Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 33

U ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Daniele?

U ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Daniele?

“U motho ea ratoang haholo.”—DAN. 9:23.

PINA EA 73 U re fe Sebete

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke hobane’ng ha Bababilona ba ile ba rata moprofeta Daniele?

 MOPROFETA Daniele e ne e sa le mocha ha Bababilona ba mo isa hole le habo hore e e’o ba motšoaruoa ’me ba ile ba mo rata. Ba ile ba “bona se bonoang ke mahlo feela.” Ba ile ba bona feela hore Daniele o ‘phetse hantle ebile o shebahala hantle’ hape o tsoa lelapeng la borena. (1 Sam. 16:7) Kahoo, Bababilona ba ile ba mo ruta hore a sebeletse phaleising ea morena.—Dan. 1:3, 4, 6.

2. Jehova o ne a ikutloa joang ka Daniele? (Ezekiele 14:14)

2 Jehova o ne a rata Daniele ka lebaka la makhabane a hae eseng hobane a ne a shebahala hantle kapa a sebeletsa phaleising. E ka ’na eaba Daniele o ne a le lilemo li 20 ha Jehova a ne a re o tšoana le Noe le Jobo. Jehova o ne a nka Daniele a lokile joaloka Noe le Jobo ba ileng ba mo tšepahalla ka lilemo tse ngata. (Gen. 5:32; 6:9, 10; Jobo 42:16, 17; bala Ezekiele 14:14.) Jehova o ile a lula a rata Daniele bophelo bohle ba hae.—Dan. 10:11, 19.

3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tl’o bua ka makhabane a mabeli a Daniele a ileng a etsa hore Jehova a mo rate. Re tla qala ka ho hlalosa makhabane ao ebe re bua ka hore na o ile a a bontša joang. Re tla boela re bone hore na ke’ng e ileng ea thusa Daniele hore a be le makhabane ao re be re bue ka hore na re ka mo etsisa joang. Le hoja sehlooho sena se ngoletsoe bacha, kaofela ha rona re ka ithuta mohlaleng oa Daniele.

E-BA SEBETE JOALOKA DANIELE

4. Daniele o ile a bontša sebete joang? Fana ka mohlala.

4 Ho ka etsahala hore batho ba sebete ba tšohe empa ha ba lumelle hore seo se ba sitise ho etsa lintho tse nepahetseng. Daniele e ne e le mocha ea sebete. Nahana ka maemo a mabeli ao a ileng a bontša sebete ho ’ona. E ka ’na eaba boemo ba pele bo etsahetse lilemo tse peli ka mor’a hore Bababilona ba felise Jerusalema. Morena Nebukadnezare oa Babilona o ne a lorile toro e tšosang ea setšoantšo se seholohali. O ile a re o tla bolaea banna bohle ba bohlale ho akareletsa le Daniele haeba ba sa mo bolelle hore na o lorile eng hape ba sa hlalose toro ea hae. (Dan. 2:3-5) Daniele o ne a lokela ho bona hore na o etsa’ng ho seng joalo batho ba ne ba tl’o bolaoa. O ile “a ea ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ea hore a tl’o mo hlalosetsa toro eo.” (Dan. 2:16) Daniele o ile a bontša hore o sebete ebile o na le tumelo hobane ha ho na tlaleho e bontšang hore Daniele o kile a hlalosa litoro. O ile a kopa metsoalle ea hae eo mabitso a eona a Babilona e neng e le Shadrake, Meshake le Abednego hore “ba rapele Molimo oa leholimo, ba mo kope hore a ba hauhele ’me a ba senolele sephiri sena.” (Dan. 2:18) Jehova o ile a araba lithapelo tsa bona. Molimo o ile a thusa Daniele hore a hlalose toro ea Nebukadnezare. Daniele le metsoalle ea hae ha baa ka ba bolaoa.

5. Ke boemong bofe hape moo Daniele a neng a hloka ho bontša sebete?

5 Nakoana ka mor’a hore Daniele a hlalose toro ea setšoantšo se seholohali, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe hape e neng e hloka hore a be sebete. Nebukadnezare o ile a lora toro e ’ngoe e tšosang ea sefate se selelele haholo. Daniele o ile a bontša sebete ka hore a hlalosetse morena se neng se boleloa ke toro eo. O ile a ba a bolella morena hore o tla lahleheloa ke kelello le hore ho ne ho tla feta nako e itseng a sa buse. (Dan. 4:25) Morena o ne a ka nahana hore Daniele oa mo fetohela ebile o ne a ka mo bolaea. Empa Daniele o ile a bontša sebete ’me a hlalosa toro eo.

6. Ke’ng eo e ka ’nang eaba e thusitse Daniele hore a be sebete?

6 Ke’ng eo e ka ’nang eaba e thusitse Daniele hore a be sebete bophelo bohle ba hae? Ha Daniele a sa le monyenyane, o ile a ithuta mohlaleng o motle oa batsoali ba hae. Ba ne ba mamela litaelo tseo Jehova a neng a li file batsoali ba Baiseraele ’me ba ruta ngoana oa bona Molao oa Molimo. (Deut. 6:6-9) Daniele o ne a tseba Melao e Leshome le Melao e meng e akareletsang hore Baiseraele ba ne ba lokela ho ja’ng le hore ba ne ba sa lokela ho ja’ng. b (Lev. 11:4-8; Dan. 1:8, 11-13) Daniele o ne a boetse a tseba ka histori ea batho ba Molimo le hore ho ile ha etsahala’ng ka bona ha ba ne ba sa mamele melao ea Jehova. (Dan. 9:10, 11) Lintho tse ileng tsa etsahalla Daniele li ile tsa mo thusa hore a kholisehe hore Jehova le mangeloi a hae a matla ba tla mo thusa.—Dan. 2:19-24; 10:12, 18, 19.

Ho bala, ho rapela le ho tšepa Jehova ho ile ha thusa Daniele hore a be sebete (Sheba serapa sa 7)

7. Ke’ng hape e ileng ea thusa Daniele hore a be sebete? (Sheba setšoantšo.)

7 Daniele o ne a bala mangolo a baprofeta ba Molimo ho akareletsa le lengolo la moprofeta Jeremia. Ha Daniele a ntse a ithuta boprofeta boo, o ile a hlokomela hore Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babilona ka nako e telele ba haufi le ho lokolloa. (Dan. 9:2) Daniele o ile a bona ha boprofeta boo bo phethahala ’me seo se ile sa mo thusa hore a tšepe Jehova. Kahoo, batho ba tšepang Jehova ba ka khona ho ba sebete. (Bapisa le Baroma 8:31, 32, 37-39.) Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore Daniele o ne a lula a rapela Ntate oa hae ea leholimong. (Dan. 6:10) O ne a bolella Jehova libe tsa hae le kamoo a neng a ikutloa kateng. Daniele o ne a boetse a kopa thuso ho Jehova. (Dan. 9:4, 5, 19) Ha aa hlaha a le sebete hobane e ne e le motho joaloka rona. Empa ho ithuta mangolo a baprofeta, ho rapela le ho tšepa Jehova ho ile ha mo thusa hore a be sebete.

8. Re ka etsa’ng hore re be sebete?

8 Re lokela ho etsa’ng e le hore re be sebete? Batsoali ba rona ba ka ’na ba re khothaletsa hore re be sebete empa ba ke ke ba etsa hore re be sebete joaloka bona. Ho ba sebete ho tšoana le ho ithuta ntho e ncha. Tsela e ’ngoe eo u ka ithutang ntho e ncha ke ka hore u shebe lintho tseo motho ea u rutang a li etsang ’me u mo etsise. Ka ho tšoanang, le rona re ba sebete ka hore re ithute mohlaleng oa batho ba bontšang sebete. Re ithutile’ng mohlaleng oa Daniele? Le rona re lokela ho tseba Lentsoe la Molimo hantle joaloka eena. Re lokela ho ba metsoalle ea Jehova ka hore re lule re bua le eena ’me re mo bolelle hore na re ikutloa joang. Hape re lokela ho tšepa Jehova le ho kholiseha hore o tla lula a re thusa. Ha re etsa joalo, re tla ba sebete ha re hlaheloa ke mathata.

9. Re fumana melemo efe ha re bontša sebete?

9 Ho bontša sebete ho re tsoela molemo ka litsela tse ngata. Nahana ka mohlala oa Ben. O ne a kena sekolo naheng ea Jeremane moo batho bohle ba neng ba lumela hore lintho li ikentse le hore Bibele ha e bue ’nete ha e re lintho li bopiloe. Ka letsatsi le leng, Ben o ile a fuoa monyetla oa hore a eme ka pele ’me a hlalosetse bana ba tlelase ea hae hore na ke hobane’ng ha a lumela hore lintho li bopiloe. O ile a ba sebete ’me a ba bolella seo a se lumelang. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Ben o re: “Tichere ea ka e ne e mametse ka hloko ’me e ile ea etsa likopi tsa lintlha tseo ke neng ke li sebelisa ho tšehetsa litaba tsa ka eaba e fa ngoana e mong le e mong ka tlelaseng kopi ea hae.” Bana bao Ben a kenang tlelase le bona ba ile ba etsa’ng? Ben o re: “Ba bangata ba bona ba ile ba ’mamela ’me ba mpabatsa.” Mohlala oa Ben o bontša hore hangata batho ba hlompha batho ba sebete. Hape batho ba sebete ba ka thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova. Kahoo, re na le mabaka a utloahalang a hore re be sebete.

TŠEPAHALA JOALOKA DANIELE

10. Ho tšepahala ho bolela’ng?

10 Ka Bibeleng, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “tšepahala” kapa “lerato le tšepahalang,” le bolela tsela eo Molimo a ratang batho ba hae ka eona. Le boetse le hlalosa tsela eo batho ba Molimo ba ratanang ka eona. (2 Sam. 9:6, 7) Lerato lena le ba matla le ho feta ha nako e ntse e e-ea. A re boneng hore na Daniele o ile a bontša joang hore oa tšepahala.

Jehova o ile a hlohonolofatsa Daniele hobane o ne a mo tšepahalla ka hore a romele lengeloi le hore a koale melomo ea litau (Sheba serapa sa 11)

11. Ke bothata bofe bo ileng ba hlahela Daniele ha a se a tsofetse? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

11 Daniele o ile a tlameha ho bontša hore o tšepa Jehova ka makhetlo a mangata bophelong ba hae. O ile a hlaheloa ke bothata bo boholo ha a le lilemo tse ka holimo ho 90. Ka nako eo, Bababilona ba ne ba hapuoe ke Bamede le Bapersia ’me ba busoa ke Morena Dariuse. Banna ba neng ba sebeletsa Dariuse ba ne ba hloile Daniele ba bile ba sa hlomphe Molimo oa hae. Kahoo, ba ile ba rera ho bolaea Daniele. Ba ile ba etsa hore morena a saene molao o neng o tla bontša hore na Daniele o tšepahalla Molimo kapa morena. Ntho eo Daniele a neng a lokela ho e etsa ho bontša hore o tšepahalla morena le hore o tšoana le batho ba bang ke hore a khaotse ho rapela Jehova ka matsatsi a 30. Empa Daniele o ile a khetha ho tšepahalla Jehova. Ka lebaka leo, o ile a lahleloa ka sekoting sa litau. Jehova o ile a hlohonolofatsa Daniele ka hore a mo pholose melomong ea litau hobane a ile a mo tšepahalla. (Dan. 6:12-15, 20-22) Ke joang re ka lulang re tšepahalla Jehova joaloka Daniele?

12. Ke’ng e thusitseng Daniele hore a lule a tšepahalla Jehova?

12 Re se re ithutile hore re lokela ho rata Jehova haholo e le hore re mo tšepahalle. Daniele o ile a lula a tšepahalla Jehova hobane o ne a mo rata haholo. O ne a rata Jehova haholo hobane o ne a qeta nako a nahana ka makhabane a Jehova le tsela eo a neng a a bontša ka eona. (Dan. 9:4) Daniele o ile a boela a nahana ka lintho tse ntle tseo Jehova a ileng a mo etsetsa tsona le tseo a ileng a li etsetsa batho ba hae.—Dan. 2:20-23; 9:15, 16.

Le uena u ka lula u tšepahalla Jehova ka hore u mo rate haholo joaloka Daniele (Sheba serapa sa 13)

13. (a) Bacha ba hlaheloa ke mathata afe? Fana ka mohlala. (Sheba setšoantšo.) (b) Ho latela seo u se boneng videong, u ka re’ng haeba batho ba bang ba u botsa hore na Lipaki Tsa Jehova li tšehetsa li-gay?

13 Kajeno bacha ba boemong bo tšoanang le boo Daniele a neng a le ho bona, ba phela har’a batho ba sa hlompheng Jehova le melao ea hae. E ka ’na eaba batho bao ha ba rate batho ba reng ba rata Molimo. Ba bang ba hlorisa bacha ba Lipaki e le hore ba se ke ba tšepahalla Jehova. Ka mohlala, hlokomela se ileng sa etsahalla Graeme e leng mocha ea lulang Australia. O ile a kopana le boemo bo thata ha a ne a le sekolong se phahameng. Tichere e ile ea ba botsa hore na ba ka etsa’ng haeba motsoalle oa bona a ka ba bolella hore ke gay. Tichere e ile ea re ba ka tšehetsang motsoalle oa bona ba eme ka lehlakoreng lena, ba sa mo tšehetseng ba eme ka lehlakoreng le leng. Graeme o re: “Bana kaofela ka tlelaseng ba ile ba ema ka lehlakoreng le tšehetsang motsoalle eo ntle le ’na le ngoana e mong eo e leng Paki ea Jehova.” Ntho e ileng ea etsahala ka mor’a moo e ne e tla bontša hore na Graeme o tšepahalla Jehova kapa che. O re: “Bana ba sekolo le tichere ba ile ba re soma hora kaofela. Ke ile ka leka kahohle ho buella lintho tseo ke li lumelang ke khobile matšoafo ebile ke bua ka tsela e bonolo empa ha baa ka ba ’mamela.” Graeme o ile a ikutloa joang? O re: “Ke ne ke utloile bohloko ha bana bao ke kenang sekolo le bona ba ntšoma empa ke ne ke thabile haholo hore ebe ke ile ka khona ho buella lintho tseo ke li lumelang.” c

14. Ke’ng e ka re thusang hore re lule re tšepahalla Jehova?

14 Ha re rata Jehova haholo re tla ikemisetsa ho lula re mo tšepahalla. Re rata Jehova le ho feta ha re ithuta ka makhabane a hae. Ka mohlala, re ka ithuta ka lintho tseo a li bopileng. (Bar. 1:20) Haeba u batla ho rata Jehova le ho mo hlompha le ho feta, u ka bala lihlooho tse khutšoanyane tse reng “Na e Entsoe?” kapa oa shebella livideo tsa tsona. U ka boela oa bala bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking. Hlokomela seo mocha oa Paki ea lulang Denmark eo lebitso la hae e leng Esther a se buileng ka libukana tsena. O re: “Libukana tsena li beha mabaka ka tsela e monate. Ha li u bolelle hore na u lumele eng empa li fana ka mabaka a utloahalang ebe uena u iketsetsa qeto.” Ben eo re buileng ka eena o re: “Libukana tsena li matlafalitse tumelo ea ka haholo. Li mphile bopaki ba hore Molimo ke eena ea bopileng lintho.” Ka mor’a hore u ithute libukana tsena, u tla lumellana le mantsoe a Bibele a reng: “Jehova Molimo oa rona ea matla, u tšoaneloa ke ho rorisoa le ho hlomphuoa hobane u bopile lintho tsohle.”—Tšen. 4:11. d

15. Ke’ng hape e tla re thusa hore re tsebe Jehova le ho mo rata?

15 Ntho e ’ngoe e ka re thusang hore re tsebe Jehova ke ha re ithuta ka bophelo ba Mora oa hae e leng Jesu. Ke sona seo mocha oa Paki ea lulang naheng ea Jeremane eo lebitso la hae e leng Samira a ileng a se etsa. O re: “Ke ile ka tseba Jehova ha ke ntse ke ithuta ka Jesu.” Ha Samira a ntse a le monyenyane, o ne a sa utloisise hore Jehova o na le maikutlo. Empa o ne a utloisisa hore na Jesu o ne a ikutloa joang. O boetse o re: “Ke ne ke rata Jesu hobane e ne e le motho oa batho a bile a rata bana.” Ha a ntse a ithuta ka Jesu o ile a tseba Jehova le ho mo rata le ho feta. Hobane’ng? O re: “Ke ile ka qala ho utloisisa hore Jesu o etsa lintho joaloka Ntate oa hae. Ba tšoana hantle. Ke ile ka hlokomela hore lena ke le leng la mabaka ao Jehova a rometseng Jesu lefatšeng e le hore batho ba ka tseba Jehova.” (Joh. 14:9) Haeba u batla ho tseba Jehova le ho mo rata, iphe nako ea ho ithuta ka Jesu. Haeba u etsa joalo, u tla rata Jehova le ho feta ebile u tla lula u mo tšepahalla.

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepahala? (Pesaleme ea 18:25; Mikea 6:8)

16 Hangata batho ba tšepahalang ba ba le metsoalle e ba tšepahallang. (Ruthe 1:14-17) Hape batho ba tšepahallang Jehova ba lula ba e-na le khotso. Hobane’ng? Hobane Jehova o tšepisa hore o tla tšepahalla batho ba mo tšepahallang. (Bala Pesaleme ea 18:25; Mikea 6:8.) Ak’u nahane feela, ’Mopi ea Matla ’Ohle o ikemiselitse ho lula e le motsoalle oa rona. Ha Jehova e le motsoalle oa rona, ha ho na ntho e ka re arohanyang le eena, ebang ke mathata, bahanyetsi kapa lefu. (Dan. 12:13; Luka 20:37, 38; Bar. 8:38, 39) Kannete ke habohlokoa hore re etsise mohlala oa Daniele le hore re lule re tšepahalla Jehova.

TSOELA PELE U ITHUTA MOHLALENG OA DANIELE

17, 18. Re ka ithuta’ng hape mohlaleng oa Daniele?

17 Sehloohong sena re buile ka makhabane a mabeli feela a Daniele empa ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho eena. Ka mohlala, Jehova o ile a bontša Daniele lipono, a etsa hore a lore litoro a ba a mo fa bokhoni ba hore a hlalose boprofeta. Boholo ba boprofeta boo bo se bo phethahetse. Bo bong bo bua ka lintho tse tla etsahala nakong e tlang, tse tla ama motho e mong le e mong lefatšeng.

18 Sehloohong se latelang, re tl’o bua ka litlaleho tse peli tsa boprofeta ba Daniele. Ho utloisisa boprofeta bona ho ka re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng, ebang re banyenyane kapa re baholo. Boprofeta bona bo tla re thusa hore re itokisetse lintho tse tla etsahala haufinyane hobane re tla be re le sebete ebile re tšepahalla Jehova.

PINA EA 119 Re Lokela ho ba le Tumelo

a Bacha ba bangata ba sebeletsang Jehova ba ba maemong ao ho ’ona ba lokelang ho bontša sebete le ho tšepahalla Jehova. Bana ba kenang sekolo le bona ba ka ba soma hobane ba lumela hore lintho li bopiloe. Hape lithaka tsa bona li ka ba tšeha hobane ba sebeletsa Molimo ba bile ba mamela melao ea hae. Sehloohong sena re tl’o bona hore batho ba etsisang mohlala oa moprofeta Daniele le ba sebeletsang Jehova ka sebete ba bile ba mo tšepahalla ba bohlale.

b E ka ’na eaba Daniele o ne a e-na le mabaka a mararo a ho hana ho ja lijo tsa Bababilona: (1) E ka ’na eaba nama eo e ne e le ea liphoofolo tseo Molao oa Moshe o neng o re ha lia lokela ho jeoa. (Deut. 14:7, 8) (2) E ka ’na eaba nama eo e ne e sa ntšoa mali hantle. (Lev. 17:10-12) (3) Ho ja lijo tseo ho ne ho ka ’na ha nkoa e le ho rapela molimo oa bohata.—Bapisa le Levitike 7:15 le 1 Bakorinthe 10:18, 21, 22.

c Shebella video ea Ho Loka ha ’Nete ho Tla Etsa Hore ho be le Khotso ho jw.org/st.

d U ka boela oa bala buka ea Atamela ho Jehova e buang ka makhabane a Jehova le botho ba hae e le hore u ka mo rata le ho feta.