SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 50
Tumelo e Bontšoang ka Liketso e ka Etsa Hore Motho e be ea Lokileng
“Latelang mohlala oa tumelo eo ntate oa rona Abrahama a e bontšitseng.”—BAR. 4:12.
PINA EA 119 Re Lokela ho ba le Tumelo
SEO RE TL’O ITHUTA SONA a
1. Ho nahana ka tumelo ea Abrahama ho ka etsa hore re ipotse lipotso life?
LE HOJA batho ba bangata ba kile ba utloela ka Abrahama, boholo ba bona ha ba tsebe hakaalo ka eena. Empa uena u tseba lintho tse ngata ka Abrahama. Ka mohlala, oa tseba hore Bibele e re Abrahama ke “ntate oa bohle ba nang le tumelo.” (Bar. 4:11) Leha ho le joalo, u ka ’na oa ipotsa: ‘Na nka etsisa Abrahama ’me ka ba le tumelo e tšoanang le ea hae?’ E, u ka khona.
2. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ithuta mohlaleng oa Abrahama? (Jakobo 2:22, 23)
2 Tsela e ’ngoe eo re ka bang le tumelo e kang ea Abrahama ke ka ho ithuta mohlaleng oa hae. Abrahama o ile a mamela Molimo ’me a fallela naheng e hole, a lula litenteng ka lilemo tse mashome a ba a lumela ho etsa mora oa hae eo a mo ratang Isaka sehlabelo. O ile a etsa lintho tsena kaofela hobane a e-na le tumelo e matla. Tumelo eo Abrahama a ileng a e bontša ka liketso e ile ea etsa hore Molimo a mo rate ’me e be motsoalle oa hae. (Bala Jakobo 2:22, 23.) Jehova o batla hore kaofela ha rona, ho akareletsa le uena, re be metsoalle ea hae. Ka lebaka leo, o ile a susumeletsa Pauluse le Jakobo hore ha ba ngola Bibele ba bue ka mohlala oa Abrahama. A re bueng ka mohlala ona o hlahang ho Baroma khaolo ea bone le Jakobo khaolo ea bobeli. Likhaolo tsena ka bobeli li na le polelo ea bohlokoa e ileng ea buuoa ka Abrahama.
3. Ke lengolo lefe leo Pauluse le Jakobo ba ileng ba le qotsa?
3 Ka bobeli Pauluse le Jakobo ba ile ba qotsa mantsoe a Genese a reng: “[Abrahama] a bontša tumelo ho Jehova eaba Molimo o mo nka e le motho ea lokileng.” Motho ea lokileng ke motho eo Molimo a mo amohelang le ho mo nka a se na molato. Ke ntho e hlollang hore ebe Molimo a ka nka motho ea sa phethahalang le ea etsang liphoso e le motho ea se nang molato. Ho ka etsahala hore ebe u batla hore Molimo a u nke u lokile ’me ho ka khoneha. Hona joale re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a re Abrahama o lokile le hore na rona re lokela ho etsa’ng e le hore Molimo a re nke re lokile. 15:6
RE TLAMEHA HO BA LE TUMELO E LE HORE MOLIMO A RE NKE RE LOKILE
4. Ke’ng e sitisang batho hore e be ba lokileng?
4 Ha Pauluse a ngolla Baroma, o ile a re batho bohle ke baetsalibe. (Bar. 3:23) Joale, ke joang re ka thabisang Molimo hoo a ka reng re lokile kapa ha re na molato? Pauluse o ile a sebelisa mohlala oa Abrahama ho thusa Bakreste bohle ho araba potso eo.
5. Jehova o ne a ipapisitse le eng ha a tla re Abrahama o lokile? (Baroma 4:2-4)
5 Abrahama o ne a lula naheng ea Kanana ha Jehova a re o lokile. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a re o lokile? Na ke hobane Abrahama a ne a phetha Molao oa Moshe ka botlalo? Ho hang ha ho joalo. (Bar. 4:13) Sechaba sa Iseraele se ile sa fuoa Molao lilemo tse fetang 400 ka mor’a hore Molimo a re Abrahama o lokile. Joale Molimo o ne a ipapisitse le eng ha a tla re Abrahama o lokile? Kaha Jehova o mosa, o ile a re Abrahama o lokile ka lebaka la tumelo ea hae.—Bala Baroma 4:2-4.
6. Ke hobane’ng ha Jehova a ka re moetsalibe o lokile?
6 Pauluse o ile a re ha motho a lumela ho Molimo, “o tla nkoa a lokile ka lebaka la tumelo ea hae.” (Bar. 4:5) Pauluse o ile a boela a re: “Davida le eena o ile a bua ka thabo ea motho eo Molimo a mo nkang a lokile empa e se ka lebaka la mesebetsi ea hae. O ile a re: ‘Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng. Ho thaba motho eo Jehova a ke keng a hopola sebe sa hae ho hang.’” (Bar. 4:6-8; Pes. 32:1, 2) Molimo o tšoarela libe tsa batho ba lumelang ho eena kapa re ka re oa li koahela. O ba tšoarela ka ho feletseng ebile a ke ke a hopola libe tsa bona ho hang. O nka batho ba joalo ba se na molato ebile ba lokile hobane ba e-na le tumelo.
7. Ke joang ho neng ho ka thoe bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng ba lokile?
7 Le hoja Abrahama, Davida le bahlanka ba bang ba Molimo ba ne ba nkoa ba lokile, e ne e ntse e le baetsalibe. Empa ka lebaka la tumelo ea bona, Molimo o ile a ba nka ba se na molato, haholo-holo ha ba bapisoa le batho ba sa mo sebeletseng. (Baef. 2:12) Lengolong la hae le eang ho Baroma, Pauluse o re re lokela ho ba le tumelo e le hore re be metsoalle ea Molimo. Joalokaha Abrahama le Davida e ne e le metsoalle ea Molimo hobane ba ne ba e-na le tumelo, le rona re tla ba metsoalle ea Molimo ha re e-na le tumelo.
TUMELO E AMANA JOANG LE MESEBETSI?
8, 9. Ke liqeto life tse fosahetseng tseo batho ba bang ba li fihletseng ka lintho tseo Pauluse le Jakobo ba ileng ba li ngola, hona hobane’ng?
8 Ka lilemo tse makholo, baeta-pele ba bolumeli ba ’nile ba pheha khang ka taba ea hore na tumelo e lokela ho ba le mesebetsi kapa che. Baruti ba bang ba ruta hore ntho feela eo u lokelang hore u e etse e le hore u pholohe ke ho lumela ho Morena Jesu Kreste. E ka ’na eaba u kile oa ba utloa ha ba re: “Amohela Morena Jesu ’me u tla pholoha.” Baruti ba bang ba bile ba qotsa mantsoe a Pauluse a reng: ‘Molimo a mo nka a lokile empa e se ka lebaka la mesebetsi ea hae.’ (Bar. 4:6) Leha ho le joalo, ba bang ba re u tla pholoha haeba u etela libakeng tseo kereke e reng lia halalela hape u etsa mesebetsi e molemo. E ka ’na eaba bona ba qotsa Jakobo 2:24 e reng: “Motho o nkoa a lokile ka lebaka la liketso tsa hae eseng ka lebaka la tumelo feela.”
9 Ka lebaka la litumelo tsena tse fapaneng, litsebi tse ling tsa Bibele li nahana hore Pauluse le Jakobo ba ne ba sa lumellane tabeng ea hore na motho o lokela ho etsa’ng e le hore a khahlise Molimo. Baruti ba bang ba re Pauluse o ne a lumela hore motho o hloka ho ba le tumelo feela e le hore a khahlise Molimo, ha Jakobo eena a ne a re ho hlokahala hore motho a etse mesebetsi e metle hore a thabise Molimo. Moprofesa e mong oa thuto ea bolumeli o ile a re: “Jakobo o ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Pauluse a tsitlella hore motho o hloka tumelo feela [e le hore e be ea lokileng] eseng le mesebetsi.” Empa Jehova o susumelitse Pauluse le Jakobo ka bobeli ho ngola lintho tseo ba li ngotseng. (2 Tim. 3:16) Kahoo, e tlameha ebe ho na le lebaka le utloahalang la hore na ke hobane’ng ha lintho tseo ba li ngotseng li fapane. Re lokela ho nahana hape ka hore na ba ne ba ngola ka eng e le hore re tsebe ho utloisisa hore na ba ne ba bolela’ng.
10. Ke mesebetsi efe eo Pauluse a neng a bua ka eona? (Baroma 3:21, 28) (Sheba setšoantšo.)
10 Ke “mesebetsi” efe eo Pauluse a neng a bua ka eona ho Baroma khaolo ea boraro le ea bone? O ne a bua ka mesebetsi e amanang le ho “phetha molao” oo Moshe a neng a fane ka oona Thabeng ea Sinai. (Bala Baroma 3:21, 28.) Ho bonahala eka mehleng ea Pauluse, Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ne ba lumela hore ba ntse ba lokela ho mamela Molao oa Moshe. Kahoo, Pauluse o ile a sebelisa mohlala oa Abrahama ho bontša hore motho ha aa tlameha ho “phetha molao” e le hore Molimo a mo nke a lokile. Ho e-na le hoo, motho o hloka ho ba le tumelo. Taba ena ea khothatsa hobane ea re kholisa hore re ka khona ho khahlisa Molimo. Ha re e-na le tumelo ho Molimo le ho Kreste, Molimo o tla re nka re le ba lokileng.
11. Jakobo o ne a bua ka “mesebetsi” efe?
11 Leha ho le joalo, “mesebetsi” eo ho buuoeng ka eona ho Jakobo khaolo ea bobeli ha se mesebetsi e tšoanang le eo Pauluse a buileng ka eona. Jakobo o ne a bua ka mesebetsi kapa liketso tseo Bakreste ba li etsang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. Mesebetsi eo ke eona e bontšang hore na Mokreste o na le tumelo ea ’nete ho Molimo kapa che. A re bueng ka mehlala e ’meli eo Jakobo a ileng a e etsa.
12. Jakobo o ile a re tumelo le mesebetsi li amana joang? (Sheba setšoantšo.)
12 Mohlaleng oa pele, Jakobo o ile a re Bakreste ha baa lokela ho ba leeme ha ba sebelisana le batho ba bang. O ile a hatisa ntlha ena ka ho bua ka motho ea ileng a bontša mosa ho morui empa a hloleha ho bontša mosa o tšoanang ho mofutsana. Jakobo o ile a bontša hore motho eo a ka ’na a re o na le tumelo empa liketso tsa hae li hanana le seo. (Jak. 2:1-5, 9) Mohlaleng oa bobeli, Jakobo o bua ka motho ea bonang ngoana oabo ‘a se na liaparo kapa lijo tse lekaneng’ empa joale a sa mo thuse. Le haeba motho eo a ne a ka re o na le tumelo, e ne e tla be e se na thuso hobane e se na mesebetsi. Joalokaha Jakobo a ile a cho, “tumelo, ha e sa bontšoe ka liketso e shoele.”—Jak. 2:14-17.
13. Jakobo o ile a etsa mohlala ofe ho tiisa hore tumelo ea rona e lokela ho bontšoa ka liketso? (Jakobo 2:25, 26)
13 Jakobo o ile a re Rahaba ke mohlala oa motho ea ileng a bontša ka liketso tsa hae hore o na le tumelo. (Bala Jakobo 2:25, 26.) Rahaba o ne a ile a utloela ka Jehova a ba a hlokomela hore o ne a thusa Baiseraele. (Josh. 2:9-11) O ile a bontša tumelo ea hae ka liketso ka hore a sireletse lihloela tse peli tsa Baiseraele ha li ne li le kotsing ea ho bolaoa. Ka lebaka leo, joaloka Abrahama, mosali enoa ea neng a sa phethahala ebile e se Moiseraele o ile a nkoa a lokile. Mohlala oa Rahaba o re ruta bohlokoa ba hore tumelo ea rona e bontšoe ka liketso.
14. Ke hobane’ng ha re ka re lintho tse ngotsoeng ke Pauluse le Jakobo ha li hanyetsane?
14 Pauluse le Jakobo ba ne ba mpa ba bua ka tumelo le mesebetsi ka litsela tse fapaneng. Pauluse o ne a bolella Bakreste ba Bajuda hore ba ne ba ke ke ba khahlisa Jehova ka hore feela ba phethe Molao oa Moshe. Jakobo eena o ne a hatisa hore Bakreste bohle ba lokela ho bontša tumelo ka hore ba etsetse batho ba bang lintho tse molemo.
15. Litsela tse ling tseo ka tsona re ka bontšang hore re na le tumelo ke life? (Sheba litšoantšo.)
15 Jehova ha a re re lokile hafeela re etsa lintho tsohle tseo Abrahama a ileng a li etsa. Ha e le hantle, ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona re ka bontšang ka mesebetsi ea rona hore re na le tumelo. Re ka amohela batho ba qalang ho tla libokeng, ra thusa bana ba bo rona ba hlokang e le kannete hape ra tšoara ba malapa a rona hantle, e leng lintho tseo kaofela ha tsona Molimo a li ananelang a bileng a tla re hlohonolofatsa ka lebaka la tsona. (Bar. 15:7; 1 Tim. 5:4, 8; 1 Joh. 3:18) E ’ngoe ea litsela tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa ho bontša hore re na le tumelo ke ho bolella batho ba bang litaba tse monate ka cheseho. (1 Tim. 4:16) Kaofela ha rona re ka bontša ka liketso tsa rona hore re na le tumelo ea hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala le hore litsela tsa hae li molemo ka ho fetisisa. Ha re etsa joalo, re ka kholiseha ka ho feletseng hore Molimo o tla re nka re lokile a be a re bitse metsoalle ea hae.
RE HLOKA HO BA LE TŠEPO HORE TUMELO EA RONA E BE MATLA
16. Tšepo ea Abrahama e ile ea ama tumelo ea hae joang?
16 Khaolong ea bone ea Baroma re ithuta thuto e ’ngoe ea bohlokoa ho Abrahama. Re ithuta hore re lokela ho ba le tšepo ea hore lintho tseo re li tšepisitsoeng li tla phethahala. Jehova o ile a tšepisa Abrahama hore ka eena “lichaba tse ngata” li ne li tla hlohonolofatsoa. Ak’u inahanele feela hore na Abrahama o ne a e-na le tšepo e babatsehang hakaakang. (Gen. 12:3; 15:5; 17:4; Bar. 4:17) Leha ho le joalo, leha Abrahama a se a le lilemo li 100 ’me Sara eena a le lilemo li 90, ba ne ba ntse ba e-s’o be le mora. Ho ea ka pono ea motho, ho ne ho bonahala eka ho ke ke ha khoneha hore Abrahama le Sara ba be le mora. Taba ena e ne e leka tumelo ea Abrahama. Empa “o ne a e-na le tšepo le tumelo ea hore e tla ba ntate oa lichaba tse ngata.” (Bar. 4:18, 19) Qetellong, ntho eo Abrahama a neng a e-na le tšepo ea hore e tla etsahala, e ile ea etsahala. O ile a ba le mora ea bitsoang Isaka.—Bar. 4:20-22.
17. Re tseba joang hore Molimo a ka re nka re lokile re bile re le metsoalle ea hae?
17 Re ka khahlisa Molimo ra ba ra nkoa re lokile joaloka Abrahama. Ha e le hantle, Pauluse o ile a hatisa taba eo ha a ne a re: “Mantsoe a reng ‘o ile a nkoa’ a ne a sa ngolloa [Abrahama] feela empa a ne a ngoletsoe le rona. Le rona re tla nkoa re lokile hobane re lumela ho Molimo ea tsositseng Jesu.” (Bar. 4:23, 24) Le rona re lokela ho ba le tumelo e nang le mesebetsi, re be re be le tšepo joaloka Abrahama. Ho Baroma khaolo ea bohlano, Pauluse o ile a tsoela pele ho bua ka tšepo ea rona e leng seo re tl’o bua ka sona sehloohong se latelang.
PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova
a Re batla hore Molimo a re amohele a be a re nke re le batho ba lokileng. Sehlooho sena se tl’o sebelisa mangolo a Pauluse le Jakobo ho bontša hore na ke joang seo se ka khonehang. Re tla boela re ithute hore na ke hobane’ng ha tumelo ea rona e tlameha ho ba le liketso hore Jehova a tle a re amohele.
b TLHALOSO EA LITŠOANTŠO:: Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste ba Bajuda hore ba be le tumelo, eseng hore ba etse mesebetsi e ‘phethang molao,’ joaloka ho apara seaparo se rokiloeng ka khoele e putsoa, ho keteka Paseka le meetlo ea ho hlapa.
c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Jakobo o ile a re khothaletsa ho bontša tumelo ea rona ka ho etsa mesebetsi e metle joaloka ho thusa bafutsana.