Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 48

PINA EA 97 Re Hloka Lentsoe la Molimo

Re Ithuta’ng Mohlolong oo Jesu a Ileng a o Etsa oa Bohobe?

Re Ithuta’ng Mohlolong oo Jesu a Ileng a o Etsa oa Bohobe?

“Ke ’na bohobe ba bophelo. Ea tlang ho ’na a ke ke a lapa ho hang.”JOH. 6:35.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o hlahloba tlaleho e hlahang ho Johanne khaolo ea 6 moo Jesu a ileng a atisa bohobe le tlhapi e le hore a khone ho fepa letšoele. Re tla boela re bone hore na re ka ithuta’ng tlalehong eo.

1. Bohobe bo ne bo le bohlokoa hakae ho batho ba bangata bao Bibele e buang ka bona?

 BOHOBE bo ne bo jeoa haholo ke batho ba bangata bao Bibele e buang ka bona. (Gen. 14:18; Luka 4:4) E ne e le sejo sa bohlokoa haholo hoo ka linako tse ling ha Bibele e bua ka “bohobe” e bolelang lijo ka kakaretso. (Mat. 6:11) Jesu o ile a sebelisa bohobe mehlolong e ’meli e tsebahalang eo a ileng a e etsa. (Mat. 16:​9, 10) O mong oa mehlolo eo o hlaha ho Johanne khaolo ea 6. Ha re ntse re hlahloba tlaleho ena, re tla ithuta hore na re ka e sebelisa joang bophelong ba rona.

2. Ke boemo bofe boo ho bona batho ba ileng ba hloka ho fuoa lijo?

2 Ka mor’a hore baapostola ba bolele litaba tse monate, Jesu o ile a tšela Leoatle la Galilea le bona ka sekepe e le hore ba ka phomola. (Mar. 6:​7, 30-32; Luka 9:10) Ba ile ba fihla sebakeng se thotseng motseng oa Bethsaida. Ho e-s’o ee kae, batho ba likete ba ile ba fihla ba tl’o bona Jesu. Jesu ha aa ka a iphapanyetsa bona. O ile a ipha nako ea ho ba ruta ka ’Muso oa Molimo le ho folisa ba kulang. Ha e e-ba mantsiboea, barutuoa ba ile ba tšoenyeha ka hore na batho bana ba bangata ba tl’o ja’ng. Mohlomong ba seng bakae ba bona ba ne ba e-na le lijonyana empa boholo ba bona ba ne ba tla hloka ho kena metsaneng ba ithekele lijo. (Mat. 14:15; Joh. 6:​4, 5) Jesu o ne a tla etsa’ng boemong boo?

JESU O ETSA MOHLOLO OA BOHOBE

3. Jesu o ile a laela baapostola ba hae hore ba etsetse sechaba eng? (Sheba setšoantšo.)

3 Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ha ho hlokahale hore ba tsamaee. Lona ba feng lijo.” (Mat. 14:16) Taba eo e ne e bonahala eka e ke ke ea khoneha hobane ho ne ho e-na le banna ba ka bang 5 000. Ho ka etsahala hore ha ho balelloa basali le bana, ho ne ho e-na le batho ba 15 000 ba lokelang ho fuoa lijo. (Mat. 14:21) Andrease o ile a re: “Moshanyana ke enoa ea nang le mahobe a mahlano a harese le litlhapi tse peli tse nyenyane empa li nyenyane haholo bakeng sa ho fepa sechaba sena.” (Joh. 6:9) Bohobe ba harese e ne e le lijo tse tloaelehileng ho batho bohle ebang ba ne ba futsanehile kapa che ’me tlhapi e nyenyane ho ka etsahala hore e ne e tšetsoe ka letsoai ebile e omisitsoe. Empa na lijo tseo moshanyana eo a neng a li nkile li ne li ka anela batho bao kaofela?

Jesu o ne a tsotella batho ’me a ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang le hore ba rate Molimo (Sheba serapa sa 3)


4. Re ka ithuta’ng ho Johanne 6:​11-13? (Sheba litšoantšo.)

4 Kaha Jesu o ne a batla ho ba mosa ho sechaba seo, o ile a laela hore se lule holim’a joang ka lihlopha. (Mar. 6:​39, 40; bala Johanne 6:​11-13.) Ka mor’a moo, Jesu a leboha Ntate oa hae bakeng sa bohobe le tlhapi eo. Ka ho etsa joalo, Jesu o ile a bontša hore o ananela lijo tseo. Hape o ne a bontša hore Molimo ke eena ea entseng hore ba be le tsona. Ho bohlokoa hore re latele mohlala oa Jesu oa hore re rapelle lijo pele re ja, ebang re bang kapa re na le batho ba bang. Jesu o ile a re sechaba se fuoe lijo ’me batho bohle ba ja ho fihlela ba khotsofetse. Ho ile ha e-ba le lijo tse ngata hoo tse ling li ileng tsa sala ’me Jesu o ne a sa batle hore tse setseng li lahloe. O ile a re barutuoa ba bokelle lijo tse setseng e le hore li ka sebelisoa hamorao. Jesu o re behetse mohlala o motle oa hore re sebelise lintho hantle. Haeba u motsoali, u ka sebelisa tlaleho ena ho ruta bana ba hao bohlokoa ba ho rapela pele ba ja, ho ba mosa ho batho ba bang le ho ba batho ba fanang joaloka Jesu.

Ipotse: ‘Na ke etsisa mohlala oa Jesu ka hore ke rapele pele ke ja?’ (Sheba serapa sa 4)


5. Batho ba ile ba etsa’ng ka mor’a hore ba bone seo Jesu a se entseng, hona Jesu o ile a etsa’ng?

5 Batho ba ne ba khahliloe ke tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona le mehlolo eo a e entseng. Kaha ba ne ba tseba hore Moshe o ile a tšepisa hore Molimo o tla tlisa moprofeta ea khethehileng, ho ka etsahala hore ba ile ba ipotsa hore na Jesu ke eena moprofeta eo. (Deut. 18:​15-18) Haeba ho joalo, ho ne ho bonahala eka Jesu e tla ba ’musi ea molemo, hobane o ne a ka khona ho fa sechaba sohle lijo. Ka lebaka leo, sechaba se ne se batla ho tšoara Jesu e le hore se mo etse morena. (Joh. 6:​14, 15) Haeba Jesu a ne a ka ba lumella hore ba mo etse morena, o ne a tla be a kenella lipolotiking ’me a tšehetsa Bajuda ba neng ba busoa ke Baroma. Empa ha aa ka a etsa joalo. Jesu o ile a etsa qeto ea ho “khutlela thabeng.” Ho sa tsotellehe khatello e tsoang ho ba bang, Jesu ha aa ka a kenella lipolotiking. Eo ke thuto ea bohlokoa ho rona.

6. Re ka bontša joang hore re batla ho latela mohlala oa Jesu? (Sheba setšoantšo.)

6 Ke ’nete hore batho ba bang ba ke ke ba re kopa hore re hlahise lijo ka mohlolo kapa re folise batho ba kulang, hape ba ke ke ba batla ho re etsa babusi kapa marena. Empa ba ka etsa hore re kenelle lipolotiking ka ho re kopa hore re voutele mokhatlo o itseng kapa re bue motho ea itseng hantle eo ba nahanang hore o tla tlisa liphetoho. Leha ho le joalo, mohlala oa Jesu o hlakile. O ile a hana ho kenella lipolotiking hoo hamorao a ileng a re: “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.” (Joh. 17:14; 18:36) Mehleng ena, Bakreste ba tla be ba etsa hantle ha ba nahana le ho etsa lintho joaloka Jesu. Re tšehetsa ’Muso oa Molimo, re bolella batho ka oona ebile re rapella hore o tle. (Mat. 6:10) A re khutleleng tlalehong eo Jesu a ileng a hlahisa bohobe ka mohlolo ho eona ’me re bone hore na re ka ithuta’ng hape.

Jesu o ile a behela balateli ba hae mohlala ka hore a se ke a kenella lipolotiking tsa Bajuda kapa tsa Baroma (Sheba serapa sa 6)


‘MOHLOLO OA MAHOBE O BOLELA’NG?’

7. Jesu le baapostola ba ile ba etsa’ng? (Johanne 6:​16-20)

7 Ka mor’a hore Jesu a fepe sechaba, o ile a re barutuoa ba hae ba ee Kapernauma ka sekepe ’me eena a khutlela thabeng hobane a qoba hore sechaba se mo etse morena. (Bala Johanne 6:​16-20.) Ha baapostola ba hae ba ntse ba khanna sekepe, ho ile ha tsoha sefefo se matla, sa etsa hore ho be le moea o matla le maqhubu a leoatle a matla. Ka mor’a moo, Jesu o ile a tla ho bona a tsamaea holim’a metsi ’me a re Petrose a tle ho eena. (Mat. 14:​22-31) Ha Jesu a se a le ka har’a sekepe, sefefo se ile sa thola. Barutuoa ba ile ba re: “Kannete u Mor’a Molimo.” a (Mat. 14:33) Empa ba ne ba ntse ba hloleha ho bona hore na seo a se entseng se kopana joang le mohlolo oo a neng a o entse pejana oa ho fepa sechaba. Mareka o tlatselletsa taba ena ha a re: “[Baapostola] ba makala haholo kaha ba ne ba sa utloisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolela’ng. Ba ile ba tsoela pele ba ntse ba sa utloisise ka likelellong tsa bona.” (Mar. 6:​50-52) Barutuoa ba ne ba sa utloisise hore Jehova o ne a file Jesu matla a fetang a ho etsa mehlolo feela. Ho e-s’o fete nako e kae, Jesu ka boeena o ile a bua ka mohlolo oa mahobe oo a neng a o entse ’me a bontša hore na re ka ithuta eng ho oona.

8, 9. Ke hobane’ng ha batho ba ile ba sala Jesu morao? (Johanne 6:​26, 27)

8 Batho bao Jesu a ileng a ba fepa ba ne ba ipatlela lijo feela. Re tseba sena hobane letsatsi le latelang ha ba hlokomela hore Jesu le baapostola ba hae ha ba eo, ba ile ba kena likepeng tse tsoang Tiberiase ’me ba mo latela ba ea Kapernauma. (Joh. 6:​22-24) Ba ne ba sa mo latele hobane ba batla ho utloa haholoanyane ka ’Muso oa Molimo empa ntho e kholo eo ba neng ba e batla ke lijo. Ke hobane’ng ha re cho joalo?

9 Hlokomela se ileng sa etsahala ha ba kopana le Jesu haufi le Kapernauma. Jesu o ile a ba toba a re ba tletse lijo feela. O ile a re ‘ba jele mahobe ba khora’ le hoja lijo tseo e le “lijo tse senyehang.” O ile a ba khothaletsa hore ba sebeletse “lijo tse sa senyeheng tse tlisang bophelo bo sa feleng.” (Bala Johanne 6:​26, 27.) Jesu o ile a re ke Ntate oa hae ea tla fana ka lijo tseo. E tlameha ebe batho bao ba ile ba makala haholo ba ba ba ipotsa hore na ke lijo tsa mofuta ofe tseo le hore na ba ka li fumana joang.

10. Batho ba ne ba lokela ho etsa’ng e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng?

10 Bajuda bao ba ne ba batla ho tseba hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba fumane lijo tseo. E ka ’na eaba ba ne ba nahana hore ba lokela ho etsa lintho tse hlahang Molaong oa Moshe. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re ho bona: “Molimo o batla hore le bontše hore le lumela ho eo a mo rommeng.” (Joh. 6:​28, 29) Ba ne ba lokela ho bontša tumelo ho Jesu, e leng eena eo Molimo a mo rometseng e le hore ba tle ba “fumane bophelo bo sa feleng.” Jesu o ne a ile a bua ka taba ena pejana. (Joh. 3:​16-18, 36) Hamorao o ile a boela a bua haholoanyane ka eona.—Joh. 17:3.

11. Bajuda ba ile ba bontša joang hore ba ne ba tšoenyehile feela ka ho fumana bohobe hore ba je? (Pesaleme ea 78:​24, 25)

11 Bajuda bao ba ne ba sa lumele hore ba lokela ho bontša tumelo ho Jesu. Ba ile ba mo botsa ba re: “U tl’o re bontša mohlolo ofe e le hore re u kholoe?” (Joh. 6:30) Ba ile ba re batho ba mehleng ea Moshe ba ne ba fuoa manna ka mohlolo e le hore ba je ’me ho bona a ne a tšoana le bohobe ba letsatsi le letsatsi. (Neh. 9:15; bala Pesaleme ea 78:​24, 25.) Ho hlakile hore bona ba ne ba tšoenyehile feela ka ho fumana bohobe hore ba je. Ha baa ka ba batla le ho tseba hore na Jesu o ne a bolela’ng ha a bua ka “bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong,” bo neng bo tšoana le manna a tsoang leholimong a neng a fana ka bophelo bo sa feleng. (Joh. 6:32) Ba ne ba tšoenyehile ka litlhoko tsa bona hoo ba sa kang ba nkela Jesu hloohong ha a ne a leka ho ba ruta hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Re ka ithuta eng tlalehong ee?

KE’NG EO RE LOKELANG HO AMEHA KA EONA HAHOLO?

12. Jesu o ile a re ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho ameha ka eona ke efe?

12 Lengolo la Johanne khaolo ea 6 le re ruta thuto ea bohlokoa. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho ameha ka eona ke ho mamela Molimo le ho ba le kamano e ntle le eena. Hopola hore Jesu o ile a bua ka taba ena ha Satane a ne a mo leka. (Mat. 4:​3, 4) Le Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba ho ameha haholo ka kamano ea rona le Jehova. (Mat. 5:3) Ka hona, re lokela ho ipotsa: ‘Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke amehile haholo ka ho ba le kamano e ntle le Jehova kapa ka ho fumana lintho tseo ke li batlang?’

13. (a) Ke hobane’ng ha ho se phoso ho thabela lintho tseo re li sebelelitseng ka thata? (b) Ke lintho life tseo Pauluse a re lemositseng ka tsona? (1 Bakorinthe 10:​6, 7, 11)

13 Ha se phoso ho kopa hore Jehova a re fe lintho tseo re li hlokang le ho li thabela ha li le teng. (Luka 11:3) Ho sebetsa ka thata ho etsa hore re je ’me re noe. Ho boetse hoa re thabisa hobane “ho tsoa ho Molimo oa ’nete.” (Moek. 2:24; 8:15; Jak. 1:17) Empa ha rea lokela ho etsa hore lintho tsena e be tsona tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona. Moapostola Pauluse o ile a hatisa taba ena ha a ne a ngolla Bakreste-’moho le eena. O ile a bua ka mohlala o mobe oa Baiseraele ha ba ne ba le lefeelleng, ho akarelletsa le lintho tseo ba ileng ba li etsa ha ba le pel’a Thaba ea Sinai. O ile a lemosa Bakreste ‘hore ba se ke ba lakatsa ho etsa lintho tse mpe joaloka Baiseraele.’ (Bala 1 Bakorinthe 10:​6, 7, 11.) Jehova o ile a fa Baiseraele lijo ka mohlolo empa kaha ba ne ba le meharo, ba ile ba qetella ba entse lintho tse mpe. (Num. 11:​4-6, 31-34) Ha Baiseraele ba ne ba rapela namane ea khauta, ba ne ba bontša hore ntho e tlang pele bophelong ba bona ke ho ja, ho noa le ho ba le nako e monate, ho e-na le ho mamela Jehova. (Ex. 32:​4-6) Pauluse o ile a bua ka mehlala ena ha a ne a lemosa Bakreste ba neng ba phela nakong eo Jerusalema le tempele ea eona li neng li le haufi le ho felisoa. Le rona re lokela ho nka keletso ena ea Pauluse e le ea bohlokoa hobane re phela nakong eo lefatše lena le leng haufi le ho felisoa.

14. Bibele e re’ng ka lijo lefatšeng le lecha?

14 Ha Jesu a ne a re re rapelle “bohobe ba letsatsi lena,” o ile a boela a re re rapelle hore thato ea Molimo “e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.” (Mat. 6:​9-11) U nahana hore lefatše le tla ba joang ka nako eo? Bibele e bontša hore thato ea Molimo ke hore ho be le lijo tse monate le tse ngata lefatšeng. Esaia 25:​6-8 e re ha ’Muso oa Jehova o se o busa, ho tla ba le matletse-tletse a lijo tse monate lefatšeng. Pesaleme ea 72:16 le eona e re “ho tla ba le lijo tse ngata lefatšeng. Li tla ba ngata le holim’a lithaba.” Na u tatetse nako eo u tla beng u pheha mefuta e fapaneng ea lijo le ho leka mefuta e meng e mecha? U ka ’na oa boela oa lema lirapa tsa morara le ho thabela litholoana tsa tsona. (Esa. 65:​21, 22) Batho bohle ba tla thabela lintho tseo tse hlollang.

15. Batho ba tla beng ba tsositsoe ba tla ithuta’ng? (Johanne 6:35)

15 Bala Johanne 6:35. Batho ba ileng ba ja bohobe le tlhapi tseo Jesu a ileng a ba fa tsona, ba lebeletse’ng nakong e tlang? Ke ’nete hore ba bang ba bona e ka ’na eaba ha baa ka ba bontša tumelo ho Jesu empa ho ka etsahala hore ba tsosoe ’me u tla kopana le bona. (Joh. 5:​28, 29) Ba tla lokela ho ithuta mantsoe a Jesu a reng: “Ke ’na bohobe ba bophelo. Ea tlang ho ’na a ke ke a lapa ho hang.” Ba tla lokela ho ba le tumelo sehlabelong sa Jesu seo e leng tefo ea topollo. Bana ba tla hlaha ka nako eo le batho ba tla beng ba tsositsoe, ba tla ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova. Re tla thaba haholo ha re nka karolo mosebetsing oa ho ruta batho ka Molimo. Ho etsa mosebetsi ona ho tla re thabisa haholo ho feta ho ja lijo tse ngata tse monate tse tla beng li le teng ka nako eo. Lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa e tla be e le tse amanang le mosebetsi oa Molimo.

16. Re tl’o hlahloba’ng sehloohong se latelang?

16 Re ithutile ho se hokae ka tlaleho e hlahang ho Johanne khaolo ea 6 empa ho na le lintho tse ling tse ngata tseo Jesu a ileng a li ruta ka “bophelo bo sa feleng.” Bajuda bao Jesu a neng a bua le bona ba ne ba lokela ho mo mamela ka hloko ’me le rona re lokela ho etsa se tšoanang. Sehloohong se latelang, re tl’o tsoela pele ho hlahloba Johanne khaolo ea 6.

PINA EA 20 U re File Mora oa Hao

a E le hore u fumane lintlha tse ling tse buang ka tlaleho ena e monate, sheba buka ea Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo, leq. 131 le ea Etsisa Tumelo ea Bona, leq. 185.