Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 50

PINA EA 135 Jehova o re Kopa Hore re Hlalefe

Batsoali, Thusang Bana ba Lona ho ba le Tumelo e Matla

Batsoali, Thusang Bana ba Lona ho ba le Tumelo e Matla

‘Le ikholise hore thato ea Molimo e molemo, ea amoheleha hape e phethahetse.’BAR. 12:2.

NTLHA-KHOLO

Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na batsoali ba ka etsa’ng ho thusa bana ba bona hore ba be le tumelo e matla ho Molimo le hore ba tšepe lintho tseo ba ithutang tsona ka Bibeleng.

1, 2. Motsoali o lokela ho etsa’ng ha ngoana a botsa lipotso ka lintho tseo a ithutang tsona ka Bibeleng?

 KAOFELA re ka lumellana hore ha ho bonolo ho ba motsoali. Haeba u holisa ngoana, rea u babatsa hore ebe u sebetsa ka thata ho mo thusa hore a be le tumelo e matla ho Jehova. (Deut. 6:​6, 7) Ha ngoana a ntse a hola, a ka qala ho botsa lipotso ka lintho tseo a ithutang tsona ka Bibeleng, tse akarelletsang melao ea Molimo ea boitšoaro.

2 Qalong u ka ’na oa tšoenyeha ka lipotso tseo ngoana oa hao a nang le tsona. U ka ’na oa nahana hore o botsa lipotso tsena hobane tumelo ea hae e se e fokola ebile a se a sa tšepe Bibele. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ha bana ba ntse ba hola, ba hloka ho botsa lipotso e le hore ba ka ikholisa hore seo ba se lumelang ke ’nete. (1 Bakor. 13:11) Ka hona, u se ke oa tšoenyeha. Nka lipotso tseo e le monyetla oa ho mo thusa hore a nahanisise ka lintho tseo a ithutang tsona ka Bibeleng le ho matlafatsa tumelo ea hae ho Molimo.

3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na batsoali ba ka etsa’ng ho thusa bana ba bona (1) ho ikholisa hore seo ba ithutang sona ka Bibeleng ke ’nete, (2) ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore ba mamele melao ea Molimo ea boitšoaro le (3) ho hlalosa seo ba se lumelang ha batho ba bang ba ba botsa. Re tla boela re bue ka hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bana ba botse lipotso le hore malapa a ka etsa’ng ho thusa bana hore ba khone ho hlalosa seo ba se lumelang ha ba bua le batho ba bang.

THUSA NGOANA HORE A BE LE TUMELO E MATLA

4. Ke lipotso life tseo ngoana a ka ipotsang tsona, hona hobane’ng?

4 Bana ha ba hlahe ba se ba ntse ba e-na le tumelo ho Molimo hobane feela batsoali ba e-na le eona. Feela joalokaha le uena ho sa itlela ka mohlolo hore u lumele ho Molimo, ka tsela e tšoanang ngoana oa hao a ke ke a lumela ho Molimo ka mohlolo. Ke ka hona ha nako e ntse e ea ngoana a ka ipotsang lipotso tse latelang: ‘Ke kholisoa ke’ng hore ehlile Molimo o teng? Na kannete nka tšepa seo Bibele e se buang?’ Ha e le hantle, Bibele e re khothaletsa hore re sebelise likelello tsa rona hantle le ho ‘etsa bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse.’ (Bar. 12:1; 1 Bathes. 5:21) Feela u ka thusa ngoana oa hao joang hore a be le tumelo e matla?

5. Batsoali ba ka etsa’ng ho thusa ngoana hore a kholisehe hore seo Bibele e se buang ke ’nete? (Baroma 12:2)

5 Khothaletsa ngoana ho ikholisa hore seo a ithutang sona ka Bibeleng ke ’nete. (Bala Baroma 12:2.) Ha ngoana a botsa lipotso, sebelisa monyetla oo ho mo bontša hore na a ka fumana likarabo joang a sebelisa lithulusi tsa ho etsa lipatlisiso, joaloka Watch Tower Publications Index le Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. U ka boela oa kena ho jw.org/st tlas’a “Lithuto Tsa Bibele” ebe u kena ho “Likarabo Tsa Bibele” ebe u tobetsa “The Bible.” Moo u tla fumana bopaki ba hore Bibele ha se buka feela e monate e ngotsoeng ke batho empa ke “Lentsoe la Molimo.” (1 Bathes. 2:13) Ka mohlala, ngoana oa hao a ka etsa lipatlisiso ka Ninive e leng motse oa Asiria ea boholo-holo. Nakong e fetileng, litsebi tse ling tsa Bibele li ne li re motse oa Ninive ha o e-s’o ka o e-ba teng. Empa lilemong tsa bo-1850, baepolli ba ile ba fumana lithako tsa motse oa Ninive e leng se bontšang hore Bibele e nepile. (Sof. 2:​13-15) Ho fumana lintlha tse eketsehileng tsa hore na ho felisoa ha Ninive ho phethahalitse boprofeta ba Bibele joang, a ka sheba sehlooho se reng “Na u ne u Tseba?” ho Molula-Qhooa oa November 2021. Khothaletsa ngoana oa hao ho bapisa seo a se balileng ka har’a lingoloa tsa rona le seo mehloli e meng ea lipatlisiso e se buang. Ho etsa joalo ho tla mo matlafatsa tumelo ’me ho tla mo kholisa hore seo Bibele e se buang ke ’nete.

6. Fana ka mohlala oa hore na batsoali ba ka etsa’ng ho thusa bana ho bona hore seo Bibele e se rutang ke ’nete. (Sheba setšoantšo.)

6 Thusa ngoana ho bona hore seo Bibele e se rutang ke ’nete. Batsoali, le na le menyetla e mengata ea ho buisana le bana ba lona ka Bibele kapa ho buisana le bona ka ho ba le tumelo ho Molimo. Menyetla eo e ka hlaha ha le ntse le bala libuka kapa le shebeletse livideo tse buang ka histori, ha le ile liphakeng kapa ha le etetse ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Ka mohlala, ha le ntse le bala libuka kapa le shebeletse livideo tse buang ka lintho tsa histori, u ka bontša ngoana oa hao lintlha tsa bohlokoa tse ka mo thusang hore a kholisehe hore Bibele e nepahetse. Mohlomong u ka mo ruta hore lebitso la Molimo le hlaha lejoeng la Moabe le nang le lilemo tse 3 000 le le teng. Lejoe leo lea fumaneha musiamong oa Louvre o Paris naheng ea Fora. Ho na le lejoe le entsoeng le tšoanang hantle le leo la Moabe le fumanehang musiamong oa “Bibele le Lebitso la Molimo” Ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e Warwick, New York. Lejoeng leo la Moabe ho bontšitsoe hore Morena Mesha oa Moabe o ile a fetohela Baiseraele ’me Bibele e bua taba e tšoanang. (2 Mar. 3:​4, 5) Ha ngoana oa hao a bona bopaki ba hore Bibele e bua ’nete ebile e nepahetse, tumelo ea hae e tla ba matla le ho feta.—Bapisa le 2 Likronike 9:6.

Thusa ngoana oa hao ho matlafatsa tumelo ea hae ka ho mo bontša lintho tsa histori tse hlahang inthaneteng (Sheba serapa sa 6)


7, 8. (a) Tsela e ntle eo lintho tsa tlhaho li entsoeng ka eona e re ruta’ng? Fana ka mohlala. (Sheba setšoantšo.) (b) Ke lipotso life tse ka thusang ngoana oa hao ho matlafatsa tumelo ea hae ea hore ho na le ’Mopi?

7 Khothaletsa ngoana ho nahana ka lintho tseo Jehova a li bopileng. Ha le ntse le otlolla maoto le le phakeng kapa le ntse le sebetsa jareteng, mo bontše hore lintho tse bopiloeng li na le libopeho tse sa tšoaneng tse ipheta-phetang. Libopeho tsena tse fapa-fapaneng ke bopaki ba hore ho na le motho ea bohlale ka ho fetisisa ea li entseng. Ka mohlala, bo-rasaense ba qetile lilemo tse ngata ba hlahloba lintho tsa tlhaho tse bopehileng joaloka mela e ik’haretseng. Rasaense e mong ea bitsoang Nicola Fameli o re ho na le tatellano e tšoanang ea linomoro eo u e fumanang ha u bala mela eo e ik’haretseng. Tatellano eo e bitsoa Fibonacci. Ho na le lintho tse ngata tsa tlhaho tse nang le sebopeho sena sa mela e ik’haretseng, tse kang lihlopha tse itseng tsa linaleli, likhetla tsa leoatle, makhasi a limela le lisonobolomo. a

8 Ha ngoana oa hao a le sekolong, a ka ithuta ka libopeho tse ngata tse fumanoang linthong tsa tlhaho. Ka mohlala, pepa e le ’ngoe ea lehloa (snowflake) e entsoe ka mela e tšoanang e ntseng e ipheta-pheta hangata e bitsoang li-fractal. Lintho tse ling tsa tlhaho le tsona li entsoe ka tsela e tšoanang. Empa moqapi oa lintho tsee tse ntle ke mang? Ha ngoana a nahanisisa ka lintho tse ntle tseo Jehova a li bopileng, tumelo ea hae ea hore Jehova ke eena ea bopileng lintho tsohle e tla matlafala. (Baheb. 3:4) Ha a ntse a hola, u ka mo botsa potso e kang: “Haeba Molimo ke eena ea re bopileng, na ha ho utloahale ho etsa qeto ea hore a ka re fa tataiso eo re e hlokang e ka etsang hore re thabe bophelong?” Ka mor’a moo, u ka mo hlalosetsa hore Molimo o re file Bibele e le ho re bontša hore na re ka thaba joang bophelong.

NASA, ESA, and the Hubble Heritage (STScl/AURA)-ESA/Hubble Collaboration

Ke mang ea entseng lintho tse ntle tsa tlhaho tseo re li bonang? (Sheba serapa sa 7 le 8)


MO THUSE HO RATA MELAO EA MOLIMO EA BOITŠOARO

9. Ke’ng e ka etsang hore ngoana a ipotse lipotso ka melao ea Molimo ea boitšoaro?

9 Ha ngoana oa hao a botsa lipotso ka melao ea Molimo ea boitšoaro, leka ho fumana hore na ke hobane’ng ha a botsa lipotso tseo. Na ke hobane a sa lumellane le tsela eo Bibele e reng re phele ka eona kapa o mpa feela a sa tsebe hore na a ka emela tumelo ea hae joang? U ka mo thusa hore a utloisise hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re mamele melao ea Jehova ea boitšoaro ka ho ithuta buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! le eena. b

10. U ka thusa ngoana oa hao joang hore a nke kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa?

10 Thusa ngoana hore a nke kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa. Ha u ntse u ithuta Bibele le eena, sebelisa lipotso le mehlala e hlahang bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ho leka ho fumana hore na o ikutloa joang. (Liprov. 20:5) Ka mohlala, thuto ea 8 e bapisa Jehova le motsoalle ea re tsotellang ea re fang likeletso tse ka re thusang le ho re sireletsa. Ka mor’a hore le bale 1 Johanne 5:​3, u ka mo botsa potso ena: “Kaha rea tseba hore Jehova ke motsoalle ea re ratang, re lokela ho ikutloa joang ka lintho tseo a lebeletseng hore re li etse?” Potso eo e ka bonahala e le bonolo empa ho e botsa ho ka mo thusa ho bona hore Molimo o re fa melao hobane a re rata.—Esa. 48:​17, 18.

11. U ka thusa ngoana joang ho bona melemo ea ho sebelisa melao-motheo ea Bibele? (Liproverbia 2:​10, 11)

11 Buisanang ka hore na ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka re tsoela molemo joang. Ha le bala Bibele kapa temana ea letsatsi le le lelapa, buisanang ka hore na melao-motheo ea Bibele e thusitse lelapa la lona joang. Ka mohlala, na ngoana oa hao o bona molemo oa ho ba motho ea sebetsang ka thata le ea tšepahalang? (Baheb. 13:18) U ka boela oa mo hlalosetsa bohlokoa ba ho sebelisa melao-motheo ea Bibele e re thusang ho ba batho ba phetseng hantle ’meleng le kelellong. (Liprov. 14:​29, 30) Ho buisana ka melao-motheo ena ho ka mo thusa ho ananela likeletso tsa Bibele le ho feta.—Bala Liproverbia 2:​10, 11.

12. Mor’abo rona Steve o thusa mora oa hae joang hore a sebelise melao-motheo ea Bibele?

12 Mor’abo rona Steve ea lulang Fora oa hlalosa hore na eena le mosali oa hae ba thusa ngoana oa bona Ethan ea lilemo li 16 joang ho bona hore Jehova o re fa melao hobane a re rata. O re: “Re mo botsa lipotso tse kang: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re hlomphe melao-motheo ea hae? Taba ee e bontša joang hore oa re rata? Ho tla etsahala’ng haeba re sa sebelise melao-motheo e ka Bibeleng?’” Ho buisana le Ethan ka tsela ena ho mo thusitse hore a hlomphe melao ea Jehova ea boitšoaro. Steve o boetse o re: “Re batla ho thusa Ethan ho bona hore Bibele e na le likeletso tse bohlale ho feta tsa batho.”

13. Fana ka mohlala o bontšang hore na batsoali ba ka ruta bana joang ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.

13 Ruta ngoana oa hao hore a sebelise melao-motheo ea Bibele. A re re ho na le buka eo ngoana oa hao a lokelang ho e bala ha a le sekolong. Buka eo e ka fana ka maikutlo a hore ho nepahetse ho etsisa batho ba hlahang ho eona ba etsang boitšoaro bo bobe le ba ratang ntoa. U ka sebelisa melao-motheo ea Bibele ho thusa ngoana oa hao ho nahana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka liketso tsa batho bao. (Liprov. 22:​24, 25; 1 Bakor. 15:33; Bafil. 4:8) Ho etsa joalo ho ka mo thusa ho hlalosa seo a se lumelang haeba tichere kapa bana ba bang ba sekolo ba mo botsa maikutlo a hae ka seo ho buuoang ka sona bukeng eo.

RUTA NGOANA HO HLALOSA SEO A SE LUMELANG

14. Ke thuto efe e ka etsang hore ngoana a tšabe ho hlalosa seo a se lumelang, hona hobane’ng?

14 Ka linako tse ling ngoana a ka tšaba ho hlalosetsa batho ba bang seo a se lumelang. Sena se ka etsahala haeba ka tlelaseng ho buuoa ka thuto ea ho iphetola ha lintho. Hobane’ng? Matichere a ka hlalosa thuto ea ho iphetola ha lintho e le thuto ea ’nete e ke keng ea latoloa. Haeba u motsoali, u ka thusa ngoana oa hao joang hore a kholisehe hore seo a se lumelang ke ’nete?

15. Ke’ng e ka thusang mocha oa Paki hore a kholisehe hore seo a se lumelang ke ’nete?

15 Thusa ngoana oa hao hore a kholisehe ka seo a se lumelang. Ha aa lokela ho soabela hore o lumela hore ’Mopi o teng. (2 Tim. 1:8) Hobane’ng? Le bo-rasaense ba bangata baa tseba hore bophelo ha boa itlhahela feela tjee ka mohlolo. Bo-rasaense bana ba bona bopaki ba hore ho na le motho ea bohlale ea bopileng lintho tsohle. Kahoo, ha ba lumele thutong ea hore lintho li iphetotse e rutoang likolong tse ngata lefatšeng lohle. Ntho e ’ngoe e ka thusang ngoana oa hao hore a matlafatse tumelo ea hae le hore a be sebete, ke hore a botse bara le barali ba bo rona hore na ba kholisitsoe ke’ng hore lintho li bopiloe. c

16. Motsoali a ka thusa ngoana joang ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha a lumela hore ho na le ’Mopi? (1 Petrose 3:15) (Sheba setšoantšo.)

16 Thusa ngoana oa hao hore a khone ho hlalosetsa ba bang hore na ke hobane’ng ha a lumela hore ’Mopi o teng. (Bala 1 Petrose 3:15.) Le ka sheba lihlooho tse hlahang websaeteng ea jw.org/st karolong e reng “Bacha Baa Botsa—Li Bopiloe kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?” Ka mor’a moo, ngoana a ka khetha hore na o tla hlalosetsa ba bang joang ho ba kholisa hore ho na le ’Mopi. Mo hopotse hore ha ho hlokahale hore a ngangisane le bana bao a kenang sekolo le bona. A ka bua ka tsela e bonolo le e utloahalang ha a ba hlalosetsa seo a se lumelang. Ka mohlala, ngoana e mong a ka re: “Ke lumela ntho eo ke e bonang. Molimo eena ha ke e-s’o mo bone.” Mocha oa Paki a ka araba ka ho re: “A re re u tsamaea ka har’a moru hole haholo le batho ’me u kopana le seliba se hahiloeng hantle. U ne u tla nahana’ng ka sona? Ho hlakile hore u ne u tla nahana hore ho na le motho ea se entseng. Ka tsela e tšoanang, ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore le lintho tsohle tse teng lefatšeng li bopiloe.”

Ha u bua le bana bao u kenang sekolo le bona, ba hlalosetse tumelo ea hao ka tsela e bonolo le e tla ba thusa hore ba inahane (Sheba serapa sa 16 le 17) d


17. Fana ka mohlala oa kamoo batsoali ba ka thusang bana ba bona kateng ho batla menyetla ea ho buisana le batho ba bang ka Bibele.

17 Khothaletsa ngoana oa hao ho batla menyetla ea ho bua le batho ba bang ka Bibele. (Bar. 10:10) U ka bapisa boiteko boo a bo etsang ba ho bua ka tumelo ea hae le boo motho a bo etsang ha a ithuta ho bapala seletsa se itseng sa ’mino. Qalong motho eo a ka ithuta ho bapala pina e bonolo. Ha nako e ntse e ea, ho tla ba bobebe hore a bapale tse ling. Ka tsela e tšoanang, mocha oa Paki a ka qala ka ho sebelisa tsela e bonolo ha a hlalosetsa batho ba bang lintho tseo a li lumelang ka Bibeleng. Ka mohlala, a ka botsa ngoana eo a kenang sekolo le eena potso ena: “Na u ne u tseba hore hangata lienjiniere li kopitsa lintho tsa tlhaho? E-re ke u bontše video ena e monate.” Ka mor’a ho mo bontša video e hlahang tlas’a lihlooho tsa Na e Entsoe? a ka re: “Haeba bo-rasaense ba rorisoa ka lebaka la lintho tseo ba li entseng empa ba li kopilitse linthong tsa tlhaho, ke mang ea lokelang ho rorisoa bakeng sa lintho tseo tsa tlhaho?” Ho qala moqoqo ka tsela ena e bonolo, ho ka etsa hore ngoana eo a ntseng a buisana le eena a batle ho ithuta ka ho eketsehileng.

TSOELA PELE HO THUSA NGOANA HO MATLAFATSA TUMELO EA HAE

18. Batsoali ba ka tsoela pele ba thusa bana ba bona joang hore ba matlafatse tumelo ea bona ho Molimo?

18 Re phela lefatšeng le tletseng batho ba se nang tumelo ho Jehova. (2 Pet. 3:3) Kahoo batsoali, ha le ntse le ithuta Bibele le bana ba lona, ba khothaletseng ho bala lihlooho tse tla ba thusa ho hlompha Lentsoe la Molimo le melao ea hae ea boitšoaro le ho feta. Ba thuseng hore ba nahanisise le ho matlafatsa tumelo ea bona ho Jehova ka hore le buisane ka lintho tseo Jehova a li bopileng. Hape ba thuseng ho utloisisa boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore le rapele le bana ba lona le be le ba rapelle. Ha le etsa joalo, le ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba lona ba ho thusa bana ba lona hore ba matlafatse tumelo ea bona.—2 Likron. 15:7.

PINA EA 133 Sebeletsang Jehova le sa le Bacha

a Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, sheba video e nang le sehlooho se reng Popo e Senola Matla a Molimo ho jw.org/st.

b Haeba ngoana oa hao o se a qetile ho bala buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!, mohlomong u ka buisana le eena hape ka tse ling tsa lithuto tse hlahang karolong ea 3 le 4 tse buang ka melao ea Molimo ea boitšoaro.

c Sheba sehlooho se reng “Lebaka Leo re Lumelang Hore ’Mopi o Teng” makasineng ea Tsoha! ea September 2006 le bukana ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking. Bakeng sa mehlala e eketsehileng, shebella lenane la livideo tsa Maikutlo a sa Tšoaneng a Hore na Bophelo bo Qalile Joang ho jw.org/st.

d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mocha oa Paki o bontša ngoana eo a kenang sekolo le eena video e hlahang karolong ea Na e Entsoe?