Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 33

E-ba le Thabo e Tlisoang ke ho Sebeletsa Jehova

E-ba le Thabo e Tlisoang ke ho Sebeletsa Jehova

“Ho bona ka mahlo ho molemo ho feta ho tsamaea ha moea.”​—MOEK. 6:9.

PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1. Batho ba bangata ba bontša joang hore ba batla ho eketsa tšebeletso ea bona?

 RE NA le mosebetsi o mongata oo re lokelang ho o etsa ha lefatše lena le ntse le atamela ho fela. (Mat. 24:​14; Luka 10:2; 1 Pet. 5:2) Kaofela ha rona re batla ho sebeletsa Jehova ka mafolo-folo ’ohle. Batho ba bangata ba eketsa tšebeletso ea bona. Ba bang e-ba bo-pula-maliboho. Ba bang ba ea Bethele kapa ba sebetsa kahong. Hape barab’abo rona ba bangata ba sebetsa ka thata hore e be bahlanka ba sebeletsang kapa baholo. (1 Tim. 3:​1, 8) E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ho bona ha bahlanka ba hae ba ikemiselitse ho mo sebeletsa.​—Pes. 110:3; Esa. 6:8.

2. Re ka ikutloa joang haeba re sa khone ho etsa lintho tseo re neng re batla ho li etsetsa Jehova?

2 Re ka nyahama haeba ho feta nako ’me re sa khona ho finyella lintho tseo re neng re batla ho li etsa. Kapa re ka nyahamisoa ke hobane re sa khone ho etsa mosebetsi o itseng ka lebaka la ho hola kapa mabaka a mang. (Liprov. 13:​12) Ntho eo e ile ea etsahalla Morali’abo rona Melissa. * O ne a rata ho ea Bethele kapa Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso. O ile a re: “Ke se ke tsofetse haholo. Hona joale, menyetla ena e se e le toro feela ho ’na. Ka linako tse ling ke nyahama haholo.”

3. Ke lintho life tseo ba bang ba lokelang ho li etsa e le hore ba fuoe mesebetsi ka phuthehong?

3 Bacha ba bang ba mafolo-folo ba ka hloka ho ba le makhabane a mang pele ba ka fuoa mesebetsi e itseng. Ka mohlala, ba bang ba bacha bana e ka ’na eaba ba bohlale, ba khona ho etsa liqeto kapele hape ba mahlaha-hlaha. Empa ka lehlakoreng le leng, ba ka ’na ba hloka ho ithuta ho ba le mamello, ho etsa mesebetsi ea bona ka hloko le ho hlompha batho ba bang. Haeba u amehile ka makhabane ao u lokelang ho ba le ’ona, u ka fuoa mosebetsi ka nako eo u sa e lebellang ho hang. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Nick. Ha a le lilemo li 20, o ile a utloa bohloko haholo hobane a sa khethoa hore e be mohlanka ea sebeletsang. O re: “Ke ile ka ipotsa hore na ebe ke na le bothata.” Empa Mor’abo rona Nick ha aa ka a nyahama. O ile a etsa mesebetsi eohle eo a neng a e-na le eona ka mafolo-folo. Hona joale ke setho sa Komiti ea Lekala.

4. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

4 Na u nyahamisitsoe ke hobane ha u e-s’o finyelle ntho eo u neng u batla ho e etsetsa Jehova? Haeba ho joalo, bolella Jehova kamoo u ikutloang kateng. (Pes. 37:​5-7) U ka boela oa botsa Bakreste-’moho ba nang le boiphihlelo hore na u ka etsa’ng hore u atlehe ha u ntse u sebeletsa Jehova ’me oa leka kahohle ho sebelisa litlhahiso tsa bona. Haeba u etsa joalo, u ka fuoa mosebetsi oo kapa ho finyella ntho eo u neng u batla ho e etsa. Empa joaloka Morali’abo rona Melissa eo re buileng ka eena, maemo a hao a ka ’na a se u lumelle ho etsa lintho tseo u neng u batla ho li etsetsa Jehova. U ka etsa’ng e le hore u lule u thabile? E le hore re arabe lipotso tsena, sehloohong sena re tl’o bua ka (1) hore na u ka fumana thabo joang, (2) u ka eketsa thabo ea hao joang le (3) hore na ke lintho life tseo u ka li etsang hore u lule u thabile.

U KA FUMANA THABO JOANG?

5. E le hore re thabe, re lokela ho ameha ka’ng? (Moeklesia 6:9)

Joalokaha Moeklesia 6:9 e bontša, re ka fumana thabo haeba re e batla sebakeng se nepahetseng. (E bale.) Motho ea thabelang “ho bona ka mahlo” o ananela lintho tseo a nang le tsona joaloka maemo ao a leng ho ’ona. Ho fapana le hoo, motho ea tsamaeang ka moea o lula a ntse a batla ntho eo a sa tl’o khona ho ba le eona. Joale re ithuta’ng tabeng ee? E le hore re thabe, re lokela ho ameha ka lintho tseo re nang le tsona le tseo re khonang ho li finyella.

6. Re tl’o hlahloba papiso efe, hona e tl’o re ruta’ng?

6 Na hoa khoneha hore motho a thabisoe ke lintho tseo a seng a ntse a e-na le tsona? E, hoa khoneha le hoja ha nako e ntse e-ea, ka tlhaho re batla ho leka lintho tse ncha. Kahoo, re ka thaba le ho feta haeba re leka lintho tse ncha tse ‘bonoang ke mahlo’ a rona. Re ka khona ho etsa ntho eo joang? E le hore re bone, a re hlahlobeng papiso ea Jesu ea litalenta e ho Matheu 25:​14-30. Re tl’o bona hore na re tla ithuta’ng ho eona mabapi le ho fumana thabo le ho lula re thabela lintho tseo re seng re ntse re e-na le tsona.

U KA EKETSA THABO EA HAO JOANG?

7. Hlalosa papiso ea Jesu ea litalenta.

7 Papisong ea litalenta, monna e mong o ne a tl’o nka leeto. Pele a tsamaea, o ile a bitsa makhoba a hae ’me a fa le leng le le leng litalenta e le hore le etse khoebo ka tsona. * A nahanne ka bokhoni ba makhoba a hae, monna eo o ile a fa lekhoba la pele litalenta tse hlano, la bobeli tse peli eaba o fa la boraro e le ’ngoe. Makhoba a mabeli a ile a sebetsa ka thata ho etsetsa mong’a oona chelete e ngata. Leha ho le joalo, lekhoba la boraro ha lea ka la etsa letho ’me mong’a lona a le leleka.

8. Ke hobane’ng ha lekhoba la pele papisong eo le ne le ka thaba?

8 Ho ka etsahala hore ebe lekhoba la pele le ne le thabile haholo hore mong’a lona o le file litalenta tse hlano. Chelete eo e ne e le ngata haholo ’me e ne e bontša hore mong’a lekhoba leo oa le tšepa. Empa ho thoe’ng ka lekhoba la bobeli? Le ne le ka nyahamisoa ke hore lona ha lea fuoa litalenta tse ngata joaloka lekhoba la pele. Joale le ile la etsa’ng?

Re ka ithuta’ng ho lekhoba la bobeli leo Jesu a buileng ka lona papisong ea hae? (1) Le ile la fuoa litalenta tse peli. (2) La sebetsa ka thata hore le etsetse mong’a lona chelete e ngata. (3) La etsetsa mong’a lona litalenta tse ling tse peli (Sheba serapa sa 9-11)

9. Jesu o ile a re lekhoba la bobeli ha lea ka la etsa’ng? (Matheu 25:​22, 23)

9 Bala Matheu 25:​22, 23. Jesu ha aa ka a re lekhoba la bobeli le ile la koata kapa hona ho halefa hobane feela le fuoe litalenta tse peli. Hape Jesu ha aa ka a re lekhoba leo le ile la tletleba la re: ‘Ke fuoa tse kaa feela? Le ’na ke ntse ke e-na le bokhoni bo tšoanang le ba lekhoba le fuoeng litalenta tse hlano. Haeba mong’aka a nahana hore ha ke tsebe ho etsa mosebetsi oa ka hantle, ho molemo hore ke nke litalenta tsena ke li chekele ’me ke tsoele pele ke iketsetsa lintho tsa ka.’

10. Lekhoba la bobeli le ile la etsa’ng ka litalenta tsa lona?

10 Joaloka lekhoba la pele, lekhoba la bobeli le lona le ile la nka mosebetsi ona ka ho teba eaba le sebeletsa mong’a lona ka thata. Ka lebaka leo, le ile la etsetsa mong’a lona litalenta tse ling hape tse peli. Mong’a lona o ile a le putsa hobane le ile la sebetsa ka thata. O ile a thaba a ba a le fa mosebetsi o mong o eketsehileng.

11. Re ka eketsa thabo ea rona joang?

11 Ka ho tšoanang, re ka eketsa thabo ea rona ka hore re amehe ka mosebetsi le ha e le ofe oo re o fuoeng tšebeletsong ea Jehova. Kahoo, “tšoareha ka matla haholo” mosebetsing oa boboleli ’me u sebetse ka thata ka phuthehong. (Lik. 18:5; Baheb. 10:​24, 25) Lokisetsa hantle e le hore u fane ka likarabo tse matlafatsang ha u le libokeng. Nka ka ho teba mosebetsi o mong le o mong oo u fuoang libokeng tsa har’a beke. Haeba u kopuoa hore u etse mosebetsi o itseng ka phuthehong tšepahala ’me o u etse ka nako. U se ke oa nahana hore mosebetsi oo o u fuoang ha o bohlokoa haholo ’me o tla u senyetsa nako. Leka ka matla ho ntlafatsa bokhoni ba hao. (Liprov. 22:​29) Ha u leka kahohle ho sebeletsa Jehova ka thata, u tla thaba le ho feta ebile u tla atleha tšebeletsong ea hae. (Bagal. 6:4) Ho tla boela ho be bonolo hore u thabe le batho ba bang haeba ba fuoa mosebetsi oo u neng u ka rata ho o etsa.​—Bar. 12:​15; Bagal. 5:26.

12. Lipaki tse peli li ile tsa etsa’ng hore li thabe le ho feta?

12 Na u sa hopola Morali’abo rona Melissa ea ileng a re o ne a rata ho ea Bethele kapa ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso? Le hoja a sa khona ho finyella lintho tseo, o re: “Ke leka kahohle hore ke be pula-maliboho e mafolo-folo le ho etsa lintho tse fapaneng mosebetsing oa boboleli. Ho etsa joalo ho entse hore ke thabe haholo.” Mor’abo rona Nick eena o ile a etsa’ng ha a ne a sa khethoa hore e be mohlanka ea sebeletsang? O re: “Ke ile ka ameha ka mosebetsi oo ke nang le oona oo ke lokelang ho o etsa o kang, ho ea tšimong le ho fana ka likarabo tse lokiselitsoeng hantle libokeng. Hape ke ile ka etsa kopo ea ho ea Bethele ’me ka amoheloa selemong se hlahlamang.”

13. Ho tla etsahala’ng haeba u sebetsa ka thata mosebetsing oo u seng u ntse u e-na le oona? (Moeklesia 2:24)

13 Haeba u sebetsa ka thata mosebetsing oo u seng u ntse u e-na le oona, na u tla fuoa boikarabelo bo eketsehileng nakong e tlang? Joaloka Mor’abo rona Nick u ka ’na oa bo fuoa. Empa haeba joaloka Morali’abo rona Melissa u sa ka oa finyella lintho tse itseng, u ka khona ho eketsa thabo ea hao ’me oa thaba le ho feta ha u ntse u sebeletsa Jehova. (Bala Moeklesia 2:​24.) Hape ha ho pelaelo hore u tla thaba haholo ha u tseba hore boiteko boo u bo etsang bo thabisa Mong’a rona Jesu Kreste.

LINTHO TSEO U KA LI ETSANG HO EKETSA THABO EA HAO

14. Re lokela ho lula re hopola’ng haeba ho e-na le lintho tseo re batlang ho li etsetsa Jehova?

14 Haeba re sebeletsa Jehova kahohle kamoo re ka khonang, na ntho eo e bolela hore ha rea lokela ho batla menyetla e eketsehileng ea ho eketsa tšebeletso ea rona? Ha ho joalo. Re ka khona ra ba ra etsa lintho tse ka re thusang ho tsoela pele re atleha mosebetsing oa boboleli le ho thusa bara le barali ba bo rona. Haeba ka bohlale le ka boikokobetso re ameha ka ho thusa bara le barali ba bo rona ho e-na le ho ameha ka rona, re tla atleha.​—Liprov. 11:2; Lik. 20:35.

15. Ke lintho life tseo u ka li etsang tse ka u thusang hore u thabe le ho feta?

15 U ka etsa’ng? Kopa Jehova a u thuse u tsebe hore na ha e le hantle ke lintho life tseo u ka khonang ho li finyella. (Liprov. 16:3; Jak. 1:5) Na u ka leka ho etsa tse ling tsa lintho tse boletsoeng  serapeng sa pele tse kang ho ba pula-maliboho e thusang kapa ea kamehla, ho ea Bethele kapa ho sebetsa kahong? Kapa mohlomong u ka ithuta puo e ’ngoe e le hore u rute batho ka Bibele kapa u ee sebakeng se seng moo ho buuoang puo e’ngoe. U ka ithuta ka ho eketsehileng ka lintho tseo u batlang ho li finyella bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova khaolong ea 10 kapa oa bua le baholo ba phutheho ea heno. * Ha u ntse u leka ho finyella lintho tsena, tsoelo pele ea hao e tla bonoa ke batho ba bangata ’me o tla thaba le ho feta.

16. U ka etsa’ng haeba ka ho khetheha ho na le ntho eo u sa khoneng ho e finyella hona joale?

16 Empa ho thoe’ng haeba u sa khone ho finyella lintho tseo ho builoeng ka tsona sehloohong see? Ntho e ka u thusang ke hore u shebe hore na ke’ng eo u ka khonang ho e etsa. Kahoo, leka ho etsa lintho tsena tse latelang.

Ke ntho efe e ’ngoe eo u ka khonang ho e finyella? (Sheba serapa sa 17-19) *

17. Ho ea ka 1 Timothea 4:​13, 15, mor’abo rona a ka etsa’ng hore a ntlafatse tsela eo a rutang ka eona?

17 Bala 1 Timothea 4:​13, 15. Haeba u mor’abo rona ea kolobelitsoeng, u ka ’na oa leka ho ntlafatsa tsela eo u buang le ho ruta ka eona. Hobane’ng? Hobane ha u ‘ikakhela ka setotsoana’ ho baleng, ho bueng le ho ruteng, u tla thusa bamameli ba hao haholo. Leka ho ithuta hore na u ka ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho bua joang u sebelisa bukana ea Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta. Ithute ntlha e le ’ngoe ka nako, itloaetse eona ha u le hae ’me u e sebelise ha u fana ka lipuo. Kopa likeletso ho moeletsi ea thusang kapa ho baholo ba bang “ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng.” * (1 Tim. 5:​17) U se ke oa ameha feela ka ho sebelisa ntho eo u ithutileng eona empa hape u thuse bamameli ba hao hore ba matlafatse tumelo ea bona kapa u ba khothalletse hore ba etse ntho eo ba ithutileng eona. Ha u etsa joalo, u tla thaba le ho feta ʼme le bona ba tla thaba.

Ke ntho efe e ’ngoe eo u ka khonang ho e finyella? (Sheba serapa sa 18) *

18. U ka etsa’ng hore u atlehe mosebetsing oa boboleli?

18 Kaofela ha rona re fuoe mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa. (Mat. 28:​19, 20; Bar. 10:​14) Na u ka rata ho ntlafatsa bokhoni ba hao mosebetsing oo oa bohlokoa? Ipehele lintho tseo u batlang ho li finyella ha u ntse u bala le ho sebelisa lintho tseo u ithutang tsona bukaneng ea Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta. U ka boela oa fumana litlhahiso tse ling ho Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona le livideong tsa mohlala oa seo u ka se buang le batho tse bapaloang libokeng tsa har’a beke. Leka ho sebelisa litlhahiso tse fapaneng u bone hore na ke efeng e atlehang. Ha u sebelisa litlhahiso tsena u tla ipabola mosebetsing oa boboleli ’me u tla thaba le ho feta.​—2 Tim. 4:5.

Ke ntho efe e ’ngoe eo u ka khonang ho e finyella? (See paragraph 19) *

19. U ka etsa’ng e le hore u be le makhabane a Bokreste?

19 Ha u ipehela lintho tseo u batlang ho li finyella, u se ke oa lebala ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e leng ho ba le makhabane a Bokreste. (Bagal. 5:​22, 23; Bakol. 3:​12; 2 Pet. 1:​5-8) U ka etsa’ng hore u be le makhabane ao? A re re ka mohlala u batla ho ba le tumelo e matla. U ka bala lingoloa tsa rona tse nang le lihlooho tse bontšang hore na u ka matlafatsa tumelo ea hao joang. U tla fumana molemo haeba u shebella livideo tsa mananeo a JW Broadcasting® tse bontšang kamoo bara le barali ba bo rona ba ileng ba bontša tumelo e matla ha ba ntse ba sebetsana le liteko. Ka mor’a moo, u ka nahana hore na u ka etsisa tumelo ea bona joang.

20. Re ka etsa joang hore re thabe le ho feta ’me re fokotse ho nyahama?

20 Ha ho pelaelo hore kaofela ha rona re batla ho sebeletsa Jehova ho feta kamoo re mo sebeletsang kateng hona joale. Lefatšeng le lecha la Molimo, re tla mo sebeletsa kahohle-hohle. Ho fihlela nako eo, haeba re sebelisa menyetla eohle eo re nang le eona hona joale, re tla thaba le ho feta ’me re tla fokotsa ho nyahama. Habohlokoa le ho feta ke hore re tla hlompha le ho rorisa Jehova Molimo oa rona “ea thabileng.” (1 Tim. 1:​11) Kahoo, a re thabisoeng ke mesebetsi eo re nang le eona.

PINA EA 82 “Leseli la Lona le ke le Khanye”

^ ser. 5 Re rata Jehova haholo ebile re batla ho mo sebeletsa kahohle kamoo re ka khonang tšebeletsong ea hae. Ke kahoo re susumelletsehang ho eketsa tšebeletso ea rona kapa hona ho batla ho ba le mosebetsi o eketsehileng ka phuthehong. Leha ho le joalo, ho thoeng haeba re entse boiteko bohle empa re ntse re sa khone ho finyella lintho tseo re li batlang? Hape re ka tsoela pele re phathahane joang tšebeletsong ea Jehova le ho lula re thabile? Re tla fumana karabo papisong ea Jesu ea litalenta.

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 7 TLHALOSO: Talenta e ne e lekana le moputso oo motho a ka o fumanang ha a sebelitse lilemo tse ka bang tse 20.

^ ser. 15 Barab’abo rona ba kolobelitsoeng ba khothalletsoa hore ba sebetse ka thata e le hore ba khone ho ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo. E le hore u tsebe hore ho hlokahala’ng, bala buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova khaolo ea 5 le 6.

^ ser. 17 TLHALOSO: Moeletsi ea thusang ke moholo ea khethiloeng hore a fe baholo ba bang le bahlanka ba sebeletsang keletso ka thoko haeba ho hlokahala bakeng sa lipuo le ha e le life tseo ba fanang ka tsona.

^ ser. 64 SETŠOANTŠO: E le hore mor oa bo rona a atlehe tseleng eo a rutang ka eona, o etsa lipatlisiso a sebelisa lingoloa tsa rona.

^ ser. 66 SETŠOANTŠO: Ka mor’a hore morali oa bo rona a batle ho etsa bopaki bo sa reroang, o fa motho ea sebetsang reschorenteng karete ea jw.org.

^ ser. 68 SETŠOANTŠO: A susumetsoa ke ho batla ho ba le makhabane a Bokreste, morali oa bo rona o fa Mokreste-’moho le eena mpho.