Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 50

“U Tla ba le ’Na Paradeiseng”

“U Tla ba le ’Na Paradeiseng”

“Kannete kea u joetsa letsatsing lena, u tla ba le ’na Paradeiseng.”—LUKA 23:43.

PINA EA 145 Molimo o re Tšepisitse Paradeise

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Nakoana pele Jesu a e-shoa, o ile a re’ng ho setlokotsebe se neng se khokhothetsoe haufi le eena? (Luka 23:39-43)

 JESU le banna ba babeli ba litlokotsebe ba neng ba khokhothetsoe haufi le eena ba ile ba utloa bohloko bo boholo pele ba e-shoa. (Luka 23:32, 33) Banna bao ba litlokotsebe ba ile ba rohaka Jesu, kahoo ho hlakile hore e ne e se barutuoa ba hae. (Mat. 27:44; Mar. 15:32) Empa e mong oa bona o ile a fetola tsela eo a neng a ikutloa ka eona. O ile a re: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’Musong oa hao.” Jesu a re: “Kannete kea u joetsa letsatsing lena, u tla ba le ’na Paradeiseng.” (Bala Luka 23:39-43.) Ha ho letho le bontšang hore setlokotsebe seo se ile sa amohela molaetsa oa “’Muso oa maholimo” oo Jesu a neng a ruta batho ka ’ona. Hape Jesu ha aa ka a re monna eo o tla kena ’Musong oo leholimong. (Mat. 4:17) Jesu o ne a bua ka Paradeise e neng e tla ba lefatšeng. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo?

Re ka etsa qeto efe ka monna oa setlokotsebe ea ileng a bua le Jesu le ka seo a neng a se tseba? (Sheba serapa sa 2 le 3)

2. Ke hobane’ng ha re re setlokotsebe se ileng sa baka e ne e le Mojuda?

2 Ho ka etsahala hore ebe setlokotsebe se ileng sa baka e ne e le Mojuda. Setlokotsebe seo se ile sa re ho se seng: “E le hore ha u tšabe Molimo leha e le moo u fumane kotlo e tšoanang le ea monna eo?” (Luka 23:40) Bajuda ba ne ba rapela Molimo a le mong, empa batho ba lichaba tse ling ba ne ba rapela melimo e mengata. (Ex. 20:2, 3; 1 Bakor. 8:5, 6) Haeba banna bao e ne e se Bajuda, setlokotsebe seo se ka be se ile sa botsa potso ena ka hore, “Na ha u tšabe melimo?” Ho feta moo, Jesu o ne a sa rongoa ho batho ba lichaba tse ling, empa o ne a ronngoe ho “linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” (Mat. 15:24) Molimo o ne a joetsitse Baiseraele hore o tla tsosa bafu. Mohlomong setlokotsebe se ileng sa baka se ne se tseba ka taba ena ’me mantsoe a sona a ne a bontša hore se lumela hore Jehova o tla tsosa Jesu hore a buse ’Musong oa Molimo. Ho bonahala hore monna enoa o ne a tšepa hore Molimo o tla mo tsosa le eena.

3. Ho ka etsahala hore ebe setlokotsebe se ile sa nahana ka eng ha Jesu a bua ka Paradeise? Hlalosa. (Genese 2:15)

3 Kaha setlokotsebe se ileng sa baka e ne e le Mojuda, se tlameha se ne se tseba ka Adama le Eva le ka Paradeise eo Jehova a neng a ba etselitse eona. Ka lebaka leo, ho ka etsahala hore ebe setlokotsebe seo se ne se nahana hore Paradeise eo Jesu a neng a bua ka eona e ne e tla ba serapa se setle hona lefatšeng mona.—Bala Genese 2:15.

4. Mantsoe ao Jesu a ileng a a bolella setlokotsebe se ileng sa baka a lokela ho etsa hore re nahane ka eng?

4 Mantsoe ao Jesu a ileng a a bolella monna oa setlokotsebe a lokela ho etsa hore re nahane hore na bophelo bo tla ba joang Paradeiseng. Ha e le hantle, re ka ithuta ho hong ka Paradeise pusong ea Morena Solomone e neng e e-na le khotso. Bibele e re Jesu o bohlokoa ho feta Solomone. Kahoo, re ka lebella hore Jesu le batho bao a tla busa le bona ba tla tlisa maemo a molemo le ho feta paradeiseng. (Mat. 12:42) Ho hlakile hore batho bao e leng karolo ea “linku tse ling” ba lokela ho batla ho tseba hore na ba tlameha ho etsa’ng e le hore ba tšoanelehe ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.—Joh. 10:16.

BOPHELO BO TLA BA JOANG PARADEISENG?

5. U nahana hore bophelo bo tla ba joang Paradeiseng?

5 U nahana hore bophelo bo tla ba joang Paradeiseng? Mohlomong u nahana ka sebaka se setle se tšoanang le serapa sa Edene. (Gen. 2:7-9) E ka ’na eaba u hopola boprofeta ba Mikea bo buang ka batho ba Molimo hore “e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le sa feie.” (Mik. 4:3, 4) Hape ho ka etsahala hore ebe u hopola litemana tsa Bibele tse buang ka hore ho tla ba le lijo tse ngata. (Pes. 72:16; Esa. 65:21, 22) Kahoo, u ka ’na oa ipona u le serapeng se setle, u lutse tafoleng e nang le matletse-tletse a lijo tse monate. Mohlomong u nahana kamoo moea o tla beng o hloekile ebile o nkha hamonate ka lebaka la limela le lipalesa. Mohlomong u ipona u e-na le ba lelapa la hao, metsoalle ea hao hammoho le ba tsositsoeng le tšeha le bile le thabetse ho qeta nako ’moho. Lintho tsena kaofela ha se toro feela. Re ka kholiseha hore li tla etsahala lefatšeng. Leha ho le joalo, Paradeiseng ho tla ba le mosebetsi oo re tla thabela ho o etsa.

Re tla ba le mosebetsi oa bohlokoa oa ho ruta batho ba tsositsoeng (Sheba serapa sa 6)

6. Re tla etsa eng Paradeiseng? (Sheba setšoantšo.)

6 Jehova o entse hore re thabele ho sebetsa. (Moek. 2:24) Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete re tla be re phathahane haholo. Batho ba tla beng ba phonyohile mahlomola a maholo hammoho le ba limilione ba tla beng ba tsositsoe ba tla hloka liaparo, lijo le bolulo. E le hore lintho tseo li tle li be teng, re tla lokela ho sebetsa ka thata re thabile. Joalokaha Adama le Eva ba ne ba boleletsoe hore ba hlokomele lefatše, le rona re tla thabela ho sebetsa ka thata ho etsa hore lefatše e be Paradeise. Ak’u nahane feela hore na ho tla ba monate hakaakang ho ruta batho ba limilione ba tsositsoeng bafung, ba sa tsebeng hakaalo ka Jehova le ka morero oa hae. Re tla boela re thabele ho thusa batho ba tšepahalang ba ileng ba hlokahala pele Jesu a tla lefatšeng ho tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore ba hlokahale.

7. Re ka kholiseha ka eng, hona hobane’ng?

7 Re ka kholiseha hore ha re se re phela Paradeiseng, re tla phela ka khotso, re e-na le lintho tsohle tseo re li hlokang re bile re hlophisehile. Hobane’ng? Hobane Jehova o se a ntse a re bontšitse hanyane hore na bophelo bo tla ba joang tlas’a puso ea Mora oa hae. O re bontšitse seo ka puso ea Morena Solomone.

PUSO EA MORENA SOLOMONE E RE FA SETŠOANTŠO SA PARADEISE

8. Mantsoe ao Morena Davida a a ngotseng ho Pesaleme ea 37:10, 11, 29 a ile a phethahala joang? (Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” makasineng ena.)

8 Molimo o ile a susumeletsa Morena Davida ho ngola hore na bophelo bo tla ba joang ka moso ha ho se ho busa morena ea bohlale le ea tšepahalang. (Bala Pesaleme ea 37:10, 11, 29.) Hangata ha re bua le batho ka Paradeise, re bala Pesaleme ea 37:11. Re na le lebaka le letle la ho etsa joalo kaha Jesu le eena o ile a qotsa temana e tšoanang Thutong ea hae ea Thabeng, a bontša hore mantsoe ao a tla phethahala ka moso. (Mat. 5:5) Empa mantsoe a Davida a ne a boetse a bontša hore na bophelo bo tla ba joang pusong ea Morena Solomone. Ha Solomone e le morena Iseraele, batho ba Molimo ba ile ba thabela ho phela ka khotso ba bile ba hafa ka nkatana naheng “e phallang lebese le mahe a linotši.” Molimo o ile a re: “Haeba le tsoela pele ho latela litaelo tsa ka . . . , ke tla etsa hore ho be le khotso naheng ea lona ’me ha ho na motho ea tla le tšosa ha le robetse.” (Lev. 20:24; 26:3, 6) Litšepiso tseo li ile tsa phethahala nakong eo Solomone e neng e le morena Iseraele. (1 Likron. 22:9; 29:26-28) Hape Jehova o ne a tšepisitse hore batho ba khopo ba ne ba ke ke ba “hlola ba e-ba teng.” (Pes. 37:10) Kahoo, mantsoe a fumanoang ho Pesaleme ea 37:10, 11, 29 a ile a phethahala nakong e fetileng ’me a tla boela a phethahale ka moso.

9. Mofumahali oa Sheba o ile a re’ng ka puso ea Morena Solomone?

9 Nakong eo Solomone e neng e le morena Iseraele, mofumahali oa Sheba o ile a utloa hore Baiseraele ba phela ka khotso ebile ba hafa ka nkatana. O ile a etela Jerusalema a tsoa hole ho tla ikholisa hore na ho fela ho le joalo. (1 Mar. 10:1) Ka mor’a ho bona hore na ho ne ho le joang tlas’a puso ea Solomone, o ile a re: “Ke ne ke sa bolelloa lintlha kaofela. . . . Ho thaba batho ba hao le bahlanka bana ba hao ba lulang ba e-na le uena kamehla ’me ba utloa bohlale ba hao.” (1 Mar. 10:6-8) Maemo a neng a le teng pusong ea Solomone ke mohlala feela oa seo Jehova a tla se etsetsa batho ha Mora oa Hae Jesu e se e le Morena.

10. Ke ka litsela life Jesu a fetang Solomone?

10 Jesu o feta Solomone ka litsela tsohle. Solomone o ne a sa phethahala ebile o ile a etsa liphoso tse ngata tse ileng tsa kenya batho ba Molimo mathateng. Jesu eena ke ’Musi ea phethahetseng ebile ha a etse liphoso. (Luka 1:32; Baheb. 4:14, 15) Jesu o ile a lula a tšepahalla Molimo ho sa tsotellehe liteko tse boima tseo Satane a neng a mo leka ka tsona. Kreste o bontšitse hore a ke ke a etsa sebe kapa a etsa ntho leha e le efe e ka bang kotsi ho batho ba tšepahalang bao a ba busang. Ke Morena ea molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le eena.

11. Jesu o tla busa le bo-mang?

11 Jesu o tla busa le batho ba 144 000 ho hlokomela batho le ho phethahatsa morero oa Jehova ka lefatše. (Tšen. 14:1-3) Ha ba ntse ba phela lefatšeng ba ile ba mamella liteko le mathata a mangata. Kahoo, ba tla utloisisa hore na batho ba lefatšeng ba tobana le mathata afe. Ha e le hantle, batho baa ba tla busa le Kreste ba tla fuoa mosebetsi ofe?

BATHO BA TLA BUSA LE JESU BA TLA FUOA MOSEBETSI OFE?

12. Jehova o tla fa batho ba 144 000 ba tla busa le Jesu mosebetsi ofe?

12 Jesu le batho bao a tla busa le bona ba filoe mosebetsi o fetang o neng o filoe Solomone. Morena Solomone o ne a lokela ho hlokomela batho ba limilione ba neng ba lula naheng e le ’ngoe feela. Empa batho ba tla busa ’Musong oa Molimo ba tla lokela ho hlokomela batho ba libilione ba phelang lefatšeng lohle. Kannete Jehova o file batho ba 144 000 ba tla busa le Jesu tlotla e ikhethang.

13. Batho ba tla busa le Jesu ba tla ba le mosebetsi ofe?

13 Ba 144 000 e tla ba marena le baprista joaloka Jesu. (Tšen. 5:10) Ha Baiseraele ba ne ba le tlas’a Molao oa Moshe, baprista e ne e le bona ka ho khetheha ba neng ba thusa batho hore ba lule ba phetse hantle ba bile ba le haufi le Jehova. Molao oo e ne e le “setšoantšo feela sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.” Kahoo, ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore Jesu hammoho le batho tla busa le eena ba tla thusa batho ba Molimo hore ba phele hantle le hore ba be haufi le Jehova. (Baheb. 10:1) Hona joale ha re tsebe hore na marena le baprista bana ba tla buisana joang le batho ba lefatšeng. Ho sa tsotellehe hore na Jehova o tla hlophisa hore lintho li etsahale joang, re ka kholiseha hore Paradeiseng, batho bohle ba lefatšeng ba tla fumana tataiso eo ba e hlokang.—Tšen. 21:3, 4.

“LINKU TSE LING” LI LOKELA HO ETSA’NG HORE LI PHELE PARADEISENG?

14. “Mohlatsoana” le ba “linku tse ling” ba amana joang?

14 Jesu o ile a re batho ba tla busa le eena ke “mohlatsoana.” (Luka 12:32) O ile a boela a bua ka sehlopha se seng ’me sona o ile a re ke “linku tse ling.” Lihlopha tsena tse peli li etsa mohlape o le mong. (Joh. 10:16) Lihlopha tsena tse peli li se li ntse li sebetsa ’moho ’me li tla tsoela pele ho sebetsa ’moho ho etsa hore lefatše e be Paradeise. Ka nako eo, “mohlatsoana” o tla be o le leholimong ha “linku tse ling” li tla be li e-na le monyetla oa ho phela lefatšeng ka ho sa feleng li thabile. Empa ho na le lintho tseo batho bao e leng karolo ea “linku tse ling” ba lokelang ho li etsa hona joale e le hore ba tšoanelehe ho phela Paradeiseng. 

Le hona joale re ka bontša hore re itokisetsa ho phela Paradeiseng e tlang (Sheba serapa sa 15) b

15. (a) “Linku tse ling” li sebetsa le bana ba bo Kreste joang? (b) Re ka etsisa mohlala oa mor’abo rona ea hlahang setšoantšong joang? (Sheba setšoantšo.)

15 Monna oa setlokotsebe o ile a shoa pele a ka ba le monyetla oa ho bontša hore o ananela seo Kreste a neng a mo etselitse sona. Empa rona ba sehlopha sa “linku tse ling” re na le menyetla e mengata hona joale ea ho bontša hore na re ikutloa joang ka Jesu. Ka mohlala, re ka bontša hore rea mo rata ka tsela eo re tšoarang bana babo ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang. Jesu o ile a re o tla ahlola linku ho latela hore na li ile tsa tšoara bana babo joang. (Mat. 25:31-40) Re ka tšehetsa bana ba bo Kreste ka hore ka mafolofolo re ba thuse ho etsa mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa. (Mat. 28:18-20) Ka lebaka leo, re lokela ho sebelisa lithulusi tsa ho ruta tseo ba re fang tsona tse kang buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Haeba ha ho na motho eo u ithutang Bibele le eena, kopa ho ithuta Bibele le batho ba bangata kamoo u ka khonang.

16. Re lokela ho etsa’ng hona joale ho itokisetsa ho phela ’Musong oa Molimo?

16 Ha rea lokela ho emela hore re e’o phela Paradeiseng e le hore re be ka tsela eo Jehova a batlang hore batho ba tla phela teng ba be ka eona. Hona joale re ka hla ra sebetsa ka thata hore re be batho ba buang ’nete, ba tšepahalang le ba etsang lintho ka teka-tekano. Hape re tšepahalle Jehova, balekane ba rona le Bakreste-’moho le rona. Haeba re mamela Molimo lefatšeng lena le khopo, ho tla ba bonolo hore re mo mamele ha re se re phela Paradeiseng. Re ka boela ra ithuta mesebetsi le lintho tse ling ho bontša hore re itokisetsa ho phela Paradeiseng. Sheba sehlooho se reng “Na U se U Itokiselitse ho ‘Rua Lefatše’?” se hlahang makasineng ena.

17. Na re lokela ho nyahamisoa ke libe tseo re li entseng nakong e fetileng? Hlalosa.

17 Re boetse re lokela ho leka ho khaotsa ho ikutloa re le molato ka lebaka la libe tse tebileng tseo re li entseng nakong e fetileng. Ke ’nete hore ha rea lokela ho nka sehlabelo sa Jesu e le lebaka la ho “tloaela ho etsa sebe ka boomo.” (Baheb. 10:26-31) Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Jehova o re tšoaretse ka pelo eohle haeba re bakile e le kannete, re kopile thuso ea hae le ea baholo ebile re fetotse tsela eo re etsang lintho ka eona. (Esa. 55:7; Lik. 3:19) Hopola hore Jesu o ile a re ho Bafarisi: “Ke tletse ho bitsa baetsalibe eseng batho ba lokileng.” (Mat. 9:13) Sehlabelo sa Jesu se lekane hore se koahele libe tsa rona.

U KA PHELA KA HO SA FELENG PARADEISENG

18. U ka rata ho bua ka eng le monna oa setlokotsebe ea neng a khokhothetsoe haufi le Jesu?

18 Ak’u inahane u se u le Paradeiseng, u bua le monna oa setlokotsebe ea ileng a bua le Jesu. Ha ho pelaelo hore bobeli ba lona le tla bua kamoo le ananelang sehlabelo sa Jesu kateng. U ka ’na oa mo botsa hore na ho ile ha etsahala’ng nakoana pele Jesu a shoa le hore na o ile a ikutloa joang ha Jesu a araba kopo ea hae. Eena a ka ’na a u botsa hore na ho ne ho le joang ho phela matsatsing a ho qetela lefatšeng le busoang ke Satane. Kannete re tla thabela ho ithuta Lentsoe la Molimo le batho ba tšoanang le monna eo.—Baef. 4:22-24.

Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, mor’abo rona o natefeloa ke ho ntlafatsa bokhoni boo esale a labalabela ho ba le bona (Sheba serapa sa 19)

19. Ke hobane’ng ha re ke ke ra jeoa ke bolutu Paradeiseng? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

19 Ha ho mohla re tla jeoa ke bolutu Paradeiseng. Ho tla lula ho e-na le batho bao re ka thabelang ho kopana le bona le mosebetsi o khotsofatsang oo re ka o etsang. Ho thabisang le ho feta ke hore letsatsi le leng le le leng re tla tseba Ntate oa rona ea leholimong haholoanyane le ho thabela lintho tseo a re etselitseng tsona. Ha ho mohla re tla khaotsa ho ithuta ka eena ’me ho tla lula ho e-na le lintho tse ngata tseo re ithutang tsona ka popo ea hae. Ha lilemo tsa rona tsa bophelo li ntse li eketseha, le lerato la rona ho Molimo le tla eketseha. Re leboha Jehova le Jesu haholo hore ebe ba re file tšepiso ea hore re ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng.

PINA EA 22 ’Muso o ke o Tle

a Na hangata u ee u nahane hore na bophelo bo tla ba joang Paradeiseng? Ho etsa joalo ho ka u khothatsa. Ha re lula re nahana ka lintho tseo Jehova a tla re etsetsa tsona ka moso, re tla labalabela ho bolella batho ba bang ka lefatše le lecha. Sehlooho sena se tla re thusa ho matlafatsa tumelo ea rona tšepisong ea Jesu ea hore lefatše e tla ba paradeise.

b LITŠOANTŠO Leqephe la 12: Mor’abo rona ea nang le tšepo ea hore o tla ruta batho ba tsositsoeng o se a ntse a ruta batho hona joale.