Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 51

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

Jehova o Bona Likeleli Tsa Hao

Jehova o Bona Likeleli Tsa Hao

“U bokelle likeleli tsa ka ka lekukeng la hao. U ngotse matšoenyeho a ka bukeng ea hao.”PES. 56:8.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta hore Jehova o tseba hantle kamoo re ikutloang kateng ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ’ona le hore o tla re tšelisa.

1, 2. Ke maemo afe a ka etsang hore re lle?

 KAOFELA re kile ra lla. Maemong a mang re lla hobane re thabile. Mohlomong u kile oa lla ha ho ne ho etsahala ntho ea bohlokoa bophelong ba hao, joaloka mohla u neng u ba le ngoana, ha u hopola ntho e monate e kileng ea u etsahalla kapa ha u bona motsoalle oa hao eo u mo qetetseng khale.

2 Leha ho le joalo, hangata re lla hobane lipelo tsa rona li utloile bohloko. Ka mohlala, re ka ’na ra lla ha motho eo re mo tšepang a re tšoara hampe. Re ka lla haeba re kula haholo ’me re lula re opeloa kapa re hlokahaletsoe ke motho eo re mo ratang. Maemong ana re ka ’na ra ikutloa joaloka moprofeta Jeremia ha Bababilona ba ne ba felisa Jerusalema. Jeremia o ile a re: “Meokho e tšoloha mahlong a ka joaloka melapo ea metsi . . . Ke lla ke sa khaotse, ke sa emise.”—Lillo 3:​48, 49.

3. Jehova o ikutloa joang ha bahlanka ba hae ba lla? (Esaia 63:9)

3 Jehova oa tseba hore na re llile ka makhetlo a makae ka lebaka la lintho tse bohloko tse re etsahallang. Bibele ea re kholisa hore oa hlokomela ha bahlanka ba hae ba tobana le maemo a utloisang bohloko ebile oa re utloa ha re mo kopa thuso. (Pes. 34:15) Empa Jehova ha a felle moo. Joaloka ntate ea lerato, o utloa bohloko ha bana ba hae ba lla ’me o labalabela ho ba thusa.—Bala Esaia 63:9.

4. Ke mehlala efe e ka Bibeleng eo re tl’o ithuta eona?

4 Jehova oa re bolella ka Lentsoeng la hae hore na o ile a ikutloa joang ha bahlanka ba hae ba lla le hore na o ile a ba thusa joang. Re tla ithuta ka se ileng sa etsahalla Anna, Davida le Morena Ezekiase. Ke’ng e ileng ea etsa hore ba lle? Jehova o ile a ba thusa joang? Mehlala ea bona e ka re tšelisa joang ha re lla hobane re utloile bohloko, re soetsehile kapa re se na tšepo?

JEHOVA OA BONA HA RE LLA HOBANE RE UTLOILE BOHLOKO

5. Boemo boo Anna a neng a le ho bona bo ile ba etsa hore a ikutloe joang?

5 Anna o ile a kopana le mathata a mangata a neng a mo utloisa bohloko a bile a etsa hore a lle. Monna oa hae o ne a e-na le mosali e mong, eo lebitso la hae e leng Penina ’me mosali eo o ne a hloile Anna. Ho hobe le ho feta ke hore Anna o ne a sa khone ho ba le bana, ha Penina eena a ne a e-na le bana. (1 Sam. 1:​1, 2) Penina o ne a lula a utloisa Anna bohloko hobane a sa khone ho ba le bana. U ne u tla ikutloa joang ha u ne u le boemong boo? “Anna o ne a utloile bohloko haholo” hoo a neng “a lla a bile a sa je.”—1 Sam. 1:​6, 7, 10.

6. Anna o ile a etsa’ng hore a fumane thuso?

6 Anna o ile a thusoa ke’ng? O ile a rapela Jehova tabernakeleng. Ho ka etsahala hore o ne a le keiting e eang lebaleng la tabernakele ha a qala ho “rapela Jehova a lla, a sa khone le ho ithiba.” O ile a kopa Jehova ka tieo a re: ‘E se eka u ka bona bohloko boo ke leng ho bona ’me oa nkhopola.’ (1 Sam. 1:10b, 11) Anna o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova. Jehova o ile a utloa bohloko ha a bona Anna a lla. O ne a mo rata haholo ’me o ne a batla ho mo tšelisa.

7. Anna o ile a ikutloa joang ka mor’a hore a tšollele pelo ea hae ho Jehova?

7 Ka mor’a hore Anna a tšollele pelo ea hae ho Jehova ’me Moprista ea Phahameng Eli a mo tšelise, o ile a ikutloa joang? Bibele e re: “Mosali eo a tsamaea, a ja ’me ha aa ka a hlola a tšoenyeha.” (1 Sam. 1:​17, 18) Anna o ile a ikutloa a imolohile le hoja boemo ba hae bo utloisang bohloko bo ne bo sa fetoha. O ne a tlositse moroalo oa hae ho eena ’me a o lahletse ho Jehova. Jehova o ile a bona bohloko boo a bo utloang, a utloa ha a lla ’me hamorao o ile a mo thusa hore a be le bana.—1 Sam. 1:​19, 20; 2:21.

8, 9. Ho ea ka Baheberu 10:​24, 25, ke hobane’ng ha re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re ee libokeng? (Sheba setšoantšo.)

8 Re ithuta’ng? Na u tobane le boemo bo boima bo etsang hore u lle hobane u utloile bohloko? Mohlomong u utloile bohloko hobane u hlokahaletsoe ke setho sa lelapa kapa motsoalle. Maemong ana, ho tloaelehile hore u ka batla ho ba mong. Empa hopola mohlala oa Anna. Jehova o ile a mo khothatsa ha a ne a ile tabernakeleng. Ka tsela e tšoanang, Jehova o tla u tšelisa le ho u khothatsa ha u ile libokeng le hoja u ka ikutloa u khathetse kapa u utloile bohloko. (Bala Baheberu 10:​24, 25.) Ha re le libokeng re utloa litemana tsa Bibele tse re khothatsang. Ena ke tsela eo Jehova a re thusang ka eona hore re se ke ra lula re nahana ka lintho tse re utloisang bohloko. Ka lebaka leo, re ikutloa re le betere le hoja boemo ba rona bo sa fetohe hang-hang.

9 Ha re le libokeng, bara le barali ba bo rona baa re khothatsa le ho re bontša hore baa re rata. Seo se etsa hore re tsohe molota. (1 Bathes. 5:​11, 14) Nahana ka mohlala oa mor’abo rona e mong eo e leng pula-maliboho e khethehileng ea ileng a hlokahalloa ke mosali. O re: “Ka linako tse ling ke batla ho ba mong hobane ke sitoa ho khaotsa ho lla. Empa ha ke ea libokeng ke fumana khothatso eo ke e hlokang. Mantsoe a monate ao bara le barali ba bo rona ba mpolellang ’ona le likarabo tsa bona li ntšelisa haholo. Ke lula ke ikutloa ke le betere ha ke le libokeng, ho sa tsotellehe hore na ke ne ke tšoenyehile hakae pele ke ea.” Ha re le libokeng, Jehova a ka sebelisa bara le barali ba bo rona ho re thusa.

Bakreste-’moho le rona ba ka re tšelisa (Sheba serapa sa 8 le 9)


10. Re ka etsisa Anna joang ha re utloile bohloko?

10 Anna o ile a ikutloa a le betere ka mor’a hore a joetse Jehova hore na o ikutloa joang. Le uena u ka ‘lahlela lintho tsohle tse u tšoenyang ho Jehova.’ O tla u mamela a be a u thuse. (1 Pet. 5:7) Morali oa bo rona eo monna oa hae a ileng a bolaoa ke masholu o re: “Ke ne ke utloile bohloko hoo ke neng ke utloa eka ha ke sa tla thaba hape. Empa ha ke ne ke rapela Ntate oa ka ea nthatang Jehova, ke ne ke utloa ke imolohile. Ka linako tse ling ke ne ke utloa ke se na mantsoe empa o ne a utloisisa. Ha ke ne ke utloile bohloko haholo ebile ke tšoenyehile, ke ne ke rapella ho ba le khotso. Hang-hang ke ne ke utloa ke imoloha ebe ke khona ho etsa lintho tseo ke hlokang ho li etsa letsatsing leo.” Ha u lla ebile u tšollela pelo ea hao ho Jehova, o utloa bohloko ’me o utloisisa kamoo u ikutloang kateng. Le haeba bothata ba hao bo sa ee moriting, Jehova a ka u tšelisa a ba a u thusa hore u be le khotso. (Pes. 94:19; Bafil. 4:​6, 7) O tla u putsa hobane u mameletse ka botšepehi.—Baheb. 11:6.

JEHOVA OA BONA HA RE LLA HOBANE RE SOETSEHILE

11. Davida o ile a ikutloa joang ha batho ba bang ba ne ba sa mo tšoare hantle?

11 Davida o ile a tobana le maemo a thata bophelong a ileng a etsa hore a lle. O ne a hlouoe ke batho ba bangata. Metsoalle ea hae e meng le litho tse ling tsa lelapa ha lia ka tsa mo tšepahalla ’me li ne li batla ho mo lematsa. (1 Sam. 19:​10, 11; 2 Sam. 15:​10-14, 30) Nakong eo e thata haholo, o ile a re: “Ke khathetse ka lebaka la ho lula ke lla. Bosiu bohle ke kolobisa bethe ea ka ka likeleli. Setulo sa ka se tletse metsi ka lebaka la meokho ea ka.” Hobane’ng a ne a ikutloa joalo? O ile a hlalosa a re: “Ka lebaka la bohle ba ntšoereng hampe.” (Pes. 6:​6, 7) Ha batho ba bang ba ne ba utloisa Davida bohloko, o ne a lla haholo, a sitoa le ho ithiba.

12. Ho ea ka Pesaleme ea 56:​8, Davida o ne a kholisehile ka eng?

12 Le hoja Davida a ne a kopana le mathata a mangata bophelong, o ne a kholisehile hore Jehova oa mo rata. O ile a re: “Jehova o tla utloa sello sa ka.” (Pes. 6:8) Ka lekhetlo le leng, o ile a ngola mantsoe a thabisang a hlahang ho Pesaleme ea 56:8. (E bale.) Mantsoe ao a bontša ka ho hlaka hore Jehova oa re rata ebile oa tsotella hore na re ikutloa joang. Davida o ne a utloa eka Jehova o ntse a bokella likeleli tsa hae ka lekukeng a bile a li ngola ka bukeng. O ne a kholisehile hore Jehova oa bona ebile o hopola matšoenyeho a hae. O ne a boetse a kholisehile hore Ntate oa hae ea lerato ea leholimong, o bona mathata a hae le hore o hlokomela tsela eo a ikutloang ka eona.

13. Ha batho ba bang ba re soetsa, re ka kholiseha ka eng? (Sheba setšoantšo.)

13 Re ithuta’ng? Na pelo ea hao e bohloko hobane motho eo u neng u mo tšepa o u tsoile tlase? Mohlomong u utloile bohloko hobane motho eo u neng u ratana le eena o u phoqile, molekane oa hao oa lenyalo o u siile kapa motho eo u mo ratang o khaolitse ho sebeletsa Jehova. Mor’abo rona e mong eo mosali oa hae a sa kang a mo tšepahalla a ba a mo siea, o re: “Ke ne ke sa kholoe hore ke hlahetsoe ke ntho e joalo. Ke ne ke utloile bohloko, ke halefile ebile ke utloa ke se na thuso.” Haeba ho na le motho ea u soetsitseng kapa ea u utloisitseng bohloko, kholiseha hore Jehova eena a ke ke a u lahla. Mor’abo rona eo o re: “Ke hlokometse hore ka linako tse ling batho ba ka re fetohela empa re ka lula re itšetlehile ka Jehova. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng, o tla lula a le teng. A ke ke a tlohela batho ba hae ba tšepahalang.” (Pes. 37:28) Hape hopola hore Jehova o u rata ho feta kamoo batho ba ka u ratang kateng. Ho bohloko ho lahloa ke motho eo u mo ratang empa tsela eo Jehova a u ratang ka eona ha e e-s’o fetohe. U oa bohlokoa ho eena. (Bar. 8:​38, 39) Hopola hore Ntate oa hao ea leholimong oa u rata ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba ka u utloisa bohloko hakae.

Buka ea Lipesaleme e re tiisetsa hore Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng (Sheba serapa sa 13)


14. Pesaleme ea 34:18 e re tšelisa joang?

14 Haeba ho na le motho ea u soetsitseng, u ka tšelisoa ke mantsoe a Davida a hlahang ho Pesaleme ea 34:18. (E bale.) Batho “ba khathetseng matla” ba ka ’na ba ikutloa ba se na tšepo. Jehova o thusa batho ba ikutloang joalo joang? Jehova “o haufi” le rona, o joaloka motsoali ea nkang ngoana oa hae ea ntseng a lla ebe oa mo tholisa. Ha re utloile bohloko hobane ho e-na le motho ea re soetsitseng kapa ea re lahlileng, Jehova o utloa bohloko boo re bo utloang ’me o tla re thusa hang-hang. O ikemiselitse ho re tšelisa ha re utloile bohloko kapa re nahana hore ha re na thuso. O re fa tšepo e re thusang hore re mamelle mathata a rona hona joale.—Esa. 65:17.

JEHOVA OA BONA HA RE LLA HOBANE RE NYAHAME

15. Ke hobane’ng ha Ezekiase a ile a utloa bohloko hoo a ileng a lla?

15 Morena Ezekiase oa Juda o ile a kula haholo ha a le lilemo li 39. Moprofeta Esaia o ile a mo bolella hore Jehova o itse o tl’o shoa. (2 Mar. 20:1) Ho ne ho bonahala eka ho felile ka Ezekiase. Ha a utloa molaetsa oo, o ile a utloa bohloko hoo a ileng a lla haholo. O ile a kopa Jehova ka tieo hore a mo thuse.—2 Mar. 20:​2, 3.

16. Jehova o ile a re’ng ho Ezekiase?

16 Ha Jehova a utloa thapelo ea Ezekiase ’me a bona likhapha tsa hae, o ile a mo utloela bohloko eaba o re ho eena: “Ke utloile thapelo ea hao ’me ke bone meokho ea hao. Ke tl’o u folisa.” Jehova o ile a sebelisa Esaia ho fetisa molaetsa oa hore o tl’o eketsa bophelo ba Ezekiase le hore o tla pholosa Jerusalema letsohong la Baasiria.—2 Mar. 20:​4-6.

17. Jehova o re thusa joang ha re kula haholo? (Pesaleme ea 41:3) (Sheba setšoantšo.)

17 Re ithuta’ng? Na u kula hoo u se nang tšepo ea hore u tla fola? Rapela Jehova, u mo bolelle hore na u ikutloa joang. O tla u mamela leha u ka rapela u ntse u lla. Bibele ea re tiisetsa hore Jehova “Ntate ea mohau le ea bonolo haholo” o tla re tšelisa mathateng ’ohle a rona. (2 Bakor. 1:​3, 4) Mehleng ena ha rea lebella hore Jehova a tlose mathata ’ohle a rona empa o tla lula a re thusa. (Bala Pesaleme ea 41:3.) Jehova o sebelisa moea oa hae o halalelang ho re fa matla, bohlale le khotso ea kelello e le hore re ka mamella. (Liprov. 18:14; Bafil. 4:13) O boetse o re tšelisa ka ho re fa tšepo ea hore nakong e tlang ha ho motho ea tla kula.—Esa. 33:24.

Jehova o tla arabela lithapelo tsa rona ka ho re fa matla, bohlale le khotso ea kelello (Sheba serapa sa 17)


18. Ke lengolo lefe le u tšelisang ha u tobane le maemo a thata? (Sheba lebokose le reng “ Litemana Tse ka re Tšelisang ha re Lla.”)

18 Mantsoe a Jehova a ile a tšelisa Ezekiase. Le rona re ka fumana matšeliso ka Lentsoeng la Molimo. Ha re nyahame, mantsoe a Jehova a hlahang ka Bibeleng a ka re tšelisa le ho re thusa hore re lule re khobile matšoafo. (Bar. 15:4) Morali oa bo rona ea lulang Afrika Bophirimela, o ne a lula a lla ka mor’a hore a bolelloe hore o na le kankere. O re: “Lengolo le ntšelisang ka ho khetheha ke Esaia 26:3. Le hoja maemong a mangata re sa khone ho laola mathata a rona, lengolo lena le nkholisa hore Jehova a ka re thusa ho khoba matšoafo le ho mamella mathata.” Na ho na le lengolo leo ka ho khetheha le u tšelisang ha u tobane le maemo a thata a etsang hore u se ke oa ba le tšepo?

19. Ho tla etsahala’ng nakong e tlang?

19 Re phela mehleng ea bofelo ’me re lebeletse hore re tla lla hangata kaha mathata a ntse a hloa manolo holimo. Empa joalokaha re ithutile mohlaleng oa Anna, Davida le Morena Ezekiase, Jehova oa bona ha re lla ebile o utloa bohloko. O bona likeleli tsa rona. Kahoo, ha re tobane le maemo a re utloisang bohloko, re tšollele lipelo tsa rona ho eena. E se eka le ka mohla re ka se ikarole ho bara le barali ba bo rona ba re ratang. Hape e se eka re ka tsoela pele re bala Bibele e le hore re ka fumana matšeliso a tsoang ho Jehova. Re kholisehile hore ha re tsoela pele re mameletse ka botšepehi, Jehova o tla re putsa. Moputso oo o akarelletsa tšepiso e thabisang ea hore nakong e tlang o tla hlakola meokho eohle ea rona e bakoang ke ho utloa bohloko, ho soetseha le ho nyahama. (Tšen. 21:4) Ka nako eo, re tla lla likeleli tsa thabo.

PINA EA 4 “Jehova ke Molisa oa Ka”