Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Levitike 19:16 e na le taelo e reng motho a se ke a “ema khahlanong le mali a” motho e mong. Taelo ee e bolela’ng, hona re ka ithuta eng ho eona?

Jehova o ile a bolella Baiseraele hore ba lokela ho halalela. E le ho ba thusa hore ba halalele, o ile a re: “U se ke oa chalaka hara batho ba heno ka morero oa ho etselletsa. U se ke oa ema khahlanong le mali a oa heno. Ke ’na Jehova.”​—Lev. 19:2, 16.

Poleloana e reng “ema khahlanong le” ke phetolelo e nepahetseng ea mantsoe ana ho tsoa Seheberung empa poleloana ee e bolela’ng? Buka e ’ngoe ea Sejuda e buang ka Levitike e re: “Karolo ena ea temana . . . ho thata ho e utloisisa hobane ho thata ho tseba hore na ho boleloa eng ka poleloana ea Seheberu eo ha e le hantle e bolela’ng ‘u se ke oa ema holim’a kapa ka pel’a.’”

Litsebi tse ling li nahana hore poleloana ena e amana le temana ea 15 e reng: “Le se ke la etsa ka ho hloka toka kahlolong. Le se ke la tšoara ea tlaase ka leeme, ’me le se ke la emela e moholo. Le ahlole oa habo lona ka toka.” (Lev. 19:15) Kahoo, taelo e hlahang temaneng ea 16 e reng motho a se ke a “ema khahlanong le” e mong e ne e ka bolela hore Baiseraele ha baa lokela ho etsa letho ka ho hloka toka makhotleng a linyeoe, litabeng tsa khoebo kapa ka lapeng. Hape Moiseraele o ne a sa lokela ho etsa letho ka bolotsana e le hore a fumane molemo o itseng. Ke ’nete hore ha rea lokela ho etsa lintho tsena empa ho na le tsela e ’ngoe e hlakileng haholo ea ho utloisisa poleloana ena e hlahang temaneng ea 16.

Ela hloko karolo e qalang ea temana ea 16. Molimo o laela batho ba hae hore ba se ke ba tsamaea ba ntse ba etselletsa batho ba bang. Ke ’nete hore ha motho e mong a seba batho ba bang a ka baka mathata. Empa ho etselletsa motho e mong ho hobe le ho feta. (Liprov. 10:19; Moek. 10:12-14; 1 Tim. 5:11-15; Jak. 3:6) Hangata motho ea etselletsang o bua litaba tseo e seng ’nete ka boomo ho senya botumo ba motho e mong. Motho ea etselletsang a ka ’na a fana ka bopaki ba bohata khahlanong le motho e mong le hoja ho etsa joalo ho ka beha bophelo ba motho eo kotsing. Hopola hore ho na le banna ba ileng ba fana ka bopaki ba bohata khahlanong le Nabothe ’me ka lebaka leo o ile a tlepetsoa ka majoe a se na molato. (1 Mar. 21:8-13) Kahoo, joalokaha ho boletsoe karolong ea bobeli ea Levitike 19:16, motho ea etselletsang a ka ema khahlanong le mali a motho e mong ka ho etsa hore a bolaoe.

Ho feta moo, motho a ka etselletsa e mong hobane a mo hloile. 1 Johanne 3:15 e re: “E mong le e mong ea hloileng mor’abo ke ’molai, ’me lea tseba hore ha ho ’molai eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.” Hape ka mor’a hore Molimo a re: “U se ke oa ema khahlanong le mali a oa heno,” o ile a boela a re: “U se ke oa hloea moreno ka pelong ea hao.”​—Lev. 19:17.

Kahoo, taelo e sa tloaelehang e hlahang ho Levitike 19:16, e fana ka keletso e matla ho Bakreste ea hore re tlameha ho qoba ho ba le menahano e mebe le ho etselletsa batho ba bang. Haeba re “ema khahlanong le” motho e mong ka hore re mo etselletse hobane re sa mo rate kapa re mo monela, e ka ’na ea e-ba bopaki ba hore re mo hloile. Bakreste ba lokela ho qoba ka ho feletseng ho hloea batho ba bang.​—Mat. 12:36, 37.