Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 33

PINA EA 130 Tšoarelanang

Jehova o Batla Hore Phutheho e Tšoare Motho ea Entseng Sebe se Tebileng Joang?

Jehova o Batla Hore Phutheho e Tšoare Motho ea Entseng Sebe se Tebileng Joang?

“Haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi.”1 JOH. 2:1.

NTLHA-KHOLO

Tsela eo ka eona phutheho ea Korinthe e ileng ea tšoara motho ea neng a entse sebe se tebileng e re ruta’ng?

1. Jehova o batlela batho bohle eng?

 JEHOVA o re bopile re e-na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto. Re etsa liqeto letsatsi le letsatsi. Qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang ke ho inehela ho Jehova ’me e be karolo ea lelapa la hae. Jehova o batla hore re mo rapele re e-na le Bakreste-’moho. Hobane’ng? Hobane o rata batho ebile o ba batlela se molemo. O batla hore ba thabele ho ba metsoalle ea hae le hore ba phele ka ho sa feleng.—Deut. 30:​19, 20; Bagal. 6:​7, 8.

2. Jehova o ikutloa joang ka motho ea entseng sebe se tebileng ’me a e-s’o bake? (1 Johanne 2:1)

2 Jehova ha a qobelle mang kapa mang hore a mo sebeletse. O lumella motho e mong le e mong ho etsa qeto ea hore na o batla ho etsa’ng. Empa ho tla etsahala’ng haeba Mokreste ea kolobelitsoeng a tlola molao oa Molimo ’me a etsa sebe se tebileng? Haeba a sa bake, o lokela ho tlosoa ka har’a phutheho. (1 Bakor. 5:13) Leha ho le joalo, Jehova o batla hore motho eo a bake ’me a khutlele ho eena. Ha e le hantle, lebaka le ka sehloohong le entseng hore Jehova a fane ka Mora oa hae e le tefo ea topollo ke hore o batla ho tšoarela baetsalibe ba bakileng. (Bala 1 Johanne 2:1.) Jehova ke Molimo ea lerato haholo ’me o kopa bohle ba entseng libe tse tebileng hore ba bake.—Zak. 1:3; Bar. 2:4; Jak. 4:8.

3. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

3 Jehova o batla hore re be le maikutlo a tšoanang le a hae ka sebe le ka batho ba etsang libe tse tebileng. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho bona hore na re ka mo etsisa joang. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na (1) Pauluse o ile a bolella phutheho ea Korinthe hore na e etse’ng ha mor’abo rona a entse sebe se tebileng, (2) hore na e etse’ng ka mor’a hore a bake le (3) hore na Jehova o ikutloa joang ka Bakreste ba etsang libe tse tebileng.

PHUTHEHO EA KORINTHE E ILE EA ETSA’NG HA MOTHO A ENTSE SEBE SE TEBILENG?

4. Ho ile ha hlaha bothata bofe phuthehong ea Korinthe? (1 Bakorinthe 5:​1, 2)

4 Bala 1 Bakorinthe 5:​1, 2. Ha Pauluse a le leetong la hae la boraro la borumuoa, o ile a utloa litaba tse hlohlontšang litsebe tse neng li etsahala phuthehong e sa tsoa thehoa ea Korinthe. Mor’abo rona e mong phuthehong eo o ne a etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano le mosali oa ntate oa hae. Le batho bao e seng balumeli ba ne ba sa etse boitšoaro bo bobe joalo! Ho makatsang le ho feta ke hore phutheho e ne e nka hore ho ne ho se na bothata ha mor’abo rona ea etsang boitšoaro bo joalo a sa tlosoe ka phuthehong. Mohlomong ba bang ka phuthehong ba ne ba nahana hore ba bontša motho eo mosa joaloka Jehova. Empa Jehova ha a amohele boitšoaro bo joalo. Ha e le hantle, monna eo o ne a senya botumo bo botle ba phutheho. Hape e ka ’na eaba Bakreste ba bang ba neng ba mo tloaetse ba ne ba se ba ntse ba mo etsisa. Kahoo, Pauluse o ile a re phutheho e etse’ng ka mor’a moo?

5. Pauluse o ile a bolella phutheho hore e etse’ng ha moetsalibe a sa bake, hona seo se ne se bolela’ng? (1 Bakorinthe 5:13) (Sheba setšoantšo.)

5 Bala 1 Bakorinthe 5:13. Jehova o ile a susumeletsa Pauluse hore a ngolle phutheho lengolo le neng le hlalosa hore moetsalibe ea sa bakeng a tlosoe ka phuthehong. Bakreste ba tšepahalang ba ne ba lokela ho tšoara motho ea joalo joang? Pauluse o ile a ba bolella a re: “Le khaotse ho itsoakanya” le motho eo. Seo se ne se bolela’ng? Pauluse o ile a hlalosa hore taelo eo e ne e akareletsa le hore ‘ba se ke ba ja le motho ea joalo.’ (1 Bakor. 5:11) Ha batho ba le lijong, ba qeta nako ’moho ba ntse ba qoqa ’me ba ka qetella e se e le metsoalle. Kahoo, ho hlakile hore Pauluse o ne a bolella phutheho hore ha ea lokela ho qeta nako le monna eo. Ho etsa joalo ho ne ho tla sireletsa phutheho hore e se ke ea susumetsoa ke mekhoa e mebe ea monna eo. (1 Bakor. 5:​5-7) Ho ekeletsa moo, ho qoba ho qeta nako le eena ho ne ho ka mo thusa ho hlokomela hore o utloisitse Jehova bohloko ebe oa baka.

Jehova o ile a susumeletsa Pauluse hore a ngolle phutheho lengolo le neng le hlalosa hore moetsalibe ea sa bakeng a tlosoe ka phuthehong (Sheba serapa sa 5)


6. Phutheho e ile ea etsa’ng ka mor’a hore e fumane lengolo le tsoang ho Pauluse, hona motho ea entseng sebe o ile a etsa’ng?

6 Ka mor’a hore Pauluse a ngolle Bakreste ba Korinthe lengolo, o ile a qala ho ipotsa hore na ebe phutheho e tla amohela lengolo la hae kapa che. Ka mor’a nako e itseng, Tite o ile a tlisetsa Pauluse litaba tse monate. Phutheho e ile ea latela tataiso ea Pauluse ’me ea tlosa moetsalibe eo ka phuthehong. (2 Bakor. 7:​6, 7) Ho thabisang le ho feta ke hore ka mor’a hore phutheho e sebelise keletso e hlahang lengolong leo, monna eo o ile a baka. O ile a fetola boitšoaro ba hae ’me a qala ho phela ka melao ea Jehova e lokileng. (2 Bakor. 7:​8-11) Pauluse o ile a re phutheho e tšoare monna eo ea bakileng joang?

PHUTHEHO E NE E LOKELA HO TŠOARA MOTHO EA BAKILENG JOANG?

7. Ho tlosoa ha monna ea entseng sebe ka phuthehong ho ile ha mo thusa joang? (2 Bakorinthe 2:​5-8)

7 Bala 2 Bakorinthe 2:​5-8. Pauluse o ile a re: “Le mo khalemetse ho lekane.” Ka mantsoe a mang, ka mor’a hore monna eo a tlosoe ka phuthehong, o ile a hlokomela hore o lokela ho baka ’me kaha o ile a baka, ho ne ho se ho sa hlokahale hore a ’ne a khalemeloe.—Baheb. 12:11.

8. Pauluse o ile a re baholo ba etse’ng?

8 Kaha monna eo o ne a se a bakile, Pauluse o ile a bolella baholo ba phutheho hore ba khutlisetse monna eo ka phuthehong. O ile a boela a ba bolella hore ‘ba mo tšoarele ho tsoa pelong ba be ba mo tšelise . . . ba mo kholise hore baa mo rata.’ Pauluse o ne a batla hore ba kholise monna eo ea bakileng hore kannete ba mo tšoaretse ebile baa mo rata, ka mantsoe le ka liketso. Mor’abo rona eo o ne a tla bona hore ba thabetse hore ebe o khutletse ka phuthehong.

9. Ke hobane’ng ha ho ne ho ka ba thata hore batho ba bang ka phuthehong ba amohele motho ea bakileng?

9 Ke ’nete hore tlaleho ena ha ea bua ka hore na Bakreste ba ile ba ikutloa joang empa ho ka etsahala hore ba bang ba ne ba sa thabele hore ebe monna eo o khutletse ka phuthehong. Hobane’ng ha re cho joalo? Ho ka etsahala hore o ne a utloisitse batho ba bangata bohloko ebile a ba soabisitse. Kaha ba bang ba ne ba sebelitse ka thata ho lula ba tšepahalla Jehova, mohlomong ba ne ba utloa eka ha se ntho e utloahalang hore monna eo a amoheloe ka mofuthu e le mor’abo rona hape ka mor’a hore a etse sebe seo se tebileng. (Bapisa le Luka 15:​28-30.) Empa ke hobane’ng ha ho ne ho le bohlokoa hore phutheho e bontše mor’abo rona ea bakileng lerato?

10, 11. Ho ne ho ka etsahala’ng haeba baholo ba ne ba ka hana ho tšoarela motho ea bakileng?

10 Nahana hore na ho ne ho ka etsahala’ng ka mor’abo rona ea bakileng haeba baholo ba ne ba ka hana ho mo lumella hore a khutlele ka phuthehong kapa ka mor’a hore a khutlisetsoe ka phuthehong ebe phutheho ha e mo bontše lerato. O ne a ka “utloa bohloko haholo ebe oa nyahama.” O ne a ka utloa eka a ke ke a hlola a tšoaneleha ho sebeletsa Jehova. Hape o ne a ka nahana hore Jehova a ke ke a mo tšoarela le hore ha ho sa na lebaka la hore a lokise kamano ea hae le Molimo.

11 Ho hobe le ho feta ke hore haeba batho ba bang ka phuthehong ba ne ba sa tšoarele monna eo ea bakileng, ba ne ba ka beha setsoalle sa bona le Jehova kotsing. Hobane’ng? Hobane ba ne ba tla be ba le khopo ebile ba se na mohau joaloka Satane ho e-na le hore ba etsise Jehova ka ho tšoarela batho ba bakileng. Ha e le hantle, ba ne ba tla be ba lumella Satane hore a ba sebelise ho sitisa motho eo hore a sebeletse Jehova.—2 Bakor. 2:​10, 11; Baef. 4:27.

12. Ke joang phutheho ea Korinthe e neng e ka etsisa Jehova?

12 Ke joang phutheho ea Korinthe e neng e ka etsisa Jehova eseng Satane? Ka hore ba latele mohlala oa Jehova oa ho tšoarela moetsalibe ea bakileng. Hlokomela hore na bangoli ba bang ba Bibele ba itse’ng ka Jehova. Davida o ile a re: “Jehova, u molemo ebile u ikemiselitse ho tšoarela.” (Pes. 86:5) Mikea eena o ile a re: “Na o teng Molimo ea tšoanang le uena, ea tšoarelang liphoso le ea lebalang melato?” (Mik. 7:18) Esaia eena o ile a re: “Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae, a tlohele ho nahana bokhopo. A ke a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela, a khutlele ho Molimo oa rona hobane o tla mo tšoarela ka pelo eohle.”—Esa. 55:7.

13. Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore baholo ba khutlisetse monna eo ea bakileng ka phuthehong? (Sheba lebokose le reng “ Monna oa Korinthe o Ile a Khutlisetsoa ka Phuthehong ka Mor’a Nako e Kae?”)

13 E le hore Bakreste ba phutheho ea Korinthe ba etsise Jehova, ba ne ba lokela ho amohela monna eo ea bakileng ka thabo ba be ba mo kholise hore baa mo rata. Pauluse o ile a re haeba ba ne ba ka amohela monna eo ea bakileng, ba ne ba tla be ba bontša hore ke “batho ba mamelang.” (2 Bakor. 2:9) Ke ’nete hore ho ne ho se ho fetile likhoeli tse ’maloa feela monna eo a tlositsoe ka phuthehong empa khalemelo eo e ile ea mo thusa hore a bake. Kahoo, ho ne ho sa hlokahale hore baholo ba liehe ho mo khutlisetsa ka phuthehong.

BONTŠA HORE U NA LE TOKA LE MOHAU JOALOKA JEHOVA

14, 15. Re ithuta’ng tlalehong ea se ileng sa etsahala phuthehong ea Korinthe? (2 Petrose 3:9) (Sheba setšoantšo.)

14 Tlaleho ena e ka Bibeleng e bontšang kamoo moetsalibe a neng a tšoaroa kateng phuthehong ea Korinthe, e ngoletsoe “ho re ruta.” (Bar. 15:4) Re ithuta hore Jehova ha a lumelle moetsalibe ea sa bakeng hore a lule a le ka phuthehong. Ba bang ba ne ba ka nahana hore kaha Jehova o “mohau,” o ne a ka lumella motho eo ea sa bakeng hore a lule a le ka phuthehong. Empa eo ha se tsela eo Jehova a bontšang mohau ka eona. Le hoja Jehova e le Molimo ea mohau, a ke ke a re tlohela feela ha re etsa lintho tse fosahetseng ebile ha a nyehlise melao ea hae ea se lokileng le se fosahetseng. (Juda 4) Haeba Jehova a ne a ka lumella moetsalibe ea sa bakeng hore a lule a le ka phuthehong, o ne a tla be a sa bontše mohau hobane phutheho e ne e ka ba kotsing ea hore e tšoaetsoe ke moetsalibe eo.—Liprov. 13:20; 1 Bakor. 15:33.

15 Leha ho le joalo, re ithuta hore Jehova ha a batle hore mang kapa mang a timetsoe. O batla ho pholosa batho bohle. O hauhela batho ba batlang ho mo sebeletsa, ba fetolang tsela eo ba nahanang ka eona le ba itšoarang hantle. (Ezek. 33:11; bala 2 Petrose 3:9.) Ke kahoo ha monna eloa ea phuthehong ea Korinthe a ne a baka ’me a fetola tsela eo a neng a etsa lintho ka eona, Jehova a ileng a sebelisa Pauluse ho hlalosetsa phutheho hore e lokela ho mo tšoarela le ho mo amohela ka mofuthu.

Rea bontša hore re lerato ebile re mohau joaloka Jehova ha re amohela motho ea khutliselitsoeng ka phuthehong ka mofuthu (Sheba serapa sa 14 le 15)


16. U ikutloa joang ka tsela eo Jehova a ileng a sebetsa taba ea monna oa Korinthe ka eona?

16 Ho hlahloba kamoo taba ea moetsalibe e neng e sebetsoa kateng phuthehong ea Korinthe, ho re thusitse ho bona makhabane a Jehova a kang lerato, toka hammoho le ho loka. (Pes. 33:5) Na taba ee ha e etse hore u batle ho rorisa Jehova le ho feta? Etsoe kaofela ha rona re baetsalibe ’me re hloka hore a re tšoarele. E mong le e mong oa rona o na le lebaka la ho leboha Jehova hobane o fane ka Mora oa hae e le tefo ea topollo e le hore a re tšoarele. Ho ama maikutlo ho tseba hore Jehova o rata batho ba hae e le kannete ebile o ba batlela se molemo.

17. Re tl’o bua ka’ng lihloohong tse latelang?

17 Haeba motho a etsa sebe se tebileng mehleng ee, baholo ba ka bontša lerato joang joaloka Jehova ’me ba thusa motho eo hore a bake? Haeba baholo ba etsa qeto ea ho tlosa motho eo ka phuthehong kapa ho mo khutlisetsa, phutheho e lokela ho etsa’ng ho tšehetsa qeto eo ea baholo? Re tla hlahloba likarabo tsa lipotso tsena lihloohong tse latelang.

PINA EA 109 Ratanang ka Pelo Eohle