Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 31

PINA EA 12 Jehova ke Molimo e Moholo

Jehova o Entse’ng ho Pholosa Batho Sebeng le Lefung?

Jehova o Entse’ng ho Pholosa Batho Sebeng le Lefung?

“Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong.”JOH. 3:16.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o bona kamoo Jehova a re thusitseng kateng hore re khone ho ba metsoalle ea hae le hoja re le baetsalibe. Re tla boela re bone kamoo a re fileng tšepo ea ho phela ka ho sa feleng nakong e tlang re se re se na sebe.

1, 2. (a) Sebe ke eng, hona re ka thusoa ke eng hore re se hlole? (Sheba “Tlhaloso.”) (b) Re tl’o araba lipotso life sehloohong see le lihloohong tse latelang makasineng ee ea Molula-Qhooa? (Sheba sehlooho se reng “Molaetsa o Eang ho Babali” makasineng ena.)

 U NAHANA hore Jehova Molimo o u rata hakae? E le hore u fumane karabo, u lokela ho ithuta hore na o entse’ng e le hore a u pholose sebeng le lefung. Sebe a ke sera se sehloho seo u ke keng oa khona ho se loantša u le mong. Re etsa libe letsatsi le chabang le le likelang ’me ka lebaka leo rea shoa. (Bar. 5:12) Leha ho le joalo, litaba tse monate ke hore Jehova oa re tiisetsa hore o tla re pholosa sebeng le lefung.

2 E se e le lilemo tse ka bang 6 000 Jehova a ntse a thusa batho hore ba khone ho ba metsoalle ea hae le hoja e ntse e le baetsalibe. Lebaka ke hobane oa re rata. Haesale a re rata ho tloha ha a ne a re bopa, kahoo o entse lintho tse ngata ho re thusa ho loantša sebe. Molimo oa tseba hore sebe sea bolaea ’me ha a batle hore re shoe. O batla hore re phele ka ho sa feleng. (Bar. 6:23) Le uena Jehova o u batlela se tšoanang. Sehloohong sena re tla araba lipotso tsena tse tharo: (1) Jehova o ile a fa baetsalibe tšepo efe? (2) Batho ba bang bao Bibele e buang ka bona ba ile ba thabisa Jehova joang? (3) Jesu eena o ile a etsa’ng ho pholosa batho sebeng le lefung?

JEHOVA O ILE A FA BAETSALIBE TŠEPO EFE?

3. Ho tlile joang hore Adama le Eva e qetelle e le baetsalibe?

3 Ha Jehova a ne a bopa monna oa pele le mosali oa pele, o ne a batla hore ba thabe. O ile a ba fa lehae le letle, a ba nyalisa a ba a ba fa mosebetsi o thabisang. Jehova o ne a batla hore ba tlatse lefatše ka bana ba bona ba be ba etse hore lefatše lohle e be paradeise joaloka serapa sa Edene. O ile a ba fa taelo e le ’ngoe feela e bonolo ’me o ile a ba hlokomelisa hore ha ba ne ba ka khetha ho se e mamele ba ne ba tla shoa. Rea tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo. Ho ile ha fihla lengeloi le khopo le neng le sa rate Molimo ebile le sa ba rate ’me la ba khelosa hore ba se ke ba mamela Molimo. Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba mamela lengeloi leo le khopo. Ba ile ba hloleha ho tšepa Ntate oa bona ea neng a ba rata eaba ba etsa sebe. Joalokaha re tseba, mantsoe a Jehova a ile a fela a phethahala. Ho tloha letsatsing leo ba entseng sebe ka lona, ba ile ba tlameha ho mamella litla-morao tsa sebe sa bona. Ba ile ba tsofala eaba qetellong baa shoa.—Gen. 1:​28, 29; 2:​8, 9, 16-18; 3:​1-6, 17-19, 24; 5:5.

4. Ke hobane’ng ha Jehova a hloile sebe? (Baroma 8:​20, 21)

4 Jehova o entse hore tlaleho eo e bohloko e ngoloe ka Bibeleng molemong oa rona. E re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a hloile sebe hakana. Sebe se re arohanya le Jehova ’me se etsa hore qetellong re shoe. (Esa. 59:2) Ke lona lebaka le etsang hore Satane a se rate hakana. O ile a susumeletsa Adama le Eva hore ba etse sebe ’me le hona joale o tsoela pele ho susumeletsa batho ho se etsa. Satane o ne a nahana hore o atlehile ho senya morero oa Molimo ka batho empa o ne a sa utloisise hore na Jehova o lerato hakae. Ha ho mohla Molimo a ileng a fetola morero oa hae ka bana ba Adama le Eva. Kaha Jehova o rata batho, hang-hang o ile a ba fa tšepo. (Bala Baroma 8:​20, 21.) Jehova o ne a tseba hore ba bang ba bana ba Adama le Eva ba ne ba tla khetha ho mo rata le ho mo mamela. Kaha Jehova ke Ntate ebile ke ’Mopi oa bona, o ne a tla ba bulela monyetla oa hore ba lokolloe sebeng le hore e be metsoalle ea hae. Feela Jehova o ne a tla etsa’ng e le hore lintho tsee kaofela li khonehe?

5. Jehova o ile a fa baetsalibe tšepo ka lekhetlo la pele neng, hona o ile a ba fa eona joang? (Genese 3:15)

5 Bala Genese 3:15. Jehova o ile a fa baetsalibe tšepo ka lekhetlo la pele ha a ne a ahlola Satane. O ile a bolela esale pele hore ho tla ba le “ngoana” ea neng a tla pholosa batho bohle. Ngoana enoa o ne a tla lokisa mathata ’ohle ao Satane a neng a a bakile serapeng sa Edene ka hore a mo felise. (1 Joh. 3:8) Leha ho le joalo, ngoana eo o ne a tla feta mathateng a mangata pele. Satane o ne a tla mo hlasela ebe o etsa hore a bolaoe, e leng ntho e neng e tla utloisa Jehova bohloko haholo. Empa Jehova o ne a ikemiselitse ho mamella bohloko boo e le hore batho ba bangata ba pholosoe sebeng le lefung.

BATHO BA BANG BAO BIBELE E BUANG KA BONA BA ILE BA THABISA JEHOVA JOANG?

6. Abele, Noe le batho ba bang ba ratang Jehova ba ile ba etsa’ng hore e be metsoalle ea hae?

6 Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a hlakisa hanyane ka hanyane hore na batho ba baetsalibe e ka ba metsoalle ea hae joang. Abele e leng mora oa bobeli oa Adama le Eva, e ne e le eena motho oa pele oa ho bontša tumelo ho Jehova ka mor’a mathata a ileng a hlaha Edene. Kaha Abele o ne a rata Jehova a bile a batla ho mo thabisa le ho ba motsoalle oa hae, o ile a mo etsetsa sehlabelo. E ne e le molisa, kahoo o ile a hlaba tse ling tsa likonyana tsa hae ’me a etsetsa Jehova sehlabelo ka tsona. Jehova o ile a ikutloa joang ka sehlabelo seo? “O ile a amohela Abele le nyehelo ea hae.” (Gen. 4:4) Jehova o ile a amohela le mahlabelo a batho ba bang ba neng ba mo rata le ho mo tšepa ba kang Noe. (Gen. 8:​20, 21) Ha Jehova a ne a amohela mahlabelo ana o ne a bontša hore batho ba baetsalibe ba ka khona ho ba metsoalle ea hae. b

7. Taba ea hore ebe Abrahama o ne a ikemiselitse ho fana ka mora oa hae e le sehlabelo, e re ruta thuto efe ea bohlokoa?

7 Abrahama o ne a e-na le tumelo e matla ho Jehova. Jehova o ile a mo kopa hore a etse ntho e boima haholo. O ile a re a etse sehlabelo ka mora oa hae Isaka. E tlameha ebe Abrahama o ile a utloa ho etsa joalo e le ntho e bohloko ka ho fetisisa eo a neng a ka e nahana. Empa o ne a ikemiselitse ho mamela Jehova. Leha ho le joalo, Molimo o ile a mo thiba ha a ne a re o bolaea Isaka. Mohlala oo oa Abrahama o ruta batho bohle ba nang le tumelo ho Jehova thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa, ea hore o ne a tla ikemisetsa ho fana ka Mora oa hae eo a mo ratang e le sehlabelo. Na rea bona hore na Jehova o re rata hakaakang?—Gen. 22:​1-18.

8. Mahlabelo ao Baiseraele ba neng ba a etsa a ne a bontša’ng? (Levitike 4:​27-29; 17:11)

8 Lilemo hamorao, Molimo o ile a fa Baiseraele Molao o neng o re ba lokela ho etsa mahlabelo ka liphoofolo e le hore ba tšoareloe libe. (Bala Levitike 4:​27-29; 17:11.) Mahlabelo ao a ne a bontša hore Jehova o ne a tla fana ka sehlabelo se molemo le ho feta, se neng se tla lokolla batho ba bangata sebeng ka ho feletseng. Molimo o ile a susumeletsa baprofeta ba hae hore ba ngole ka ngoana ea neng a tla tla. Ba ile ba re ngoana eo, e leng Mora oa Molimo, o ne a tla utloisoa bohloko a be a bolaoe. O ne a tla bolaoa joaloka nku e neng e tl’o etsoa sehlabelo. (Esa. 53:​1-12) Nahana feela! Jehova o ne a tl’o fana ka Mora oa hae eo a mo ratang e le sehlabelo e le hore a pholose batho bohle sebeng le lefung ho akareletsa le uena.

JESU O ILE A ETSA’NG HO PHOLOSA BATHO?

9. Johanne Mokolobetsi o ile a re’ng ka Jesu? (Baheberu 9:22; 10:​1-4, 12)

9 Ka selemo sa 29 mehleng ea Jesu, Johanne Mokolobetsi o ile a bona Jesu oa Nazaretha ’me a re: “Bonang konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” (Joh. 1:29) Mantsoe ana a ne a bontša hore Jesu ke eena ngoana eo ho ileng ha profetoa khale hore o ne a tla tla. Jesu o ne a tla fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo molemong oa batho. Ngoana eo Jehova a neng a tšepisitse hore o tla tla o ile a qetella a fihlile ’me a fa batho tšepo e tiileng ea hore ba tla lokolloa sebeng ka ho feletseng.—Bala Baheberu 9:22; 10:​1-4, 12.

10. Jesu o ile a bontša joang hore o ne a “tletse ho bitsa” baetsalibe?

10 Ka ho khetheha, Jesu o ne a thusa batho ba neng ba ikutloa ba le molato ka lebaka la libe tsa bona ’me o ile a ba mema hore e be balateli ba hae. O ne a tseba hore sebe ke mohloli o ka sehloohong oa mathata ’ohle a batho. Ke kahoo a neng a thusa banna le basali bao ho neng ho tsebahala hore ke baetsalibe. O ile a etsa papiso ena: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.” Eaba o re: “Ke tletse ho bitsa baetsalibe eseng batho ba lokileng.” (Mat. 9:​12, 13) Jesu o ile a fela a etsa joalo. O ile a ba mosa ho mosali oa moetsalibe ea neng a mo hlatsoa maoto ka meokho ea hae ’me a mo tšoarela libe. (Luka 7:​37-50) Ha Jesu a kopana le mosali oa Mosamaria selibeng, o ile a mo ruta lithuto tsa bohlokoa le hoja a ne a tseba hore o lula le monna eo e seng oa hae. (Joh. 4:​7, 17-19, 25, 26) Molimo o ile a ba a fa Jesu matla a ho felisa e ’ngoe ea litla-morao tse bohloko ka ho fetisisa tsa sebe e leng lefu. Re tseba seo joang? Jesu o ile a tsosa banna, basali le bana bafung.—Mat. 11:5.

11. Ke hobane’ng ha batho ba neng ba tsejoa e le baetsalibe ba ne ba rata Jesu?

11 Kannete ha ho makatse hore ebe esita le batho ba neng ba tsejoa e le baetsalibe ba ne ba rata Jesu. O ne a ikenya lieteng tsa bona ebile a ba bontša mosa. Ke kahoo ba neng ba sa tšabe ho bua le eena. (Luka 15:​1, 2) Jesu o ile a babatsa le ho putsa batho ba joalo hobane ba ile ba bontša hore ba na le tumelo ho eena. (Luka 19:​1-10) Tsela eo a neng a tšoara batho ka eona e ne e bontša hantle hore Jehova o mohau. (Joh. 14:9) O ile a bontša ka mantsoe le ka liketso hore Ntate oa hae ea mosa le ea mohau o rata baetsalibe ebile o batla ho thusa e mong le e mong oa bona. Jesu o ile a thusa baetsalibe hore ba batle ho fetola mekhoa ea bona ’me e be balateli ba hae.—Luka 5:​27, 28.

12. Jesu o ile a re’ng ho barutuoa ba hae ka lefu la hae?

12 Jesu o ne a tseba hore na ho tl’o etsahala’ng ka eena. O ile a bolella barutuoa ba hae ka makhetlo hore o tla rekisoa a be a bolaeloe palong. (Mat. 17:22; 20:​18, 19) O ne a tseba hore ho fana ka bophelo ba hae ho tla tlosa sebe sa lefatše joalokaha Johanne Mokolobetsi le baprofeta ba bang ba ne ba boletse esale pele. O ile a boela a re ka mor’a hore a shoe o ne a tla “hulela batho ba lichaba tsohle” ho eena. (Joh. 12:32) Batho ba baetsalibe ba ne ba ka thabisa Jehova ka ho amohela Jesu e le Morena oa bona le ka ho mo etsisa. Ha ba ne ba ka etsa joalo, qetellong ba ne ba tla “lokolloa sebeng.” (Bar. 6:​14, 18, 22; Joh. 8:32) Kahoo, Jesu o ile a ba sebete ’me a ikemisetsa ho shoa lefu leo le sehloho.—Joh. 10:​17, 18.

13. Ho ile ha etsahala’ng ka Jesu, hona lefu la hae le re ruta’ng ka Jehova Molimo? (Sheba setšoantšo.)

13 Jesu o ile a rekisoa, a tšoaroa, a rohakoa, a senngoa lebitso, a ahloleloa lefu a ba a hlokofatsoa ka sehloho. Masole a ile a mo isa moo a neng a tl’o bolaeloa teng a ba a mo khokhothela palong. Ha Jesu a ntse a etsahalloa ke lintho tsena tse bohloko, Jehova Molimo o ile a utloa bohloko bo fetang. Le hoja Jehova a ne a e-na le matla a ho pholosa Jesu, ha aa ka a etsa joalo. Ke hobane’ng ha a ile a tlohela Jesu hore a utloe bohloko empa a ne a mo rata hakaale? Hobane le rona oa re rata. Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.”—Joh. 3:16.

Jehova o ile a etsa ntho e ileng ea mo utloisa bohloko bo otlang pelo. O ile a tlohela Mora oa hae hore a bolaoe e le hore re lopolloe sebeng le lefung (Sheba serapa sa 13)


14. Sehlabelo sa Jesu ke bopaki ba eng?

14 Sehlabelo sa Jesu ke bopaki bo boholo ka ho fetisisa ba hore Jehova o rata bana ba Adama le Eva. Ke bopaki ba hore le uena Jehova o u rata haholo. O ile a etsa ntho e ileng ea mo utloisa bohloko haholo, a fana ka Mora oa hae eo a mo ratang e le hore a u pholose sebeng le lefung. (1 Joh. 4:​9, 10) Jehova o batla ho re thusa hore re mo sebeletse le hoja re le baetsalibe ebile o ikemiselitse ho felisa sebe nakong e tlang.

15. Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova Molimo a re tšoarele libe?

15 Mpho eo Molimo a faneng ka eona e leng sehlabelo sa Mora oa hae, e entse hore re khone ho tšoareloa libe. Empa le rona re lokela ho etsa ho hong e le hore Molimo a re tšoarele. Re lokela ho etsa’ng? Mantsoe ao Johanne Mokolobetsi le Jesu Kreste ba ileng ba a bua a fana ka karabo. Ba ile ba re: “Bakang hobane ’Muso oa maholimo o atametse.” (Mat. 3:​1, 2; 4:17) Re lokela ho baka haeba re batla ho tšoareloa libe le ho ba metsoalle ea Ntate oa rona ea re ratang. Leha ho le joalo, ho baka ho bolela’ng, hona ho ka re thusa joang hore re thabise Jehova le hoja re le baetsalibe? Sehloohong se latelang re tla araba lipotso tseo.

PINA EA 18 Rea U Leboha ka Mora oa Hao

a TLHALOSO: Ka Bibeleng lentsoe “sebe” le ka bolela ho etsa lintho tse fosahetseng kapa ho hloleha ho mamela melao ea Jehova ea boitšoaro. Le ka boela la hlalosa boemo boo re leng ho bona ba ho se phethahale kapa ho ba baetsalibe, boo re bo futsitseng ho Adama. Sebe sena seo kaofela re se futsitseng ho Adama ke sona se etsang hore re shoe.

b Nakong e fetileng, Jehova o ile a amohela mahlabelo ao batho ba mo ratang ba ileng ba mo etsetsa ’ona hobane a ne a tseba hore nakong e tlang, Jesu Kreste o tla tela bophelo ba hae e le sehlabelo e le hore a pholose batho bohle sebeng le lefung ka ho feletseng.—Bar. 3:25.