Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 32

Matlafatsa Tumelo ea Hao ho ’Mopi

Matlafatsa Tumelo ea Hao ho ’Mopi

“Tumelo ke . . . bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.”​—BAHEB. 11:1.

PINA EA 11 Popo e Rorisa Molimo

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1. U ile oa rutoa’ng ka ’Mopi oa rona?

HAEBA u hotse u le Paki ea Jehova, e tlameha ebe u ile oa ithuta ka Jehova u sa le monyane haholo. U ile oa rutoa hore ke ’Mopi, o na le makhabane a ratehang le hore u batla ho etsa lefatše paradeise.​—Gen. 1:1; Lik. 17:​24-27.

2. Batho ba bang ba nka batho ba lumelang ho ’Mopi joang?

Batho ba bangata ha ba lumele hore Molimo o teng re se re sa re letho ka hore ke ’Mopi. Ho e-na le hoo, ba lumela hore bophelo bo bile teng ka tšohanyetso le hore bo ile ba qala ka lintho tse nyenyane eaba ha nako e ntse e-ea e e-ba lintho tse rarahaneng. Ba bang ba batho ba lumelang lintho tsena ba rutehile haholo. Ba re saense e bontšitse hore Bibele e fosahetse le hore batho ba nang le tumelo ho ’Mopi ke ba sa rutehang, ba seng bohlale le ba thetsehang habonolo.

3. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re matlafatse tumelo ea rona?

3 Na maikutlo a batho ba rutehileng haholo a ka etsa hore re belaelle taba ea hore Jehova ke ’Mopi oa rona ea lerato? Taba ena e itšetlehile haholo ka hore na ke hobane’ng ha re lumela hore Jehova ke ’Mopi. Na ke hobane u ile oa bolelloa hore u lumele hore ho na le ’Mopi kapa na ke hobane u ile oa ipha nako ea ho ithuta le ho ikholisa ka taba eo? (1 Bakor. 3:​12-15) Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Lipaki Tsa Jehova, kaofela ha rona re lokela ho lula re matlafatsa tumelo ea rona. Ha re etsa joalo, re ke ke ra khelosoa ke “filosofi le thetso ea lefeela” e rutoang ke batho ba hanyetsang Lentsoe la Molimo. (Bakol. 2:8; Baheb. 11:6) E le ho re thusa, sehlooho sena se tl’o bua ka hore na (1) ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa lumele hore ’Mopi o teng, (2) hore na re ka matlafatsa tumelo ea rona ho Jehova e leng ’Mopi oa rona joang, le (3) hore na re ka etsa’ng hore re lule re e-na le tumelo e matla.

KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANGATA BA SA LUMELE HORE HO NA LE ’MOPI?

4. Ho ea ka Baheberu 11:1 tumelo ea rona e thehiloe ho eng?

Batho ba bang ba nahana hore ho ba le tumelo ho akarelletsa ho lumela nthong eo u se nang bopaki ba eona. Empa Bibele ha e hlalose tumelo joalo. (Bala Baheberu 11:1.) Ela hloko hore ho ba le tumelo linthong tse sa bonoeng tse kang ho lumela ho Jehova, Jesu le ’Muso oa hae o leholimong ho itšetlehile ka hore re be le bopaki bo re kholisang hore li teng. (Baheb. 11:3) Rasaense e mong oa Paki o re: “Tumelo ea rona ha e iphapanyetse lintho tseo saense e li buang.”

5. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba lumela hore ha se ’Mopi ea entseng hore bophelo bo be teng?

5 Re ka ipotsa: ‘Haeba ho na le bopaki bo kholisang ba hore ’Mopi o teng, ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa lumele hore Molimo ke eena ea entseng hore bophelo bo be teng?’ Ke hobane batho ba bang ha baa ka ba itlhahlobela bopaki ka bobona. Mor’abo rona Robert eo e leng Paki ea Jehova hona joale o re: “Kaha ho ne ho se mohla ho buuoang ka popo sekolong, ke ne ke nahana hore ha se ’nete hore lintho li bopiloe. Ebile ka mor’a hore ke be lilemong tsa bo20 moo ke ileng ka buisana le Lipaki Tsa Jehova eaba li mpolella ka ho hlaka le ka tsela e kholisang hore Bibele e re Molimo o bopile lintho tsohle.” *​—Sheba lebokose le re’ng “ Re Etsa Kopo ho Batsoali.”

6. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa lumele hore ho na le ’Mopi?

Batho ba bang ha ba lumele hore ho na le ’Mopi hobane ba re ba lumela feela lintho tseo ba ka li bonang. Empa ha e le hantle ba lumela linthong tse sa bonoeng tse kang matla a khoheli hobane ba na le bopaki ba hore a teng. Mofuta oa tumelo oo Bibele e buang ka oona o akarelletsa “lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheb. 11:1) Ho nka nako le matla hore re iphumanele bopaki ba hore ho na le ’Mopi empa batho ba bangata ha ba iphe nako ea ho etsa joalo. Motho ea sa hlahlobeng bopaki ba hore ho na le ’Mopi a ka etsa qeto ea ho re Molimo ha a eo.

7. Hlalosa hore na ke batho bohle ba rutehileng ba sa lumeleng hore Molimo o bopile bokahohle.

7 Ka mor’a hore bo-rasaense ba bang ba hlahlobe bopaki ba ile ba kholiseha hore Molimo o bopile bokahohle. * Joaloka Mor’abo rona Robert eo re buileng ka eena, e ka ’na eaba batho ba bang ba ne ba sa lumele hore ho na le ’Mopi hobane ba sa ka ba rutoa ka popo ha ba le univesithi. Leha ho le joalo, bo-rasaense ba bangata ba ile ba ithuta ka Jehova le ho mo rata. Joaloka bo-rasaense bao, kaofela ha rona re lokela ho matlafatsa tumelo ea rona ho Molimo ho sa tsotellehe hore na re rutehile kapa che. Ha ho na motho e mong ea ka re etsetsang ntho eo.

U KA MATLAFATSA TUMELO EA HAO EA HORE HO NA LE ’MOPI JOANG?

8-9. (a) Re tl’o araba potso efe hona joale? (b) Ho ithuta ka popo ho ka u thusa joang?

8 U ka etsa’ng ho matlafatsa tumelo ea hao ea hore ho na le ’Mopi? A re hlahlobeng litsela tse ’ne.

9 Ithute ka popo. U ka matlafatsa tumelo ea hao ho ’Mopi ka hore u ithute ka hloko ka liphoofolo, limela le linaleli. (Pes. 19:1; Esa. 40:​26) Ha u lula u ithuta ka lintho tseo, u tla kholiseha le ho feta hore Jehova ke ’Mopi. Hangata lingoloa tsa rona li na le lihlooho tse buang ka popo. U se ke oa tšaba ho bala lihlooho tseo le haeba u utloa li le thata. Leka ho ithuta lintho tsohle tseo u ka li khonang. Hape u ka shebella livideo tse ho websaete ea jw.org tse buang ka popo tse bapaloang likopanong tsa setereke lilemong tsa morao tjena.

10. Fana ka mohlala o tiisang hore popo ea paka hore ho na le ’Mopi. (Baroma 1:20)

10 Ha u ntse u ithuta ka popo ela hloko hore na e u ruta’ng ka ’Mopi. (Bala Baroma 1:​20.) Mohlala, e ka ’na eaba oa tseba hore letsatsi le fana ka mocheso o etsang hore bophelo bo tsoele pele empa hape le boetse le ntša mahlaseli a kotsi haholo. Batho ba hloka ho sireletsoa mahlaseling ao ’me ho fela ho le joalo. Ka tsela efe? Lefatše le na le khase kapa lera le sireletsang, le monyang mahlaseli ao hore a se ke a kena lefatšeng. Ha mahlaseli ana a e-ba mangata haholo lera lena le kopana le ho feta. Na joale ha u lumele hore ho na le motho ea entseng lintho tsee ea lerato hape e le ’Mopi ea bohlale?

11. U ka fumana lintho tse matlafatsang tumelo ea hao ka popo hokae? (Sheba lebokose le re’ng “ Lintho Tse Ling Tse ka Matlafatsang Tumelo ea Hao.”)

11 U ka fumana lintho tse ngata tse ka matlafatsang tumelo ea hao tse buang ka popo ha u sebelisa Watch Tower Publications Index le ha u etsa lipatlisiso ho jw.org. U ka qala ka ho bala lihlooho le ho shebella livideo tse tlas’a sehlooho se re’ng “Na e Entsoe?” Lihlooho tseo li khutšoanyane hape li bua ka lintho tse hlollang ka liphoofolo le limela. Li boetse li na le mehlala ea kamoo bo-rasaense ba lekileng ho etsisa lintho tseo tsa tlhaho.

12. Ha u ithuta Bibele, ke lintho life tse ling tseo u lokelang ho li ela hloko?

12 Ithute Bibele. Rasaense eane eo re buileng ka eena serapeng sa bone ha aa ka a tloha a se a lumela feela hore ho na le ’Mopi. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e-ea o ile a lumela hore ho na le ’Mopi. O re: “Tumelo ea ka e ne e sa itšetleha feela ka hore na ke ithutileng saenseng. E ne e boetse e thehiloe linthong tseo ke ithutileng tsona ka hloko ka Bibeleng.” Mohlomong u se u ntse u tseba Bibele hantle. Empa e le hore u be le tumelo e matla ho ’Mopi, u lokela ho tsoela pele u ithuta Lentsoe la Molimo. (Josh. 1:8; Pes. 119:​97) Ka mohlala, u nahane ka hore na Bibele e nepahetse hakae ha e hlalosa lintho tse etsahetseng nakong e fetileng. U ele hloko boprofeta ba eona le ho lumellana ha eona. Ha u etsa joalo, u tla matlafatsa tumelo ea hao tabeng ea hore ’Mopi oa rona ea lerato le ea bohlale, ke eena ea re bopileng le hore o bululetse Bibele bakeng sa rona. *​—2 Tim. 3:​14; 2 Pet. 1:21.

13. Ke mohlala ofe oa Bibele o bontšang bohlale ba Molimo?

13 Ha u ntse u ithuta Lentsoe la Molimo, ela hloko hore na keletso ea lona e ka u thusa joang. Ka mohlala, khale koana Bibele e ile ea lemosa hore lerato la chelete le kotsi le hore le “baka bohloko bo boholo.” (1 Tim. 6:​9, 10; Liprov. 28:​20; Mat. 6:​24) Na keletso eo e ntse e sebetsa le mehleng ee? Buka ea The Narcissism Epidemic e re: “Ka kakaretso batho ba ratang ho rua ha baa thaba hape ba na le khatello e matla ea maikutlo. Esita le batho ba batlang ho ba le chelete e ngata ha baa thaba hape ba kula haholo.” Kahoo, ho mamela keletso ea Bibele ha e bua ka lerato la chelete ho ka re thusa. Na ho na le likeletso tse ling tsa Bibele tseo u ka nahanang ka tsona tse u thusitseng? Ha re ananela keletso ea Bibele, re tla e rata le ho feta haholo hobane e fanoe ke ’Mopi oa rona ea bohlale le ea lerato. (Jak. 1:5) Ka lebaka leo bophelo ba rona e tla ba bo thabisang haholo.​—Esa. 48:​17, 18.

14. Ha u ntse u ithuta Bibele, u tla ithuta’ng ka Jehova?

14 E-ba le lebaka la ho ithuta Bibele e leng ho tseba Jehova. (Joh. 17:3) Ha u ntse u ithuta Bibele, u tla hlokomela makhabane a Jehova ao u ileng oa a bona ha u ne u ithuta ka popo. Ho ithuta ka makhabane ao ho tla u kholisa hore Jehova o teng. (Ex. 34:​6, 7; Pes. 145:​8, 9) Kahoo, ha u ntse u ithuta ka Jehova haholoanyane tumelo ea hao e tla matlafala, u tla mo rata haholo ’me setsoalle sa hao le eena se tla tiea le ho feta.

15. U tla fumana molemo ofe ha u bua ka tumelo ea hao?

15 Bolella batho ba bang ka tumelo eo u nang le eona ho Molimo. Ha u etsa joalo, u tla matlafatsa tumelo ea hao. Empa u tla etsa’ng haeba motho eo u buang le eena ka Bibele a u botsa potso ea hore na ho na le ’Mopi ebe ha oa kholiseha hantle hore na u tlameha ho mo araba joang? Leka ho fumana karabo e tsoang Bibeleng ho lingoliloeng tsa rona ebe u bua le motho eo ka eona. (1 Pet. 3:​15) U ka boela oa kopa thuso ho Lipaki tse nang le boiphihlelo. Ebang motho eo o lumela karabo ea Bibele kapa che, u tla fumana molemo oa hore ebe u ile oa etsa lipatlisiso. Tumelo ea hao e tla tiea le ho feta. Ka lebaka leo, u ke ke oa kholoa mashano a buuoang ke batho ba nkoang ba rutehile haholo kapa ba le bohlale ba re’ng ha ho na ’Mopi.

LULA U E-NA LE TUMELO E MATLA

16. Ho ka etsahala’ng haeba re sa lule re matlafatsa tumelo ea rona?

16 Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova, re lokela ho lula re matlafatsa tumelo ea rona ho eena. Hobane’ng? Hobane haeba re sa hlokomele, tumelo ea rona e ka fokola. U hopole hore tumelo e akarelletsa bopaki ba lintho tse sa bonoeng. Lintho tseo re sa li boneng re ka li lebala habobebe. Kahoo Pauluse o ile a re ho hloka tumelo ke “sebe se re tšoasang habonolo.” (Baheb. 12:1) Ka hona, re ka etsa’ng hore re qobe leraba leo?​—2 Bathes. 1:3.

17. Re ka thusoa ke’ng hore re be le tumelo e matla?

17 Ntlha ea pele, kopa Jehova hore a u fe moea o halalelang ’me u etse joalo nako le nako. Hobane’ng? Hobane tumelo ke tholoana ea moea. (Bagal. 5:​22, 23) Re ke ke ra ba le tumelo e matla ho ’Mopi oa rona haeba re sa thusoe ke moea o halalelang. Haeba re lula re kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang, o tla re fa oona. (Luka 11:​13) Ka ho khetheha re ka ba ra rapela ra re: “Re fe tumelo e eketsehileng.”​—Luka 17:5.

18. Ho ea ka Pesaleme ea 1:​2, 3 ke mpho efe eo re nang le eona?

18 Ntlha ea bobeli, e-ba le nako ea ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi. (Bala Pesaleme ea 1:​2, 3.) Ha pesaleme eo e ne e ngoloa, ke Baiseraele ba seng ba kae feela ba neng ba e-na le kopi e felletseng ea molao oa Molimo. Morena le baprista ba ne ba khona fumana likopi ’me ka mor’a selemo se seng le se seng sa bosupa, ho ne ho e-ba le litokisetso tse etsoang hore “banna, basali, bana” le bajaki ba Iseraele ba mamele molao oa Molimo ha o baloa. (Deut. 31:​10-12) Mehleng ea Jesu, ke batho ba ’maloa feela ba neng ba e-na le meqolo hape e ne e fumaneha lisynagogeng. Ho e-na le hoo, mehleng ena batho ba bangata ba ka khona ho bala karolo e itseng ea Bibele kapa kaofela ha eona. Kannete eo ke mpho e babatsehang. Re ka bontša joang hore re ananela mpho eo ea bohlokoa?

19. Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re e-na le tumelo e matla?

19 Re ka bontša hore re ananela mpho ea ho ba le Lentsoe la Molimo ka ho le bala letsatsi le letsatsi. Re lokela ho ipehela nako ea ho bala Bibele le ho ithuta eona eseng mohlang re nang le nako feela. Ha re lula re ithuta Bibele ka nako eo re ipehetseng eona, re tla ba le tumelo e matla haholo.

20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

20 Ho fapana le batho “ba bohlale le ba nang le kelello” ba lefatše lena, rona re na le tumelo e matla e thehiloeng Lentsoeng la Molimo. (Mat. 11:​25, 26) Kaha re ithuta Bibele, ea re bolella hore na ke hobane’ng ha maemo a lefatše a ntse a mpefala le hore na Jehova o tla etsa’ng ho a lokisa. Kahoo, a re ikemisetseng ho matlafatsa tumelo ea rona le ho thusa batho ba bang kahohle kamoo ho ka khonehang hore le bona ba be le tumelo ea hore ho na le ’Mopi. (1 Tim. 2:​3, 4) Hape a re luleng re emetse nako eo ka eona batho bohle ba tla bua mantsoe a tšoanang le a ho Tšenolo 4:​11 a reng: “Jehova, Molimo oa rona, oa tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho . . . hobane u bopile lintho tsohle.”

PINA EA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

^ ser. 5 Mangolo a bontša ka ho hlaka hore Jehova Molimo ke ’Mopi. Empa batho ba bangata ha ba lumele taba eo. Ba lumela hore lintho li ikentse. Haeba re sebetsa ka thata ho matlafatsa tumelo ea rona ho Molimo le Bibele, lintho tseo ba li buang li ke ke tsa etsa hore re belaele hore o bopile lintho tsohle. Sehloohong sena re tl’o bona hore na re ka khona joang ho etsa joalo.

^ ser. 5 Likolo tse ngata ha li rute hore lintho li bile teng ka hore li bopuoe. Matichere a mang a re ho ruta bana ka hore ho na le ’Mopi ho ka kena-kenana le bolokolohi ba bolumeli ba bana ba sekolo.

^ ser. 7 Ho Watch Tower Publications Index ea morao-rao, u tla fumana maikutlo a batho ba ka holimo ho 60 ba rutehileng haholo ba akarelletsang bo-rasaense ba lumelang hore lintho li bopiloe. Tlas’a sehlooho se re’ng “Science” e-ea sehloohoaneng se re’ng “scientists expressing belief in creation.” Maikutlo a ba bang a ka fumanoa bukeng ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ha u le tlas’a sehlooho se re’ng “Saense le Theknoloji” e-ea tlas’a sehloohoana se re’ng “ ‘Puisano’ (Lihlooho Tsa Tsoha!)

^ ser. 12 Ka mohlala, bala sehlooho se re’ng “Na Bibele le Saense Lia Lumellana?” se ho Tsoha! ea February 2011 le se re’ng “Seo Jehova a se Profetang Sea Phethahala” ho Molula-Qhooa oa January 1, 2008.