntho e tlang pele bophelong ba rona.

7. Ke boikutlo bofe boo re lokelang ho bo qoba?

7 Re boetse re lokela ho ba le tumelo e matla ha re etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele. Batho ba bangata bao re ba bolellang “litaba tse monate” tsa hore Molimo o tla etsa hore ho be le lefatše le lecha, ba re taba eo ke ntho e ke keng ea etsahala. (Mat. 24:14; Ezek. 33:32) Ha rea lokela ho lumella hore maikutlo ao a bona a etse hore re belaele lintho tseo Jehova a re rutang tsona. E le hore re qobe seo, re lokela ho tsoela pele re matlafatsa tumelo ea rona. A re bueng ka litsela tse tharo tsa kamoo re ka etsang sena kateng.

NAHANA KA SEHLABELO SA JESU

8, 9. Ho nahana ka sehlabelo sa Jesu ho ka matlafatsa tumelo ea rona joang?

8 Tsela ea pele ea kamoo re ka matlafatsang tumelo ea rona ke ho nahana ka sehlabelo sa Jesu. Sehlabelo sena sea re kholisa hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala. Ha re nahana ka hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a re shoela le hore na Jehova o tetse’ng, seo se matlafatsa tumelo ea rona le ho re kholisa hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho re fa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo?

9 Jehova o ile a tela’ng? Jehova o ile a romela Mora oa hae oa letsibolo eo a mo ratang hore a tlohe leholimong a tl’o phela mona lefatšeng e le motho ea phethahetseng. Ha a le mona lefatšeng, o ile a mamella maemo a thata. O ile a hlorisoa a ba a bolaoa ka sehloho. Jehova o tetse ntho e kholo e le kannete. Molimo oa rona ea lerato a ka be a sa fana ka Mora oa hae hore a hlorisoe le ho bolaoa ka sehloho hore feela re phele ka nakoana. (Joh. 3:16; 1 Pet. 1:18, 19) Kaha Jehova o ile a fana ka Mora oa hae eo a mo ratang ho re thusa, o tla etsa bonnete ba hore re fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha.

NAHANA KA LINTHO TSOHLE TSEO JEHOVA A NANG LE MATLA A HO LI ETSA

10. Ho ea ka Baefese 3:20, Jehova a ka khona ho etsa’ng?

10 Tsela ea bobeli eo re ka matlafatsang tumelo ea rona ka eona ke ho nahana ka lintho tsohle tseo Jehova a nang le matla a ho li etsa. O na le matla a ho phethahatsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e tšepisang. Batho ba bangata ba nahana hore ho ke ke ha khonahala hore re phele ka ho sa feleng lefatšeng le lecha. Leha ho le joalo, esale Jehova a tšepisa lintho tseo batho ba ke keng ba khona ho li phethahatsa. Jehova a ka khona ho phethahatsa litšepiso tsa hae hobane ke ea Matla ’Ohle. (Jobo 42:2; Mar. 10:27) Kahoo, ha re makale ha Jehova a re tšepisa lintho tse hlollang.—Bala Baefese 3:20.

11. Fana ka mohlala oa e ’ngoe ea litšepiso tsa Molimo tse hlollang. (Sheba lebokose le reng, “ Litšepiso Tsa Molimo Tse Hlollang Tse Phethahetseng.”)

11 Nahana ka tse ling tsa lintho tseo Jehova a ileng a li tšepisa bahlanka ba hae nakong e fetileng tse neng li bonahala eka li ke ke tsa phethahala. O ile a kholisa Abrahama le Sara hore le hoja ba tsofetse ba ne ba tla ba le mora. (Gen. 17:15-17) O ile a ba a bolella Abrahama hore litloholo tsa hae li ne li tla rua naha ea Kanana. Ka lilemo tse ngata ha Baiseraele e leng litloholo tsa Abrahama e ne e le makhoba Egepeta, ho ne ho bonahala eka tšepiso eo e ne e ke ke ea phethahala. Empa e ile ea phethahala. Hamorao, Jehova o ile a bolela hore Elizabetha ea neng a se a tsofetse o tla ba le ngoana. O ile a boela a bolella Maria eo e neng e le moroetsana hore o ne a tla tsoala Mora oa Hae. Seo se ne se tla phethahatsa tšepiso eo Jehova a neng a e entse lilemo tse ngata pele ho moo serapeng sa Edene.—Gen. 3:15.

12. Lengolo la Joshua 23:14 le la Esaia 55:10, 11 le re tiisetsa eng ka matla ao Jehova a nang le ’ona?

12 Ha re nahana ka litšepiso tsa Jehova tsa nakong e fetileng le kamoo a ileng a li phethahatsa kateng, re khona ho bona hore o na le matla a maholo ’me seo se matlafatsa tšepo ea rona ea hore lefatše le lecha le haufi. (Bala Joshua 23:14; Esaia 55:10, 11.) Sena se etsa hore re khone ho thusa batho ba bang ho utloisisa hore tšepiso ea Jehova ea hore ho tla ba le lefatše le lecha ha se toro feela. Ha Jehova a bua ka maholimo a macha le lefatše le lecha o ile a re: ‘Mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.’—Tšen. 21:1, 5.

ETSA LINTHO TSE AMANANG LE BORAPELI BA RONA

LIBOKA TSA BOKRESTE

Ho etsa lintho tsee ho ka matlafatsa tumelo ea hao joang? (Sheba serapa sa 13)

13. Liboka tsa Bokreste li ka matlafatsa tumelo ea rona joang? Hlalosa.

13 Tsela ea boraro eo re ka matlafatsang tumelo ea rona ka eona ke ho qeta nako re etsa lintho tse amanang le borapeli ba rona. Ka mohlala, nahana kamoo liboka tsa Bokreste li re thusang kateng. Morali oa bo rona Anna ea qetileng lilemo tse ngata a etsa mesebetsi e fapaneng tšebeletsong ea nako e tletseng o re: “Liboka li nthusa hore tumelo ea ka e lule e le matla. Leha ho ka etsahala hore motho ea behang puo ha a na bokhoni bo khethehileng ba ho ruta kapa ha a bue ntho e itseng e ncha, ke lula ke fumana lintlha tse nthusang hore ke utloisise Bibele haholoanyane ’me seo se matlafatsa tumelo ea ka.” b Tumelo ea rona e boetse ea matlafala ha re mametse likarabo tseo Bakreste-’moho le rona ba fanang ka tsona libokeng.—Bar. 1:11, 12; 10:17.

HO RUTA BATHO BIBELE

Ho etsa lintho tsee ho ka matlafatsa tumelo ea hao joang? (Sheba serapa sa 14)

14. Ho ruta batho Bibele ho re thusa joang?

14 Tumelo ea rona e boetse e matlafatsoa ke ho etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele. (Baheb. 10:23) Morali oa bo rona Barbara ea nang le lilemo tse ka holimo ho 70 a sebeletsa Jehova o re: “Ke hlokometse hore ho bolela litaba tse monate ho etsa hore tumelo ea motho e be matla. Tumelo ea ka e matlafala le ho feta ha ke ntse ke bolella batho litšepiso tsa Jehova tse thabisang.”

HO ITHUTA BIBELE

Ho etsa lintho tsee ho ka matlafatsa tumelo ea hao joang? (Sheba serapa sa 15)

15. Ho ithuta Bibele ho ka matlafatsa tumelo ea rona joang? (Sheba le setšoantšo.)

15 Ntho e ’ngoe e ka matlafatsang tumelo ea rona ke ho ithuta Bibele. Morali oa bo rona Susan o na le lenaneo la ho ithuta Bibele. O re: “Ka Sontaha, ke lokisetsa sehlooho sa Molula-Qhooa se tla ithutoa bekeng e latelang. Ka ’Mantaha le Labobeli, ke lokisetsa liboka tsa har’a beke. Ka matsatsi a setseng ke ithuta Bibele.” Kaha o lula a latela lenaneo la hae la ho ithuta Bibele, tumelo ea hae ea matlafala. Morali oa bo rona Irene ea sebelelitseng ntlo-kholo ka lilemo tse ngata o re ho ithuta ka boprofeta bo hlahang ka Bibeleng ho matlafatsa tumelo ea hae. O re: “Hoa thabisa ho bona kamoo esita le lintlha tse nyenyane tse amanang le boprofeta bo ka Bibeleng li phethahalang kateng.” c

“JOANG KAPA JOANG E TLA PHETHAHALA”

16. Ke hobane’ng ha mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Habakuke a ka re thusa le mehleng ee? (Baheberu 10:36, 37)

16 Bahlanka ba bang ba Jehova ba na le nako e telele ba emetse hore bofelo bo fihle. Batho ba bangata ba bona eka bofelo bo nka nako e telele ho tla. Empa Jehova o tseba kamoo bahlanka ba hae ba ikutloang kateng, ke kahoo a ileng a re ho moprofeta Habakuke: “Pono ena e sa emetse nako ea eona. E haufi le ho phethahala, e tla fela e phethahale. Leha e ka bonahala eka ea lieha, u ’ne u e lebelle. Joang kapa joang e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.” (Hab. 2:3) Na mantsoe aa a ne a ngoletsoe Habakuke feela? Kapa na le rona a ka re thusa? Jehova o ile a laela moapostola Pauluse hore a bolelle Bakreste ba letetseng lefatše le lecha mantsoe a tšoanang le ana. (Bala Baheberu 10:36, 37.) Kahoo, le hoja re ka bona eka tšepiso ea Jehova ea ho re pholosa e nka nako e telele ho phethahala, “joang kapa joang e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.”

17. Mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Habakuke a ile a thusa Morali oa bo rona Louise joang?

17 Bahlanka ba bangata ba Jehova haesale ba mamela taelo e reng ‘ba ’ne ba lebelle’ letsatsi la Jehova. Morali oa bo rona Louise ea qalileng ho sebeletsa Jehova ka 1939 o re: “Ka nako eo, ke ne ke nahana hore Armagedone e tl’o fihla le pele ke qeta sekolo. Seo ha sea ka sa etsahala empa ntho e nthusitseng lilemong tsena tsohle ke ho bala lipale tsa batho ba ileng ba letela hore Jehova a phethahatse litšepiso tsa hae ’me sena se nthusitse hore le ’na ke letele Jehova ka mamello. Ke ile ka bala ka Noe, Abrahama, Josefa le ba bang ba ileng ba tlameha ho leta nako e telele pele ba ka fumana moputso oo Jehova a ba tšepisitseng oona. Ho lula ke kholisehile hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala ho nthusitse ebile ho thusitse le ba bang hore ba kholisehe hore lefatše le lecha le haufi.” Bahlanka ba bang ba Jehova ba mo sebelelitseng nako e telele le bona ba lumellana le taba ena.

18. Ho nahana ka lintho tse bopiloeng ho ka matlafatsa tumelo ea rona joang ea hore lefatše le tla ba lecha?

18 Lefatše le lecha ha le e-s’o be teng. Leha ho le joalo, nahana ka lintho tse bopiloeng tse kang linaleli, lifate, liphoofolo le batho. Ha ho na motho ea ka hanang hore lintho tsena li teng. Le hoja pele li ne li le sieo, hona joale li teng hobane Jehova o li bopile. (Gen. 1:1, 26, 27) Molimo o tšepisa hore o tla etsa hore lefatše lena le be lecha. O tla phethahatsa tšepiso eo. Lefatšeng le lecha batho ba tla phela ka ho sa feleng ba sa kule. Re ka kholiseha hore lefatše le lecha le tla tla ka nako eo Molimo a e behileng.—Esa. 65:17; Tšen. 21:3, 4.

19. U ka matlafatsa tumelo ea hao joang?

19 Sebetsa ka thata ho matlafatsa tumelo ea hao hona joale. Lula u ananela sehlabelo sa Jesu. Nahana ka lintho tsohle tseo Jehova a nang le matla a ho li etsa. Etsa lintho tse amanang le borapeli ba rona. Ka ho etsa joalo, u tla ba har’a “ba ileng ba fumana litšepiso ka lebaka la tumelo le mamello ea bona.”—Baheb. 6:11, 12; Bar. 5:5.

PINA EA 139 Ipone U le Teng Lefatšeng le Lecha

a Batho ba bangata mehleng ena ha ba lumele ha Bibele e re ho tla ba le lefatše le lecha. Ba nahana hore taba ena ke toro feela. Leha ho le joalo, rona re kholisehile hore litšepiso tsohle tsa Jehova li tla phethahala. Empa re ntse re tlameha ho sebetsa ka thata hore tumelo ea rona e lule e le matla. Re ka etsa see joang? Sehlooho sena se tl’o re thusa hore na re ka matlafatsa tumelo ea rona joang.

b Mabitso a mang a fetotsoe.

c U ka fumana lihlooho tse ngata tse buang ka boprofeta ba Bibele ha u sheba sehlooho se reng, “Prophecy” bukeng ea Watch Tower Publications Index. Ka mohlala, u ka sheba sehlooho se reng “Seo Jehova a se Profetang Sea Phethahala” ho Molula-Qhooa oa January 1, 2008.