Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 48

“Le Halalele”

“Le Halalele”

“Le halalele boitšoarong bohle ba lona.”​—1 PET. 1:15.

PINA EA 34 Re Sebeletsa Jehova ka Botšepehi

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke keletso efe eo moapostola Petrose a ileng a e fa Bakreste, hona ke hobane’ng ha ho ka bonahala eka ho thata hore re e mamele?

HO SA tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, re ka fumana molemo ka ho ithuta keletsong eo moapostola Petrose a ileng a e fa Bakreste ba tlotsitsoeng ba mehleng ea pele. O ile a re: “Tumellanong le Mohalaleli ea le bitsitseng, le lona le fele le halalele boitšoarong bohle ba lona, hobane ho ngoliloe: ‘Le halalele, hobane kea halalela. ’” (1 Pet. 1:15, 16) Mantsoeng ana, rea ithuta hore re ka khona ho etsisa Jehova eo e leng mohlala o ka sehloohong oa ho halalela. Re lokela ho halalela boitšoarong ba rona. Seo se ka bonahala eka ha se na khoneha kaha ha rea phethahala. Petrose o ile a etsa liphoso empa mohlala oa hae oa re bontša hore re ka ‘halalela.’

2. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

2 Sehloohong sena, re tla araba lipotso tsena tse latelang: Ho halalela ho bolela’ng? Bibele e re ruta’ng ka khalalelo ea Jehova? Re ka bontša joang hore rea halalela boitšoarong? Hona ho halalela ho amana joang le setsoalle sa rona le Jehova?

HO HALALELA HO BOLELA’NG?

3. Batho ba bangata ba nahana hore motho ea halalelang ke ea joang, empa ke hokae moo re ka fumanang hore ho halalela ho bolela’ng?

3 Batho ba bangata ha ba nahana ka motho ea halalelang ba nahana ka motho ea sa thabang, ea aparang liaparo tsa bolumeli le ea sa bososeleng. Empa seo ha se ’nete. Jehova oa halalela ebile Bibele e re ke “Molimo ea thabileng.” (1 Tim. 1:11) Batho ba mo sebeletsang ba bitsoa ba thabileng. (Pes. 144:15) Jesu o ne a nyatsa batho ba neng ba apara ka tsela e ikhethang ebile ba etsa lintho tse ntle e le hore feela ba bonahale ba lokile ka pel’a batho ba bang. (Mat. 6:1; Mar. 12:38) Bakreste ba ’nete ba ithutile Bibeleng hore na ho halalela ho bolela’ng. Rea tseba hore Molimo oa rona ea halalelang le ea lerato a ke ke a re re etse ntho eo re ke keng ra khona ho e etsa. Kahoo, ha Jehova a re ho rona: “Le halalele,” rea tseba hore ke ntho eo re ka khonang ho e etsa. Ke ’nete hore pele re ka bontša hore rea halalela boitšoarong, re lokela ho utloisisa hore na ho halalela ho bolela’ng.

4. Mantsoe “ho halalela” le “khalalelo” a bolela’ng?

4 Ho halalela ho bolela’ng? Ka Bibeleng, mantsoe “ho halalela” le “khalalelo” a bolela ho hloeka boitšoarong le bolumeling. Mantsoe ana a ka boela a bolela motho ea sebeletsang Molimo. Ka mantsoe a mang, re tla be re halalela haeba re hloekile boitšoarong, re sebeletsa Jehova ka tsela e loketseng le haeba re le metsoalle ea hae. Hoa hlolla ho tseba hore le hoja re sa phethahala ’me Jehova eena a phethahetse ebile a halalela, o ntse a batla hore re be metsoalle ea hae e haufi.

“OA HALALELA, OA HALALELA, OA HALALELA JEHOVA”

5. Re ka ithuta’ng ka Jehova ho mangeloi a tšepahalang?

5 Jehova o hloekile ka litsela tsohle. Re ithuta sena ho tsoa ho lirafime, e leng mangeloi a haufi le terone ea hae. A mang a ’ona a ile a re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova oa mabotho.” (Esa. 6:3) Kaha mangeloi ana a halalela, a khona ho ba le setsoalle se haufi le Molimo eo le eena a halalelang. Ke ka hona ho thoeng sebaka seo lengeloi le neng le e-ba ho sona sea halalela. Ke sona se ileng sa etsahala ha Moshe a ne a le ka pel’a sehlahla se meutloa se neng se tuka.​—Ex. 3:2-5; Josh. 5:15.

Polelo e reng “Khalalelo ke ea Jehova” e ne e ngotsoe lekapeng la khauta le neng le le ka holim’a tuku ea moprista ea phahameng (Sheba serapa sa 6-7)

6, 7. (a) Ho ea ka Exoda 15:1, 11, Moshe o ile a hatisa joang taba ea hore Jehova oa halalela? (b) Ke’ng e neng e hopotsa Baiseraele hore Jehova oa halalela? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

6 Ka mor’a hore Moshe a tataise Baiseraele hore ba fete Leoatleng le Lefubelu, o ile a hatisa bohlokoa ba hore Molimo oa bona Jehova oa halalela. (Bala Exoda 15:1, 11.) Boitšoaro ba Baegepeta ba neng ba sebeletsa melimo ea bohata bo ne bo bontša hore ho hang ha ba halalele. Bakanana ba neng ba rapela melimo ea bohata le bona ba ne ba sa halalele. Borapeli ba bona bo ne bo akarelletsa ho etsa mahlabelo ka bana le boitšoaro bo litšila ba ho etsa thobalano. (Lev. 18:3, 4, 21-24; Deut. 18:9, 10) Empa Jehova eena ho fapana le melimo eo ea bohata, a ke ke a bolella barapeli ba hae hore ba etse ntho leha e le efe e sa hloekang. O halalela ka ho felletseng. E le hore a hopotse Baiseraele seo, o ile a re mantsoe ao a ngoloe lekapeng la khauta le neng le le ka holim’a tuku ea moprista ea phahameng. Mantsoe a neng a ngotsoe lekapeng leo a ne a re: “Khalalelo ke ea Jehova.”​—Ex. 28:36-38.

7 Mantsoe ao a neng a ngotsoe lekapeng leo, a ne a kholisa motho e mong le e mong ea a bonang hore kannete Jehova oa halalela. Empa haeba Moiseraele a ne a sa khone ho bona lekapa leo hobane a le hole le moprista ea phahameng, na o ne a ka fetoa ke molaetsa oo oa bohlokoa? Ha ho joalo. Moiseraele e mong le e mong o ne a utloa molaetsa oo ha Molao o ne o baloa ka pel’a banna, basali le bana. (Deut. 31:9-12) Haeba u ne u ka ba teng moo, u ne u tla utloa ho baloa mantsoe ana a reng: “Ke ’na Jehova Molimo oa lona; . . . le halalele hobane kea halalela.” “Le halalele ho ’na, hobane ’na Jehova kea halalela.”​—Lev. 11:44, 45; 20:7, 26.

8. Re ithuta’ng ho Levitike 19:2 le 1 Petrose 1:14-16?

8 Hona joale a re bueng ka mantsoe ao Jehova a ileng a re a balloe Baiseraele bohle a hlahang ho Levitike 19:2. Jehova o ile a re ho Moshe: “Bua le phutheho eohle ea bara ba Iseraele, o re ho bona, ‘Le lokela ho halalela, hobane ’na Jehova Molimo oa lona kea halalela.’” E ka ’na eaba Petrose o ile a qotsa mantsoe a hlahang temaneng eo nakong eo a neng a khothalletsa Bakreste hore ba “halalele.” (Bala 1 Petrose 1:14-16.) Ke ’nete hore kajeno ha re tlas’a Molao oa Moshe. Leha ho le joalo, mantsoe a Petrose a netefatsa seo re ithutang sona ho Levitike 19:2, hore Jehova oa halalela ’me bohle ba mo ratang ba lokela ho leka ka thata hore ba halalele. Re lokela ho etsa joalo ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng.​—1 Pet. 1:4; 2 Pet. 3:13.

“LE HALALELE BOITŠOARONG BOHLE BA LONA”

9. Re tla fumana molemo ofe ha re hlahloba lengolo la Levitike khaolo ea 19?

9 Kaha re batla ho thabisa Molimo oa rona ea halalelang, re batla ho ithuta hore na re ka etsa’ng e le hore re halalele. Jehova oa re bolella hore na re ka etsa seo joang ho Levitike khaolo ea 19. Setsebi sa Seheberu e leng Marcus Kalisch se ile sa ngola sa re: “Khaolo ena ea Levitike e ka ’na eaba ke ea bohlokoa ka ho fetisisa lengolong la Levitike le libukeng tse hlano tsa Bibele tse qalang.” Hopola hore lengolo la Levitike khaolo ea 19 le qala ka mantsoe a reng: “Le halalele.” Hona joale a re ke re hlahlobeng litemana tse ’maloa tse hlahang khaolong ena tse re rutang litsela tsa kamoo re ka bontšang hore rea halalela bophelong ba rona.

Molao o buang ka batsoali o hlahang ho Levitike 19:3 o lokela ho susumelletsa Bakreste hore ba nahane ka eng? (Sheba serapa sa 10-12) *

10, 11. Levitike 19:3 e re re lokela ho etsa’ng, hona ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa hore re etse joalo?

10 Ka mor’a hore Jehova a bolelle Baiseraele hore ba lokela ho halalela, o ile a re: “E mong le e mong o lokela ho tšaba ’m’ae le ntat’ae. . . Ke ’na Jehova Molimo oa lona.”​—Lev. 19:2, 3.

11 Ho hlakile hore ke ntho ea bohlokoa hore re mamele taelo ea Molimo ea hore re hlomphe batsoali ba rona. Hopola seo Jesu a ileng a se bua ha monna e mong a ne a mo botsa a re: “Ke etse molemo ofe e le hore ke fumane bophelo bo sa feleng?” Ntho e ’ngoe eo Jesu a ileng a mo bolella eona ke hore o ne a lokela ho hlompha ’m’ae le ntat’ae. (Mat. 19:16-19) Jesu o ne a nyatsa Bafarisi le bangoli hobane ba ne ba leka kahohle hore ba se ke ba hlokomela batsoali ba bona ’me ka tsela eo, ba ne ba “entse lentsoe la Molimo lefeela.” (Mat. 15:3-6) “Lentsoe la Molimo” le ne le akarelletsa molao oa bohlano ho Melao e Leshome hammoho le oo re o balang ho Levitike 19:3. (Ex. 20:12) Re boele re hopole hore taelo e hlahang ho Levitike 19:3 ea hore re hlomphe batsoali ba rona, e hlaha ka mor’a mantsoe a reng: “Le lokela ho halalela, hobane ’na Jehova Molimo oa lona kea halalela.”

12. Ho ea ka Levitike 19:3, re ka ipotsa potso efe?

12 Ha re nahana ka taelo eo Jehova a re fileng eona ea hore re hlomphe batsoali ba rona, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke hlompha batsoali ba ka?’ Haeba u bona eka ho na le lintho tseo u sa li etsang hantle, u ka etsa qeto hona joale ea hore u lokise. Ke ’nete hore u ke ke oa fetola lintho tseo u li entseng nakong e fetileng empa u ka etsa sohle seo u ka se khonang hona joale ho qeta nako le batsoali ba hao le ho ba thusa. Mohlomong u ka lokisetsa hore ho be le nako eo u e qetang u e-na le bona. Kapa mohlomong u ka ba thusa ka ho ba rekela lintho tseo ba li hlokang, oa ba thusa hore ba be le setsoalle se haufi le Jehova le ho mo sebeletsa kapa u ka ba khothatsa le ho ba tšelisa. Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore u mamela taelo e hlahang ho Levitike 19:3.

13. (a) Ke taelo efe hape eo re e fumanang ho Levitike 19:3? (b) Re ka etsisa mohlala oa Jesu o hlahang ho Luka 4:16-18 joang mehleng ee?

13 Levitike 19:3 e re ruta ntho e ’ngoe hape ka ho halalela. E bua ka ho boloka Sabatha. Kaha Bakreste ha ba tlas’a Molao, ha re boloke Sabatha ea beke le beke. Leha ho le joalo, re ka ithuta ho hongata tseleng eo Baiseraele ba neng ba boloka Sabatha ka eona le hore na ho e boloka ho ne ho ba tsoela molemo joang. Sabatha e ne e le nako eo ka eona motho e mong le e mong a neng a sa etse mosebetsi leha e le ofe empa o ne a tsepamisa mohopolo oa hae ho sebeletseng Molimo. * Ke kahoo Jesu a neng a ea synagogeng motseng oa habo ka letsatsi la Sabatha ’me a bala Lentsoe la Molimo. (Ex. 31:12-15; bala Luka 4:16-18.) Taelo ea Jehova e hlahang ho Levitike 19:3 e reng le ‘boloke lisabatha tsa [hae]’ e lokela ho re khothalletsa hore re iketsetse nako letsatsi le letsatsi ea hore re sebeletse Molimo. Na u nahana hore ho na le liphetoho tseo u lokelang ho li etsa e le hore u mamele taelo eo? Haeba kamehla u iketsetsa nako ea hore u sebeletse Jehova, seo se tla etsa hore u be le setsoalle se haufi le eena, e leng ntho eo u lokelang ho e etsa e le hore u halalele.

MATLAFATSA SETSOALLE SA HAO LE JEHOVA

14. Ke ’nete efe ea bohlokoa e phetoang ka makhetlo ho Levitike khaolo ea 19?

14 Levitike khaolo ea 19 e bua ka makhetlo ka ’nete e ka re thusang hore re lule re halalela. Temana ea bone e qetella ka mantsoe a reng: “Ke ’na Jehova Molimo oa lona.” Mantsoe ao le a tšoanang le ’ona a hlaha ka makhetlo a 16 khaolong ena. Sena se re hopotsa molao oa pele o reng: “Ke ’na Jehova Molimo oa hao . . . U se ke oa ba le melimo e meng khahlanong le sefahleho sa ka.” (Ex. 20:2, 3) Mokreste e mong le e mong ea batlang ho halalela, o lokela ho etsa bonnete ba hore ha ho na ntho kapa motho ea bohlokoa ho feta setsoalle sa hae le Jehova. Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re ikemiselitse ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e ka hlomphollang lebitso la hae le halalelang.​—Lev. 19:12; Esa. 57:15.

15. Litemana tse hlahang ho Levitike khaolo ea 19 tse buang ka mahlabelo li lokela ho re susumelletsa hore re etse’ng?

15 Baiseraele ba ne ba bontša hore ba nka Jehova e le Molimo oa bona ka hore ba mamele melao ea hae. Levitike 18:4 e re: “Le lokela ho phetha liqeto tsa ka tsa boahloli, ’me le lokela ho boloka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng e le hore le tsamaee ka tsona. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.” Khaolo ea 19 e bua ka tse ling tsa “litaelo” tseo tse neng li filoe Baiseraele. Ka mohlala, litemana tsa 5-8, 21, 22 li bua ka mahlabelo a liphoofolo. Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa mahlabelo ao ka tsela e neng e sa tl’o ‘silafatsa ntho e halalelang ea Jehova.’ Ho bala litemana tsena ho lokela ho re susumelletsa hore re batle ho thabisa Jehova le ho mo fa mahlabelo a thoriso ao a a amohelang joalokaha Baheberu 13:15 e re khothalletsa.

16. Ke’ng e ka re hopotsang phapang e teng pakeng tsa batho ba sebeletsang Molimo le ba sa mo sebeletseng?

16 E le hore re halalele re lokela ho bontša hore re fapane le batho ba sa sebeletseng Molimo. Ho etsa seo ho ka ba thata. Ka linako tse ling bana bao re kenang sekolo le bona, batho bao re sebetsang le bona, ba malapa bao e seng Lipaki le batho ba bang, ba ka re hatella hore re etse lintho tse ka re thibelang ho sebeletsa Jehova ka tsela eo a batlang hore re mo sebeletse ka eona. Ha seo se etsahala, re lokela ho etsa qeto ea bohlokoa. Ke’ng e ka re thusang hore re etse qeto e nepahetseng? Nahana ka molao-motheo ona o hlahang ho Levitike 19:19 o reng: “Le se ke la apara liaparo tsa litšoele tsa mefuta e ’meli, tse loheletsoeng hammoho.” Molao oo o ne o thusa ho khetholla Baiseraele ho lichaba tse neng li ba pota-potile. Mehleng ena, ha se phoso hore Mokreste a apare seaparo se entsoeng ka mefuta e fapaneng ea masela. Empa ha re batle ho tšoana le batho bao tumelo ea bona kapa mekhoa ea bona e sa lumellaneng le seo Bibele e se rutang, ho sa tsotellehe hore na ke bana bao re kenang sekolo le bona, batho bao re sebetsang le bona kapa ba malapa a rona. Ke ’nete hore re rata ba malapa a rona le baahelani ba rona. Leha ho le joalo, ha re etsa liqeto tsa bohlokoa bophelong re batla hore re se ke ra tšoana le batho ba sa sebeletseng Jehova. Hopola hore haeba re batla ho halalela, ke ha bohlokoa hore re etse qeto ea ho sebeletsa Molimo.​—2 Bakor. 6:14-16; 1 Pet. 4:3, 4.

Baiseraele ba ne ba lokela ho ithuta eng ho Levitike 19:23-25, hona ke’ng seo uena u ithutang sona litemaneng tseo? (Sheba serapa sa 17-18) *

17, 18. Ke thuto efe ea bohlokoa eo re ka ithutang eona ho Levitike 19:23-25?

17 Mantsoe a reng, “Ke ’na Jehova Molimo oa lona” e tlameha ebe a ile a thusa Baiseraele hore ba nke kamano ea bona le Jehova e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Ba ne ba tla etsa seo joang? Levitike 19:23-25 ea bontša hore ba ne ba lokela ho etsa’ng. (E bale.) Nahana ka hore na mantsoe ana a ne a tla bolela’ng ho Baiseraele ka mor’a hore ba kene Naheng e Tšepisitsoeng. Haeba motho a ne a lema lifate bakeng sa lijo, o ne a sa lokela ho ja litholoana tsa tsona ka lilemo tse tharo. Ka selemo sa bone, litholoana tseo li ne li isoa sehalalelong sa Molimo. Ka selemo sa bohlano ke hona motho ea neng a lemme sefate a neng a ka ja litholoana tsa sona. E tlameha ebe molao ona o ile oa thusa Baiseraele hore ba utloisise hore ba se ke ba etelletsa lithahasello tsa bona pele. Jehova o ne a batla hore ba tšepe hore o tla ba hlokomela le hore ho mo sebeletsa ho tle pele bophelong ba bona. Hape o ne a tla etsa bonnete ba hore ba na le lijo tse lekaneng. Molimo o ne a ba khothalletsa hore ba fane ka limpho sehalalelong e leng sebaka seo ba neng ba rapela ho sona.

18 Mantsoe a hlahang ho Levitike 19:23-25 a re hopotsa seo Jesu a ileng a se bua Thutong ea hae ea Thabeng. O ile a re: “Khaotsang ho tšoenyeha ka . . . hore na le tla jang kapa le tla noa’ng.” O ile a tsoela pele a re: “Ntat’a lona oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.” Jehova o tla re hlokomela feela joalokaha a hlokomela linonyana. (Mat. 6:25, 26, 32) Re kholisehile hore Jehova o tla re hlokomela hape re fa batho ba hlokang thuso “limpho tsa mohau” moo batho ba bang ba sa re boneng. Re boetse re fana ka monehelo bakeng sa litšenyehelo tsa phutheho. Jehova oa bona ha re fana ka monehelo e le hore re tšehetse borapeli ba hae ’me o tla re putsa. (Mat. 6:2-4) Ha re fana, rea bontša hore re utloisisa lintho tseo re ithutileng tsona ho Levitike 19:23-25.

19. Ho ithuta tse ling tsa litemana tsa Levitike ho u thusitse joang?

19 Re hlahlobile litemana tse ’maloa tse hlahang ho Levitike khaolo ea 19 ’me li re thusitse ho utloisisa hore na ke joang re ka bang joaloka Molimo oa rona ea halalelang. Ha re mo etsisa, rea bontša hore re leka ho ‘halalela boitšoarong bohle ba rona.’ (1 Pet. 1:15) Batho ba bangata ba sa sebeletseng Jehova ba hlokometse hore batho ba mo sebeletsang ba itšoere hantle. Ha e le hantle, boitšoaro boo bo botle bo etsa hore batho ba bang ba tlotlise Jehova. (1 Pet. 2:12) Empa ho na le lintho tse ling tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho Levitike khaolo ea 19. Sehlooho se latelang se tla bua ka litemana tse ling tse hlahang khaolong ena ’me se tla re thusa ho utloisisa litsela tse ling tseo re ka ‘halalelang’ joalokaha Petrose a ile a re khothalletsa.

PINA EA 80 “Latsoang ’Me le Bone Hore Jehova o Molemo”

^ ser. 5 Re rata Jehova haholo ’me re batla ho mo thabisa. Jehova oa halalela ’me o lebelletse hore le bahlanka ba hae ba halalele. Na hoa khonahala hore batho ba sa phethahalang ba halalele? E, hoa khonahala. Ho hlahlobisisa keletso ea moapostola Petrose ha a ne a bua le balumeli-’moho le eena le litaelo tseo Jehova a ileng a li fa Baiseraele ba mehleng ea pele, ho tla re thusa ho bona hore na re ka halalela joang boitšoarong bohle ba rona.

^ ser. 13 Ho fumana lintlha tse ling ka Sabatha le hore na re ka ithuta eng ho eona, sheba sehlooho se reng “‘Ho na le Nako e Behiloeng’ Bakeng sa ho Sebetsa le ho Phomola” se hlahang Molula-Qhooeng oa December 2019.

^ ser. 57 LITŠOANTŠO: Mora ea seng a holile o qeta nako le batsoali ba hae, oa ba etela le mosali oa hae le ngoana oa hae ’me o bua le bona kamehla.

^ ser. 59 LITŠOANTŠO: Moiseraele o hlahloba tse ling tsa litholoana tsa sefate seo a se lemmeng.