Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 49

PINA EA 147 Re Tšepisitsoe Bophelo bo sa Feleng

U ka Etsa’ng Hore u Fumane Bophelo bo sa Feleng?

U ka Etsa’ng Hore u Fumane Bophelo bo sa Feleng?

“E mong le e mong ea amohelang Mora a bile a bontša hore o lumela ho eena a be le bophelo bo sa feleng.”JOH. 6:40.

NTLHA-KHOLO

Kamoo batlotsuoa le ba linku tse ling ba ruang molemo kateng sehlabelong sa Jesu Kreste.

1. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa lumele hore motho a ka phela ka ho sa feleng?

 BATHO ba bangata ba leka ho ja lijo tse nang le phepo le ho ikoetlisa kamehla e le hore ba phele nako e telele. Leha ho le joalo, ha baa lebella ho phela ka ho sa feleng. Ha ba na tšepo ebile ha ba lumele hore motho a ka phela ka ho sa feleng ka lebaka la mathata a tlisoang ke botsofali. Ho sa tsotellehe seo, ho Johanne 3:16 le 5:24 Jesu o ile a bontša hore ho ka khoneha hore batho ba fumane “bophelo bo sa feleng.”

2. Johanne khaolo ea 6 e re’ng ka bophelo bo sa feleng? (Johanne 6:​39, 40)

2 Ka letsatsi le leng, Jesu o ile a etsa mohlolo oa ho fepa batho ba likete bohobe le tlhapi. a Ntho eo a e entseng e ne e makatsa empa seo a ileng a se bua letsatsing le latelang ho batho ba neng ba mo latela ha a ea Kapernauma, se ne se makatsa le ho feta. Ha ba le pel’a lebopo la Galilea, o ile a ba bolella hore o tla tsosa batho ba hlokahetseng ’me ba tla phela ka ho sa feleng. (Bala Johanne 6:​39, 40.) Na taba ee ha e etse hore u nahane ka metsoalle ea hao le ba lelapa ba seng ba hlokahetse? Mantsoe a Jesu a bontša hore batho ba bangata ba hlokahetseng ba tla tsosoa le hore uena le baratuoa ba hao le tla thabela ho phela ka ho sa feleng. Empa ho thata hore batho ba bangata ba utloisise mantsoe ao Jesu a ileng a a bua ka mor’a moo. A re hlahlobeng mantsoe ao.

3. Ho ea ka Johanne 6:​51, Jesu o ile a re’ng?

3 Ka mor’a hore Jesu a fepe batho ba bangata ka mohlolo ha a ne a le Kapernauma, ba ile ba nahana ka manna ao Jehova a ileng a a fa Baiseraele ha ba ne ba le lefeelleng. Ha e le hantle, Mangolo a re manna ao ke “bohobe bo tsoang leholimong.” (Pes. 105:40; Joh. 6:31) Jesu o ile a bua ka manna ho hlakisa taba eo a neng a tl’o bua ka eona. Le hoja manna e ne e le lijo tseo Molimo a faneng ka tsona ka mohlolo, batho ba ileng ba a ja ba ile ba hlokahala qetellong. (Joh. 6:49) Empa Jesu eena o ile a ipitsa “bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong,” “bohobe boo Molimo a fanang ka bona” le “bohobe ba bophelo.” (Joh. 6:​32, 33, 35) Jesu o ile a hlalosa hore ho na le phapang e kholo pakeng tsa hae le manna. O ile a re: “Ke ’na bohobe ba bophelo, bo theohileng leholimong. Motho ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.” (Bala Johanne 6:51.) Bajuda bao ba ne ba ferekane. Ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jesu a re ke “bohobe” bo tsoang leholimong. Hape ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha a re bohobe bona bo molemo ho feta manna ao Molimo a ileng a a fa baholo-holo ba bona. Jesu o ile a re ho bona: “Bohobe boo ke tla fana ka bona . . . ke nama ea ka.” Ebe o ne a bolela’ng? Ke habohlokoa hore re utloisise hore na o ne a bolela’ng, hobane karabo ea hae e bontša hore rona le batho bao re ba ratang re ka khona ho phela ka ho sa feleng. A re boneng hore na Jesu o ne a bolela’ng.

BOHOBE BA BOPHELO LE NAMA EA JESU LI BOLELA’NG?

4. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ile ba tšosoa ke seo Jesu a ileng a se bua?

4 Batho ba bang ba ile ba tšoha ha ba utloa Jesu a re bohobe boo a tla fana ka bona ‘e le hore batho ba phele, ke nama ea hae.’ Na ba ne ba nahana hore kannete o tla ba fa nama ea hae e le hore ba e je joalokaha eka ke malimo? (Joh. 6:52) Jesu o ile a ba bolella ntho e ’ngoe e tšosang le ho feta. O ile a re: “Le ke ke la fumana bophelo ha le sa je nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae.”—Joh. 6:53.

5. Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a sa bolele hore batho ba noe mali a hae a sebele?

5 Mehleng ea Noe, Molimo o ile a re batho ba se ke ba ja mali. (Gen. 9:​3, 4) Hamorao Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba ja mali. Mang kapa mang ea neng a ka ja mali o ne a tla ‘bolaoa.’ (Lev. 7:27) Jesu o ne a mamela Molao oo. (Mat. 5:​17-19) Kahoo, ha se taba e utloahalang hore o ne a ka khothaletsa letšoele la Bajuda hore le je nama ea hae ea sebele le ho noa mali a hae. Le hoja Jesu a ile a bua litaba tsena tse tšosang, morero oa hae e ne e le ho ruta batho hore na ba ka fumana “bophelo bo sa feleng” joang.—Joh. 6:54.

6. Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a bua ka tsela ea tšoantšetso ha a ne a re batho ba je nama ea hae le ho noa mali a hae?

6 Jesu o ne a bolela’ng? Ho hlakile hore Jesu o ne a bua ka tsela ea tšoantšetso joalokaha a ile a etsa ha a ne a bolella mosali oa Mosamaria a re: “Motho ea noang metsi ao ke mo fang ’ona a ke ke a nyoroa empa metsi ao ke mo fang ’ona a tla fetoha seliba sa metsi ka hare ho eena, se runyang se fanang ka bophelo bo sa feleng.” (Joh. 4:​7, 14) b Jesu o ne a sa bolele hore mosali oa Mosamaria o tla fumana bophelo bo sa feleng hafeela a ka noa metsi a tsoang selibeng se itseng. Ka tsela e tšoanang, Jesu o ne a sa bolele hore letšoele leo a neng a bua le lona Kapernauma le ne le tla fumana bophelo bo sa feleng ka hore le je nama ea hae ea sebele le ho noa mali a hae.

PHAPANG PAKENG TSA LIKETSAHALO TSE PELI

7. Batho ba bang ba re’ng ka mantsoe ao Jesu a a buileng ho Johanne 6:53?

7 Batho ba malumeli a mang ba re mantsoe a ho Johanne 6:53 a buang ka ho ja nama ea Jesu le ho noa mali a hae, a ne a hlalosa hore na batho ba lokela ho etsa’ng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena. Ka nako eo, Jesu o ile a sebelisa mantsoe a tšoanang le ao a ileng a a bua ha a ne a le Kapernauma. (Mat. 26:​26-28) Ba re motho e mong le e mong ea tlileng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena o lokela ho ja bohobe le ho noa veine tse fetisoang. Na ba nepile? Ke habohlokoa hore re fumane hore na ba nepile kapa ba fositse, hobane selemo le selemo batho ba limilione lefatšeng lohle baa bokana bakeng sa ketsahalo eo. A re ke re bone phapang pakeng tsa ketsahalo e tlalehiloeng ho Johanne 6:53 le seo Jesu a se buileng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena.

8. Liketsahalo tse peli tseo ho builoeng ka tsona li fapane joang? (Sheba litšoantšo.)

8 A re hlahlobeng phapang pakeng tsa liketsahalo tsena tse peli. Ea pele, Jesu o ne a le hokae ha a bua mantsoe a ho Johanne 6:​53-56, hona o a buile neng? O a buile ho letšoele la Bajuda a le Galilea ka selemo sa 32. E ne e ka ba selemo pele a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena Jerusalema. Ea bobeli, o ne a bua le bo-mang? Le batho ba neng ba amehile haholo ka lijo ho e-na le hore ba ithute ka Jehova le ’Muso oa hae. (Joh. 6:26) Ha e le hantle, ha Jesu a ne a bua ntho eo ba neng ba sa e utloisise, ba ile ba khaotsa ho lumela ho eena hang-hang. Esita le ba bang ba barutuoa ba hae ba ile ba khaotsa ho mo latela. (Joh. 6:​14, 36, 42, 60, 64, 66) Batho bana ba ne ba fapane hole le baapostola ba 11 ba neng ba e-na le Jesu hoo e ka bang selemo hamorao, ha a ne a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka selemo sa 33. Ketsahalong eo, o ne a e-na le baapostola ba hae ba 11 le hoja ba ne ba sa utloisise hantle seo a neng a ba ruta sona. Ho fapana le letšoele le neng le le Galilea, baapostola bana ba tšepahalang ba ne ba ntse ba kholisehile hore Jesu ke Mora oa Molimo ea tsoang leholimong. (Mat. 16:16) O ile a ba babatsa a re: “Haesale le e-na le ’na mathateng a ka.” (Luka 22:28) Phapang ea liketsahalo tsena tse peli e bontša hore mantsoe a Jesu a hlahang ho Johanne 6:53 a ne a sa hlalose se neng se tla etsahala Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena. Ho na le bopaki bo bong hape bo bontšang hore liketsahalo tsena tse peli li ne li fapane.

Ka ho le letšehali: Ho Johanne khaolo ea 6, Jesu o ne a bua le letšoele la Bajuda a le Galilea. Ka ho le letona: Selemo hamorao, o ile a bua le baapostola ba hae ba 11 a le Jerusalema (Sheba serapa sa 8)


MANTSOE A JESU A BOLELA’NG HO UENA?

9. Mantsoe ao Jesu a a buileng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena a ne a lebisitsoe ho bo-mang?

9 Nakong ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ile a fa baapostola ba hae bohobe bo se nang tomoso ’me a ba bolella hore bo emela ’mele oa hae. Hape o ile a ba fa veine ’me a re e emela “mali a selekane.” (Mar. 14:​22-25; Luka 22:20; 1 Bakor. 11:24) Taba eo a ileng a e bua ea selekane ke ea bohlokoa haholo. O ile a se bitsa selekane se secha ’me selekane sena se pakeng tsa Jehova le “ba ntlo ea Iseraele” e leng batho ba tla busa le Jesu “’Musong oa Molimo,” eseng batho bohle. (Baheb. 8:​6, 10; 9:15) Ka nako eo, baapostola ba ne ba sa utloisise taba eo. Empa haufinyane ba ne ba tla tlotsoa ka moea o halalelang ’me e be karolo ea selekane se secha, e le hore ba tle ba buse le Jesu leholimong.—Joh. 14:​2, 3.

10. Ke phapang efe e ’ngoe e teng pakeng tsa seo Jesu a se buileng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena le seo a se buileng ha a ne a le Galilea? (Sheba setšoantšo.)

10 Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ne a bua le “mohlatsoana.” Baapostola ba neng ba e-na le eena moo, ke bona ba pele ba ho ba karolo ea sehlopha sena se senyenyane. (Luka 12:32) Bona hammoho le ba bang bao e neng e tla ba karolo ea sehlopha seo, ho ne ho lebeletsoe hore ba je bohobe le ho noa veine. Ke bona ba tla fumana sebaka leholimong le Jesu. Ena ke phapang e ’ngoe e teng pakeng tsa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena le ketsahalo e ileng ea etsahala pejana Galilea. Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ne a bua le batho ba seng bakae feela ha pejana teng a ne a bua le letšoele le Galilea.

Le hoja e le batho ba seng bakae feela ba jang bohobe le ho noa veine Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, batho bohle ba ka fumana bophelo bo sa feleng ha ba bontša tumelo ho Jesu (Sheba serapa sa 10)


11. Jesu o ile a re’ng ha a ne a le Galilea ho bontša hore o ne a sa bue ka sehlopha se senyenyane?

11 Ha Jesu a ne a le Galilea ka selemo sa 32, o ne a bua haholo le Bajuda ba neng ba mo batla bohobe. Leha ho le joalo, o ile a bua le bona ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta bohobe boo, e neng e ka ba thusa ho fumana bophelo bo sa feleng. Jesu o ile a boela a re batho ba hlokahetseng ba tla tsosoa ka letsatsi la ho qetela ’me ba phele ka ho sa feleng. O ne a sa bue ka batho ba seng bakae ba khethiloeng bao a ileng a bua le bona hamorao Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena. Ho e-na le hoo, ha a ne a le Galilea, o ne a bua ka tlhohonolofatso eo batho bohle ba neng ba ka e fumana. O ile a re: “Bohobe boo ke tla fana ka bona e le hore lefatše le phele, ke nama ea ka.”—Joh. 6:​51, nal.

12. Batho ba lokela ho etsa’ng e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng?

12 Na Jesu o ne a bolela hore motho e mong le e mong ea kileng a phela o tla fumana bophelo bo sa feleng? Che. Ke batho ba ‘jang bohobe bona’ feela, e leng ba bontšang tumelo ho Jesu, ba tla bo fumana. Batho ba bangata mehleng ena ba re ba lumela ho Jesu ebile ba mo bitsa mopholosi oa bona. (Joh. 6:29) Leha ho le joalo, qalong batho ba bang bao Jesu a ileng a bua le bona ha a ne a le Galilea, ba ne ba lumela ho eena empa hamorao ba ile ba khaotsa. Hobane’ng?

13. Ho bolela’ng ho ba morutuoa oa Jesu oa ’nete?

13 Batho ba bangata har’a letšoele leo ba ne ba latela Jesu hobane feela a ne a ba fa lintho tseo ba li batlang. Ba ne ba ipatlela hore a ba folise ka mohlolo, a ba fe lijo le ho ba ruta ka lintho tseo ba neng ba thabela ho li utloa. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bontša hore ho ne ho hlokahala se fetang seo e le hore motho e be morutuoa oa hae oa ’nete. Jesu o ne a sa tlela lefatšeng hore feela a tl’o fa batho lintho tseo ba li batlang. Ba ne ba lokela ho amohela memo ea hae ea hore ba tle ho eena, ka hore ba ikemisetse ho mamela lintho tsohle tseo a neng a li ruta.—Joh. 5:40; 6:44.

14. Re lokela ho etsa’ng e le hore re fumane bophelo bo sa feleng?

14 Jesu o ile a bolella batho bao hore ba lokela ho ba le tumelo sehlabelong seo a neng a tla se etsa ka nama le mali a hae, hobane se ne se tla ba bulela monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Tumelo e joalo e ne e le bohlokoa haholo ho Bajuda bao ’me le ho rona e ntse e le bohlokoa. (Joh. 6:40) Kahoo, seo Jesu a se buileng ho Johanne 6:​53, se bolela hore le rona re lokela ho ba le tumelo sehlabelong sa Jesu seo e leng tefo ea topollo, e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Monyetla oo o bulehetse batho ba bangata haholo.—Baef. 1:7.

15, 16. Ke lintho life tsa bohlokoa tseo re ithutileng tsona ho Johanne khaolo ea 6?

15 Re ithutile lintho tse ngata tsa bohlokoa le tse re khothatsang ho Johanne khaolo ea 6. Khaolo ena e re bontšitse kamoo Jesu a utloelang batho bohloko kateng. Ha a ne a le Galilea, o ile a folisa batho ba kulang, a ba ruta ka ’Muso oa Molimo ’me a etsa bonnete ba hore o ba fa lijo. (Luka 9:11; Joh. 6:​2, 11, 12) Habohlokoa le ho feta, o ile a ba ruta hore ke “bohobe ba bophelo.”—Joh. 6:​35, 48.

16 Batho bao Jesu a ileng a re ke “linku tse ling” ha baa lokela ho ja bohobe kapa ho noa veine Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena. (Joh. 10:16) Leha ho le joalo, nama le mali a Jesu Kreste a ntse a ba tsoela molemo hobane ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu le litlhohonolofatsong tse tlisoang ke sona. (Joh. 6:53) Empa batho ba jang bohobe le ho noa veine ba bontša hore ba tlas’a selekane se secha ebile ba na le tšepo ea ho busa ’Musong oa leholimo. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re batlotsuoa kapa re ba linku tse ling, re ithuta thuto ea bohlokoa haholo ho Johanne khaolo ea 6. Re ithuta hore re lokela ho ba le tumelo e matla e le hore re fumane bophelo bo sa feleng.

PINA EA 150 Batlang Molimo Hore a le Lopolle

a Sehloohong se fetileng re buile ka Johanne 6:​5-35.

b Metsi ao Jesu a buileng ka ’ona a emela lintho tsohle tseo Jehova a li entseng le tseo a li etsang hona joale e le hore batho ba ka phela ka ho sa feleng.