Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 15

Re ka Ithuta’ng Mehlolong ea Jesu?

Re ka Ithuta’ng Mehlolong ea Jesu?

“O ne a tsamaea hohle libakeng tsena a etsa lintho tse ntle a bile a folisa.”—LIK. 10:38.

PINA EA 13 A re Etsiseng Kreste

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Hlalosa hore na ho ne ho etsahala’ng mohla Jesu a etsang mohlolo oa hae oa pele.

 AK’U nahane ka se ileng sa etsahala ha Jesu a qala tšebeletso ea hae ka selemo sa 29. Ka le leng Jesu le ’mè oa hae Maria hammoho le baratuoa ba bang ba hae ba ne ba menngoe moketeng oa lenyalo Kana. Motse ona o ne o le ka leboea ho Nazaretha e leng moo Jesu a holetseng teng. Kaha Maria e ne e le motsoalle lelapeng leo, o ne a thusana ka ho hlokomela baeti. Ha mokete o ntse o tsoela pele veine e ile ea fela. Taba eo e ne e ka tlotlolla lelapa le banyalani bao ba bacha haholo. b Ho ka etsahala hore ebe ho ne ho tlile batho ba bangata ho feta ba neng ba lebeletsoe. Hang-hang Maria o ea ho mora oa hae ’me o re: “Ha ba na veine.” (Joh. 2:1-3) Jesu o etsa ntho e makatsang ’me o fetola metsi “veine ea boleng bo phahameng.”—Joh. 2:9, 10.

2, 3. (a) Jesu o ile a etsa mehlolo efe? (b) U ka rua molemo ofe ha u ithuta ka mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa?

2 Jesu o ile a etsa mehlolo e mengata nakong ea tšebeletso ea hae. c O ile a sebelisa matla a hae a hlollang ho thusa batho ba likete-kete. Ka mohlala, o ile a fepa batho ka mohlolo ka makhetlo a mabeli. Lekhetlong la pele o ile a fepa banna ba 5 000, la bobeli a fepa ba 4 000. Ho ka etsahala hore kaofela o ile a fepa batho ba 27 000 ha ho kopanyeletsoa basali le bana. (Mat. 14:15-21; 15:32-38) Mohla a neng a etsa mehlolo eo, Jesu o ile a boela a folisa batho ba bangata ba neng ba kula. (Mat. 14:14; 15:30, 31) U se u ka inahanela hore na letšoele leo le ne le hloletsoe hakae hore ebe Jesu o ile a le folisa le ho le fepa ka mohlolo.

3 Mehleng ena re ka ithuta lintho tse ngata mehlolong eo Jesu a ileng a e etsa. Sehlooho sena se tl’o re bontša tse ling tsa lithuto tse matlafatsang tumelo tseo re ka li fumanang mehlolong eo Jesu a ileng a e etsa. Ka mor’a moo re tla bona hore na re ka ithuta’ng ka ho ba le boikokobetso le kutloelo-bohloko mehlolong eo Jesu a ileng a e etsa.

RE ITHUTA’NG KA JEHOVA LE JESU?

4. Mehlolo ea Jesu e re ruta ka bo-mang?

4 Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa e re ruta lithuto tsa bohlokoa tse matlafatsang tumelo ka eena le Ntate oa hae. Lebaka ke hobane Jehova ke eena ea neng a fa Jesu matla a ho etsa mehlolo eo. Liketso 10:38 e re: ‘Molimo o ile a fa Jesu matla a ba a mo khetha ka moea o halalelang. O ne a tsamaea hohle libakeng tsena a etsa lintho tse ntle a bile a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose hobane Molimo o ne a e-na le eena.’ U tla hopola hore Jesu o ile a etsisa Ntate oa hae tseleng eo a nahanang le ho ikutloa ka eona, linthong tseo a ileng a li bua le ho li etsa ho akareletsa le mehlolo eo a ileng a e etsa. (Joh. 14:9) A re bueng ka lithuto tse tharo tseo re ka ithutang tsona mehlolong ea Jesu.

5. Jesu o ne a susumetsoa ke’ng ha a etsa mehlolo? (Matheu 20:30-34)

5 Ntho ea pele eo re ithutang eona ke hore Jesu le Ntate oa hae ba re rata haholo. Ha Jesu a le lefatšeng o ile a bontša hore o rata batho haholo ka hore a sebelise matla a hae ho thusa batho ba nang le mathata. Ka letsatsi le leng banna ba babeli ba sa boneng ba ile ba mo kopa hore a ba thuse. (Bala Matheu 20:30-34.) Hlokomela hore Jesu o ile “a ba hauhela” eaba oa ba folisa. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “a ba hauhela” le akareletsa boikutlo bo matla ba ho ba le kutloelo-bohloko e tsoang botebong ba pelo. Jesu o ile a boela a fepa batho ba lapileng le ho folisa molepera ka lebaka la boikutlo boo bo matla ba ho ba le kutloelo-bohloko bo susumetsoang ke lerato. (Mat. 15:32; Mar. 1:41) Re ka kholiseha hore Jehova Molimo ea mohau le Mora oa hae ba re rata haholo ebile ba utloa bohloko ha re hlaheloa ke mathata. (Luka 1:78; 1 Pet. 5:7) Kannete e tlameha ebe ba potlaketse ho felisa mathata ’ohle ao re nang le ’ona.

6. Molimo o file Jesu matla a ho etsa’ng?

6 Ea bobeli, Molimo o file Jesu matla a ho felisa mathata ’ohle a rona. Jesu o ile a etsa mehlolo ho bontša hore o na le matla a ho hlola mathata ao re ke keng ra a hlola ka borona. Ka mohlala, o na le matla a ho re lokolla mohloling oa mathata a rona e leng sebe seo re se futsitseng le liphello tsa sona tse kang ho kula le lefu. (Mat. 9:1-6; Bar. 5:12, 18, 19) Mehlolo eo Jesu a e entseng ea tiisa hore a ka folisa “mafu a mefuta eohle” a ba a tsosa bafu. (Mat. 4:23; Joh. 11:43, 44) O boetse o na le matla a ho laola lifefo tse matla le ho ntša bademona ba keneng bathong. (Mar. 4:37-39; Luka 8:2) Kannete hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o file Mora oa hae matla a makana.

7, 8. (a) Mehlolo eo Jesu a e entseng e re kholisa’ng? (b) Ke mohlolo ofe oo u labalabelang ho o bona o phethahala lefatšeng le lecha?

7 Ea boraro, re ka kholiseha hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala nakong e tlang tlas’a ’Muso oa hae. Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ha a ntse a le lefatšeng ea re bontša hore na o tla etsa lintho tse kholo hakae ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Ela hloko hore na ke lintho life tseo re tla li thabela tlas’a puso ea Kreste. Re tla thabela ho phela hantle hobane o tl’o felisa bokooa le mafu a mefuta eohle. (Esa. 33:24; 35:5, 6; Tšen. 21:3, 4) Ha ho na mohla re tla lapa kapa re angoe ke lintho tse bohloko tse bakoang ke likoluoa tsa tlhaho. (Esa. 25:6; Mar. 4:41) Re tla thaba haholo ha re amohela baratuoa ba rona ba tsositsoeng. (Joh. 5:28, 29) Ke mohlolo ofe oo ka ho khetheha u labalabelang ho o bona ha o phethahala lefatšeng le lecha?

8 Ha Jesu a ne a etsa mehlolo o ile a bontša hore o na le boikokobetso le kutloelo-bohloko. Le rona re lokela ho ba le makhabane ana. A re hlahlobeng mehlala e ’meli, re qale ka mokete oa lenyalo o neng o le Kana.

BOIKOKOBETSO

9. Jesu o ile a etsa’ng moketeng oa lenyalo? (Johanne 2:6-10)

9 Bala Johanne 2:6-10. Ha ho na letho le neng le tlama Jesu hore a etse ho hong ha veine e ne e fela lenyalong. Ho ne ho se na boprofeta bo neng bo itse Mesia o ne a tla etsa veine ka mohlolo. Empa u nahana hore u ne u tla ikutloa joang haeba lino-mapholi li ne li ka fela lenyalong la hao? Jesu o ile a utloela lelapa leo bohloko, haholo-holo banyalani ’me o ne a sa batle hore ba hlajoe ke lihlong. Kahoo, o ile a etsa mohlolo joalokaha re se re bone qalong ea sehlooho sena. O ile a fetola lilithara tse ka bang 390 tsa metsi hore e be veine ea boleng bo phahameng. Mohlomong o ile a etsa e ngata joalo e le hore ho ka ba le e tla sala ba tle ba e sebelise hamorao kapa mohlomong e le hore e ka rekisoa ho thusa banyalani bana ba bacha ka lichelete. Kannete e tlameha ebe banyalani bao ba bacha ba ne ba thabile haholo.

Etsisa Jesu ka hore u se ke oa ithorisa ka lintho tseo u li finyeletseng (Sheba serapa sa 10 le 11) e

10. Ke lintlha life tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona ho Johanne khaolo ea bobeli? (Sheba setšoantšo.)

10 A re ke re bue ka lintlha tsa bohlokoa tseo re li fumanang ho Johanne khaolo ea bobeli. Na u hlokometse hore ha se Jesu ea ileng a tšela metsi ka har’a linkho tsa lejoe? Ho e-na le hore a ipitsetse mahlo a batho o ile a re basebeletsi e be bona ba tšelang metsi ka linkhong. (Temana ea  6, 7) Hape ka mor’a hore a fetole metsi veine ha se eena ea ileng a e isa ho motsamaisi, ho e-na le hoo o ile a bolella basebeletsi hore e be bona ba e isang ho eena. (Temana ea  8) Jesu ha aa ka a nka kopi ea veine eaba o e phahamisetsa holimo ’me o bolella batho kamoo e leng eena ea e entseng kateng.

11. Re ka ithuta’ng mohlolong oa ho fetola metsi veine?

11 Re ka ithuta’ng mohlolong oa ho fetola metsi veine? Re lokela ho ikokobetsa. Jesu ha aa ka a ikotla sefuba ka mohlolo oo ebile ha ho mohla a kileng a ikotla sefuba ka ntho leha e le efe eo a kileng a e etsa. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso o ne a lula a rorisa Ntate oa hae bakeng sa lintho tsohle. (Joh. 5:19, 30; 8:28) Haeba re ikokobelitse joaloka Jesu re ke ke ra ikhantša ka lintho tseo re li finyeletseng. Ho sa tsotellehe hore na re etsa mesebetsi efe bakeng sa Jehova, a re se keng ra ithorisa empa ho e-na le hoo re rorise Jehova ka lintho tsohle tseo re khonang ho mo etsetsa tsona. (Jer. 9:23, 24) Re lokela ho rorisa Molimo hobane ke eena feela ea lokelang ho rorisoa. Etsoe ha ho na letho leo re ka khonang ho le finyella haeba Jehova a sa re thuse.—1 Bakor. 1:26-31.

12. Etsa mohlala o bontšang hore na re ka ikokobetsa joang joaloka Jesu.

12 A re bone hore na re ka etsa’ng hape e le ho bontša hore re ikokobelitse joaloka Jesu. Ak’u nahane ka boemo bona: Moholo o qeta nako e ngata a ntse a thusa mohlanka ea sebeletsang hore a lokisetse puo ea hae ea pele ea phatlalatsa. Mohlanka ea sebeletsang o khona ho fana ka puo eo hamonate libokeng hobane moholo a mo thusitse. Ha liboka li tsoa motho e mong o ea ho moholo eo ’me o re ho eena: ‘Mora oa bo rona o fane ka puo hamonate.’ Na moholo o tla be a etsa hantle haeba a ka re: ‘E, ke ’na ea mo thusitseng’? Kapa na o ne a ka ikokobetsa ebe o re: ‘E ho joalo, ke motlotlo ka eena’? Haeba re ikokobelitse re ke ke ra batla hore batho ba tsebe lintho tse ntle tseo re li etselitseng batho ba bang. Re khotsofalla hore ebe Jehova oa bona ebile o ananela lintho tseo re li etsetsang batho ba bang. (Bapisa le Matheu 6:2-4; Baheb. 13:16) Jehova oa thaba ha re ikokobelitse joaloka Jesu.—1 Pet. 5:6.

KUTLOELO-BOHLOKO

13. Jesu o ile a bona’ng ha a le haufi le motse oa Naine, hona o ile a etsa’ng? (Luka 7:11-15)

13 Bala Luka 7:11-15. Ak’u nahane ka boemo bona bo ileng ba etsahala mahareng a tšebeletso ea Jesu. O ne a le Naine a tsoa Galilea e haufi le Shuneme moo moprofeta Elisha a ileng a tsosa mora oa mosali e mong lilemo tse ka bang 900 pele ho moo. (2 Mar. 4:32-37) Ha Jesu a kena motseng, o bona batho ba nkile mofu ba ea mabitleng. Boemo ke bo utloisang bohloko hobane mohlolohali o shoetsoe ke mora oa hae ea mong. Mohlolohali eo ea hlokahaletsoeng ha a mong, batho ba bangata ba tsoang motseng ba na le eena. Jesu o emisa batho bao, o etsetsa mohlolohali eo ntho e makatsang ka ho tsosa mora oa hae. Ona ke mohlolo oa pele ho e meraro ea moo Jesu a tsositseng batho e tlalehiloeng ka Likosepeleng.

Etsisa Jesu ka ho bontša batho ba hlokahaletsoeng hore u ba utloela bohloko (Sheba serapa sa 14-16)

14. Ke lintlha life tsa bohlokoa tseo re li fumanang ho Luka khaolo ea 7? (Sheba setšoantšo.)

14 A re ke re bueng ka lintlha tsa bohlokoa tseo re li fumanang ho Luka khaolo ea bosupa. Na u hlokometse hore ha Jesu a bona ’mè eo ea hlokahalletsoeng o ile a mo hauhela? (Temana ea 13) E ka ’na eaba Jesu o ile a hauhela ’mè enoa ha a mo bona a tsamaea a lla ka pel’a setopo sa ngoana oa hae. Jesu o ile a mo hauhela a ba a bontša hore o mo utloela bohloko. O ile a bua le eena ka bonolo eaba o re: “U se ke oa lla.” O ile a thusa ’mè eo ka ho tsosa mora oa hae eaba “o mo isa ho ’mè oa hae.”—Temana ea 14, 15.

15. Re ka ithuta’ng mohlolong oo Jesu a ileng a o etsa?

15 Re ka ithuta’ng mohlolong oo Jesu a ileng a o etsa oa ho tsosa mora oa mohlolohali? Re lokela ho utloela batho ba shoetsoeng bohloko. Ke ’nete hore re ke ke ra khona ho tsosa bafu. Leha ho le joalo, haeba re ela hloko batho ba hlokahaletsoeng re ka ba utloela bohloko. Re ka bontša hore re ba utloela bohloko ka ho bua le ho etsa lintho tse tla ba tšelisa. d (Liprov. 17:17; 2 Bakor. 1:3, 4; 1 Pet. 3:8) Mantsoe le lintho tse nyenyane tseo re li etsang li ka ba khothatsa haholo.

16. Joalokaha re bona setšoantšong, re ithuta’ng paleng ea ’mè eo re buileng ka eena serapeng?

16 Ak’u nahane ka boemo bona. Lilemong tse fetileng morali oa bo rona e mong o ile a bona ’mè ea neng a ntse a lla ha ho ntse ho binoa pina e ’ngoe ka libokeng. Pina eo e ne e bua ka tšepo ea tsoho ’me ’mè eo o ne a sa tsoa hlokahalloa ke morali oa hae. Kaha morali oa bo rona o ne a tseba hore na ho etsahala’ng, o ile a potlakela ho ’mè eo a mo haka eaba ba bina pina eo hammoho. Hamorao ’mè eo o ile a re: “Ha ke e-s’o ikutloe ke ratoa hakaalo ke bara le barali beso.” O ile a thabela hore ebe o ile a ea libokeng letsatsing leo. O boetse o re: “Re boetse re fumana thuso eo re e hlokang libokeng.” Re ka kholiseha hore Jehova o bona lintho tse nyenyane tseo re li etsang ho bontša batho ba hlokahaletsoeng le ba “khathetseng matla” hore re ba utloela bohloko ebile oa li ananela.—Pes. 34:18.

IKETSETSE THUTO E TLA U TSOELA MOLEMO

17. Re ithutile’ng sehloohong see?

17 Re ka khothala haholo ha re bala ka mehlolo eo Jesu a e entseng. Ha re bala ka mehlolo eo, rea ithuta hore Jehova le Jesu ba re rata haholo. Hape rea ithuta hore Jesu o na le matla a ho felisa mathata ’ohle ao batho ba nang le ’ona. Re ka boela ra kholiseha hore litšepiso tsohle tseo Molimo a re tšepisitseng tsona li tla phethahala haufinyane ha ’Muso oa hae o se o busa. Ha re ntse re bala ka mehlolo eo re lokela ho nahana hore na ebe re ka etsa’ng e le hore re be le makhabane a tšoanang le a Jesu. Mohlomong u ka etsa kemiso ea hore ha u ithuta Bibele u le mong kapa borapeling ba lelapa le buisane haholoanyane ka mehlolo e meng eo Jesu a ileng a e etsa. Ka mor’a moo u bue le batho ba bang ka lintho tseo u ithutileng tsona. U tla ba le lintho tse ngata tse matlafatsang tumelo tseo u tla li bua le ba bang.—Bar. 1:11, 12.

18. Re tl’o bua ka’ng sehloohong se latelang?

18 Jesu o ile a tsosa motho oa ho qetela ho ba bararo bao Bibele e reng o ile a ba tsosa ho elella qetellong ea tšebeletso ea hae. Lekhetlong lena o ile a tsosa motsoalle oa hae. Maemo a motsoalle eo oa hae a ne a fapane le a batho bao Jesu a ileng a ba tsosa pele ho eena. Re ka ithuta’ng tlalehong ea Likosepele e buang ka mohlolo oo? Re ka etsa’ng hore re matlafatse tšepo eo re nang le eona ea tsoho? Re tla araba lipotso tseo sehloohong se latelang.

PINA EA 20 U re File Mora oa Hao

a Rea hlolloa ha re bala ka mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa. Ka mohlala, o ile a khutsisa sefefo, a folisa ba kulang a ba a tsosa bafu. Ka Bibeleng litaba tse kang tsena ha lia ngolloa ho re tlosa bolutu feela empa li ngoletsoe ho re ruta. Ha re ntse re ithuta ka mehlolo ena re tla ithuta ka Jehova le Jesu ’me tumelo ea rona e tla matlafala hape re tla bona hore na ke makhabane afe ao re lokelang ho ba le ’ona.

b Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re: “Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, batho ba ne ba nka ho amohela baeti e le ntho ea bohlokoa. Hore ebe motho o amohetse baeti hantle, o ne a lokela ho etsa bonnete ba hore lijo li fumaneha ka bongata. Taba ena e ne e le ea bohlokoa haholo ha ho ne ho e-na le mokete oa lenyalo.”

c Ka Likosepeleng ho buuoa ka mehlolo e fetang 30 eo Jesu a ileng a e etsa. Ho na le mehlolo e meng e mengata eo Jesu a ileng a e etsa empa Bibele ha e bolele ka ho toba hore na ke efe. Ka letsatsi le leng “motse ’ohle” o ile oa tla ho eena eaba o “phekola ba bangata ba neng ba tšoeroe ke mafu a sa tšoaneng.”—Mar. 1:32-34.

d E le hore u fumane lintlha tsa hore na u ka re’ng kapa oa etsa’ng ho tšelisa batho ba hlokahaletsoeng, bala sehlooho se reng “Tšelisa ba Hlokahaletsoeng, Joalokaha Jesu a ile a Etsa” ho Molula-Qhooa oa November 1, 2010.

e LITŠOANTŠO Leqephe la 4: Jesu o shebile ha banyalani hammoho le bamemuoa ba thabela ho noa veine ea boleng bo phahameng.