Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 34

“Tsoela Pele ho Tsamaea ’Neteng”

“Tsoela Pele ho Tsamaea ’Neteng”

“Tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”​—3 JOH. 4.

PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ho buisana ka hore na ho tlile joang hore re be Lipaki Tsa Jehova ho re thusa joang?

 “U FUMANE ’nete joang?” Ha ho pelaelo hore u kile oa botsoa potso ena ka makhetlo a mangata. Ke eona potso ea pele eo re e botsang Mokreste-’moho ha re batla ho mo tseba haholoanyane. Re rata ho utloa hore na ho tlile joang hore Bakreste-’moho ba tsebe Jehova le ho mo rata ebile re thabela ho ba bolella hore na ke hobane’ng ha re rata ho ba Lipaki. (Bar. 1:​11) Ho buisana ka lintho tsena ho re hopotsa kamoo ho ba Lipaki Tsa Jehova ho leng bohlokoa kateng. Hape ho re thusa hore re ikemisetse le ho feta ho “tsoela pele ho tsamaea ’neteng,” e leng se bolelang ho phela ka tsela e tla thabisa Jehova le e tla etsa hore a re hlohonolofatse.​—3 Joh. 4.

2. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

2 Sehloohong sena re tla bua ka a mang a mabaka a hore na ke hobane’ng ha re rata ’nete. Re tla boela re bue ka hore na re ka tsoela pele joang re bontša hore re rata mpho ena ea bohlokoa. Ha ho pelaelo hore ho buisana ka lintho tsena ho tla etsa hore re ananele le ho feta hore ebe Jehova o re huletse ka phuthehong. (Joh. 6:​44) Ho tla boela ho re thuse hore re ikemisetse le ho feta ho ruta batho ba bang Bibele.

KE HOBANE’NG HA RE RATA ’NETE?

3. Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa le etsang hore re rate ’nete ke lefe?

3 Ho na le mabaka a mangata a etsang hore re rate ’nete. Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re rata Jehova Molimo e leng eena ea re fileng ’nete. Ho ithuta Lentsoe la hae Bibele ho re thusitse hore re tsebe hore ke ’Mopi oa leholimo le lefatše le hore ke Ntate oa rona ea leholimong ea re ratang le ea re tsotellang haholo. (1 Pet. 5:7) Rea tseba hore Molimo oa rona ke Molimo “ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Ex. 34:6) Jehova o rata toka. (Esa. 61:8) O utloa bohloko ha re hlaheloa ke mathata ebile o ikemiselitse ho felisa mathata ’ohle a rona ka nako e nepahetseng. (Jer. 29:​11) Re emetse nako eo ka tjantjello e kholo. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore re rate Jehova hakana.

’Nete eo re Ithutang Eona ka Bibeleng e Tšoana le . . . Ankora

Tšepo eo re nang le eona e thehiloeng ka Bibeleng e re thusa hore re khobe matšoafo ha re hlaheloa ke mathata feela joalokaha ankora e thusa sekepe hore se se ke sa tsoa taolong. Lintho tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng li re susumeletsa hore re bolelle batho ba bang ka tšepo eo re nang le eona ka bokamoso (Sheba serapa sa 4-7)

4, 5. Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a bapisa tšepo eo re nang le eona le ankora?

4 Lebaka le leng leo re ratang ’nete ka lona ke lefe? Ho tseba ’nete ho re thusa haholo. A re bueng ka mohlala ona. Lintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng li akareletsa tšepo eo re nang le eona ka bokamoso. Moapostola Pauluse o ile a etsa mohlala o bontšang hore na tšepo eo ke ea bohlokoa hakae, o ile a re: “Re na le tšepo ena e le ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng.” (Baheb. 6:​19) Tšepo eo re nang le eona e thehiloeng Bibeleng e re thusa hore re khobe matšoafo ha re e-na le mathata feela joalokaha ankora e thusa sekepe hore se se ke sa tsoa taolong. 

5 Temaneng ena Pauluse o ne a bua ka tšepo eo Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le eona ea ho ea leholimong. Leha ho le joalo, seo a se buileng se ntse se sebetsa le ho Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. (Joh. 3:​16) Ho ithuta ka tšepo ea ho phela ka ho sa feleng ho re thusitse hore re tsebe hore na re phelela’ng.

6, 7. Ho ithuta ’nete ka bokamoso ho thusitse Morali oabo rona Yvonne joang?

6 A re bueng ka pale ea Morali oabo rona Yvonne. Ha aa holisoa ke Lipaki Tsa Jehova ’me ha a ne a le monyenyane o ne a tšaba ho shoa. O hopola nakong eo a neng a bala mantsoe ao a sa kang a a lebala a reng: “Bophelo bo bokhutšoane.” O re: “Ka mor’a ho bala buka eo ke ile ka qeta bosiu bohle ke sa robale, ke ntse ke nahana ka taba ena. Ke ile ka qala ho nahana hore e tlameha ebe bophelo bo na le morero ’me ka ipotsa: ‘Haeba ha ho joalo, ke hobane’ng ha ke phela?’ Ke ne ke sa batle ho shoa!”

7 Ha Yvonne e se e le mocha o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova. O re: “Ke ile ka ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Paradeise.” Ho ithuta Bibele ho thusitse Morali oabo rona Yvonne joang? O boetse o re: “Ha ke sa tsamaea ke ntse ke tsoha har’a bosiu ke tšoenyeha ka bokamoso kapa ka ho shoa.” Morali oabo rona Yvonne o ananela hore ebe o fumane ’nete ebile o thabela ho bolella batho ba bang ka tšepo eo a nang le eona ka bokamoso.​—1 Tim. 4:16.

’Nete eo re Ithutang Eona ka Bibeleng e Tšoana le . . . Letlotlo

Ho sebeletsa Jehova hona joale le ho ba le tšepo ea ho mo sebeletsa ka ho sa feleng tlas’a ’Muso oa hae ho tšoana le letlotlo. Ho bohlokoa ho feta ntho leha e le efe eo re ka e telang. (Sheba serapa sa 8-11)

8, 9. (a) Papisong e ’ngoe ea Jesu, monna e mong o ile a bontša joang hore o nka letlotlo leo a le fumaneng e le la bohlokoa? (b) U nka ’nete e le ea bohlokoa hakae?

8 Lintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng li akareletsa litaba tse monate ka ’Muso oa Molimo. Jesu o ile a bapisa ’nete e mabapi le ’Muso le letlotlo le patiloeng. Ho Matheu 13:​44 o ile a re: “’Muso oa maholimo o joaloka letlotlo le patiloeng tšimong, leo motho a ileng a le fumana ’me a le pata; ka lebaka la thabo eo a nang le eona oa ea ’me a rekise lintho tseo a nang le tsona ’me a reke tšimo eo.” Hlokomela hore monna eo o ne a sa batlane le letlotlo leo. Empa ha a le fumana o ile a tela lintho tse ngata e le hore a be le lona. Ha e le hantle, o ile a rekisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e-na le eona. Hobane’ng? Hobane o ne a tseba hore letlotlo leo ke la bohlokoa ho feta ntho leha e le efe eo a neng a ka lahleheloa ke eona.

9 Na le uena u ikutloa ka tsela eo ka ’nete eo u e fumaneng? Ha ho pelaelo hore u ikutloa joalo. Rea tseba hore ha ho na ntho eo lefatše lena le ka re fang eona e ka bapisoang le thabo eo re nang le eona ea ho sebeletsa Jehova hona joale le tšepo eo re nang le eona ea ho phela ka ho sa feleng tlas’a ’Muso oa Molimo. Ho ba le kamano e ntle le Jehova ke habohlokoa ho feta ntho leha e le efe eo re lokelang ho e tela. Re thabisoa ke ho mo ‘khahlisa ka botlalo.’​—Bakol. 1:10.

10, 11. Ke’ng e ileng ea susumeletsa Michael hore a etse liphetoho tse kholo bophelong ba hae?

10 Bongata ba rona re tetse lintho tse kholo e le hore re ka thabisa Jehova. Ba bang ba tlohetse mesebetsi ea maemo a holimo. Ba bang ba tlohetse ho lelekisa maruo. Ha ba bang ba tlohetse tsela eo ba neng ba phela ka eona ka ho felletseng ha ba ne ba ithuta ka Jehova. Sena ke seo Michael a ileng a se etsa. Ha aa holisoa ke Lipaki Tsa Jehova. Haesale mocha o ne a ithuta karate. O re: “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho ’na e ne e le ho ikoetlisa ’meleng. Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke le nkokonono.” Ha Michael a ne a qala ho ithuta Bibele, o ile a ithuta hore na Jehova o ikutloa joang ka ntoa. (Pes. 11:5) Ha Michael a bua ka banyalani ba Lipaki ba neng ba ithuta Bibele le eena o re: “Ha ho mohla ba kileng ba re ke tlohele karate; ba ile ba tsoela pele feela ho nthuta ’nete ea Bibele.”

11 Ha Michael a ntse a ithuta ka Jehova haholoanyane o ile a mo rata le ho feta. Ntho e ileng ea mo khahla haholo ke tsela eo Jehova a hauhelang bahlanka ba hae ka eona. Ha nako e ntse e e-ea, Michael o ile a hlokomela hore o lokela ho etsa qeto e neng e tla fetola bophelo ba hae. O re: “Ke ne ke tseba hore ho tlohela karate e ne e tla ba ntho e thata ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa. Empa ke ne ke boetse ke tseba hore seo se ne se tla thabisa Jehova ’me ke ne ke kholisehile hore ha ke batla ho mo sebeletsa ke lokela ho itela ka ho feletseng.” Michael o ne a nka ’nete eo a e fumaneng e le ea bohlokoa ’me seo se ile sa mo susumeletsa hore a etse liphetoho tse kholo bophelong ba hae.​—Jak. 1:25.

’Nete eo re Ithutang Eona ka Bibeleng e Tšoana le . . . Lebone

Lebone le khanyang hantle le ka re thusa hore re bone moo re eang ha ho le lefifi. Ka ho tšoanang, Lentsoe la Molimo le re bontša kamoo re ka etsang liqeto tse bohlale lefatšeng lena le khopo le busoang ke Satane. (Sheba serapa sa 12 le 13)

12, 13. Lintho tseo Mayli a ithutileng tsona ka Bibeleng li mo thusitse joang?

12 Bibele e bontša kamoo ’nete e leng ea bohlokoa kateng ka ho e bapisa le lebone le khanyang sebakeng se lefifi. (Pes. 119:​105; Baef. 5:8) Mayli ea lulang Azerbaijan o ananela haholo ’nete eo a e fumaneng ka Lentsoeng la Molimo. Batsoali ba hae ba ne ba le bolumeling bo sa tšoaneng. Ntate oa hae e ne e le Momosleme ’me ’mè oa hae e le Mojuda. O re: “Le hoja ke ne ke e-s’o belaelle boteng ba Molimo, ho ne ho e-na le lintho tse nkemisang hlooho. Ke ne ke ipotsa ke re: ‘Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bopa batho ha e le mona ba utloa bohloko bophelo bohle ’me qetellong ba hlokofatsoa ka ho sa feleng liheleng?’ Kaha batho ba ne ba re lintho tsohle ke thato ea Molimo, ke ne ke ee ke ipotse ke re: ‘E le hore Molimo o thabela ho bona ha batho ba utloa bohloko?’ ”

13 Mayli o ile a tsoela pele a batla likarabo tsa lipotso tseo a neng a ipotsa tsona. Ha nako e ntse e e-ea, o ile a ithuta Bibele ’me ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O re: “Tsela e hlakileng eo Bibele e tšetlehang litaba ka eona, e ile ea fetola pono ea ka ka bophelo. Likarabo tse nepahetseng tseo ke li fumaneng ka Lentsoeng la Molimo li ile tsa etsa hore ke ikutloe ke e-na le khotso.” Kaofela ha rona joaloka Mayli re rorisa Jehova ‘ea re bitsitseng ho re ntša lefifing ho re kenya leseling la hae le hlollang.’​—1 Pet. 2:9.

14. Ke’ng e ka re thusang hore re rate ’nete haholo? (Sheba le lebokose le reng “ Lipapiso Tse Ling.”)

14 Ena ke e meng ea mehlala e bontšang kamoo ’nete e leng ea bohlokoa kateng. Ha ho pelaelo hore u ka nahana ka e meng e mengata. Ha u ithuta Bibele, u ka ipha nako ea ho batla mabaka a mang a hore na ke hobane’ng ha u lokela ho rata ’nete. Ha re ntse re rata ’nete le ho feta sena se tla etsa hore re fumane litsela tse ling tsa ho bontša kamoo re e ratang kateng.

RE KA BONTŠA JOANG HORE RE RATA ’NETE?

15. Re ka bontša joang hore re rata ’nete?

15 Re ka bontša hore re rata ’nete ka hore kamehla re ithute Bibele le lingoloa tse thehiloeng ho eona. Ho sa tsotellehe hore na re bile Lipaki nako e kae, ho tla lula ho e-na le lintho tseo re tla lokela ho ithuta tsona. Khatiso ea pele ea makasine ena e ile ea re: “’Nete e ka Bibeleng e tšoana le palesa e nyenyane, e patiloeng ke litlama-tlama kapa mofoka o teteaneng naheng. E le hore u e fumane, u lokela ho tsomana le eona. . . . Ha u e thola u se ke oa khotsofalla palesa e le ’ngoe feela ea ’nete. . . . Batla ’me u bokelle tse eketsehileng.” Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re ithute ’me ho etsa joalo ho tla re tsoela molemo.

16. Ke mokhoa ofe oa ho ithuta o u sebeletsang? (Liproverbia 2:​4-6)

16 Ha se kaofela ha rona re ratang ho bala le ho ithuta. Leha ho le joalo, Jehova o batla hore re tsoele pele ho “batla” le ho “batlisisa” e le hore re utloisise ’nete haholoanyane. (Bala Liproverbia 2:​4-6.) Ho etsa boiteko boo ho lula ho re tsoela molemo. Mor’abo rona Corey o re ha a bala Bibele o hlahloba temana e le ’ngoe ka nako. O re: “Ke bala lintlha tsohle tse mongolong o botlaaseng ba leqephe, ke sheba litšupiso tse bohareng ba leqephe ’me ke etsa le lipatlisiso. . . . Ke ithuta lintho tse ngata ha ke bala ka tsela ena!” Re bontša hore re ananela ’nete ha re ipha nako ebile re etsa boiteko ba ho ithuta eona ebang re sebelisa mokhoa ona kapa o mong.​—Pes. 1:​1-3.

17. Ho phelela ’nete ho bolela’ng? (Jakobo 1:25)

17 Rea tseba hore ho ithuta Bibele feela ha hoa lekana. Re lokela ho phelela ’nete, e leng se bolela’ng hore re lokela ho sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona e le hore ’nete e re tsoele molemo. Ha re etsa joalo, ’nete eo re e fumaneng e tla etsa hore re thabe. (Bala Jakobo 1:​25.) Re ka tseba joang hore re phelela ’nete? Mor’abo rona e mong o re re ka itlhahloba ho bona hore na ke hokae moo re etsang hantle le moo re lokelang ho etsa liphetoho. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ho ea boholeng boo ho bona re hatetseng pele, a re tsoeleng pele re tsamaea ka ho laolehileng ka mokhoa ona o tšoanang.”​—Bafil. 3:16.

18. Ke hobane’ng ha re etsa sohle seo re ka se khonang ho “tsoela pele ho tsamaea ’neteng”?

18 A k’u nahane ka melemo eo re tla e fumana haeba re etsa sohle seo re ka se khonang ho “tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” Bophelo ba rona boa ntlafala ebile re thabisa Jehova le Bakreste-’moho. (Liprov. 27:​11; 3 Joh. 4) Ana ke mabaka a utloahalang a hore re rate le ho phelela ’nete.

PINA EA 144 A re Luleng re E-na le Tšepo

^ Hangata ha re bua ka ’nete re bolela lintho tseo re li lumelang le tsela eo re phelang ka eona. Kaofela ha rona re ka thusoa ke ho nahana ka hore na ke hobane’ng ha re rata ho ba Lipaki Tsa Jehova ho sa tsotellehe hore na re bile Lipaki nako e kae. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re ikemisetse ho thabisa Jehova le ho feta.