Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U se U Itokiselitse ho “Rua Lefatše”?

Na U se U Itokiselitse ho “Rua Lefatše”?

KAOFELA ha rona re labalabela ho bona ha ho phethahala tšepiso ea Jesu e reng: “Ho thaba ba bonolo kaha ba tla rua lefatše.” (Mat. 5:5) Batlotsuoa ba tla rua lefatše ha e e-ba marena ’me ba busa le Jesu leholimong. (Tšen. 5:10; 20:6) Bakreste ba bangata ba ’nete mehleng ena ba lebeletse ka tjantjello ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ba tla phethahala, ba thabe ’me ba phele ka khotso. Ho na le mosebetsi oa bohlokoa oo ba lokelang ho o etsa e le hore seo se etsahale. Ka mohlala, ba tla thusa ka hore ba etse lefatše paradeise le ho etsa bonnete ba hore batho ba tsositsoeng ba na le lintho tseo ba li hlokang le ho ba ruta. Nahana hore na ke’ng eo u ka e etsang hona joale ho bontša hore lefatšeng le lecha u batla ho etsa lintho tsena tseo re buileng ka tsona.

NA U SE U ITOKISELITSE HO ETSA LEFATŠE PARADEISE?

Ha Jehova a ne a laela batho hore ba ‘tlale lefatše ’me ba le buse,’ o ile a bontša hore lefatše le tla qetella e le paradeise. (Gen. 1:28) Batho ba tla phela ka ho sa feleng ba tla lokela ho mamela taelo eo. Lefatše e ke ke ea e-ba paradeise qalong hobane serapa sa Edene ha se sa le eo hona joale. Ka mor’a Armagedone, ho tla ba le mosebetsi o mongata o tla etsoa e le hore ho hloekisoe likarolo tse itseng tsa lefatše tse senyehileng. Oo e tla be e le mosebetsi o mongata haholo.

Mosebetsi ona o re hopotsa oo Baiseraele ba ileng ba o etsa ha ba ne ba tsoa Babilona. Ka lilemo tse 70 ho ne ho se na batho ba lulang naheng ea ha bo bona. Esaia o ile a re Jehova o ne a tla ba thusa hore ba etse hore naha eo e be ntle hape. Boprofeta boo bo ile ba re: “O tla etsa hore lefeella la eona le be joaloka Edene le lehoatata la eona le be joaloka serapa sa Jehova.” (Esa. 51:3) Jehova o ile a thusa Baiseraele hore ba etse naha ea bona hore e be ntle. Ka tsela e tšoanang, ka thuso ea Jehova batho ba tla rua lefatše ba tla khona ho le etsa hore e be paradeise e ntle. Ho na le lintho tse ngata tseo u ka li etsang hona joale ho bontša hore u batla ho etsa mosebetsi oo nakong e tlang.

Tsela e ’ngoe ke ka hore u etse sohle seo u ka se khonang hore u hloekise moo u lulang e le hore ho ka lula ho hloekile. U ka etsa joalo le haeba baahisani ba hao ba le bohlasoa. U ka boela oa thusa ka hore u hloekise le ho lokisa Holo ea ’Muso le Holo ea Kopano. Ha maemo a hao a u lumella, u ka etsa kopo ea hore u be moithaopi ea ka thusang ha ho hlaha likoluoa. Seo se tla bontša hore u ikemiselitse ho thusa bara le barali ba bo rona. U ka ithuta lintho tse itseng tseo u ka li sebelisang haeba Jehova a u lumella hore u phele lefatšeng ka ho sa feleng.

NA U SE U ITOKISELITSE HO THUSA BATHO BA TLA TSOSOA?

Jesu o ile a re morali oa Jairuse a fuoe lijo hang-hang ka mor’a hore a tsosoe. (Mar. 5:42, 43) E ka ’na eaba ho ne ho le bonolo ho thusa ngoanana eo ea lilemo li 12. Leha ho le joalo, u ka inahanela hore na e tla ba mosebetsi o mongata hakae o tla etsoa ha Jesu a phethahatsa tšepiso ea hae ea hore ‘bohle ba mabitleng ba utloe lentsoe la hae ebe baa tsoa.’ (Joh. 5:28, 29) Le hoja Bibele e sa fane ka lintlha kaofela, ho ka etsahala hore batho ba tsositsoeng ba tla hloka lijo, bolulo le liaparo. U ka bontša hona joale hore u ikemiselitse ho thusa. Ho na le lintho tse ’maloa tseo u ka li etsang.

U ka etsa’ng mehleng ee ho bontša hore u itokiselitse ho rua lefatše?

Na u ithaopela ho memela molebeli oa potoloho lijong ha ho etsoa tsebiso ea hore o tl’o etela phutheho ea ha bo lona? Ha mora kapa morali oa bo rona ea neng a sebeletsa Bethele a isoa tšimong kapa molebeli oa potoloho a tlohela mosebetsi oa ho potoloha, na u ka ba thusa ka hore u ba batlele bolulo? Haeba ho tl’o ba le kopano ea setereke kapa e khethehileng sebakeng seo u lulang ho sona, na u ka ithaopela ho amohela baeti pele ho kopano kapa ka mor’a eona?

NA U SE U ITOKISELITSE HO RUTA BATHO BA TLA TSOSOA?

Liketso 24:15 e re batho ba libilione ba tla tsosoa. Ba bangata ba bona ha baa ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka Jehova pele ba hlokahala. Ba tla fumana monyetla ka mor’a hore ba tsosoe. a Bahlanka ba Molimo ba tšepahalang le ba nang le boiphihlelo ba tla ruta batho ba tsositsoeng. (Esa. 11:9) Charlotte eo esale a bolela litaba tse monate Europe, Amerika Boroa le Afrika o lebeletse ho bona seo se etsahala. O ile a bua sena a thabile a re: “Ke tatetse ho bona ke ruta batho ba tsositsoeng. Ha ke bala ka motho e mong ea ileng a phela nakong e fetileng, hangata ke nahana ka taba ena: ‘Haeba motho eo a ne a ile a tseba Jehova, bophelo ba hae bo ka be bo fapane.’ Ke shebile pele moo ke tla khona ho ruta batho ba tsositsoeng ka Jehova le ho ba thusa ho bona hore bophelo ba bona bo tla ba betere ha ba sebeletsa Jehova.”

Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ileng ba phela pele Jesu a tla lefatšeng, le bona ba tla lokela ho ithuta lintho tse ngata. Ak’u nahane hore na re tla thaba hakae ebile e tla ba tlotla e kaakang ho hlalosetsa Daniele kamoo boprofeta boo a ileng a bo ngola ebile a sa bo utloisise bo ileng ba phethahala kateng. (Dan. 12:8) Hape nahana hore na ho tla thabisa hakae ho thusa Ruthe le Naomi ho ithuta hore lelapa la bona le ne le akareletsa Mesia. Re tla boela re thabele ho ruta batho lefatšeng lohle ho se na tšitiso kapa mathata a teng kajeno lefatšeng lena le khopo.

Ke’ng eo u ka e etsang hona joale e le hore u itokisetse ho ruta batho ba tsositsoeng? Tsela e ’ngoe eo re ka etsang sena ka eona ke ka hore re loanele ho ntlafatsa tsela eo re rutang ka eona le hore re lule re ruta batho Bibele. (Mat. 24:14) U ka bontša hore u batla ho ruta batho ba tsositsoeng ka hore u etse sohle seo u ka se khonang ho ruta batho Bibele hona joale le haeba u sa khone ho ruta batho ka tsela eo u batlang ka eona ka lebaka la botsofali kapa mabaka a mang a itseng.

Ke habohlokoa hore re nahane ka lipotso tsena tsa bohlokoa: Na u se u itokiselitse ho rua lefatše? Na u se u itokiselitse ho hlokomela lefatše, ho amohela le ho ruta batho ba tla tsosoa? U ka bontša hore u itokiselitse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ka hore hona joale u etse mesebetsi e tšoanang le eo u tla e etsa ha u rua lefatše.

a Sheba sehlooho se reng “Batho ba Tla Thusoa Hore ba Etse Lintho Tse Lokileng” ho Molula-Qhooa oa September 2022.