Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 33

Jehova o Lebela Batho ba Hae

Jehova o Lebela Batho ba Hae

“Leihlo la Jehova le ho ba mo tšabang.”​—PES. 33:18.

PINA EA 4 “Jehova ke Molisa oa ka”

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a kopa Jehova hore a lebele balateli ba hae?

 BOSIUNG ba pele a shoa, Jesu o ile a etsa kopo e khethehileng ho Ntate oa hae ea leholimong. O ile a kopa Jehova hore a sireletse balateli ba hae. (Joh. 17:​15, 20) Ke ’nete hore haesale Jehova a lebela le ho hlokomela batho ba hae. Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore Satane o tla hanyetsa balateli ba hae ka matla. Jesu o ne a boetse a tseba hore balateli ba hae ba tla hloka thuso ea Jehova e le hore ba tobane le litlhaselo tse khopo tsa Diabolose.

2. Ho ea ka Pesaleme ea 33:​18-20, ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoha ha re hlaheloa ke mathata?

2 Lefatše lena le laoloang ke Satane le bakela Bakreste ba ’nete mathata a mangata mehleng ena. Re kopana le mathata a ka re nyahamisang le a etsang hore ho be thata ho lula re tšepahalla Jehova. Empa sehloohong sena re tla bona hore ha rea lokela ho tšoha. Jehova oa re lebela, o bona mathata ao re kopanang le ’ona ’me o lula a ikemiselitse ho re thusa. A re hlahlobeng mehlala ea Bibele e ’meli e bontšang hore leihlo la Jehova. “le ho ba mo tšabang.”​—Bala Pesaleme ea 33:​18-20.

JEHOVA OA RE THUSA HA RE IKUTLOA EKA RE BANG

3. Ke neng moo re ka ikutloang eka re bang?

3 Ka linako tse ling re ka ikutloa eka re bang le hoja re e-na le bara le barali babo rona ba bangata ka phuthehong. Ka mohlala, bacha ba ka ikutloa eka ba bang ha ba lokela ho bua ka tumelo ea bona ka pel’a bana ba bang ka tlelaseng kapa ha ba qala ho fihla phuthehong e ’ngoe. Ba bang ba ka ’na ba utloa bohloko kapa ba nyahama ba nahana hore ba lokela ho mamella lintho tsena ka bobona. Re ka ’na ra qea-qea ho hlalosetsa batho ba bang tsela eo re ikutloang ka eona hobane re nahana hore ba ke ke ba utloisisa. Ka linako tse ling re ka ba ra ipotsa hore na ho na le motho ea re tsotellang e le kannete. Ho sa tsotellehe hore na ke eng e etsang hore re ikutloe eka re bang, ho ikutloa joalo ho ka etsa hore re tšoenyehe re be re ikutloe re se na thuso. Jehova ha a batle hore re ikutloe ka tsela eo. Ke hobane’ng ha re cho joalo?

4. Ke hobane’ng ha moprofeta Elia a ile a re: ‘Ke setse ke le mong’?

4 Nahana ka mohlala oa monna ea nang le tumelo e leng Elia. Jezebele o ne a itse o tl’o mo bolaea, kahoo o ile a qeta matsatsi a ka holimo ho 40 a ntse a baleha. (1 Mar. 19:​1-9) Qetellong, ha a ntse a le ka lehaheng a le mong o ile a re ho Jehova: ‘Ke setse ke le mong.’ (1 Mar. 19:​10) Ho ne ho ntse ho e-na le baprofeta ba setseng. Ka mohlala, Obadia o ne a ile a pholosa baprofeta ba lekholo hore ba se ke ba bolaoa ke Jezebele. (1 Mar. 18:​7, 13) Joale ke hobane’ng ha Elia a ile a utloa eka o mong? Na o ne a nahana hore baprofeta bao Obadia a ileng a ba pholosa ba se ba shoele kaofela? Na o ne a ikutloa eka o mong hobane ho se na motho ea ileng a qala ho sebeletsa Jehova le eena ka mor’a hore Jehova a ipake e le Molimo oa ’nete Thabeng ea Karmele? Na o ne a bona eka ha ho motho ea tsebang hore lira tsa hae li leka ho mo bolaea kapa o ne a bona eka ha ho motho ea mo tsotellang? Bibele ha e hlalose hore na Elia o ne a ikutloa joang. Empa rea tseba hore Jehova eena o ne a utloisisa hore na Elia o ikutloa joang. Hape o ne a tseba hore na a ka mo thusa joang.

Ha re ikutloa eka re bang, ke thuto efe e tšelisang eo re ka ithutang eona tseleng eo Jehova a ileng a thusa Elia ka eona? (Sheba serapa sa 5 le 6)

5. Jehova o ile a kholisa Elia joang hore ha a mong?

5 Jehova o ile a thusa Elia ka litsela tse ngata. O ne a mo khothaletsa ho ntša maikutlo a hae. Ka makhetlo a mabeli o ile a mo botsa a re: “U batla’ng mona?” (1 Mar. 19:​9, 13) Jehova o ne a lula a mamela ha Elia a mo bolella hore na o ikutloa joang. Jehova o ne a arabela ka ho mo bontša boteng ba hae le matla a hae a maholo. O ile a ba a tiisetsa Elia hore ho ntse ho e-na le batho ba bangata ba mo sebeletsang. (1 Mar. 19:​11, 12, 18) Re ka kholiseha hore Elia o ile a ikutloa a imolohile ka mor’a ho bua le Jehova le ho bona kamoo a ileng a mo araba kateng. Jehova o ile a fa Elia mesebetsi e mengata ea bohlokoa. O ile a re a tlotse Hazaele hore e be morena oa Syria, Jehu hore e be morena oa Iseraele le Elisha hore e be moprofeta. (1 Mar. 19:​15, 16) Ka ho mo fa mesebetsi ena Jehova o ile a thusa Elia hore a lule a nahana ka lintho tsa bohlokoa. O ile a ba a mo fa motsoalle e leng Elisha. Jehova a ka u thusa joang ha u ikutloa eka u motoai-toai?

6. U ka rapella eng ha u ikutloa eka u mong? (Pesaleme ea 62:8)

6 Jehova o batla hore u mo rapele. O bona mathata ao u tobaneng le ’ona ’me o u kholisa hore o tla mamela lithapelo tsa hao ka nako leha e le efe. (1 Bathes. 5:​17) O thabela ho mamela barapeli ba hae. (Liprov. 15:8) U ka rapella eng ha u ikutloa eka ha u na mang oee? Bolella Jehova hore na u ikutloa joang joalokaha Elia a ile a etsa. (Bala Pesaleme ea 62:8.) Bolella Jehova lintho tse u tšoenyang le hore na li etsa hore u ikutloe joang. Mo kope hore a u thuse ho sebetsana le tsela eo u ikutloang ka eona. Ha u ikutloa eka u mong kapa u tšohile ha u bolella bana bao u kenang sekolo le bona ka Bibele, kopa Jehova hore a u fe sebete seo u se hlokang hore u itlhalose. Kopa Jehova bohlale ba ho hlalosa tumelo ea hao ka masene. (Luka 21:​14, 15) Ha u ikutloa u nyahame, kopa Jehova hore a u thuse ho bua le Mokreste ea nang le boiphihlelo. U ka boela oa kopa Jehova hore a thuse Mokreste eo u tl’o bua le eena ho utloisisa tsela eo u ikutloang ka eona. Phetlela Jehova sefuba, bona kamoo a arabelang lithapelo tsa hao kateng u be u amohele thuso eo ba bang ba u fang eona. Ha u etsa joalo, u ke ke oa ikutloa eka u mong.

Na u batlana le mekhoa e fapaneng ea ho eketsa nako eo u e qetang u sebeletsa Jehova u e-na le bara le barali babo rona? (Sheba serapa sa 7)

7. U ithuta’ng ho Mauricio?

7 Jehova o re file mosebetsi oa bohlokoa. U ka kholiseha hore o bona le ho ananela sohle seo u se etsang ka phuthehong le tšebeletsong ea tšimo. (Pes. 110:3) Ho lula u phathahane mosebetsing oo ho ka u thusa joang ha u ikutloa eka u mong? Nahana ka mohlala oa mor’abo rona e mocha e leng Mauricio. * Nakoana ka mor’a hore Mauricio a kolobetsoe, e mong oa metsoalle ea hae o ile a khaotsa ho sebeletsa Jehova. O re: “Ha ke bona motsoalle oa ka a khaotsa ho sebeletsa Jehova, ke ne ke se ke sa itšepe. Ke ne ke ipotsa hore na ke tla phethahatsa tšepiso ea ka ea ho sebeletsa Jehova ’me ke lule ke le karolo ea mokhatlo oa hae. Ke ne ke ikutloa ke se na mang oe ke bile ke sa lumele hore ho na le motho ea ka utloisisang tsela eo ke ikutloang ka eona.” Ke eng e ileng ea thusa Mauricio? O re: “Ke ile ka eketsa nako eo ke e qetang tšebeletsong ea tšimo. Ho etsa joalo ho ile ha nthusa hore ke tlohele ho lula ke nahana ka ’na feela le tsela eo ke ikutloang ka eona. Ke ne ke lula ke thabile ha ke sebetsa le batho ba bang tšimong.” Le rona re matlafatsoa ke ho ngola mangolo le ho paka ka fono le bara le barali babo rona le hoja re sa khone ho kopana le bona. Ke eng hape e ileng ea thusa Mor’abo rona Mauricio? O boetse o re: “Ke ile ka boela ka etsa mesebetsi e mengata ka phuthehong. Ke ile ka sebetsa ka thata ho lokisetsa le ho fana ka lipuo libokeng. Mesebetsi ena e ile ea etsa hore ke ikutloe ke le bohlokoa ho Jehova le ho batho ba bang.”

JEHOVA OA RE THUSA HA RE IKUTLOA RE NYAHAME

8. Mathata a boima a ka etsa hore re ikutloe joang?

8 Re ka lebella hore re tla kopana le mathata matsatsing ana a ho qetela. (2 Tim. 3:1) Empa re ka ’na ra se ke ra lebella ho hlaheloa ke mathata a itseng kapa ra makala ha re hlaheloa ke ’ona. Re ka ba le mathata a lichelete ka tšohanyetso. Ngaka e ka ’na ea re bolella hore re na le boloetse bo kotsi. Hape re ka ’na ra hlokahalloa ke motho eo re mo ratang. Ka linako tse joalo, re ka ikutloa re imetsoe ebile re tsielehile, haholo ha re kopana le mathata a sa eeng moriting. Hopola hore Jehova o tseba boemo ba hao ’me ka thuso ea hae re ka khona ho mamella mathata leha e le afe ka sebete.

9. Hlalosa mathata ao Jobo a ileng a kopana le ’ona.

9 Nahana ka mohlala oa monna ea nang le tumelo e leng Jobo. O kopane le mathata a mangata a nyahamisang ka nako e khutšoanyane. Ka letsatsi le le leng feela, Jobo o ile a bolelloa hore liphoofolo tsohle tsa hae li shoele le hore basebetsi ba hae le bana ba hae ba hlokahetse. (Jobo 1:​13-19) Nakoana ka mor’a moo ha a ntse a utloile bohloko haholo, o ile a kula haholo a tšoaroa ke boloetse bo bohloko le bo neng bo mo senya sebopeho. (Jobo 2:7) Boemo ba Jobo bo ne bo le bobe hoo a neng a batla ho shoa ’me o ile a re: “Ke. . .lahlile [bophelo ba ka].”​—Jobo 7:16.

Jehova o kholisa Jobo hore oa mo tsotella ka ho mo hlalosetsa litsela tse ngata tseo a hlokomelang popo ea Hae ka tsona. (Sheba serapa sa 10)

10. Jehova o ile a etsa’ng ho thusa Jobo hore a mamelle mathata? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

10 Jehova o ne a sa tlohella Jobo feela. Kaha Jehova o ne a rata Jobo, o ile a mo thusa hore a mamelle mathata a hae. Jehova o ile a bua le Jobo, a mo hopotsa bohlale ba Hae bo ikhethang. O ile a boela a hopotsa Jobo hore o rata libopuoa tsa hae. O ile a bua ka liphoofolo tse ngata tse hlollang. (Jobo 38:​1, 2; 39:​9, 13, 19, 27; 40:​15; 41:​1, 2) Hape Jehova o ile a sebelisa mohlankana ea tšepahalang e leng Elihu ho matlafatsa le ho tšelisa Jobo. Elihu o ile a mo tiisetsa hore kamehla Jehova o hlohonolofatsa barapeli ba hae ha ba mamella. Hape Jehova o ile a susumelletsa Elihu ho eletsa Jobo ka tsela e lerato. Elihu o ile a hopotsa Jobo hore re fokola haholo ha re bapisoa le Jehova ’Mopi oa bokahohle. Ka ho etsa joalo, o ile a thusa Jobo hore a se ke a inahana boeena feela. (Jobo 37:​14) Jehova o ile a boela a fa Jobo boikarabelo ba hore a rapelle metsoalle ea hae e meraro e neng e mo sitetsoe. (Jobo 42:​8-10) Mehleng ee Jehova o re thusa joang ha re thulana le mathata a boima?

11. Bibele e re tšelisa joang ha re hlaheloa ke mathata?

11 Jehova ha a bue le rona ka ho toba joalokaha a ne a bua le Jobo empa o bua le rona a sebelisa Lentsoe la Hae e leng Bibele. (Bar. 15:4) O re tšelisa ka ho re fa tšepo ea bokamoso. Nahana ka litemana tse ’maloa tsa Bibele tse ka re tšelisang ha re hlaheloa ke mathata. Ka Bibeleng Jehova oa re kholisa hore ha ho na letho le tla “re arohanya le lerato la [hae]” esita le mathata. (Bar. 8:​38, 39) O boetse oa re tiisetsa hore “o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena” ka thapelo. (Pes. 145:​18) Jehova o re ha re itšetleha ka eena re ka khona ho mamella mathata leha e le afe ra ba ra lula re thabile le hoja re e-na le mathata. (1 Bakor. 10:​13; Jak. 1:​2, 12) Lentsoe la Molimo lea re hopotsa hore mathata a rona ke a nakoana ha a bapisoa le litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tseo a tla re fa tsona. (2 Bakor. 4:​16-18) Jehova o re fa tšepo e tiileng ea hore o tla felisa sesosa sa mathata ’ohle a rona e leng Satane Diabolose le bohle ba khopo joaloka eena. (Pes. 37:​10) Na ho na le litemana tsa Bibele tseo u li tšoereng ka hlooho tse tla u thusa ho mamella mathata a larileng ka pele?

12. Jehova o lebeletse hore re etse’ng haeba re batla ho fumana molemo Lentsoeng la hae?

12 Jehova o lebeletse hore re be le nako ea ho ithuta Bibele kamehla le ho nahanisisa ka ho teba ka seo re se balang. Ha re sebelisa lintho tseo re ithutang tsona, tumelo ea rona ea matlafala le setsoalle sa rona le Jehova sea tiea. Ka lebaka leo, re ba le matla a ho mamella mathata. Hape Jehova o fa batho ba itšetlehang ka Lentsoe la hae, moea o halalelang. Moea oo o halalelang o re fa “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore re ka mamella mathata.​—2 Bakor. 4:​7-10.

13. Koetliso e tsoang Bibeleng e fanoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” e re thusa joang ho mamella mathata?

13 Ka thuso ea Jehova “lekhoba le tšepahalang le le masene” le etsa lingoloa tse ngata, livideo le lipina tse re thusang hore re be le tumelo e matla le hore re lule re e-na le setsoalle se haufi le Jehova. (Mat. 24:​45) Re lokela ho sebelisa lintho tsohle tseo Jehova a re fang tsona. Morali oabo rona oa United States o bontšitse hore o ananela koetliso e tsoang Lentsoeng la Molimo eo re e fumanang. O re: “Ka lilemo tse 40 ha ke ntse ke sebeletsa Jehova, botšepehi ba ka bo ile ba lekoa ka makhetlo.” Morali oabo rona o ile a hlaheloa ke mathata a mangata haholo. Ntate-moholo oa hae o ile a hlokahalla kotsing ea koloi ka lebaka la mokhanni ea neng a tahiloe. Batsoali ba hae ba ile ba kula hampe ’me ba hlokahala, ha eena a ile a tšoaroa ke kankere ka makhetlo a mabeli. Ke eng e mo thusitseng ho mamella? Ha a hlalosa o re: “Haesale Jehova a ntlhlokomela. Koetliso e tsoang Bibeleng eo lekhoba le tšepahalang le le masene le fanang ka eona e nthusitse ho mamella. Kahoo, ke ikutloa joaloka Jobo ea ileng a re: ‘Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!’”​—Jobo 27:5.

Re ka thusa ba bang joang ka phuthehong ea Jehova? (Sheba serapa sa 14)

14. Jehova o sebelisa barapeli-’moho le rona joang ho re tšehetsa nakong eo re nang le mathata? (1 Bathesalonika 4:9)

14 Jehova o rutile batho ba hae hore ba ratane ba be ba tšelisane linakong tse thata. (2 Bakor. 1:​3, 4; bala 1 Bathesalonika 4:9.) Bara le barali babo rona ba etsisa Elihu ka hore ba ikemisetse ho re thusa hore tumelo ea rona e lule e le matla leha re e-na le mathata. (Lik. 14:​22) Ka mohlala, bona hore na phutheho e ile ea khothatsa le ho thusa Morali oabo rona Diane joang e le hore tumelo ea hae e lule e le matla ka mor’a hore molekane oa hae a kule hampe. O re: “Ho ne ho nyolosetsa empa re ile ra utloa mofuthu oa lerato la Jehova likhoeling tseo tse boima. Phutheho ea rona e ile ea re thusa haholo. Ba ile ba re etela, ba re founela le ho re aka, e leng seo re neng re se hloka e le hore re lule re le matla. Kaha ha ke tsebe ho khanna, bara le barali beso ba ne ba nkisa libokeng le tšimong ka likoloi tsa bona.” Ke tlhohonolofatso ho ba karolo ea lelapa le ratanang hakana.

RE ANANELA LERATO LA JEHOVA

15. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re ka khona ho sebetsana le maemo a boima?

15 Kaofela ha rona re hlaheloa ke mathata a itseng. Joalokaha re bone, re ke ke ra sebetsana le ’ona re le bang. Joaloka ntate ea lerato, Jehova o lula a re hlokomela. O lehlakoreng la rona ebile o malala-a-laotsoe ho utloa likopo tsa rona, ho re thusa le ho re tšehetsa. (Esa. 43:2) Re kholisehile hore re ka mamella mathata hobane ka lerato Jehova o re file sohle seo re se hlokang e le hore re ka mamella. O re file monyetla oa hore re bue le eena ka thapelo. O re file Bibele, thuto e ngata e re thusang ho ba le tumelo e matla le lelapa la bara le barali babo rona ba re ratang ho re thusa linakong tse thata.

16. Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a lule a re hlokomela?

16 Re motlotlo hore ebe re na le Ntate oa rona ea leholimong ea re hlokomelang. “Lipelo tsa rona li ithabela ho eena.” (Pes. 33:​21) Re ka bontša hore re ananela lerato leo Jehova a re bontšang lona ka ho sebelisa lintho tsohle tseo a re fang tsona ho re thusa. Re boetse re lokela ho etsa sohle se matleng a rona hore re lule re le metsoalle ea Jehova. Ha re etsa sohle seo re ka se khonang ho mamela Jehova le ho etsa lintho tse nepahetseng, o tla lula a re hlokomela ka ho sa feleng.​—1 Pet. 3:12.

PINA EA 30 Jehova ke Molimo, Ntate le Motsoalle oa ka

^ Re hloka thuso ea Jehova e le hore re hlole mathata ao re thulanang le ’ona mehleng ena. Sehlooho sena se tla re hopotsa hore Jehova o hlokomela batho ba hae. O bona mathata ao re kopanang le ’ona re le batho ka bomong ’me o re thusa hore re a hlole.

^ Mabitso a mang a fetotsoe.