Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ha Kea ka ka Khaotsa ho Ithuta

Ha Kea ka ka Khaotsa ho Ithuta

KE LEBOHA tlotla eo Jehova a mphileng eona ea ho rutoa ke eena joalokaha e le ‘Morupeli oa ka e Moholo.’ (Esa. 30:20) O ruta barapeli ba hae a sebelisa Bibele, popo ea hae e hlollang le mokhatlo oa hae. O boetse o sebelisa bara le barali ba bo rona ho re thusa. Le hoja ke se ke le lilemo li 97, ke ntse ke rua molemo litseleng tsena tseo Jehova a li sebelisang ho re ruta. E-re ke le hlalosetse hore na ke bolela’ng.

’Na le lelapa leso ka 1948

Ke hlahetse toropong e nyenyane e pel’a motse oa Chicago o profinseng ea Illinois e U.S.A ka selemo sa 1927. Heso re bahlano, ke Jetha, Don, ’na, Karl le Joy. Kaofela ha rona re ne re ikemiselitse ho sebeletsa Jehova ka moea oohle. Ausi oa ka Jetha o ile a ea tlelaseng ea bobeli ea Sekolo sa Gileade ka 1943. Don o ile a ea Bethele e Brooklyn, New York ka 1944. Karl eena o ile a ea ka 1947 ’me Joy a ea ka 1951. Mohlala oa bona le oa batsoali ba ka o ile oa ntšusumeletsa hore ke batle ho sebeletsa Jehova haholoanyane.

KAMOO LELAPA LESO LE ITHUTILENG ’NETE KATENG

Batsoali ba ka ba ne ba rata ho bala Bibele ba bile ba rata Molimo ’me ba ile ba re ruta ho rata Molimo. Leha ho le joalo, ntate oa ka o ne a se a sa tšepe likereke ka mor’a hore e be lesole Europe Ntoeng ea Pele ea Lefatše. ’Mè oa ka o ne a thabile ha ntate oa ka a khutlile ntoeng a phela. Kahoo, a re ho eena: “Mohats’a ka, a re ee kerekeng joalokaha re ne re tloaetse.” Ntate oa ka a re: “Nka u felehetsa empa ’na nke ke ka kena ka kerekeng.” ’Mè oa ka a mo botsa a re: “Hobane’ng?” A re: “Nakong ea ntoa, baruti ba bolumeli bo tšoanang ba ile ba rapella masole ka mahlakoreng a loantšanang hore a hlole. Na Molimo o ile a tšehetsa masole ao a neng a loantšana?”

Letsatsing leo, ha ’mè oa ka a ntse a le kerekeng, Lipaki Tsa Jehova tse peli tsa fihla lapeng. Li ile tsa fa ntate oa ka libuka tse peli tse bitsoang Light, tse neng li bua ka lengolo la Tšenolo. Ntate oa ka o ile a li rata eaba oa li nka. ’Mè oa ka o ile a bala libuka tseo hang ha a li bona. Ka letsatsi le leng ha a ntse a bala koranta, a bona tsebiso e neng e memela batho ho ithuta Bibele ba sebelisa libuka tsa Light. O ile a khetha ho ea. Eitse ha a fihla a kokota, ha hlaha ’mè e mong e moholo. ’Mè oa ka a bua a tšoere e ’ngoe ea libuka tseo, a re: “Na ke hona moo moo ho ithutoang Bibele ho sebelisoa buka ee?” ’Mè eo a re: “Ho joalo moratuoa, kena.” Bekeng e latelang ’mè oa ka a tsamaea le rona kaofela, ntate oa ka eena a sala. Ka mor’a moo eaba re se re ea beke le beke.

Ka le leng ha ke le libokeng, mor’abo rona ea tsamaisang liboka a re ke bale Pesaleme ea 144:15 e reng ho thaba batho ba sebeletsang Jehova. Ke ile ka rata temana eo haholo hammoho le ea 1 Timothea 1:11 e reng Jehova ke “Molimo ea thabileng” le ea Baefese 5:1 e re khothaletsang hore re “etsise Molimo.” Ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho thabela ho sebeletsa ’Mopi le ho mo leboha ka tlotla ena ea ho mo sebeletsa. Esale ke etsa lintho tsena tse peli bophelo bohle ba ka.

Phutheho e haufi e ne e le e Chicago e bohole ba lik’hilomithara tse 32. Leha ho ne ho le hole joalo, re ne re ea ’me tsebo ea ka ea Bibele e ile ea eketseha. Ke hopola ka letsatsi le leng mor’abo rona ea tsamaisang liboka a khetha Jetha hore a arabe. Eitse ha ke ntse ke mo mametse, ka re: ‘Ke ne ke tseba karabo ena, nka be ke phahamisitse letsoho ka arabela.’ Eaba ke qala ho lokisetsa le ho arabela. Habohlokoa le ho feta ke hore ’na le bana beso re ile ra hola moeeng. Ke ile ka kolobetsoa ka 1941.

KE ITHUTILE KA JEHOVA LIKOPANONG

Ha ke lebale kopano e neng e le Cleveland, Ohio ka 1942. Bara le barali ba bo rona ba litoropong tse fetang 50 tsa United States, ba ne ba mametse lenaneo leo ka thelefono. Lelapa leso le malapa a mang a bara le barali ba bo rona a ne a robala litenteng tse pel’a moo ho neng ho tšoaretsoe kopano teng. Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e ne e ntse e tsoela pele ’me Lipaki Tsa Jehova li ne li ntse li hanyetsoa. Ha e ba mantsiboea, ke ile ka bona bara ba bo rona ba paka likoloi ba li shebisa ka ntle li furaletse sebaka seo re neng re robala ho sona. Ho ne ho lumellanoe hore ho be le motho a le mong ka har’a koloi e ’ngoe le e ’ngoe ea lebetseng bosiu kaofela. Ha ho ne ho utloahala eka ho na le bothata, bara ba bo rona ba ne ba tla laeta mabone, ba letse lihutara ebe ba bang ba mathela ho ea thusa. Ke ile ka re: ‘Kannete batho ba Jehova ba lula ba itokiselitse boemo leha e le bofe bo ka hlahang.’ Kaha ha ho na ntho e mpe e ileng ea etsahala, ke ile ka robala joaloka lesea.

Lilemo hamorao ha ke nahana ka kopano eo, ke ile ka hlokomela hore ’mè oa ka o ne a sa tšoenyeha kapa ho tšoha leha e le hanyenyane. O ne a tšepile Jehova le mokhatlo oa hae ka ho feletseng. Nke ke ka lebala mohlala oa hae o motle.

Nakoana pele ho kopano eo ea setereke, ’mè oa ka e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla. Kahoo, o ile a mamela ka hloko lipuo tse neng li bua ka tšebeletso ea nako e tletseng. Ha re le tseleng e eang hae a re: “Nka thabela ho tsoela pele ke le pula-maliboho empa nke ke ka khona ho etsa joalo ke be ke etse le mesebetsi ea ka tlung.” O ile a re kopa hore re mo thuse eaba rea lumela. Kahoo, a re e mong le e mong a hloekise kamore e le ’ngoe kapa tse peli pele re ja lijo tsa hoseng. Ha re qeta ho ea sekolong, o ne a sheba hore na ntlo e hloekile ebe ke hona a eang tšimong. O ne a phathahane haholo empa ha ho mohla a neng a re hlokela nako. Re ne re lula re fumana a le teng ha re tlile lijong tsa motšehare le ha re tsoa sekolong. Ka matsatsi a mang ha re tsoa sekolong re ne re ea le eena tšimong, e leng ntho e ileng ea re thusa ho utloisisa hore na ho joang ho ba pula-maliboho.

KE ILE KA QALA HO BA PULA-MALIBOHO EA KAMEHLA

Ke qalile ho ba pula-maliboho ha ke le lilemo li 16. Le hoja ntate oa ka e ne e e-s’o be Paki, o ne a batla ho tseba hore na ke ntse ke sebetsa joang tšimong. Mantsiboeeng a mang, ke ile ka mo bolella hore ha ke e-s’o fumane motho eo ke ithutang Bibele le eena le hoja ke lekile ka thata ho mo fumana. Ke ile ka thola hanyenyane eaba ke re: “Na u ka thabela ho ithuta Bibele le ’na?” O ile a inahana hakhutšoanyane eaba o re: “Ha ke utloe eka nka ba le bothata.” Ntate oa ka e bile motho oa pele eo ke ithutang Bibele le eena. Kannete eo e bile tlotla e kholo!

Re ile ra ithuta buka ea “’Nete e Tla le Lokolla.” Ka mor’a nako, ka hlokomela hore ntate oa ka o nthusa ho ntlafatsa tsela eo ke ithutang Bibele ka eona le tsela ea ho e ruta batho. Ka mohlala, mantsiboeeng a mang ha re qeta ho bala serapa, o ile a re: “Kea bona hore na buka e re’ng empa u tseba joang hore lintho tse ka bukeng ee li nepahetse?” Ke ne ke sa itokisetsa ho araba potso eo, kahoo ka re: “Nke ke ka khona ho u hlalosetsa hona joale empa ke tla u hlalosetsa nakong e tlang ha re ithuta.” Ka mor’a ho fumana litemana tse neng li tšehetsa taba eo re neng re bua ka eona, ka fela ka mo hlalosetsa. Eaba ke ntlafatsa tsela eo ke lokisetsang thuto ka eona ka hore ke etse lipatlisiso. Ho etsa joalo ho nthusitse ho ba seithuti se hloahloa sa Bibele ’me ha thusa ntate oa ka hore a be le tsebo e eketsehileng ka Bibele. O ile a sebelisa seo a ithutang sona eaba o kolobetsoa ka selemo sa 1952.

KE ILE KA TSOELA PELE HO ITHUTA HA KE LE BETHELE

Ke tlohile lapeng ha ke le lilemo li 17. Ka eona nako eo, Jetha a e ile ea e-ba moromuoa le Don a ea Bethele. Ka bobeli ba ne ba rata likabelo tsa bona ’me ntho eo ea nkhothatsa haholo. Kahoo, ka kenya kopo ea ho ea Bethele le ea ho ea Sekolong sa Gileade. Ka mor’a moo ka tlohela lintho matsohong a Jehova. Qetellong ka memeloa ho ea sebeletsa Bethele ka 1946.

Ha nako e ntse e ea, ke ile ka fuoa mesebetsi e fapaneng Bethele. Ka lebaka leo, ka ithuta lintho tse ngata tse ncha. Lilemo tse 75 tseo ke li qetileng ke le Bethele, ke ithutile hore na libuka li etsoa joang ebile ke ne ke sebetsa ka lichelete. Ka boela ka ithuta ho reka lintho tse neng li hlokahala Bethele le ho romela lintho tsa bohlokoa libakeng tse fapaneng. Ka holimo ho tsohle, ke thabela thuto ea Bibele eo re e fumanang borapeling ba hoseng le lipuong tse ling tse fanoang mona Bethele.

Ha ke ne ke le morupeli sekolong sa baholo

Ke boetse ke ithutile lintho tse ling ho ngoan’eso Karl, ea ileng a tla Bethele ka 1947. E ne e le seithuti se hloahloa sa Bibele a bile a khona ho e ruta ba bang. Ka le leng, ke ile ka mo kopa hore a nthuse ka puo eo ke neng ke tl’o fana ka eona. Ke ile ka mo hlalosetsa hore ke fumane lintlha tse ngata haholo ha ke ntse ke lokisetsa empa ha ke tsebe hore na ke li sebelisa joang. A mpha tharollo ka ho mpotsa potso e le ’ngoe feela, a re: “Joel, ntlha ea sehlooho ea puo ea hao ke efe?” Ka utloisisa kapele hore na o re’ng. Ke ne ke lokela ho nka lintlha tse neng li tla nthusa ho hlalosa ntlha ea sehlooho, tsena tse ling ke li tlohele. Ha ke e lebale keletso eo.

E le hore re thabe Bethele, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ea tšimong. Ho etsa joalo ho ka re khothatsa haholo. Ke hopola hantle se ileng sa etsahala Bronx, New York City, mantsiboeeng a mang. ’Na le mor’abo rona e mong re ile ra etela ’mè e mong ea neng a ile a amohela Molula-Qhooa le Tsoha! Ha re fihla ho eena ra re: “Mantsiboeeng ana re ntse re thusa batho ho ithuta lintho tse khothatsang tse hlahang ka Bibeleng.” Eaba o re: “Haeba le tl’o bua ka Bibele, kenang.” Re ile ra bala ra ba ra buisana ka mangolo a buang ka lefatše le lecha le tlang. Mangolo ao a ile a mo ama pelo hobane bekeng e latelang o ile a mema e meng ea metsoalle ea hae hore e be teng ha re ithuta. Hamorao eena le monna oa hae e ile ea e-ba bahlanka ba Jehova.

LINTHO TSEO KE ITHUTILENG TSONA HO MOSALI OA KA

Ke ne ke batla ho nyala empa ha feta lilemo tse leshome pele nka fumana molekane. Ke’ng e nthusitseng hore ke fumane molekane ea nepahetseng? Ke ile ka rapela Jehova ka ba ka nahana ka hore na ke batla ho etsa’ng le molekane oa ka ka mor’a hore re nyalane.

’Na le mohats’a ka Mary mosebetsing oa potoloho

Ka mor’a kopano ea setereke ea 1953 e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium, ka kopana le morali oa bo rona ea bitsoang Mary Aniol. Eena le ausi oa ka Jetha ba ne ba le tlelaseng ea bobeli ea Gileade. Ka bobeli ba bona e ile ea e-ba baromuoa sebakeng se tšoanang. Mary a nqoqela a thabile ka likabelo tsa boromuoa tseo a ileng a ba le tsona Caribbean le lithuto tseo a ileng a li khanna ka lilemo tseo. Ha re ntse re tsebana, ra hlokomela hore re na le lipakane tse tšoanang. Ha lerato la rona le ntse le hola, ra qetella re nyalane ka April 1955. Mary o ile a bontša ka litsela tse ngata hore ke mpho e tsoang ho Jehova ’me a mpehela mohlala o motle. O ne a lula a thabile ho sa tsotellehe hore na o fuoa kabelo efe. O ne a sebetsa ka thata, a tsotella batho ba bang e le kannete ebile a etsa hore lintho tse amanang le ’Muso oa Molimo li tle pele bophelong ba hae. (Mat. 6:33) Re ile ra etsa mosebetsi oa potoloho ka lilemo tse tharo eaba ka 1958 re memeloa ho ea sebeletsa Bethele.

Ke ithutile lintho tse ngata ho mohats’a ka Mary. Ka mohlala, ha re qeta ho nyalana, re ile ra etsa qeto ea ho bala Bibele hammoho. Re ne re bala litemana tse 15 ka letsatsi. Ka mor’a hore e mong a bale karolo e itseng, re ne re bua ka eona le ka hore na re ka e sebelisa joang bophelong ba rona. Hangata Mary o ne a mpolella lintho tseo a ithutileng tsona Gileade le mosebetsing oa hae oa boromuoa. Lintho tseo ke ithutileng tsona ho eena, li ile tsa nthusa hore ke ntlafatse lipuo tseo ke fanang ka tsona le ho tseba hore na nka khothatsa barali ba bo rona joang.—Liprov. 25:11.

Mohats’a ka ea ratehang Mary o ile a hlokahala ka 2013. Ke tatetse ho mo bona lefatšeng le lecha. Ha ke ntse ke emetse nako eo, ke ikemiselitse ho tsoela pele ke ithuta le ho tšepa Jehova ka pelo eohle ea ka. (Liprov. 3:​5, 6) Kea khothala ebile kea thaba ha ke nahana ka hore na batho ba Jehova ba tl’o etsa’ng lefatšeng le lecha. Taba ena e akarelletsa lintho tse ncha tseo re tla ithuta tsona ka Morupeli oa rona e Moholo. Kannete ha ke na mantsoe a lekaneng a ho mo leboha ka lintho tsohle tseo a nthutileng tsona ho fihlela hona joale le mosa oo a mpontšitseng oona.

a Sheba pale ea bophelo ea Morali oa bo rona Jetha Sunal ho Molula-Qhooa oa March 1, 2003, maq. 23-29.